Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/1 maq. 28-30
  • Na U Tlameha ho Hlahella?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tlameha ho Hlahella?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Bohle Ba tla Kopanela’ Seabo
  • Tšebeletso E Itlhomphang le Ea Moea ’Ohle
  • Phello ho Ba Sebeletsang ka Boikokobetso
  • O Khetha Baapostola ba Hae
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • O Khetha Baapostola ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Jesu o Khetha Baapostola ba 12
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jehova o Ananela Tšebeletso ea hao ea Moea Oohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/1 maq. 28-30

Na U Tlameha ho Hlahella?

LITŠOANTŠO tsa TV li hlahella ha lik’hamera li korotse sebapali se tummeng. Se bontša ho bososela hoa botsebi, se qala ho bapala. Re mamela ’mino ka thabo. K’hamera e se atametsa haufinyane hore re bone ho tsamaea hoa sefahleho sa sona le menoana ea sona e rutehileng ha se ntša ’mino seletseng sa sona.

E, ke sebapali se thabelang ho hlahella. Empa ha pontšo e felile, hlokomela letoto le lelelele la ba lokeloang ke tlotla thelefisheneng—libini, motsamaisi, litsebi tsa melumo, banna ba lik’hamera, balaoli, bahlophisi, baqapi, le ba bang ba bangata-ngata. Kaofela baa hlokahala ho atlehisa papali eo. Kaofela baa tšehetsa.

Boemo bo tšoanang bo teng ka phuthehong ea Bokreste. Batho ba bang ba sebelisoa ka mokhoa o hlileng o phahameng haholo, empa ba bang ba etsa mesebetsi e batlang e sa bonahale joaloka sehlopha feela sa bahoeletsi ba molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, na ba lokela ho ikutloa hore hase ba bohlokoa haholo hobane ba sa hlahella? Na ba lokela ho tšoenyeha ntle ho mabaka haeba ba sa fumana bophahamo?

‘Bohle Ba tla Kopanela’ Seabo

Tlaleho e amang Morena Davida e batla e le ea bohlokoa. Bibele e bontša hore ka lekhetlo le leng o kile a etella pele sehlopha sa banna ba 400 thomong ea ho pholosa ka mohlolo. Ba ne ba tsoile ho ea boela ba hapa malapa le matlotlo a bona ho lebotho la sera. Leha ho le joalo, ba makholo a mabeli ba ile ba sala ho lebela thepa. Ha sehlopha se pholosang se khutla se hlōtse le basali, bana le liphahlo, hammoho le thepa e ngata e hapiloeng, bothata ba hlaha: Ke bo-mang ba neng ba tla arolelana thepa e hapiloeng ntoeng? Na ke ba hlileng ba loana feela ba tšoanelang ho arolelana matlotlo? Davida a fana ka karabelo e ileng ea talingoa e le mohlala oa molao, “molao le mokhoa Iseraeleng.” O itse: ‘Seabo sa ea ileng ntoeng se tla lekana le seabo sa letšola-kobo, Bohle ba tla kopanela [seabo].’ (1 Samuele 30:24, 25, NW) E bile Jehova ea tataisitseng Davida hore a etse qeto ena ea kahlolo. ’Me e bontšitse kananelo e tebileng ea Jehova ho ba sebeletsang mesebetsing e tšehetsang.

Empa na molao-motheo oo o sa sebetsa phuthehong ea Bokreste? Moapostola Pauluse o arabela ka papiso. A bapisa phutheho le ’mele oa motho, o re: “Leihlo le ke ke la re ho letsoho: Ha ke u hloke; hape, hloho e ke ke ea re ho maoto: Ha ke le hloke.” E, ’meleng oa motho karolo e ’ngoe le e ’ngoe—esita le monoana o monyenyane oa leoto—o na le mosebetsi oa bohlokoa. Molimo o bontša bohlale bo tšoanang ha o hlophisa phutheho ea oona. ‘Molimo o ba beile kerekeng,’ o abela ba sa tšoaneng boikarabelo bo fapaneng.—1 Ba-Korinthe 12:21, 28.

Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba bang kahoo ba ne ba thabela melemo e itseng ea bophahamo. Ka mohlala, Petrose o ne a hlahelletse haholo. E ne e le ’muelli oa baapostola letsatsing la bohlokoa la Pentekonta. (Liketso 2:14) O bile le tokelo ea ho thusa basokolohi ba pele ba Balichaba ho fetoha Bakreste. (Liketso 10:44-48) Ha e le hantle, libuka tse peli tsa Bibele li na le lebitso la hae! Empa ba bang ba baapostola ba boletsoe seoelo. Mattheu, Nathanaele (Bartholome), Thaddea (Judase, mora oa Jakobo), Simone ea chesehang, le Jakobo, mor’a Alfea (ea bitsoang Jakobo Molesse), ba boleloa hanyenyane feela. Leha ho le joalo, ka botšepehi ba ile ba tšehetsa Morena oa bona phutuhong ea hae ea ho bolela le ho ruta.

Tšebeletso E Itlhomphang le Ea Moea ’Ohle

Boemo bo tšoanang bo teng le kajeno. Ka phuthehong ea Bokreste, Jehova o ntse a ‘bea litho joalokaha a rata.’ Hona ho fella ka hore ba bang ba hlahelle ho feta ba bang. Empa boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka litokelo tsa rōna tsa tšebeletso, ho sa tsotellehe hore na ke life? Ba-Kolosse 3:23, 24 e e bea tjena: “Seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joale ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho; le tsoe le tseba hobane le tla fuoa ke Morena moputso oa lefa.”

