Pina ea 76
Jehova, Motsoalle oa Rōna e Moholo
1. Molimo, Jah, ke motsoalle
Oa rōn’a tšepehang.
O re file lehae fatšeng,
Le phelo bo putsang.
Leha Adama le Eva
Ba lahlile tsela,
O sa rata ba khabane
Ba sa tl’o koeneha.
2. Abrame ea leng khabane
Ea ba motsoalle’a Jah.
Hoba ha Jah a mo leka,
O il’a mo utloa.
A tella Jah Mor’ae ea mong
Ka boikokobetso.
Botšepehi ba Abrame
Ba khahla Molimo.
3. Jesu o tlile lefatšeng
Ke ho rata batho.
Ka ho re shoela, re khotsong
Le Ntate Molimo.
Leha Satane’a leka ho
Mo khelosa tseleng,
Jesu a’ipaka’e le Mora
Ea tšepehang fatšeng.
4. Ha ho metsoalle e fetang
Jehova le Jesu.
Ba re bontšitse lerato
Re be le bophelo.
Ho ba metsoalle ea fatše
Ke bora ho bona.
Re’ipakeng re le metsoalle
E tšepehang ea Jah.