Ho Korola ba hōlileng
U SE ke ua thetsoa. Baqhekelli ba bohlale. Ba tseba mabaka a etsang hore batho ba hōlileng e be bona ba qhekellehang habonolo. Ka mohlala, batho ba lilemong tse ka holimo ho 65 e ka ba karolo ea 12 lekholong feela ea baahi ba United States. Leha ho le joalo, chelete eo ba e fumanang e etsa kakaretso ea lidolara tse fetang limilione tse likete tse 800 (liranta tse libilione tse 3,55), e leng hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea chelete eo malapa a United States a nang le eona. Hase ho makatsang hore ebe batho bao ba hōlileng ke bona ba etsang hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong ea bohle ba hlaseloang ka bolotsana.
Ke’ng se etsang hore ba hōlileng ba hlaselehe habonolo? Makasine ea Consumers’ Research e hlalosa hore: “Ka tlhaho ke batho ba nang le tšekamelo ea ho tšepa ba bang ’me ba ka ’na ba hloka tsebo ka mekhoa ea sejoale-joale ea ho etsa matsete.” Ofisiri e ’ngoe ea sepolesa e ile ea tletleba ka hore bolotsana bo etsoang ke khoebo e sebelisang thelefono bo “etsoa ka ho khetheha ho batho ba hōlileng ba jeoang ke bolutu le ba hlaselehang habonolo bao e leng palo e khōlō ea bahlaseluoa. Batho bana ke ba phetseng nakong eo ho tšoarana ha batho ka matsoho ho neng ho hlile ho bolela seo motho a se buang.” Moemeli e mong oa American Association of Retired Persons o qotsitsoe a re: “Hangata ho ’nile ha thoe ke meharo e kenyang motho tsietsing. Empa ho batho ba hōlileng, hase meharo. Ba tšaba hore ba tla felloa ke chelete. Ha ba batle ho ba meroalo ho bana ba bona. Hape ba tšaba ho tlaleha [bolotsana bo entsoeng] hobane ba tšaba hore bana ba bona ba tla nahana hore ba sitoa ho itlhokomela.”
Hase kamehla batho ba hōlileng ba hlaseloang ka bolotsana ba qhekelloang kapa ba thetsoang. Mabakeng a mang ba jeoa ke bolutu, ’me mohlomong ho hlokahala hore ba “reke” setsoalle. Motlalehi e mong oa koranta o ile a ngola hore tikolohong e ’ngoe bahlolohali ba jeoang ke bolutu ba ile ba qhekelloa ka hore ba ntše R88 000 esale pele bakeng sa ho lefella “lithupelo tsa tantši tseo e leng tsa bohlokoa bakeng sa bophelo bohle. Ba bang ba ne ba fokola haholo hore ba ka tsamaea. E ne e se lithoto, ba ne ba mpa ba qakehile.” Mokhatloana oo oa tantši o fa ba sa tsoa o kenela monyetla oa ho tsamaea le metsoalle ea bona e mecha, eo hangata e leng lithaka tsa bona. Ho thata ho hanyetsa morekisi eo e leng kheleke, ea buang ka ho qeka, ea mosa, eo mohlomong hape a ka ’nang a iketsa eka ke mokoetlisi oa tantši.
Nahana ka Baqhekelli ba Japane
Baqhekelli ba bang ba qhekella batho ba hōlileng ba jeoang ke bolutu ka litsela tse ling. Japane, baqhekelli ba se nang mekhoa ba ikhakanya eka ke batho ba tsotellang, ba qeta nako ba qoqa le batho ba hōlileng bao e leng liphofu tsa bona, ba ba sekehela tsebe. Hanyane ka hanyane ba eketsa ho ’na ba ba chakela, ’me ka mor’a hore ba ba tšepe ka ho feletseng, ba kenyelletsa thekiso ea bomenemene. Mohlala oa merero e joalo ea bomenemene e ile ea e-ba bolotsana bo entsoeng ke khoebo ea khauta boo ka bona batho ba ka bang 30 000, ba akarelletsang batho ba baholo ba bangata ba fetileng lilemo tsa ho sebetsa, ba tlalehiloeng ba qhekeletsoe li-yen tse limilione tse likete tse 200 (liranta tse limilione tse 6650). Asahi Evening News ea Japane e bile le sehlooho se reng, “Ha ho na Monyetla oa ho Boela ho Fumanoa Tahlehelo ea Bahlaseluoa.”