Lipaki tse ngata kajeno li fumana thabo ea sebele ka ho sebeletsa mesebetsing e itlhomphang le e tšehetsang. Ka mohlala, nahana ka Edmundsen, Paki e sebeletsang Pietermaritzburg, Afrika Boroa. O kolobelitsoe ka 1946 ’me a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ka 1950. Ha ho mohla a kileng a hlahella. Leha ho le joalo, o thabetse ho bona bana ba hae le litloholo tsa hae ba 15 e e-ba Lipaki tse inehetseng le ho kolobetsoa, le ba bang ba 27 ba litloholo tsa hae le litloho-tloholoana ba e-ba teng libokeng tsa phutheho! ’Me kajeno, le hoja a sitisoa ke ho se utloe hantle le ho se bone hantle, ka botšepehi o sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang. A le lilemo li 84 o ntse a sebeletsa e le moholo ka phuthehong ’me o fana ka lipuo tsa phatlalatsa! Leha ho le joalo, tšebeletso ea Edmundsen, boholo ba eona e bile e sa hlahellang. Empa joaloka likete tse ngata tsa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo, o etselitse Jehova tšebeletso ea bohlokoa le e molemo.

E, ho hloka boikokobetso ho sebeletsa potelleng. Empa ho boetse ho re fa nako ea ho ntlafatsa botho ba rōna le masene pele boikarabelo bo boima bo beoa holim’a rōna. Morena Josiase e bile morena oa Juda a le lilemo li robeli. (2 Marena 22:1) Empa o ne a ka lokela mosebetsi oo joang? Moshe, ka lehlakoreng le leng, o ile a lula lilemo tse 40 a sa bonahale e le molisa Midiane pele e e-ba molopolli. Nakong eo, o ile a haha litšoaneleho tse kang mosa. (Numere 12:3) O ile a ithuta ho emela Jehova. ’Me ha Jehova a qetella a ’mitsitse ho ea etella Iseraele pele ka lilemo tse hlahlamang tse 40, o ne a loketse boikarabelo bona!

Kahoo motho ea ikutloang hore matla a hae ha a sebelisoe ka botlalo ka phuthehong ha ho hlokahale a nyahame. Mohlomong Jehova o ikutloa hore mamello e kholoanyane kapa boikokobetso li tlameha ho hlaoleloa pele motho ea joalo a fuoa litokelo tse eketsehileng. Hopola hape hore boholo ba bahlanka ba Jehova ba sebeletsa potelleng. Molula-Qhooa e ’nile ea e-ba karolo e phahameng ea lenaneo la thuto la Lipaki tsa Jehova ka nako e fetang lilemo tse lekholo. Empa bangoli ba oona ha ba tsebahale. Hape nahana ka likete tse ngata tsa ba sebeletsang mahaeng a Bethele kapa e le bo-pula-maliboho le baromuoa. Ha baa hlahella ho hang. Empa ba thabela bophelo bo maphatha-phatha le bo putsang ’me ba latsoa khotsofalo e tebileng e tlang ka ho itela hoa bona ho thuseng ba bang.—Liketso 20:35.

Phello ho Ba Sebeletsang ka Boikokobetso

Ho baapostola ba pele ba 12, ke a le mong feela ea ipakileng a hlōlehile—moeki Judase Iskariota. Ba bang ba thabetse moputso o khanyang. Ho Tšenolo 21:10, 14, Bibele e hlalosa ‘motse o halalelang’ e le o hahiloeng holim’a majoe a 12 a motheo. Ho le leng le le leng, ho ngotsoe lebitso la moapostola oa Konyana. Ka ho thahasellisang, ba babeli ba baapostola bana ba tšepahalang ba ne ba bitsoa bo-Simone. Ea bitsoang Simone Petrose o ne a hlile a hlahelletse haholo; e mong ea neng a bitsoa Simone ea chesehang, o ne a sa hlahella. (Liketso 1:13) Ha e le hantle, ho buua hanyenyane haholo ka Simone enoa. Empa bo-Simone bana ka bobeli ba amohetse moputso o tšoanang—tokelo ea ho ba litho tsa motheo tsa puso ea leholimo tlas’a Morena Jesu Kreste!

E, hase batlotsuoa bohle ba tsositsoeng ba tlang ho sebeletsa ka mokhoa o phahameng e le “majoe a motheo.” Jehova o tla sebelisa basebetsi ba ’muso oa hae bakeng sa boemo leha e le bofe boo a ka bonang ba tšoaneleha hamolemohali ho bona. Rōna ba tšepileng ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng ka ho tšoanang re ka tiisa hore tlas’a tokisetso eo Morena oa rōna o tla re sebelisa ka tsela e molemohali e ka khonehang. Ka tikoloho e thabisang, metsoalle e tšepahalang, mosebetsi o sa tšoaneng o thabisang, ’me ho se ho tsieleha kapa bolutu, botho ba rōna le bohlale ba rōna li tla hōla ho fihlela boemong bo phethahetseng!

Kahoo ho sa tsotellehe hore na re bitselitsoe moputsong oa leholimo kapa re lebelletse bophelo lefatšeng le ntlafalitsoeng, a re khotsofalleng kabelo ea rōna ea tšebeletso ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ’me re sebetse ho oona ka moea ’ohle. Hona ke mohloli oa bohlale le thabo. Ho e-na le hore ka mabifi u batle ho hlahella, hlaolela boikutlo ba boikokobetso ba Morena Davida, ea itseng: “Ntho e teng eo ke e kōpang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke lule ka tlung ea Jehova ka litšiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokhabane ba Jehova, ke lekolisise tempele ea hae.”—Pesaleme ea 27:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela