Thuto 48
Mokhoa oa ho Beha Mabaka
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Sebelisa mangolo, lipapiso le lipotso ka tsela e utloahalang le ka mokhoa o susumelletsang batho ho mamela le ho nahana.
Ke Hobane’ng ha e le oa Bohlokoa?
Hangata ho bua ka mokhoa o hlabang le o hatellang ho koala batho likelello le lipelo. Mokhoa oa ho beha mabaka o khothalletsa puisano, o etsa hore batho ba be le seo ba ka nahanang ka sona hamorao ’me o bula monyetla bakeng sa moqoqo nakong e tlang. O fana ka tšusumetso e matla.
RE ANANELA liphetoho tseo Lentsoe la Molimo le li entseng bophelong ba rōna ’me re batla hore ba bang le bona ba rue molemo. Ho feta moo, rea hlokomela hore tsela eo batho ba arabelang ka eona litabeng tse molemo e tla ama litebello tsa bona tsa nako e tlang. (Mat. 7:13, 14; Joh. 12:48) Ruri re batla hore ba amohele ’nete. Leha ho le joalo, kholiseho ea rōna e matla le cheseho li lokela ho tsamaisana le temoho e le hore li finyelle molemo o moholohali.
Hangata ho ba thata hore motho a amohele ’nete haeba e shanofatsa tumelo eo a e ratang haholo puo-phara, esita le haeba ’nete eo e tšehetsoa ke lethathamo le lelelele la litemana tsa Mangolo. Ka mohlala, haeba u nyatsa habonolo feela hore mekete e tloaelehileng e simolohile boheteneng, sena se ka ’na sa se ke sa fetola tsela eo batho ba bang ba ikutloang kateng ka eona. Hangata ho sebelisa katamelo e itseng e nang le kahlolo e molemo ho atleha haholo. Ho ba le kahlolo e molemo ho akarelletsa eng?
Mangolo a re bolella hore “bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le khotso, kahlolo e molemo.” (Jak. 3:17) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “kahlolo e molemo” ka ho toba le bolela “ho tenyetseha.” Liphetolelo tse ling li le fetolela e le “ho nahanela,” “ho ba bonolo” kapa “ho mamella.” Hlokomela hore ho ba le kahlolo e molemo ho amahanngoa le ho ba le khotso. Ho Tite 3:2, ho amahanngoa le bonolo ’me ho bontšoa hore ho fapane le ho rata ntoa. Bafilipi 4:5 e re khothalletsa hore re tsebahale re le batho ba nang le “kahlolo e molemo.” Motho ea nang le kahlolo e molemo o nahanela semelo, maemo le maikutlo a motho eo a buang le eena. O ikemiselitse ho tenyetseha ha ho loketse ho etsa joalo. Ho sebelisana le batho ba bang ka tsela eo ho thusa ho bula likelello le lipelo tsa bona e le hore li arabele hamolemonyana ha re behelana mabaka le bona ka Mangolo.
Moo U Lokelang ho Qala Teng. Rahistori Luka o tlaleha hore ha moapostola Pauluse a ne a le Thesalonika, o ile a sebelisa Mangolo, “a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung.” (Lik. 17:2, 3) Ke habohlokoa ho hlokomela hore Pauluse o ile a etsa sena ka synagogeng ea Bajuda. Bao a neng a bua le bona ba ne ba amohela Mangolo a Seheberu e le mohloli o tšepahalang. Ho ne ho loketse hore a qale ka ho bua ntho e itseng eo ba neng ba e lumela.
Ha Pauluse a ne a bua le Bagerike Areopago e Athene, ha aa ka a qala ka ho bua ka Mangolo. Ho e-na le hoo, o ile a qala ka lintho tseo ba neng ba li tseba le tseo ba neng ba li lumela ’me a li sebelisa ho ba lebisa puisanong ka ’Mōpi le merero ea Hae.—Lik. 17:22-31.
Mehleng ea kajeno, ho na le batho ba libilione ba sa amoheleng Bibele e le mohloli o tšepahalang bophelong ba bona. Empa e batla e le motho e mong le e mong eo bophelo ba hae bo angoang ke maemo a thata a tsamaiso ea hona joale ea lintho. Batho ba labalabela ho hong ho molemonyana. Haeba u qala ka ho bontša hore u amehile ka lintho tse ba khathatsang ebe u ba bontša kamoo Bibele e li hlalosang kateng, katamelo e joalo e nang le kahlolo e molemo e ka ba susumelletsa ho mamela seo Bibele e se bolelang ka morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho.
Mohlomong batsoali ba seithuti sa Bibele ba fetiselitse lefa le akarelletsang litumelo le meetlo e itseng ea bolumeli ho sona. Joale, seithuti seo sea hlokomela hore litumelo le meetlo eo ha e khahlise Molimo ’me sea e lahla ka lebaka la seo Bibele e se rutang. Seithuti se ka hlalosetsa batsoali ba sona qeto eo joang? Ba ka ’na ba nahana hore ha se lahla lefa la bolumeli leo ba se fileng lona, sea ba lahla. Mohlomong seithuti seo sa Bibele se ka etsa qeto ea hore pele se leka ho hlalosa motheo oa qeto ea sona ka Bibele, se lokela ho tiisetsa batsoali ba sona hore sea ba rata ebile sea ba hlompha.
Moo ho Hlokahalang Hore U Tenyetsehe. Jehova ka boeena, le hoja a e-na le matla a feletseng a ho laela, o bontša ho nahanela maemo ka tsela e ikhethang. Ha mangeloi a Jehova a ne a pholosa Lota le lelapa la hae Sodoma, a ile a ba phehella: “Balehelang sebakeng se lithaba esere la felisoa!” Leha ho le joalo, Lota o ile a kōpa: “Ka kōpo, Jehova, ho se ke ha e-ba joalo!” O ile a kōpa hore a lumelloe ho balehela Zooare. Jehova o ile a nahanela Lota ka ho mo lumella hore a etse joalo; kahoo ha metse e meng e ne e timetsoa, Zooare eona e ile ea sireletsoa. Leha ho le joalo, hamorao Lota o ile a latela taelo ea pele ea Jehova ’me a ea sebakeng se lithaba. (Gen. 19:17-30) Jehova o ne a tseba hore tsela ea hae e ne e nepahetse, empa o ile a bontša ho nahanela a sa fele pelo ho fihlela Lota a e utloisisa.
Le rōna re lokela ho nahanela maemo e le hore re atlehe ha re sebelisana le batho ba bang. E ka ’na eaba re kholisehile hore motho e mong o fositse ’me mohlomong re na le mabaka a matla a tiisang seo. Empa ka linako tse ling ho molemo hore re se ke ra hatella motho hore a be a lumele hore o fositse. Ho nahanela maemo ha ho bolele ho sekisetsa litekanyetso tsa Jehova. Ho ka ba molemo ho leboha motho eo ka ho ntša maikutlo a hae kapa hore u se ke ua araba ha a buile mantsoe a itseng a fosahetseng e le hore u ka lebisa puisano nthong e itseng e ka bang molemo haholoanyane. Esita le haeba a nyatsa seo u se lumelang, u se ke ua phahamisa maikutlo. U ka ’na ua mo botsa hore na ke hobane’ng ha a ikutloa joalo. Mamela karabo ea hae ka hloko. Sena se tla u thusa ho utloisisa monahano oa hae. Hape se ka rala motheo bakeng sa moqoqo o motle nakong e tlang.—Liprov. 16:23; 19:11.
Jehova o file batho bokhoni ba ho ikhethela. O ba lumella ho sebelisa bokhoni boo, le hoja ba ka ’na ba se ke ba bo sebelisa ka bohlale. Joaloka ’muelli oa Jehova, Joshua o ile a pheta litšebelisano tsa Molimo le Iseraele. Empa joale o ile a re: “Joale haeba ho hobe mahlong a lōna ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa, ebang ke melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba le ka lehlakoreng le leng la Nōka ba neng ba e sebeletsa kapa melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona. Empa ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” (Josh. 24:15) Kabelo ea rōna kajeno ke ho fana ka “bopaki” ’me re bua ka kholiseho, empa ha re leke ho qobella ba bang hore ba lumele. (Mat. 24:14) Ba lokela ho ikhethela ’me ha re ba hanele ka tokelo eo.
Botsa Lipotso. Jesu o ile a beha mohlala o ikhethang tabeng ea ho behelana mabaka le batho. O ile a nahanela semelo sa bona le ho sebelisa lipapiso tseo ba neng ba ka li lumela habonolo. Hape o ile a sebelisa lipotso ka katleho. Sena se ile sa neha ba bang monyetla oa ho ntša maikutlo a bona ’me sa senola se ka lipelong tsa bona. Hape se ile sa ba khothalletsa hore ba nahane ka taba e ntseng e tšohloa.
Monna e mong ea rutehileng Molaong o ile a botsa Jesu: “Mosuoe, ke ka ho etsa’ng ke tlang ho rua bophelo bo sa feleng?” Jesu a ka be a mo arabile habonolo feela. Empa o ile a kōpa monna eo hore a ntše maikutlo a hae. “Ho ngoliloe’ng Molaong? U bala joang?” Monna eo o ile a araba hantle. Na karabo ea hae e nepahetseng e ile ea felisa puisano eo? Le hanyenyane. Jesu o ile a re monna eo a tsoele pele ’me potso eo monna eo ka boeena a ileng a e botsa e ile ea bontša hore o ne a leka ho itokafatsa. O ile a botsa: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Ho e-na le ho fana ka tlhaloso, eo ho neng ho ka etsahala hore monna eo a e belaelle ka lebaka la boikutlo bo neng bo atile boo Bajuda ba neng ba e-na le bona ka Balichaba le Basamaria, Jesu o ile a mo kōpa hore a nahane ka papiso e itseng. E ne e le ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani ea ileng a thusa motsamai ea ileng a tlatlapuoa le ho otloa, empa moprista le Molevi ba sa ka ba mo thusa. Ka potso e bonolo feela, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore monna eo o utloisisa papiso eo. Mokhoa oa Jesu oa ho beha mabaka o ile oa etsa hore polelo e reng “moahelani” e be le moelelo oo monna enoa a neng a sa o tsebe pele. (Luka 10:25-37) Oo ke mohlala o motle hakaakang oo re ka o etsisang! Ho e-na le hore ho bue uena feela, ka ho nahanela mong’a ntlo, ithute tsela ea ho sebelisa lipotso le lipapiso ka bohlale ho susumelletsa motho ea u mametseng hore a nahane.
Fana ka Mabaka. Ha moapostola Pauluse a ne a bua ka synagogeng Thesalonika, ha aa ka a bala feela ho tsoa mohloling o tšepahalang oo bamameli ba hae ba neng ba o lumela. Luka o tlaleha hore Pauluse o ile a hlalosa, a fana ka bopaki le ho bontša kamoo seo a neng a se bala se neng se sebetsa kateng. Ka lebaka leo, “ba bang ba bona ea e-ba balumeli ’me ba ikopanya le Pauluse le Silase.”—Lik. 17:1-4.
Ho sebelisa mokhoa o joalo oa ho beha mabaka ho ka ba molemo ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang ba teng har’a bamameli ba hao. Seo ke ’nete ha u pakela beng ka uena, ha u bua le basebetsi-’moho kapa bao u kenang sekolo le bona, ha u bua le batho bao u sa ba tsebeng ha u paka phatlalatsa, ha u khanna thuto ea Bibele kapa ha u fana ka puo phuthehong. Ha u bala lengolo, u ka ’na ua utloisisa seo le se bolelang empa motho e mong eena a se ke a le utloisisa. Tlhaloso ea hao kapa tsela eo ka eona u bontšang kamoo le sebetsang kateng li ka utloahala eka ke maikutlo feela a matla a inahaneloang. Na ho qoolla le ho hlalosa mantsoe a itseng a bohlokoa a lengolo leo ho ka thusa? Na u ka fana ka bopaki bo tšehetsang, mohlomong bo tsoang litemaneng tse potolohileng kapa lengolong le leng le tšohlang taba eo? Na mohlomong papiso e ka etsa hore seo u se buileng se utloahale? Na lipotso li tla thusa bamameli ba hao ho nahana ka taba eo? Katamelo e joalo ea ho beha mabaka e ba le tšusumetso e ntle ’me e siea ba bang ba e-na le ho hongata hoo ba ka nahanang ka hona.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Ha u etsa qeto mabapi le kamoo u ka qalisang puisano kateng, nahanela semelo le boikutlo ba bamameli ba hao.
U se ke ua hanyetsa polelo e ’ngoe le e ’ngoe e fosahetseng.
Bua ka kholiseho, empa u tsebe hore ba bang ba na le bolokolohi ba ho ikhethela seo ba se lumelang, joaloka uena.
Ho e-na le ho araba lipotso kapele, sebelisa lipotso tse ling kapa lipapiso ho thusa ea botsang hore a nahane ka taba.
Itloaetse ho beha mabaka ka lengolo ka ho hlalosa lipolelo tsa bohlokoa, u bontše kamoo taba e potolohileng kapa mangolo a mang a hlakisang moelelo kateng kapa u sebelise mohlala ho bontša kamoo lengolo le sebetsang kateng.
BOITLHAKISO: (1) Ka mor’a ho pakela motho ea tsitlellang maikutlo a hae, sekaseka tsela eo u tsamaisitseng puisano ka eona. Ke bopaki bofe boo u faneng ka bona? Ke papiso efe eo u ileng ua e kenyelletsa? Ke lipotso life tseo u li sebelisitseng? U bontšitse joang hore u nahanela semelo kapa maikutlo a hae? Haeba u sa khone ho etsa sena tšebeletsong ea tšimo, leka ho se etsa lenaneong la ho ikoetlisa u e-na le mohoeletsi e mong. (2) Ikoetlise mabapi le kamoo u ka behelanang mabaka kateng le motho e mong (motsoalle kapa ngoana) ea nahanang ho etsa ntho e itseng e sa lokang.