Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Ithuta ho Mosesisi oa Likepe
    Molula-Qhooa—2000 | August 15
    • Ho Ithuta ho Mosesisi oa Likepe

      HO SESISA sekepe u le mong leoatleng hoa phuhlamanya. Mosesisi oa sekepe ea noeloeng matla ke mokhathala a ka kena bothateng bo mo tarakanyang hoo a ka etsang liphoso le liqeto tse fosahetseng. Ka lebaka lena, o ananela molemo oa ankora ea sekepe. E fa mosesisi ea khathetseng monyetla oa ho phomola le ho hlaphoheloa kelellong sekepe se sa hoholehe ka mokhoa o kotsi. Ka nako e tšoanang, ankora ea sekepe e qobella phatla ea sekepe hore e shebe moeeng le maqhubung ’me e boloka sekepe se le boemong bo tsitsitseng ka ho fetisisa.

      Feela joalokaha basesisi ba likepe ba thulana le likotsi tse ngata leoatleng, Bakreste ba thulana le likhatello tsa kamehla tsa lefatše lena ’me ba utloa hore ho phomola hoa hlokahala. Ha e le hantle, Jesu o kile a buella sena ho barutuoa ba hae: “Tloong, lōna ka bolōna, boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.” (Mareka 6:31) Kajeno, ba bang ba ka ’na ba nka libeke tse seng kae ho eta kapa ba nka mafelo-beke ba le sieo ho ea phomola le malapa a bona. Metsotso ena e ka ba e khathollang le e hlasimollang. Leha ho le joalo, ke joang re ka tiisang hore re sireletsehile moeeng linakong tse joalo? Ke eng e ka sebeletsang e le ankora ea rōna ea moea ho re thusa hore re se ke ra hoholeha le hore re lule re tsitsitse?

      Jehova ka mosa o re etselitse tokisetso. Ke Lentsoe le Halalelang la hae, Bibele. Ka ho le bala letsatsi le letsatsi, re ka lula haufi le Jehova ’me le ka mohla ra se ke ra hoholeha hore re tlohe ho eena. Keletso ea lona e ka re tsitsisa ’me ea re nolofalletsa ho loantša liteko tsa Satane le lefatše la hae. Ho khomarela lenaneo la rōna la ho bala Bibele, esita leha re se maemong a tloaelehileng, ho ka re thusa hore re tsitse moeeng.—Joshua 1:7, 8; Bakolose 2:7.

      Mopesaleme o re hopotsa hore “ho thaba motho” ea ‘thabelang molao oa Jehova, Molao oa hae a o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.’ (Pesaleme ea 1:1, 2, NW) Ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi ho tla re tlisetsa litholoana tse ‘thabisang’ tsa ho khatholoha le ho hlasimoloha kannete, re loketse ho tsoela pele tseleng ea rōna ea Bokreste.

  • Na U ka Rata ho Eteloa?
    Molula-Qhooa—2000 | August 15
    • Na U ka Rata ho Eteloa?

      Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela