Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ba Thuse ho Fumana Bopaki bo Eketsehileng
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | April
    • Ba Thuse ho Fumana Bopaki bo Eketsehileng

      1 Ha re ntse re bolela litaba tse molemo, hangata re kopana le batho ba sa luleng tšimong ea rōna kapa ba buang puo e ’ngoe, ho akarelletsa le puo ea matsoho. Ba bang bao re buisaneng le bona hamonate ka Bibele ba ka ’na ba falla tšimong ea rōna. Re ka lokisetsa hore ba fumane bopaki bo eketsehileng joang? Ka ho sebelisa foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43).

      2 Hangata batho ba mamelisisa litaba tse molemo haholoanyane ha ba li bolelloa ka puo ea bona. (Lik. 22:1, 2) Ha re kopana le batho bana, re lokela ho sebelisa hamolemo kofuto e ncha ea Good News for People of All Nations eo re e fumaneng likopanong tseo re sa tsoa ba le tsona. Ka lebaka leo, maemong a mangata, ha re kopana le motho ea buang puo e ’ngoe, re lokela ho tlatsa foromo ena esita le haeba motho eo a sa bontše thahasello molaetseng oa ’Muso. Leha ho le joalo, moo ho nang le batho ba bangatanyana ba buang puo ea naha e ’ngoe ba pakeloang kamehla, ho ka ’na ha se ke ha hlokahala ho tlatsa foromo ena ntle leha ba bontša thahasello.

      3 Ho Tlatsa Foromo: Ka bohlale leka ho fumana lebitso la motho, aterese ea hae le nomoro ea hae ea thelefono. Bolela hore na o thahasella hakae, a ka fumanoa neng, o sietsoe lingoliloeng life kapa o kōpile life le hore na o tseba puo efe hamolemo. Ka mor’a ho tlatsa foromo eo, e fe mongoli oa phutheho kapele-pele, ’me eena o tla e fetisetsa phuthehong kapa sehlopheng se loketseng.

      4 Ho Fetisetsa Foromo Pele: Haeba mongoli a sa tsebe phutheho kapa sehlopha se lokelang ho fumana foromo eo kapa a se na aterese, a ka founela Territory Desk ofising ea lekala ’me a fumane boitsebiso bo hlokahalang. Ha ho sa hlokahala hore ho tsebisoe molebeli oa motse ha foromo ena e fetisetsoa pele.

      5 Neng le neng ha phutheho kapa sehlopha se fumana foromo e tlatsitsoeng ea Ka Kōpo Latela, ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho etela motho eo kapele-pele. Ha re ntse re phetha karolo ea rōna ka mafolofolo, re ka kholiseha hore Jehova o tla bula lipelo tsa ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Lik. 13:48.

  • Tlhokomeliso: Balebeli ba Motse
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | April
    • Tlhokomeliso: Balebeli ba Motse

      Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996 e ne e e-na le Lebokose la Lipotso le arabang potso e reng: “Lethathamo la Lipaki Tsa Jehova le lokela ho hlaha joang bukeng ea lithelefono ea sebaka ka seng?” Ho ile ha fanoa ka tataiso e latelang: “Metseng eo ho nang le liphutheho tse fetang e le ’ngoe, re buella se latelang: Jehovah’s Witnesses, (Motse), e lateloe ke lethathamo la mabitso ho latela litlhaku tsa alfabeta, aterese ea Holo ea ’Muso, le nomoro ea thelefono ea phutheho ea sebaka ka seng.”

      Litlaleho li bontša hore liphutheho tse ’maloa ha lia ngola Liholo tsa tsona Tsa ’Muso lethathamong kapa ha lia li ngola ka nepo. Sena se bakile mathata a itseng, haholo-holo metseng e meholo e nang le liphutheho tse ngatanyana. Re kōpa hore balebeli ba metse ba ithaopele ho hlahloba mathathamo ’ohle a sebaka ka seng. Metseng e menyenyane molebeli ea okamelang o lokela ho latela tataiso ena. Haeba mathathamo a fosahetse kapa a le sieo ho hang, molebeli oa motse (kapa molebeli ea okamelang metseng e menyenyane) o lokela ho iteanya le bahatisi ba buka ea lithelefono e le hore ho eketsoe kapa ho lokisoe moo ho hlokahalang, ho lateloe ka hloko tataiso e fanoeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela