-
Molato oo re Nang le Oona ho ba BangTšebeletso ea ’Muso—2005 | July
-
-
Molato oo re Nang le Oona ho ba Bang
1 Moapostola Pauluse o ne a ikutloa a e-na le boikarabelo ba ho bolella batho litaba tse molemo. O ne a tseba hore Jehova o butse monyetla oa hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ka mali a bohlokoa a Mora oa Hae. (1 Tim. 2:3-6) Ka hona, Pauluse o ile a re: “Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale le ho ba se nang kelello.” O ile a sebetsa ka cheseho a sa khathale hore a lefe molato oo a nang le oona ho batho ba bang ka ho ba bolella litaba tse molemo.—Bar. 1:14, 15.
2 Joaloka Pauluse, kajeno Bakreste ba batla ho bolella baahelani ba bona litaba tse molemo ha ho hlaha monyetla o mong le o mong. Kaha “matšoenyeho a maholo” a ntse a atamela ka potlako, ho potlakile hore re batle batho ba lipelo li tšepahalang. E se eka lerato la ’nete ho batho le ka re susumelletsa ho ba mafolofolo mosebetsing ona oa ho pholosa bophelo.—Mat. 24:21; Ezek. 33:8.
3 Ho Lefa Molato oa Rōna: Tsela e ka sehloohong eo re finyellang batho ka eona ke ho bolela ka ntlo le ntlo. Masimong ao ho ’ona re fumanang batho ba bangata ba le sieo malapeng, ho boloka litlaleho tse nepahetseng le ho khutlela ka linako tse sa tšoaneng ho tla re nolofalletsa ho fumana batho ba eketsehileng. (1 Bakor. 10:33) Re ka boela ra finyella batho ka ho paka tšimong ea khoebo, literateng, lirapeng tsa boikhathollo le moo ho pakoang likoloi, esita le ka thelefono. Re ka ipotsa: ‘Na ke etsa sohle seo nka se khonang ho sebelisa mekhoa eohle ea ho bolela e le hore ke fetise molaetsa oa bophelo?’—Mat. 10:11.
4 Pula-maliboho e mong o ne a ikutloa a e-na le boikarabelo bo tebileng ba ho finyella batho bohle ba tšimong ea habo. Ntlong e ’ngoe, ho ne ho lula ho koetsoe likharetene, ’me ho se mohla ho nang le motho lelapeng leo. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ha morali eo oabo rōna oa pula-maliboho a ne a se tšebeletsong ea tšimo, o ile a bona koloi ka pel’a ntlo ena eo ho lulang ho se na batho ho eona. A sa rate hore a fetoe ke monyetla oo, o ile a kokota monyako. Monna oa teng o ile a hlaha, ’me ka mor’a puisano eo ea pele morali enoa oabo rōna le monna oa hae ba ile ba khutlela ka makhetlo a ’maloa. Qetellong, monna eo o ile a amohela thuto ea Bibele, ’me hona joale ke mor’abo rōna ea kolobelitsoeng. O leboha haholo hore ebe morali enoa oabo rōna o ile a ikutloa a e-na le boikarabelo ba ho pakela ba bang.
5 Kaha joale nako ea bofelo e ntse e atamela ka potlako, ke nako ea hore re lefe molato oo re nang le oona ho ba bang ka ho ikitlaetsa ka matla mosebetsing oa boboleli.—2 Bakor. 6:1, 2.
-
-
Karolo ea 11: Ho Thusa Liithuti ho Etsa Maeto a ho BoelaTšebeletso ea ’Muso—2005 | July
-
-
Karolo ea 11: Ho Thusa Liithuti ho Etsa Maeto a ho Boela
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Ha seithuti sa Bibele se qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli, se tla kopana le batho ba thahasellang litaba tse molemo. Re ka thusa mohoeletsi e mocha joang hore a etse maeto a ho boela a atlehang le ho hlaolela thahasello eo a e fumanang?
2 Leeto la ho boela le qala ho lokisetsoa hona leetong la pele. Khothalletsa seithuti hore se thahaselle ka tieo batho bao se buisanang le bona. (Bafil. 2:4) Tsoela pele ho koetlisa seithuti hore se kōpe beng ba matlo ho ntša maikutlo a bona, hore se mamele litlhaloso tsa bona le ho hlokomela lintho tseo ba amehileng ka tsona. Ha motho a bontša thahasello, e-re mohoeletsi e mocha a ngole boitsebiso bo loketseng mabapi le leeto leo. Sebelisa boitsebiso boo ho thusa seithuti ho lokisetsa puisano e ’ngoe hape.
3 Ho Lokisetsa Leeto la ho Boela: Hlahloba leeto la pele ’me u bontše seithuti kamoo se ka khethang tšobotsi e itseng ea molaetsa oa ’Muso e tlang ho ipiletsa ho mong’a ntlo. (1 Bakor. 9:19-23) Lokisetsang hammoho nehelano e khutšoanyane e buellang temana e le ’ngoe ea Bibele hammoho le serapa se le seng bukeng e ithutoang. Ho phaella moo, lokisetsa potso e ka botsoang qetellong ea puisano e le ho rala motheo bakeng sa leeto le latelang. Bontša mohoeletsi e mocha kamoo a ka eketsang tsebo ea motho Lentsoeng la Molimo leetong ka leng le latelang.
4 Hape ho molemo ho ruta seithuti kenyelletso e bonolo. Ka mor’a hore se lumelise mong’a ntlo, se ka ’na sa re: “Ke ile ka thabela moqoqo oa rōna nakong e fetileng, ’me ke khutlile hore re tl’o buisana ka litaba tse eketsehileng tsa Bibele tse buang ka [bolela sehlooho].” Hape ho ka ’na ha hlokahala hore u bontše mohoeletsi e mocha hore na a etse joang haeba ho hlaha motho eo a sa buisanang le eena leetong la pele.
5 Latella Thahasello ka Mafolofolo: Khothalletsa seithuti ho beha mohlala o motle ka ho khutlela kapele ho bohle ba bontšang thahasello. Hore re fumane batho ba le teng malapeng, ho ka ’na ha hlokahala hore re phehelle ho khutlela ho bona. Ruta seithuti kamoo se ka etsang litokisetso tsa ho etela motho hape, ’me u se thuse ho utloisisa kamoo ho leng bohlokoa kateng ho khutla joalokaha se tšepisitse. (Mat. 5:37) Koetlisa mohoeletsi e mocha hore a be mosa, a nahanele ’me a bontše thlompho ha a ntse a batla batho ba kang linku a bile a leotsa thahasello ea bona.—Tite 3:2.
-