Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 9/15 maq. 25-29
  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlaha Pula-maliboho
  • Kereke ea Iphetetsa
  • Phello ea Khatiso
  • William Tyndale le Bibele ea Senyesemane
  • Lipatlisiso li Tlisa Kutloisiso e Hlakileng Haholoanyane
  • Tyndale o Fetolela Mangolo a Seheberu
  • Bibele le Tyndale Tlas’a Thibelo
  • William Tyndale—Monna ea Neng a E-na le Ponelo-pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bibele ea William Tyndale bakeng sa Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ba ne ba Rata Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ba ile ba Ananela Phetolelo ea Bibele ea William Tyndale
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 9/15 maq. 25-29

Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng

Malakabe a ne a laimela holimo ha ho ntse ho eketsoa libeso tetemeng ea mollo. Empa ona e ne e se mollo o tloaelehileng. Khanare ena e ne e fepeloa ka Libibele ha baprista le babishopo ba ntse ba shebeletse. Empa ka ho reka Libibele bakeng sa ho li felisa, a sa tsebe, mobishopo oa London o ne a thusa mofetoleli, William Tyndale, ho lefella khatiso ea tse eketsehileng!

Ke’ng se ileng sa lebisa boikemisetsong boo ka mahlakoreng a mabeli a ntoa ee? Tokollong e tlileng pele ho ena, re ile ra hlahloba histori ea khatiso ea Bibele ho tla fihlela qetellong ea Mehla e Bohareng. Hona joale re tla qalong ea mehla e mecha ha molaetsa oa Lentsoe la Molimo le matla a lona li ne li le haufi le ho ba le tšusumetso e matla sechabeng.

Ho Hlaha Pula-maliboho

John Wycliffe, setsebi se hlomphehang sa Oxford, o ile a bolela le ho ngola ka tsela e susumetsang khahlanong le mekhoa e sa lumellaneng le Bibele ea Kereke e K’hatholike, a sebelisa ‘molao oa Molimo,’ ke hore Bibele, e le mohloli oa boitsebiso. O ile a romela liithuti tsa hae, e leng Malollard, ho pholletsa le libaka tse ka thōko tsa Engelane ho ea bolela molaetsa oa Bibele ka Senyesemane ho mang kapa mang ea neng a ka mamela. Pele a e-shoa ka 1384, o ile a qala ho fetolela Bibele ho tloha Selatineng ho ea Senyesemaneng sa mehleng ea hae.

Kereke e ile ea fumana mabaka a mangata a ho nyelisa Wycliffe. La pele ke la hore o ne a nyatsa baruti ka hore ba noa ho tlōlisa ba bile ba kopanela boitšoarong bo bobe. Ho ekelletsa moo, ba bangata ba neng ba khahloa ke Wycliffe ba ne ba sebelisa lithuto tsa hae hampe bakeng sa ho lokafatsa ho fetohela ’muso ha bona ka ho sebelisa libetsa. Baruti ba ile ba beha Wycliffe molato, esita le ka mor’a lefu la hae, le hoja le ka mohla a sa ka a tšehetsa ho fetohela ’muso ka mabifi.

Lengolong le eang ho Mopapa John XXIII ka 1412, Moarekabishopo Arundel o ile a bua ka “motho eo ea eisehang le ea tenang John Wycliffe, ea hopoloang ka ho ba manyala, mora eo oa noha ea khale, setšoantšo le ngoana oa mohanyetsi oa Kreste.” Ha a fihla sehlohlolong sa ho nyatsa ha hae, Arundel o ile a ngola: “Ho tlatsa tekanyo ea bokhopo ba hae, o ile a qapa mokhoa o mocha oa ho fetolela mangolo puong ea habo.” Ka sebele, se ileng sa halefisa baeta-pele ba kereke ka ho fetisisa ke hore Wycliffe o ne a batla ho fa batho Bibele ka puo ea bona.

Leha ho le joalo, batho ba seng bakae ba tummeng ba ne ba e-na le monyetla oa ho fumana Mangolo ka lipuo tsa sebaka ka seng. E mong e ne e le Anne oa Bohemia, ea ileng a nyaloa ka 1382 ke Morena Richard II oa Engelane. O ne a e-na le liphetolelo tsa Senyesemane tsa Wycliffe tsa Likosepele, tseo a neng a ithuta tsona kamehla. Ha e e-ba mofumahali, boikutlo ba hae bo molemo bo ile ba thusa ho ntšetsa pele thahasello ea Bibele—eseng Engelane feela. Anne o ile a khothalletsa liithuti tsa Univesithi ea Prague e Bohemia hore li tle Oxford. Sebakeng seo li ile tsa ithuta libuka tsa Wycliffe ka cheseho ’me tsa nka tse ling tsa tsona ha li khutlela Prague. Ho tsebahala haholo ha lithuto tsa Wycliffe Univesithing ea Prague hamorao ho ile ha sebeletsa e le tšehetso bakeng sa Jan Hus, ea ileng a ithutela moo ’me qetellong a ruta teng. Hus o ile a etsa phetolelo ea Seczech e balehang habonolo ho tsoa phetolelong ea Seslavone sa khale. Boiteko ba hae bo ile ba tlatsetsa ho sebelisoeng ha Bibele ke batho bohle Bohemia le linaheng tse haufi.

Kereke ea Iphetetsa

Baruti ba ne ba boetse ba halefetse Wycliffe le Hus bakeng sa ho ruta hore “taba e ngotsoeng e sa hlapolloang,” e leng Mangolo a pele a bululetsoeng a sa eketsoang ka letho, e ne e e-na le matla a maholoanyane ho feta “litlhaloso tse ka thōko,” e leng litlhaloso tse ngata tsa lineano tse mahlakoreng a maqephe a Libibele tse lumeletsoeng ke kereke. E ne e le molaetsa o sa hlapolloang oa Lentsoe la Molimo oo baboleli bana ba neng ba batla ho etsa hore batho feela ba tloaelehileng ba o fumane.

Ka tšireletso eo ka bohata Hus a e tšepisitsoeng, o ile a qhekelloa hore a tle ka pel’a Lekhotla la K’hatholike la Constance, Jeremane, ka 1414 bakeng sa ho emela maikutlo a hae. Lekhotla lena le ne le entsoe ka baprista, babishopo le bak’hadinale ba 2933. Hus o ile a lumela ho latola tumelo ea hae phatlalatsa haeba Mangolo a ne a ka paka hore lithuto tsa hae li fosahetse. Lekhotleng lena, eo e ne e se eona taba. Ho phephetsa ha hae matla a bona e bile lebaka le lekaneng la ho mo chesetsa thupeng ka 1415, ha a ntse a rapela ka lentsoe le phahameng.

Lekhotla lona leo le ile la boela la etsa ketso ea ho qetela ea ho nyatsa le ho rohaka John Wycliffe ka ho laela hore masapo a hae a epolloe Engelane ’me a chesoe. Taelo ena e ne e nyonyeha hoo e sa kang ea phethoa ho fihlela ka 1428, ha mopapa a phehella hore e phethoe. Leha ho le joalo, joaloka kamehla, khanyetso e mabifi joalo ha ea ka ea fokotsa cheseho ea barati ba bang ba ’nete. Ho e-na le hoo, e ile ea eketsa boikemisetso ba bona ba ho hatisa Lentsoe la Molimo.

Phello ea Khatiso

Ka 1450, e leng lilemo tse 35 feela ka mor’a lefu la Hus, Johannes Gutenberg o ile a qala ho hatisa ka mochine Jeremane. Buka ea hae ea pele e khōlō e bile khatiso ea Selatine ea Vulgate, e ileng ea phethoa hoo e ka bang ka 1455. Ka 1495 Bibele eohle kapa karolo ea eona e ne e hatisitsoe ka Sejeremane, Setaliana, Sefora, Seczech, Sedache, Seheberu, Secatalane, Segerike, Sepanishe, Seslavone, Sepotoketsi le Seserbia—li latellana ka tsela eo.

Setsebi sa Modache, Desiderius Erasmus se ile sa hatisa khatiso ea pele e feletseng ea taba e ngotsoeng ea Segerike ka 1516. Erasmus o ne a lakatsa hore ebe Mangolo “a fetoletsoe lipuong tsa batho bohle.” Leha ho le joalo, o ile a ba lesisitheho ho beha botumo ba hae bo boholo kotsing ka hore a a fetolele ka boeena. Leha ho le joalo, ho ile ha latela ba bang ba neng ba tla ba sebete haholoanyane. Ea hlaheletseng ho batho bana e bile William Tyndale.

William Tyndale le Bibele ea Senyesemane

Tyndale o ile a ithutela Oxford ’me hoo e ka bang ka 1521 o ile a lula lapeng ha Monghali John Walsh e le morupeli oa bana ba hae. Linakong tsa lijo ha ho lutsoe tafoleng ea Walsh e matletse-tletse hangata Tyndale o ne a pheha khang le baruti ba sebakeng seo. Ka ho khomarela linnete Tyndale o ile a hanyetsa maikutlo a bona ka ho phetla Bibele le ho ba bontša mangolo. Ha nako e ntse e feta, ba ha Walsh ba ile ba kholiseha ka seo Tyndale a neng a se bua, ’me baruti ba ne ba se ba sa mengoe khafetsa ’me ba sa amoheloe ka cheseho e khōlō. Ka sebele, sena se ile sa etsa hore baruti ba halefele Tyndale le lithuto tsa hae ka ho tsoelang pele.

Ka lekhetlo le leng nakong ea phehisano, e mong oa bahanyetsi ba Tyndale ba bolumeli o ile a re: “Ho molemo ho se be le melao ea Molimo ho e-na le ho se be le melao ea Mopapa.” Inahanele hore na Tyndale o ne a kholisehile hakaakang ha a araba: “Ke hanyetsa Mopapa le melao eohle ea hae. Haeba Molimo a mpoloka ke phela, pele ho feta lilemo tse ngata ke tla etsa hore moshanyana ea tšoarang mohoma a tsebe Mangolo ho u feta.” Qeto e tiileng ea Tyndale e ne e totobetse. Hamorao o ile a ngola: “Ke ne ke lemohile ka phihlelo kamoo ho ke keng ha khoneha ho fumantša batho feela ba tloaelehileng ’nete leha e le efe, ntle le hore ba fumantšoe mangolo ka puo ea bona, e le hore ba ka bona ntlha ea bohlokoa, tatellano ea liketsahalo ho latela nako le moelelo oa taba e ngotsoeng.”

Ka nako eo, ho ne ho e-s’o be le Bibele e hatisitsoeng ka Senyesemane. Ka hona ka 1523, Tyndale o ile a ea London ho ea kōpa tumello ea Mobishopo Tunstall bakeng sa morero oa phetolelo. Ha a hanetsoe, o ile a tloha Engelane ho ntšetsa pele morero oa hae, a se a sa tl’o hlola a khutla. Ha a le Cologne, Jeremane, ofisi ea hae ea khatiso e ile ea hlaseloa, ’me Tyndale o ile a pholoha ka sobana-la-nale ka maqephe a mang a bohlokoa a sa kopanngoang. Leha ho le joalo, ha a le Worms, Jeremane, bonyane likopi tse 3000 tsa “Testamente e Ncha” ea hae ea Senyesemane li ne li phethiloe. Li ile tsa romeloa Engelane ’me tsa qala ho ajoa moo mathoasong a 1526. Tse ling tsa tsena e ne e le Libibele tseo Mobishopo Tunstall a ileng a li reka le ho li chesa, a sa tsebe hore o thusa Tyndale ho ntšetsa pele mosebetsi oa hae!

Lipatlisiso li Tlisa Kutloisiso e Hlakileng Haholoanyane

Ho totobetse hore Tyndale o ne a thabela mosebetsi oa hae. Joalokaha The Cambridge History of the Bible e bolela, “Mangolo a ne a mo thabisa, ’me ho na le ho hong ho potlakileng le ho hlasimollang mokhoeng oa hae oa ho ngola ho bontšang thabo ea hae.” Pakane ea Tyndale e ne e le ho etsa hore batho feela ba tloaelehileng ba fumane Mangolo ka puo e tobileng le e bonolo ka hohle kamoo ho ka khonehang. Liphuputso tsa hae li ne li mo bontša moelelo oa mantsoe a Bibele o ’nileng oa koaheloa ke lithuto tsa kereke ka makholo a lilemo. A sa tšosoe ke tšokelo ea lefu kapa mangolo a bontšang bohale a sera sa hae se matla Monghali Thomas More, Tyndale o ile a kenyelletsa seo a se fumaneng phetolelong ea hae.

A fetolela ho tloha Segerikeng sa pele sa taba e ngotsoeng ea Erasmus ho e-na le ho tloha Selatineng, Tyndale o ile a khetha “lerato” ho e-na le “molemo” ho bontša moelelo oa lentsoe la Segerike a·gaʹpe ka ho feletseng haholoanyane. Hape o ile a sebelisa “phutheho” ho e-na le “kereke,” “ho baka” ho e-na le “ho ba le pontšo ea tšoabo,” le “baholo” ho e-na le “baprista.” (1 Bakorinthe 13:1-3; Bakolose 4:15, 16; Luka 13:3, 5; 1 Timothea 5:17, Tyndale) Liphetoho tsena li ne li ferekanya ho ba boholong ka kerekeng le mekhoeng ea bolumeli ea neano, e kang ho ipolela libe ho baprista.

Ka ho tšoanang Tyndale o ile a tšoarella lentsoeng la “tsoho,” a hana pelekatori le bophelo ka mor’a lefu e le tse sa lumellaneng le Bibele. Mabapi le bafu, o ile a ngolla More: “Ka ho ba beha leholimong, liheleng le pelekatoring, [u] senya lipuisano tseo ho tsona Kreste le Pauluse ba pakang tsoho.” Ntlheng ena, Tyndale o ne a bua ka Matheu 22:30-32 le 1 Bakorinthe 15:12-19. Ka nepo o ile a lumela hore bafu ba lula ba sa ikutloe ho fihlela tsohong ea nakong e tlang. (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5; Johanne 11:11, 24, 25) Sena se ne se bolela hore tokisetso eohle ea ho rapela Maria le “bahalaleli” e ne e sa utloahale hobane boemong ba bona ba ho se ikutloe, ba ne ba ke ba utloa kapa ea e-ba babuelli.

Tyndale o Fetolela Mangolo a Seheberu

Ka 1530, Tyndale o ile a hatisa phetolelo ea Pentateuch, e leng libuka tse hlano tse qalang tsa Mangolo a Seheberu. Ka tsela eo e ile ea e-ba motho oa pele oa ho fetolela Bibele ho tloha Seheberung ho ea Senyesemaneng ka ho toba. Hape Tyndale e ile ea e-ba mofetoleli oa Lenyesemane oa pele ea ileng a sebelisa lebitso Jehova. Setsebi sa London, David Daniell sea ngola: “Ka sebele ho ne ho tla khahla babali ba Tyndale haholo hore ebe lebitso la Molimo le ne le senotsoe bocha.”

Boitekong ba hae ba ho hlakisa taba, Tyndale o ne a sebelisa mantsoe a Senyesemane a sa tšoaneng ha a fetolela lentsoe le le leng la Seheberu. Leha ho le joalo, o ne a latela sebōpeho sa Seheberu haufi-ufi. Phello e bile ho bolokoa ha matla a sa belaetseng a Seheberu. Ka boeena o itse: “Litšobotsi tsa leleme la Seheberu li lumellana haholo le Senyesemane ho feta kamoo li lumellanang le Selatine kateng. Mokhoa oa ho bua o tšoana haholo; hoo maemong a mangata ho hlokahalang feela hore u se fetolelle Senyesemaneng, lentsoe ka lentsoe.”

Ha e le hantle katamelo ena ea ho fetolela lentsoe ka lentsoe e ile ea natefisa phetolelo ea Tyndale ka lipolelo tsa Seheberu. Tse ling tsa tsona li tlameha li ne li bonahala li sa tloaeleha ha li baloa ka lekhetlo la pele. Empa, qetellong Bibele e ile ea tloaeleha hoo bongata ba lipolelo tsena hona joale e leng karolo ea puo ea Senyesemane. Mehlala e akarelletsa “a man after his own heart [monna ea lumellanang le pelo ea hae]” (joaloka ho 1 Samuele 13:14), “passover [paseka]” le “scapegoat [pōli e jarang melato].” Ho feta moo, ke ka tsela eo babali ba Bibele ea Senyesemane ba ileng ba tloaelana le mohopolo oa Seheberu, e leng se ileng sa ba fa temohisiso e molemonyana ea Mangolo a bululetsoeng.

Bibele le Tyndale Tlas’a Thibelo

Monyetla oa ho bala Lentsoe la Molimo ka puo ea habo motho o ne o thabisa. Batho feela ba tloaelehileng ba Manyesemane ba ile ba arabela ka ho reka tsohle tse neng li khona ho kenngoa ka sekhukhu ka har’a naha, ho entsoe eka ke meqeqeko ea masela kapa ea thepa e ’ngoe. Ka nako e tšoanang, baruti ba ne ba nahana ka ho lahleheloa ke boemo ba bona ho ke keng ha qojoa haeba Bibele e ne e ka nkoa e e-na le matla a ka sehloohong. Kahoo, boemo bona bo ile ba fetoha taba ea bophelo le lefu ka ho eketsehileng bakeng sa mofetoleli enoa le batšehetsi ba hae.

A ntse a lelekisoa kamehla ke Kereke le ’Muso, Tyndale o ile a tsoela pele ho sebetsa a ipatile Antwerp, Belgium. Ho ntse ho le joalo, o ne a sebelisa matsatsi a mabeli ka beke bakeng sa seo a neng a re ke ho phomotsa kelello—ho sebeletsa baphaphathehi ba bang ba Manyesemane, mafutsana le ba kulang. O ile a sebelisa boholo ba chelete ea hae ka tsela ena. Pele a ka fetolela halofo ea bobeli ea Mangolo a Seheberu, Tyndale o ile a ekoa bakeng sa chelete ke monna oa Lenyesemane ea neng a ikentse motsoalle. O ile a bolaeloa Vilvoorde, Belgium ka 1536, mantsoe a hae a ho qetela a matla e bile, “Morena! bula Morena oa Engelane mahlo.”

Ka 1538, King Henry VIII ka mabaka a hae o ile a laela hore ho behoe Libibele ka kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe ea Engelane. Le hoja Tyndale a sa ka a tlotloa, phetolelo e ileng ea khethoa e le ea bohlokoahali e bile ea hae. Ka tsela ena buka ea Tyndale e ile ea tuma le ho ratoa hoo e ileng ea “rera sebōpeho sa motheo sa boholo ba liphetolelo tse latelang” tsa Senyesemane. (The Cambridge History of the Bible) Hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea phetolelo ea Tyndale e ile ea kopiletsoa ka ho toba ho King James Version ea 1611.

Monyetla oa ho bala Bibele ka bolokolohi o ile oa bolela phetoho e khōlō bakeng sa Engelane. Lipuisano tse neng li likoloha Libibeleng tse behiloeng ka likerekeng li ne li le matla hoo ka linako tse ling li neng li sitisa litšebeletso tsa kereke! “Batho ba hōlileng ba ne ba ithuta ho bala e le hore ba ka ea Lentsoeng la Molimo ka ho toba, ’me bana ba ne ba ikopanya le batho ba baholo ba mamela.” (A Concise History of the English Bible) Mehleng ena ho ile ha boela ha e-ba le keketseho e potlakileng kabong ea Libibele linaheng tse ling tsa Europe le ka lipuo tse ling. Empa ho ntlafala ha taba e ka sehloohong ea Bibele Engelane ho ne ho tla ba le tšusumetso lefatšeng lohle. See se ile sa etsahala joang? ’Me lintho tse eketsehileng tse fumanoeng le lipatlisiso li amme Libibele tseo re li sebelisang joang kajeno? Re tla phetha tlaleho ea rōna sehloohong se latelang sa letoto lena.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“Testamente e Ncha” ea Tyndale ea 1526—kopi e le ’ngoe feela e feletseng e tsejoang e ileng ea pholoha malakabe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© The British Library Board

[Chate/Setšoantšo se leqepheng la 26]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lilemo tsa Bohlokoa ho Fetisoeng ha Bibele

Mehla e Tloaelehileng

Bibeleng ea Wycliffe e qaliloeng (pele ho 1384)

1400

Hus o bolailoe ka 1415

Gutenberg— Bibele ea pele e hatisitsoeng hoo e ka bang ka 1455

Likhatiso tsa Pele tsa Lipuo tsa Sebaka ka Seng

1500

Taba e ngotsoeng ea Erasmus ea Segerike ea 1516

“Testamente e Ncha” ea Tyndale ea 1526

Tyndale o bolailoe ka 1536

Henry VIII o laela hore Libibele li behoe ka likerekeng ka 1538

King James Version ea 1611

1600

[Litšoantšo]

Wycliffe

Hus

Tyndale

Henry VIII

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela