Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/05 leq. 6
  • Ho Ithuta Bukana ea Le Lule le Lebetse!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ithuta Bukana ea Le Lule le Lebetse!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lihloohoana
  • Beke ea la 23 May
  • Beke ea la 30 May
  • Beke ea la 6 June
  • Beke ea la 13 June
  • Beke ea la 20 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 4/05 leq. 6

Ho Ithuta Bukana ea Le Lule le Lebetse!

Liphutheho lefatšeng lohle li tla ithuta bukana ea Le Lule le Lebetse! bekeng ea la 23 May ho fihlela ho ea la 20 June, 2005, Thutong ea Buka ea Phutheho. Ka kōpo sebelisa lipotso tse latelang ha u lokisetsa le ha u khanna seboka sena. Nakong ea thuto, bala boitsebiso bo hatisitsoeng ebe u bala mangolo a bontšitsoeng, haeba nako e lumela.

Beke ea la 23 May

◼ Leqephe la 3-4: Ke maemo afe ho a thathamisitsoeng moo a ammeng bophelo ba hao ka ho khetheha? Ke eng se u bontšang hore maemo aa hase liketsahalo tsa sebaka se le seng feela?

◼ Leqephe la 5: U kholisoa ke eng hore kannete Molimo oa tsotella? Ke eng se ka ’nang sa bontša hore na re tsotella Molimo hakae le seo a se etsang?

◼ Leqephe la 6-8: Matheu 24:1-8, 14 e re’ng mabapi le hore na maemo a hona joale a lefatše a bolela’ng? Joalokaha 2 Timothea 3:1-5 e bontša, hona joale re phela nakong efe? Matsatsi aa ke a qetello ea eng? U kholisoa ke eng hore ruri Bibele ke Lentsoe la Molimo? ’Muso oo re bolelang ka oona ke eng?

◼ Leqephe la 9-10: Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahlobisisa liqeto tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi le lintho tse tlang pele bophelong ba rōna? (Bar. 2:6; Bagal. 6:7) Ha u hlahloba lipotso tse leqepheng la 10, u hopola mangolo afe a lokelang ho ama seo u se etsang?

Beke ea la 30 May

◼ Leqephe la 11: Ke hobane’ng ha ka bomong re lokela ho hlahloba lipotso tse leqepheng lee? (1 Bakor. 10:12; Baef. 6:10-18) Likarabo tsa rōna lipotsong tsee li senola eng mabapi le hore na re nka keletso ea Jesu e ho Matheu 24:44 ka ho teba hakae?

◼ Leqephe la 12-14: “Hora ea ho ahlola” eo ho buuoang ka eona ho Tšenolo 14:6, 7 ke eng? ‘Ho tšaba Molimo le ho mo tlotlisa’ ho bolela’ng? Babylona e Moholo ke eng, hona ho tla etsahala’ng ka eona? Ke khato efe eo ho hlokahalang hore re e nke hona joale mabapi le Babylona e Moholo? Nako ea ho ahlola e boletsoeng esale pele e boetse e akarelletsa’ng? Ho se tsebe “letsatsi kapa eona hora” ea kahlolo ea Molimo e boletsoeng esale pele ho re ama joang? (Mat. 25:13)

◼ Leqephe la 15: Tseko ea bobusi ke eng, hona e re ama joang ka bomong?

◼ Leqephe la 16-19: “Maholimo a macha” le “lefatše le lecha” ke eng? (2 Pet. 3:13) Ke mang ea tšepisang lintho tsee? Maholimo a macha le lefatše le lecha li tla tlisa liphetoho life? Na rōna ka bomong re tla rua molemo ho tsona?

Beke ea la 6 June

◼ Leqephe la 20-1: Jesu o ile a fa balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo temoso efe mabapi le ho baleha? (Luka 21:20, 21) Ba ile ba khona ho baleha neng? Ke hobane’ng ha ho ne ho potlakile hore ba balehe ntle ho tieho? (Mat. 24:16-18, 21) Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hlokomoloha litemoso? Batho ba likete Chaena le Philippines ba ile ba rua molemo joang ka ho ela hloko litemoso tse tšepahalang? Ke hobane’ng ha ho potlakile le ho feta hore re ele hloko temoso ea Bibele mabapi le bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho? Ka lebaka la hore metsotso e jele babeli, re na le boikarabelo bofe? (Liprov. 24:11, 12)

◼ Leqephe la 22-3: Ke hobane’ng ha ba bangata Australia ka 1974 le Colombia ka 1985 ba sa ka ba natsa litemoso tsa tlokotsi, hona liphello ea e-ba life? U nahana hore u ka be u ile ua etsa joang ha u utloa litemoso tsee, hona hobane’ng? Ke eng se ka ’nang sa bontša hore na re ne re tla ela hloko temoso ea mehleng ea Noe kapa che? Ke hobane’ng ha batho ba ne ba batla ho lula Sodoma ea boholo-holo le sebakeng se e potolohileng? Re ka rua molemo joang ka ho nahana ka ho teba ka se ileng sa etsahala Sodoma?

Beke ea la 13 June

◼ Leqephe la 24-7: Sebelisa “Lipotso Tsa ho Ithuta” tse leqepheng la 27.

Beke ea la 20 June

◼ Leqephe la 28-31: Sebelisa “Lipotso Tsa ho Ithuta” tse leqepheng la 31.

Ho hlahloba ha rōna bukana ena ho tla re thusa hore ‘re lule re lebetse’ ’me re itokise. E se eka kamehla tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa e ka bontša ho potlaka ho tšoanang le ha phatlalatso ea lengeloi, e reng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.”—Mat. 24:42, 44; Tšen. 14:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela