-
Karolo ea 3: Ho Sebelisa Mangolo HamolemoTšebeletso ea ’Muso—2004 | November
-
-
Karolo ea 3: Ho Sebelisa Mangolo Hamolemo
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Re khanna lithuto tsa Bibele ka sepheo sa ho ‘etsa batho barutuoa’ ka ho ba thusa ho utloisisa le ho amohela lithuto tsa Lentsoe la Molimo le ho li sebelisa bophelong ba bona. (Mat. 28:19, 20; 1 Bathes. 2:13) Ka lebaka leo, thuto e lokela ho thehoa Mangolong. Qalong, ho ka ba molemo ho bontša liithuti kamoo li ka fumanang litemana kateng Libibeleng tsa tsona. Leha ho le joalo, re ka sebelisa Mangolo joang ho li thusa ho hatela pele moeeng?
2 Khetha litemana tse tla baloa: Ha u lokisetsa, batla kamoo lengolo ka leng le bontšitsoeng le sebetsang kateng ntlheng e ithutoang, ’me u khethe mangolo a tla baloa le a tla buelloa nakong ea thuto. Ka tloaelo, ho molemo ho bala a bontšang hore tumelo ea rōna e thehiloe Mangolong. Ha ho hlokahale hore ho baloe litemana tse fanang ka boitsebiso bo akaretsang. Nahanela litlhoko le maemo a seithuti ka seng.
3 Botsa lipotso: Ho e-na le ho hlalosetsa seithuti litemana tsa Bibele, e-re se u hlalosetse tsona. U ka se susumelletsa ho etsa sena ka ho botsa lipotso ka tsela e bohlale. Haeba tsela eo lengolo le sebetsang ka eona e hlakile, ka bonolo u ka se botsa hore na temana eo e tšehetsa joang se boletsoeng serapeng. Maemong a mang, ho ka hlokahala hore u botse potso e tobileng kapa letoto la lipotso e le hore u ka thusa seithuti ho fihlela qeto e nepahetseng. Haeba ho hlokahala litlhaloso tse eketsehileng, li ka etsoa ka mor’a hore seithuti se arabe.
4 E nolofatse: Hangata motho ea hloahloa ea fulang metsu o hloka motsu o le mong feela e le hore a ka nepa ntho e korotsoeng. Ka ho tšoanang, mosuoe ea nang le tsebo ha a hloke mantsoe a mangata e le hore a ka hatisa ntlha. A ka fetisa boitsebiso ka mokhoa o bonolo, o hlakileng le o nepahetseng. Ka linako tse ling, u ka ’na ua lokela ho etsa lipatlisiso ka har’a lingoliloeng tsa Bokreste e le hore u ka utloisisa lengolo le itseng le ho le hlalosa ka nepo. (2 Tim. 2:15) Empa qoba ho batla ho hlalosa lintlha tsohle tsa lengolo le leng le le leng nakong ea thuto. Akarelletsa feela se hlokahalang ho hlakisa taba e tšohloang.
5 Bontša kamoo taba e ka sebelisoang kateng: Ha ho loketse, thusa seithuti ho bona kamoo litemana tsa Bibele li sebetsang kateng ho sona. Ka mohlala, ha u tšohla Baheberu 10:24, 25 le seithuti se e-song ho be teng libokeng tsa Bokreste, u ka ’na ua buella seboka se seng ’me ua se mema hore se be teng ho sona. Empa u se ke ua se qobella. Lumella Lentsoe la Molimo ho susumelletsa seithuti ho nka bohato bo hlokahalang hore se khahlise Jehova.—Baheb. 4:12.
6 Ha re ntse re phetha thōmo ea ho etsa barutuoa, e se eka re ka “ntšetsa pele ho mamela ka tumelo” ka ho sebelisa Mangolo hamolemo.—Bar. 16:26.
-
-
Tsela ea ho Buella LimakasineTšebeletso ea ’Muso—2004 | November
-
-
Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Nov. 15
“Batho ba bangata ba batla ho phela hantle ’meleng ’me ba phele halelele. Haeba ho ne ho ka khoneha, na u ne u ka rata ho phela ka ho sa feleng? [Emela karabo. Ebe u bala Johanne 17:3.] Makasine ena e tšohla tšepiso ea Bibele ea bophelo bo sa feleng. E boetse e bontša hore na bophelo bo tla ba joang ha tšepiso eo e phethahala.”
Molula-Qhooa Dec. 1
“Tšobotsi e ’ngoe e khethollang batho ho liphoofolo ke ho khona ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. Ka masoabi, batho ba bangata ba etsa lintho tse mpe. U nahana hore ke hobane’ng ha ho le joalo? [Emela karabo. Ebe u bala Jeremia 17:9 kapa Tšenolo 12:9.] Makasine ena e bontša se ka re thusang ho tseba le ho etsa se nepahetseng.”
Tsoha! Dec. 8
“Tsoelo-pele ea theknoloji ha e e-s’o fetole tlhoko eo motho a nang le eona ea ho ba le metsoalle. Empa na u hlokometse hore liphetoho tse bang teng sechabeng li ka etsa hore mehleng ena ho be thata ho hlaolela setsoalle se haufi? [Emela karabo. Ebe u bala Liproverbia 18:24.] Makasine ena e bontša kamoo re ka etsang metsoalle ea ’nete le ho lula re e-na le eona.”
Nehelano e ’ngoe: “Lilemong tse 20 tse fetileng, ho ’nile ha etsoa tsoelo-pele e khōlō kutloisisong le phekolong ea AIDS. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ntse ba e-na le maikutlo a fosahetseng. [Mo bontše lebokose la sehlooho se reng “Mashano a Tloaelehileng ka AIDS,” ’me u emele karabo.] Makasine ena e bontša kamoo batsoali ba ka sireletsang bana ba bona kateng.” Bala Deuteronoma 6:6, 7.
-