-
PolokoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Kapa u ka re: ‘Nka arabela habonolo feela ka hore, E. Empa na u ne u tseba hore Bibele ha e bue ka polokeho e le ’ngoe feela? Ka mohlala, na u kile ua nahana ka se boleloang ke Tšenolo 7:9, 10, 14? . . . Kahoo, ho na le batho ba tla pholosoa mahlomoleng a maholo a tlang, hore ba tl’o phela hona mona lefatšeng. (Matt. 5:5)’
‘Na u amohela Jesu e le ’Moloki oa hao?’
Bona leqephe 200, tlas’a sehlooho “Jesu Kreste.”
‘Le re ho tla pholosoa ba 144 000 feela’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke thabetse ha u phahamisitse taba eo e le hore nka u bolella seo re hlileng re se lumelang. Pholoho e buletsoe feela batho ba bangata ba tlang ho bontša tumelo ea ’nete tokisetsong eo Molimo o e entseng ka Jesu. Empa Bibele e re ke feela ba 144 000 ba tla ea leholimong ho ba le Kreste. Na u kile ua ho bona hoo ka Bibeleng? . . . Ho mona ho Tšenolo 14:1, 3.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ba tla etsa joang leholimong? (Tšen. 20:6)’ (2) ‘Ho hlakile hore ba tla be ba busa holim’a e mong. Ebe ho tla busoa mang? . . . (Matt. 5:5; 6:10)’
-
-
PōpoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Pōpo
Tlhaloso: Pōpo joalokaha e hlalositsoe ka Bibeleng, e bolela hore Molimo o Matla ’Ohle o qapile oa ba oa etsa bokahohle, ho akarelletsa le batho ba bang ba moea (spirit) le mefuta eohle ea mathomo ea bophelo bo lefatšeng.
Lefatšeng lena la kajeno la bohlalefi, na hoa utloahala ho kholoa pōpo?
“Melao ea tlhaho ea bokahohle e nepahetse hoo re se nang bothata ba ho etsa sefofa-sebakeng ho fofela khoeling ’me re ka se beela nako ea ho fofa ka nepo e phethahetseng. Melao ena e tlameha e be e beiloe ke e mong.”—E qotsitsoe ho Wernher von Braun, ea neng a sebetsana haholo le Maamerika a romeloang khoeling.
Bokahohleng bo bonahalang: Haeba u fumana sesupa-nako se nepang nako hantle, na u ka qeta ka hore se hlahile feela ka tsietsi ea ho tsoakana hoa likaroloana tsa lerōle? Ho hlakile hore ho na le motho e mong ea bohlale ea se entseng. Ho bile ho na le “sesupa-nako” se seng se babatsehang haholoanyane. Mafatše a potolohang letsatsi la rōna, hammoho le linaleli tsa bokahohleng bohle, li tsamaea ka nepo e fetang lisupa-nako tse ngata tse entsoeng ke motho. Sehlopha sa linaleli seo letsatsi la rōna le mafatše a le potolohang li leng ho sona se akarelletsa linaleli tse fetang libillione tse 100, ’me ba ithutileng linaleli ba hakanya hore ho na le lihlopha tse joalo tsa linaleli tse libillione tse 100 bokahohleng. Haeba sesupa-nako e le bopaki ba boqapi bo hlalefileng, ebe ho ka ba joalo haholoanyane joang ka bokahohleng bo rarahaneng le bo boholo ho feta moo! Bibele e hlalosa ea Bo entseng e le “Molimo [oa ’nete] Jehova, ea entseng maholimo, ea a phutholotseng.”—Esa. 42:5; 40:26; Pes. 19:1.
Lefatše (“Earth”): Ha u haola lehoatateng, ha u ka fihla ntlong e ntle, e nang le thepa ka ho feletseng ’me e e-na le lijo, na u ka lumela hore e bile teng moo ka ho phatloha ho hong hoa mohlolo? Che; u ne u tla hlokomela hore e mong ea bohlale haholo o e hahile. E, bo-ramahlale ha ba e-s’o fumane bophelo mafatšeng ’ohle a potolohang letsatsi la rōna ntle ho lefatšeng la rōna, bopaki bo teng bo supa hore mafatše a mang a nyopile. Lefatše lena, joalokaha buka The Earth e bolela, ke “bokhabane ba bokahohle, pitikoe e ikhethang.” (New York, 1963, Arthur Beiser, leq. 10) Le hole le letsatsi ka mokhoa o nepahetseng bakeng sa bophelo ba motho, ’me le tsamaea ka lebelo le nepahetseng hantle hore le ’ne le tsoelepele ho potoloha. Sepaka-paka se nang le meea e entsoeng ka tekanyetso e lekaneng hantle e phelisang, se fumanoa feela ho potoloha lefatše lena. Ho tsotehang, khanya e tsoang letsatsing, moea o sa hloekang o tsoang sebakeng, le metsi le matsoai a mobu o nonneng li kopana ho hlahisetsa baahi ba lefatše lijo. Na hohle ho etsahetse ka baka la ho phatloha ho hong ho se nang taolo sepaka-pakeng? Science News e-ea lumela: “Ho bonahala eka maemo a joalo a khethehileng le a nepahetseng a ne a ke ke a itlhahela feela tjee.” (August 24 le 31, 1974, leq. 124) Qeto ea Bibele ke e utloahalang, ha e re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e ee e hahuoe ke motho; empa ea hahileng ntho tsohle ke Molimo.”—Ba-Heb. 3:4.
Boko ba motho: Li-computer tsa kajeno ke tholoana ea liphuputso tse matla le boenjiniere bo hlokolosi. Ha lia “itlhahela feela tjee.” Ho thoe’ng ka boko ba motho? Ho fapana le boko ba phoofolo efe kapa efe, boko ba lesea bo eketseha ka makhetlo a mararo selemong sa lona sa pele. Hore na bo sebetsa joang, e sa ntsane e le pharela ho bo-ramahlale. Bathong, ho hahelletsoe bohlale ba ho ithuta lipuo-puo tse thata, ho ananela botle, ho qapa ’mino, ho lekanyetsa hore na tšimoloho ea bophelo ke efe le hore na bo bolela eng. Setsebi sa boko Robert White se itse: “Ha ke na boikhethelo ha e se feela ho lumela hore ho na le Bohlale bo Phahameng, bo ikarabellang bakeng sa ho qaptjoa le ho hōlisoa hoa kamano ea mohlolo e pakeng tsa boko le kelello—ntho e phahametseng kutloisiso ea motho ka ho fetisisa.” (The Reader’s Digest, September 1978, leq. 99) Ho hōla hoa mohlolo ona ho qala ka sele e le ’ngoe e nyenyane e emolisitsoeng ka popelong. Ka temohisiso e fetisisang, mongoli oa Bibele Davida a re ho Jehova: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa, moea oa ka o tseba teng haholo-holo.”—Pes. 139:13, 14.
Sele e phelang: Ka linako tse ling ha ho buuoa ka sele e le ’ngoe e phelang ho thoe ke bophelo bo sa “rarahanang.” Empa phoofolo e nang le sele e le ’ngoe e ka tšoasa lijo, ea li sila, ea ntša litšila, ea ikahela ntlo le ho kopanela likamano tsa botona kapa botšehali. Sele ka ’ngoe ea ’mele e ’nile ea tšoantšoa le motse o marako o nang le ’muso o setsing o bolokang taolo, mochine o fehlang matla, lifeme tse etsang lihaha-’mele, mokhoa o rarahaneng oa ho tsamaisa thepa, le balebeli ba laolang se lumelloang ho kena kahare. ’Me ’mele oa motho a le mong o entsoe ka lisele tse ngata tse ka bang litrillione tse 100. Mantsoe a Pesaleme ea 104:24 ke a loketseng hakaakang: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakakang! U e entse kaofela ka bohlale”!
Na Bibele e lumella maikutlo a hore Molimo o sebelisitse ho iphetola hoa lintho hore ho hlahise mefuta e sa tšoaneng ea lintho tse phelang?
Genese 1:11, 12 e re joang le lifate li entsoe hore ho hong le ho hong ho bee ‘tsa mofuta oa hona.’ Litemana tsa 21, 24, 25 li phaella ka hore Molimo o bōpile libopuoa tsa leoatle, libopuoa tse fofang le liphoofolo tsa naha, e ’ngoe le e ’ngoe ‘ka
-