Asahi Shimbun ea Tokyo e tlalehile ka boemo bona: Morekisi e mong oa mosali ea lilemong tse mahareng o ile a chakela monna-moholo e mong, a re: “Monghali K., ke amehile ka uena ho feta mosebetsi oa ka kaha u lula u le mong.” Mosali eo o ile a mamela lipale tsa monna-moholo tse ngata, ’me monna-moholo a thetsoa ke botle ba hae. Ha a tsamaea, o ile a kōpa tumello ea hore a boele a khutle letsatsing le latelang. O ile a mo araba ka ho re: “Ka hohle-hohle.”
Ka mor’a moo, o ne a chaka kamehla; ba ne ba e-ja lijo tsa mantsiboea ’moho, ’me o ne a bile a tlisetsa Monghali K. lijo. O ile a tšepisa: “Ke tla u hlokomela ho fihlela u e-shoa.” Joale ho ile ha tla leraba: “Ke tla u hlokomella thepa. Morao tjena k’hamphani eo ke e sebeletsang e hlahisitse tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho sebelisa thepa ea motho.” Morero oo o ne o hloka hore a behe ntlo ea hae le thepa paneng, a reke setene sa khauta, ’me a se boloke k’hamphaning ea mosali eo. Sefi se ne se chehiloe. Monghali K. e ile ea e-ba mohlaseluoa e mong hape mokolokong o molelele oa ba qhekeletsoeng. Hang ha thekiso eo e finyeletsoe, mosali eo ha aa ka a hlola a khutla.
Monghali K. o ile a re: “Ha ke ne ke le lesole, ke ne ke tsamaella lintšing tsa lefu. Empa ho bileng ho leng thata ho feta ke ho utloisisa kamoo ke qhekeletsoeng kateng thepeng ea ka ke motho ea nkang monyetla ka mefokolo ea rōna batho ba tsofetseng ba lulang ba le bang ba se na beng ka bona bao re ka itšetlehang ka bona. Ho bonahala eka lefatše le fihlile nakong eo ho eona batho ba batlang chelete, esita le ka mekhoa ea bomenemene.”
Ho Qhekella ba Tsofetseng Italy
Buka e bitsoang L’Italia che truffa (Italy e Qhekellang) e tlalehile ka leqheka la baqhekelli le khabisitsoeng hore le ipiletse bakeng sa ho amoha ba tsofetseng chelete ea bona ea bohlokoa eo ba e koaletseng, Italy. Ka 1993 ho ile ha thehoa ’muso o neng o eteletsoe pele ke eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa Banka ea Italy. Kahoo, motekeno oa hae o ne o tekennoe cheleteng ea lipampiri (eo ka ho hlakileng e neng e ntse e sebetsa) e neng e hatisitsoe nakong ea botsamaisi ba hae. Ka mor’a hore baqhekelli ba ’maloa ba itsebahatse menyakong ea batho ba tsofetseng e le basebeletsi ba Banka ea Italy ’me ba nkile likarete tsa boitsebahatso tsa maiketsetso, ba ne ba re ho bahlaseluoa ba bona: “Lea tseba hore motsamaisi oa Banka ea Italy e se e le mopresidente oa Lekhotla la Matona; ka hona, motekeno oa hae o tekennoeng cheleteng ea pampiri ha o sa sebetsa. Re filoe boikarabelo ba ho bokella chelete eohle ea khale ea pampiri lelapeng le leng le le leng le ho fana ka e ncha e tekennoeng ke mohlahlami oa hae . . . Rasiti ke ena. U lokela ho ea bankeng ea hao u tšoere tokomane ena letsatsing le hlahlamang la hosasane, ’me u tla fumana chelete e lekanang le eo u re fileng eona hona joale.” Ka ho sebelisa leqheka lena, baqhekelli bao ba ile ba bokella li-lire tse limilione tse 15 (hoo e ka bang R40000) ka letsatsi le le leng feela!
Baqhekelli ba bang Italy ba atamela batho ba seng seli literateng, ho akarelletsa ba hōlileng. Ba kōpa ba sa falimehang hore ba nke karolo phuputsong e itseng ’me ba ba fa lipampiri tseo ba li tekenang, ba bolela hore motekeno oo e mpa e le feela ho tiisa hore ba bile le karolo phuputsong eo. Bonneteng, ba tekenela tumellano e ba tlamang ho etsa ho itseng kapa ho reka ntho e itseng.
Joale, ka mor’a nakoana, mohlaseluoa o fumana sephutheloana sa thepa e itseng ka poso, mohlomong se e-na le temoso e bonahalang ka ho hlaka sephuthelong e bontšang hore haeba thepa eo e hanoa, mohlaseluoa o tla lefisoa ka tsela e itseng. Batho ba bang, haholo-holo ba hōlileng, baa tšoha, ba nahana hore ho tla ba molemo ho lefa chelete eo e batlang e le nyenyane ’me ba boloke thepa eo e se nang thuso ho e-na le ho hulanyetsoa khotla.
Ho qhekella ho jele setsi hakae Italy? Ho ea ka L’Italia che truffa, lenane la liketsahalo tse tlalehiloeng tsa ho qhekella e ka ba 500 000 ka selemo. Bonyane liketsahalo tsa ho qhekella tse ka menang tseo ka makhetlo a mararo ha li tlalehoe. Moqolotsi e mong oa litaba tsa TV o ile a hlalosa: “Ka kakaretso ho sebelisoa maraba a mefuta eohle a ka bang limilione tse peli selemo le selemo, kapa a ka bang likete tse hlano ho isa ho tse tšeletseng ka letsatsi.”
Sena ke se ntseng se etsahala. Ha ho lilemo (kapa morabe, bochaba leha e le semelo sa morabe) tse tlōlisoang mahlo holimo ke bao ba qhekellang batho ka chelete ea bona—’me hangata e le ea lipolokelo tsa bona tsa bophelo. Hlokomela! Ho ka u etsahalla.
[Lebokose le leqepheng la 22]
Kamoo U Ka Qobang Ho Qhekelloa Kateng
HASE likhoebo tsohle tse sebelisang thelefono tse sa tšepahaleng. Ka mohlala, ho ea ka American Association of Retired Persons (AARP) ho ne ho e-na le lifeme tse 140 000 tse neng li sebelisa thelefono ka 1994, United States. Ho hakanngoa hore karolo ea 10 lekholong, kapa tse 14 000, tsa tsona e ne e le tsa bomenemene. Kahoo, ho hlokahala hore motho a be hlokolosi ha a thaotheloa ho fuoa mpho e sa tloaelehang. Tse ling tsa litlhahiso tse ka u thusang ho qoba ho qhekelloa ke bo-rakhoebo ba sebelisang thelefono ke tsena.
◆ Haeba motho e mong a u founela a u bolella hore u hapile moputso oa mahala, mohlomong ntho e molemo ka ho fetisisa eo u ka e etsang ke ho beha founo fatše.
◆ Haeba rakhoebo ea sebelisang thelefono a u phehella hore u reke hona letsatsing leo ho seng joalo u tla fetoa, hangata hoo e ba pontšo ea hore memo eo ke ea bomenemene.
◆ Sireletsa nomoro ea karete ea hao ea ho reka ka mokitlane. U se ke ua e neha motho eo u sa mo tsebeng ea u founelang ho kōpa menehelo.
◆ U se ke ua reka letho la ba u founelang ntle leha e le uena ea founang ’me u sebetsana le khoebo e romellang batho thepa ka poso, ’me u tseba e e-na le botumo bo botle.
Beng ba matlo ba lokela ho ba hlokolosi ka bomenemene ba ho lokisa ntlo. Litlhokomeliso tse seng kae, tse hlahisoang ke AARP Consumer Affairs ke tsena:
◆ U se ke ua batla motho eo u sa mo tsebeng hore a u etsetse mosebetsi ho fihlela ha u netefalitse mangolo a hae a bopaki; kōpa mabitso le linomoro tsa lithelefono tsa batho ba bang bao a ba sebelelitseng.
◆ U se ke ua tekenela ntho leha e le efe ntle le ho e hlahlobisisa ka hloko le ho kholiseha hore u utloisisa le ho lumellana le lintlha tsohle tsa konteraka kapa tumellano leha e le efe.
◆ Le ka mohla u se ke ua itšetleha ka motho e mong bakeng sa ho u hlalosetsa seo ho lumellanoang ka sona ntle le haeba ke motho eo u mo tsebang le eo u mo tšepang. Bala makolopetso ’ohle a tumellano.
◆ Le ka mohla u se ke ua lefella mosebetsi oa tokiso pele o etsoa. Kholiseha hore mosebetsi o qetiloe ka tsela e khotsofatsang pele u ka ntša tefello ea ho qetela.
E-ba hlokolosi. Sebelisa kelello. U se ke ua tsilatsila hore che haeba u sa thahaselle ho reka. ’Me hopola: Haeba memo e utloahala e le e sa tloaelehang, e ka ’na eaba ke ea bolotsana.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Baqhekelli ba ka iketsa eka ba tsotella batho, e le hore ba qhekelle ba hōlileng