-
Boipolelo bo Lebisang ho HlaphoheloengMolula-Qhooa—2001 | June 1
-
-
sebe. Mofuthu oa tšoarelo ea Molimo le botsoalle bo hahang le barapeli-’moho li ka tsosolosa bomoea ba ea entseng phoso. E, motheong oa thekollo ea Kreste, ea bakileng a ka latsoa “maruo a mosa oa [Molimo] o sa tšoanelang.”—Baefese 1:7.
“Pelo e Hloekileng” le “Moea o Mocha”
Ka mor’a hore Davida a ipolele, ha aa ka a inehella boikutlong bo fosahetseng ba hore ha a na thuso. Lipolelo tsa hae lipesalemeng tse buang ka boipolelo tseo a ileng a li ngola li bontša ho imoloha hoo a ileng a ba le hona le boikemisetso ba hae ba ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. Ka mohlala, sheba Pesaleme ea 32. Temaneng ea 1, rea bala: “Ho thaba eo bofetoheli ba hae bo tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng.” Ho sa tsotellehe hore na sebe se tebile hakae, ho ka ba le phello e thabisang haeba motho a bakile ka sebele. Tsela e ’ngoe ea ho bontša hore motho o bakile ka sebele ke ha a amohela boikarabelo bo feletseng ba liketso tsa hae, joaloka Davida. (2 Samuele 12:13) Ha aa ka a leka ho itokafatsa ka pel’a Jehova kapa a leka ho beha ba bang molato. Temana ea 5 e re: “Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela. Ke ile ka re: ‘Ke tla ipolela ho Jehova ka lebaka la litlōlo tsa ka.’ Ua tšoarela phoso ea libe tsa ka.” Ho ipolela ho se nang boikaketsi ho tlisa khatholoho, hoo ho seng ho sa hlokahale hore motho a ’ne a tšoenngoe ke letsoalo la hae ka liphoso tse fetileng.
Ka mor’a ho kōpa tšoarelo ea Jehova ka tieo, Davida o ile a kōpa: “Molimo, bōpa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng.” (Pesaleme ea 51:10) Ho kōpa “pelo e hloekileng” le “moea o mocha” ho bontša hore Davida o ne a elelloa tšekamelo ea boetsalibe ka ho eena le hore o ne a hloka thuso ea Molimo hore a hloekise pelo ea hae ’me a qalise bocha. Ho e-na le ho iqenehela, o ne a ikemiselitse ho tsoela pele ka tšebeletso ea hae ho Molimo. O ile a rapela: “Jehova, e se eka u ka bula molomo oa ka, e le hore molomo oa ka o ka bolela thoriso ea hao.”—Pesaleme ea 51:15.
Jehova o ile a arabela joang ka pako e tiileng ea Davida le boiteko ba hae bo tiileng ba ho mo sebeletsa? O ile a tiisetsa Davida ka mantsoe ana a thobang: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pesaleme ea 32:8) Mona Jehova o fana ka tiisetso ea kameho ea hae maikutlong le litlhokong tsa ea bontšitseng pako. Jehova o ile a nka mehato ea ho fa Davida temohisiso e
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—2001 | June 1
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Kaha Jehova o ikemiselitse ho tšoarela libe ka boleng ba sehlabelo sa thekollo, ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Bakreste ba ipolele ho banna ba hōlileng ka phuthehong?
Joalokaha ho ka bonoa tabeng ea Davida le Bathe-sheba, Jehova o ile a tšoarela Davida sebe sa hae, le hoja e ne e le se tebileng, ka lebaka la pako ea Davida e se nang boikaketsi. Ha moprofeta Nathane a mo atamela, Davida o ile a ipolela pepenene: “Ke sitetsoe Jehova.”—2 Samuele 12:13.
Leha ho le joalo, Jehova o amohela ho ipolela ha moetsalibe ho se nang boikaketsi ebile oa mo tšoarela empa hape o boetse o etsa litokisetso tse lerato tsa ho thusa ea fositseng hore a hatele pele ho hlaphoheloeng moeeng. Tabeng ea Davida, thuso e ile ea hlaha ka moprofeta Nathane. Kajeno, liphuthehong tsa Bokreste, ho na le banna ba hōlileng moeeng, kapa baholo. Morutuoa Jakobo oa hlalosa: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang [moeeng] har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.”—Jakobo 5:14, 15.
Baholo ba nang le phihlelo e ka ba thuso e khōlō ho khutsisa bohloko ba pelo bo utluoang ke moetsalibe ea ikoahlaeang. Ba leka ho etsisa Jehova ha ba sebelisana le eena. Le hoja taeo e matla
-