Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele re Eme Monyako le ka Thelefono
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | August
    • Ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele re Eme Monyako le ka Thelefono

      1, 2. Re ka fetola lenaneo la rōna la thuto ea Bibele joang hore re thuse batho ba lulang ba phathahane?

      1 Kajeno batho ba lula ba phathahane. Empa, ba bangata ba thahasella lintho tsa moea. Re ka ba thusa joang hore ba khotsofatse tlhoko ea bona ea moea? (Mat. 5:3) Bahoeletsi ba bangata ba khona ho ithuta Bibele le batho ba eme monyako kapa ka thelefono. Na u ka atolosa tšebeletso ea hao ka tsela ee?

      2 E le hore re ka qalisa lithuto tsa Bibele, ho hlokahala hore re be malala-a-latsoe ho bontša kamoo thuto ea Bibele e khannoang kateng neng le neng ha monyetla o hlaha. See se ka etsoa joang, hona se ka etsetsoa hokae?

      3. Ke hobane’ng ha ho loketse ho bontša kamoo thuto ea Bibele e khannoang kateng leetong la pele, hona see se ka etsoa joang?

      3 Ha re Eme Monyako: Ha u kopana le motho ea thahasellang ho qoqa le uena ka Bibele, phetla serapa seo u se lokiselitseng esale pele, joaloka serapa sa pele thutong ea pele ea bukana ea Seo a se Hlokang, ebe u tsoela pele. Bala serapa, hlahloba potso ebe u tšohla lengolo le le leng kapa a mabeli a bontšitsoeng. Hangata re ka etsa sena re ntse re eme monyako ka metsotso e ka bang mehlano ho ea ho e leshome. Haeba motho a thabela puisano eo, lokisetsa ho tšohla serapa se le seng kapa tse peli lekhetlong le tlang.—Litlhahiso tse eketsehileng tsa ho sebelisa mokhoa o tobileng ha ho qaloa lithuto li ka fumanoa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea January 2002, leq. 6.

      4. Re ka qalisa thuto ea Bibele joang re eme monyako ha re etsa maeto a ho boela?

      4 Ho ka sebelisoa mokhoa o tšoanang oa ho qalisa lithuto tsa Bibele maetong a ho boela. Ka mohlala, u ka ’na ua buella bukana ea Seo a se Hlokang ebe u totobatsa lebitso la Molimo, u sebelisa thuto ea bobeli, serapeng sa 1-2. Leetong le latelang, u ka ’na ua tšohla seo Bibele e se senolang ka litšoaneleho tsa Jehova, u sebelisa serapa sa 3-4. Puisanong e latelang, u ka tšohla serapa sa 5-6 le setšoantšo se leqepheng la 5 ho bontša kamoo ho ithuta Bibele ho re thusang ho tseba Jehova kateng. Re ka etsa sena sohle re ntse re eme monyako.

      5, 6. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba rata ho ithuta Bibele ka thelefono? (b) Re ka sebelisa mokhoa ofe ha re buella hore batho ba ithute Bibele ka fono?

      5 Ka Thelefono: Batho ba bang ba ka ’na ba thahasella ho ithuta Bibele ka thelefono ho e-na le hore ba eteloe malapeng. Nahana ka phihlelo e latelang: Ha morali e mong oabo rōna a ntse a bolela ka ntlo le ntlo, o ile a kopana le mosetsana ea nang le ngoana le ea lulang a tšoeroe ke mosebetsi. Ha morali’abo rōna a se a sa khone ho mo fumana lapeng, o ile a etsa qeto ea ho mo founela. Mosetsana eo a hlalosa hore kannete ha a na nako ea ho qoqa ka Bibele. Morali’abo rōna a re: “Ka metsotso e 10 kapa e 15 feela, u ka ithuta ntho e ncha, le haeba re bua ka thelefono.” Mosetsana eo a araba ka ho re: “Haeba re tla buisana ka fono, ke hantle!” Ka mor’a nako e seng kae, o ne a khanneloa thuto ea kamehla ka thelefono.

      6 Na batho ba bang bao u ba etelang ba ka thahasella ho ithuta ka thelefono? U ka ’na ua leka mokhoa o hlalositsoeng ka holimo, kapa ua re feela: “Haeba u rata, re ka tšohla Bibele ka thelefono. Na u ka thabela seo?” Ha re fetola lenaneo la rōna la ho khanna lithuto tsa Bibele ho ea ka maemo a batho ba bang, re ka ’na ra ba thusa ho “fumana tsebo ea Molimo.”—Liprov. 2:5; 1 Bakor. 9:23.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | August
    • Tsela ea ho Buella Limakasine

      Molula-Qhooa Aug. 15

      “Ha batho ba bangata ba utloisitsoe bohloko ke ho shoeloa, ba ipotsa hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa. Na u nahana hore ho ka khoneha ho utloisisa lefu? [Emela karabo.] Makasine ena e hlalosa seo Bibele e se buang ka boemo ba bafu. E boetse e bua ka tšepiso ea Molimo ea hore o tla tsosa baratuoa ba rōna ba shoeleng.” Bala Johanne 5:28, 29.

      Molula-Qhooa Sept. 1

      “Lefatšeng la kajeno, botšepehi ke ntho e thoholetsoang feela empa e sa bontšoe. Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e ntle hore batho ba bangata ba be joaloka motsoalle ea hlalosoang moo? [Bala Liproverbia 17:17. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e bua ka melemo e tlisoang ke ho tšepahalla malapa a rōna le metsoalle.”

      Tsoha! Sept. 8

      “Mohlomong u kile ua hlolloa ke tsela eo lintho tsa tlhaho li sebelisanang ka eona. [Bolela mohlala o le mong o bontšitsoeng ka har’a sehlooho seo.] Na ha ho utloise bohloko hore ebe ha ho bonahale tšebelisano-’moho e kaalo har’a batho? [Emela karabo.] Makasine ena e hlalosa kamoo haufinyane Molimo a tla etsa hore ho be le khotso le kutloano lefatšeng la rōna.” Bala Esaia 11:9.

      Nehelano e ’ngoe: “Na u ne u tseba hore bohahlauli bo ’nile ba bitsoa mohiri ea itlhommeng pele lefatšeng? [Emela karabo.] Ho ata ha bohahlauli ho tlisitse melemo le mathata. Makasine ena e hlahloba botle le bobe ba khoebo ea kajeno ea bohahlauli. E boetse e fana ka malebela ho batho ba etelang machabeng.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela