Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tsamaisa Lingoliloeng Tšimong ea Lipuo Tse Ngata
    Tšebeletso ea ’Muso—2003 | July
    • Ho Tsamaisa Lingoliloeng Tšimong ea Lipuo Tse Ngata

      1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore liphutheho tse ngata li be le lingoliloeng tsa lipuo tsa linaha tse ling?

      1 Libakeng tse ngata, ho se ho e-na le batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling. Ba bangata ho bona ba ithuta kapele le ho utloisisa lintho ka ho tebileng haholoanyane ha ba rutoa ka puo ea bona. Ho entsoe litokisetso life ho thusa ba thahasellang hore ba fumane lingoliloeng tsa Bibele ka puo eo ba e tsebang hantle?

      2. Ke eng se lokelang ho etsoa haeba liphutheho tse peli kapa tse ngata ho feta moo tse buoang lipuo tse sa tšoaneng li sebetsa tšimo e le ’ngoe?

      2 Nako ea ho Tsamaisa Lingoliloeng: Ha liphutheho tse peli kapa tse ngata ho feta moo tse buang lipuo tse sa tšoaneng li sebetsa tšimo e le ’ngoe, lihlopha tsa baholo tse amehang li lokela ho sebetsa hammoho ka tlas’a boeta-pele ba balebeli ba tšebeletso ho etsa tokisetso eo liphutheho tseo ka bobeli li ka lumellanang ka eona e le hore sehlopha se seng le se seng se buang puo e itseng se ka pakeloa ka botlalo. Ha bahoeletsi ba paka ka ntlo le ntlo, ka mokhoa o sa reroang kapa libakeng tsa sechaba, ba ka tsamaisa lingoliloeng ka puo e buuoang ke batho ba sebakeng seo.

      3. Ke neng phutheho e ka odarang lingoliloeng ka puo ea naha e ’ngoe?

      3 Nako ea ho Odara Lingoliloeng: Ho ka etsoa eng haeba ho e-na le batho ba bangata ba buang puo ea naha e ’ngoe empa ho se na phutheho ea puo eo? Ha ho le joalo, liphutheho li ka odara lingoliloeng tse ’maloa tsa motheo tse fumanehang ka puo eo, joaloka lipampitšana, bukana ea Seo a se Hlokang, le ea Motsoalle oa Molimo le buka ea Tsebo. Bahoeletsi ba ka tsamaisa lingoliloeng tseo neng le neng ha ba kopana le batho ba buang puo eo.

      4. Lingoliloeng tsa puo ea naha e ’ngoe tseo phutheho e se nang tsona li ka fumanoa joang?

      4 Mokhoa oa ho Odara Lingoliloeng: Haeba phutheho e se na lingoliloeng ka puo ea motho ea itseng ea thahasellang, lingoliloeng tsa puo eo li ka fumanoa joang? Mohoeletsi o lokela ho botsa mohlanka oa lingoliloeng hore na ke lingoliloeng life tse fumanehang ka puo eo e le hore li ka kenngoa odareng e latelang ea phutheho.

      5. Ke eng se ka etsoang haeba ho e-na le lingoliloeng tse hlokahalang pele ho romeloa odara e latelang ea lingoliloeng tsa phutheho?

      5 Haeba li hlokahala kapele-pele, mohoeletsi a ka botsa setho se seng sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho hore na kōpo eo e ka romeloa pele ho romeloa odara e latelang ea lingoliloeng tsa phutheho. Haeba ho fanoe ka tumello, mohokahanyi oa lingoliloeng kapa motho e mong eo a mo khethileng a ka romela kōpo e potlakileng ofising ea lekala ka poso kapa a letse. Lingoliloeng tseo li tla romeloa atereseng e tloaelehileng ea phutheho kapa li romeloe atereseng e ’ngoe haeba ho entsoe kōpo e joalo.

      6. Re tsamaisa lingoliloeng tsa Bokreste re e-na le sepheo sefe?

      6 E se eka re ka sebelisa hamolemo lingoliloeng tsa Bokreste ho thusa “batho ba mefuta eohle” hore “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete,” ho sa tsotellehe hore na ba bua puo efe.—1 Tim. 2:3, 4.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea ’Muso—2003 | July
    • Tsela ea ho Buella Limakasine

      Molula-Qhooa July 15

      “Ba bangata ba hlokometse hore ho na le tloaelo e ntseng e hōla ea hore batho ba itšehle thajana. Na u nahana hore ho bohlale ho itšehla thajana? [Emela karabo.] Mamela se boleloang ke mantsoe ana a bohlale ha a hatisa bohlokoa ba setsoalle. [Bala Moeklesia 4:9, 10.] Makasine ena e bontša lebaka leo kaofela ha rōna re hlokang metsoalle le kamoo bothata ba ho itšehla thajana bo ka rarolloang kateng.”

      Molula-Qhooa Aug. 1

      “Na u ne u tseba hore ho na le tlaleho e reng batho ba fetang halofo ea baahi ba lefatše ba phela ka chelete e ka tlaase ho $2 ka letsatsi? Na u nahana hore ho na le se ka etsoang ho ntlafatsa boemo boo? [Emela karabo.] Molula-Qhooa ona o bua ka tharollo ea ka ho sa feleng ea bofutsana joalokaha e bontšitsoe ka har’a Bibele.”—Bala Pesaleme ea 72:12, 13, 16.

      Tsoha! Aug. 8

      “Lilemong tsa morao tjena, likoluoa tse bakoang ke boemo ba leholimo li ’nile tsa baka tšenyo e khōlō lefatšeng ka bophara. U nahana hore ke eng se ka etsoang ho fokotsa mahlomola ao li a bakang? [Emela karabo.] Makasine ena e hlahloba bothata bo bakoang ke boemo ba leholimo bo fetohang le tharollo e boletsoeng ka Bibeleng.”—Bala Esaia 35:1.

      Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba amehile haholo ka ho ata ha litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe. Na u nahana hore ena ke ntho tšoenyang? [Emela karabo.] Keletso e molemo e fumanoang ka Bibeleng e ka re sireletsa. [Bala Baefese 5:3, 4.] Makasine ena e bontša kamoo re ka itšireletsang kateng kotsing ena e bolotsana.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela