Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/05 leq. 3
  • Batho ba Mefuta Eohle ba Tla Pholoha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Mefuta Eohle ba Tla Pholoha
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u Talima Feela Ponahalo e ka Ntle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na U Bona Feela Ponahalo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • U se ke oa Kala Batho ka Mahlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Na U Talima Batho ba Bang Kamoo Jehova a ba Talimang Kateng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 4/05 leq. 3

Batho ba Mefuta Eohle ba Tla Pholoha

1. Boemo ba rōna ho Molimo bo itšetlehile ka eng?

1 Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o butse monyetla oa ho bolokeha. Thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Boemo ba rōna ho Molimo ha boa itšetleha ka morabe oa rōna, boemo ba rōna sechabeng, bokhoni kapa ponahalo ea rōna ea ka ntle, empa bo itšetlehile ka hore re bontše tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (Joh. 3:16, 36) Joaloka basebetsi-’moho le Molimo, re lokela ho lahla leeme lefe kapa lefe, le ka ’nang la susumelletsa lipelo tsa rōna hore li khese batho bao Jehova a ikemiselitseng ho ba amohela.

2, 3. Re ka thusoa ke’ng hore re se ke ra ahlola batho ka ponahalo ea bona ea ka ntle?

2 Qoba ho Ahlola: Jehova o talima seo batho ba leng sona ka hare, a se na khethollo kapa leeme. (1 Sam. 16:7) Hape o bona seo ba ka bang sona. Ka tsela eo, o talima ba batlang ho mo khahlisa e le ba lakatsehang. (Hag. 2:7) Na re talima ba bang kamoo Molimo a ba talimang kateng?

3 Batho ba bang bao re kopanang le bona tšebeletsong ba ka ’na ba re tšosa ka ponahalo ea bona. Mohlomong ba apara habohlasoa kapa ka tsela e sa hlompheheng, ba hlahlabalitse litelu kapa ba roetse masale nkong kapa molomong. E ka ’na eaba ba bang ha ba na mahae. Ba bang ba ka ’na ba re tšoara hampe. Ho e-na le ho ba ahlola e le bao ho ke keng ha khoneha hore e be barapeli ba Jehova, re lokela ho ba le boikutlo bo botle, “etsoe le rōna re kile ra ba ba se nang kelello, ba sa mameleng, [’me] re khelosoa.” (Tite 3:3) Kaha re hlokomela sena, re tla chesehela ho bolella e mong le e mong molaetsa, esita le bao ka lebaka la ponahalo ea ka ntle ba ka ’nang ba bonahala ba sa tšoanelehe.

4, 5. Re ithuta eng mohlaleng oa Jesu le oa Pauluse?

4 Mehlala ea Lekholong la Pele la Lilemo: Jesu Kreste o ile a ipha nako ea ho thusa batho bao e ka ’nang eaba ba bang ba ne ba se ba se na tšepo ka bona. (Luka 8:26-39) Le hoja le ka mohla a ne a sa lumelle mekhoa e fosahetseng, o ne a tseba hore batho ba ka tšoaseha mokhoeng o fosahetseng oa bophelo. (Luka 7:37, 38, 44-48) Ka lebaka leo, o ile a bontša kutloisiso, “a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane [ba ne ba] le joaloka linku tse se nang molisa.” (Mar. 6:34) Na re ka etsisa mohlala oa hae ka ho feletseng haholoanyane?

5 Moapostola Pauluse o ile a tlepetsoa ka majoe, a shapuoa a ba a kenngoa teronkong. (Lik. 14:19; 16:22, 23) Na liphihlelo tse bohloko joalo li ile tsa etsa hore a hloname ’me a phethe ka hore o itšenyetsa nako har’a lichaba kapa merabe e itseng? Le hanyenyane. O ne a tseba hore batho ba lipelo li tšepahalang ba ka fumanoa har’a merabe eohle, ’me o ne a ikemiselitse ho ba fumana. Na re talima batho ba limelo le litso tse fapaneng tšimong ea rōna ka tsela eo?

6. Boikutlo ba rōna bo ka ba le phello efe ho batho ba bacha ’neteng ba tlang libokeng tsa phutheho?

6 Ho Amohela ba Bang Kajeno: Batho ba bangata ba Molimo ba thabela hore ebe bara le barali babo rōna ba ile ba ba amohela ka phuthehong ba sa talime ponahalo ea bona ea ka ntle. Monna e mong ea neng a hlahlabalitse litelu ’me moriri oa hae o fihla mahetleng, a apere liaparo tse litšila, o ile a fihla Holong ea ’Muso Jeremane. O ne a e-na le botumo bo bobe. Leha ho le joalo, o ile a amoheloa ka mofuthu sebokeng. O ne a hloletsoe hoo a ileng a khutla bekeng e latelang. Ka mor’a nako e khutšoanyane, o ile a lokisa ponahalo ea hae, a tlohela ho tsuba ’me a nyalana ka molao le kharebe ea hae. Ka mor’a nako e seng kae, bona le bana ba bona ba ne ba se ba sebeletsa Jehova e le lelapa le kopaneng.

7. Re ka etsisa Molimo oa rōna ea hlokang leeme joang?

7 Ha re ntse re etsisa Molimo oa rōna ea hlokang leeme, e se eka re ka mema e mong le e mong hore a rue molemo moseng o sa tšoanelang oa Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 3]

“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Lik. 10:34, 35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela