-
Karolo ea 7: Ho Rapela ThutongTšebeletso ea ’Muso—2005 | March
-
-
Karolo ea 7: Ho Rapela Thutong
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1. (a) Ke hobane’ng ha ho loketse ho rapela ha ho qaloa le ha ho phethoa thuto ea Bibele? (b) Re ka kenyelletsa thapelo joang thutong ea Bibele?
1 E le hore liithuti tsa Bibele li tsoele pele moeeng, ho hlokahala tlhohonolofatso ea Jehova. (1 Bakor. 3:6) Ka lebaka leo, ho loketse ho rapela ha ho qaloa le ha ho phethoa thuto e tsitsitseng. Hangata re ka etsa sena ho tloha thutong ea pele ho batho ba sekametseng bolumeling. Ho ba bang, ho ka ’na ha hlokahala hore re hlokomele hore na nako e loketseng ke efe ea ho rapela thutong. U ka ’na ua sebelisa Pesaleme ea 25:4, 5 le 1 Johanne 5:14 ho thusa seithuti ho bona hore na ke hobane’ng ha thapelo e lokela ho etsoa ’me hape u sebelise Johanne 15:16 ho hlalosa bohlokoa ba ho rapela Jehova ka Jesu Kreste.
2. Haeba morali’abo rōna a ea thutong ea Bibele le mor’abo rōna ea kolobelitsoeng kapa mohoeletsi oa monna ea sa kolobetsoang, ke mang ea tla rapela?
2 Ke mang ea lokelang ho rapela thutong ea Bibele? Haeba morali’abo rōna a ea thutong le mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, mor’abo rōna o tla rapela, le hoja e le morali’abo rōna ea khannang thuto a roetse hloohong. (1 Bakor. 11:5, 10) Ka lehlakoreng le leng, haeba mohoeletsi oa ’Muso oa monna ea sa kolobetsoang a ea le morali’abo rōna thutong, morali’abo rōna o tla rapela. Boemong bo joalo, morali’abo rōna o lokela ho roala hloohong ha a rapela esita le ha a khanna thuto.
3. Ho ka akarelletsoa lintlha life tse loketseng lithapelong tse etsoang thutong ea Bibele?
3 Se ka Akarelletsoang Thapelong: Ha ho hlokahale hore lithapelo tse etsoang thutong ea Bibele li be telele, empa li lokela ho toba taba. Ntle le ho kōpa tlhohonolofatso ea Molimo thutong le ho leboha linnete tse ithutiloeng, ho loketse ho lebisa thoriso ho Jehova joaloka Mohloli oa thuto eo. (Esa. 54:13) Hape re ka akarelletsa lipolelo tse bontšang thahasello ea sebele eo re nang le eona seithuting le kananelo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oo Jehova a o sebelisang. (1 Bathes. 1:2, 3; 2:7, 8) Ho kōpa tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba seithuti ba ho sebelisa seo se ithutang sona ho ka se thusa ho bona bohlokoa ba ho ba ‘mophethi oa lentsoe.’—Jak. 1:22.
4. Ho rapela ha ho qaloa le ha ho phethoa thuto ea Bibele ho tlisa melemo efe e eketsehileng?
4 Thapelo e na le melemo e mengata. E tlisa tlhohonolofatso ea Molimo. (Luka 11:13) E hatisa hore ho ithuta Lentsoe la Molimo ke taba e tebileng. Ha seithuti se mamela lithapelo tsa rōna, se ithuta ho rapela. (Luka 6:40) Ho feta moo, lithapelo tse tlohang pelong e tletseng lerato bakeng sa Molimo le teboho bakeng sa litšoaneleho tsa hae tseo ho seng ea ka bang le tsona li ka thusa seithuti ho hlaolela kamano e haufi le Jehova.
-
-
Tsela ea ho Buella LimakasineTšebeletso ea ’Muso—2005 | March
-
-
Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Mar. 15
“Batho lefatšeng lohle ba babatsa lithuto tsa Jesu. [Bala mantsoe a qotsitsoeng leqepheng la 3, serapeng sa 1.] Empa na u nahana hore lithuto tseo, tse kang tse mohlaleng ona, lia sebetsa kajeno? [Bala Matheu 5:21, 22a. Ebe u emela karabo.] Makasine ena e tšohla seo Jesu a neng a se ruta le kamoo re ka ruang molemo kateng ho sona.”
Molula-Qhooa Apr. 1
“Na u kile ua utloa ho thoe saense le Bibele lia hanyetsana? [Emela karabo.] Makasine ena e hlahloba histori ea khohlano pakeng tsa saense le bolumeli. Empa e boetse e fana ka bopaki bo bontšang hore saense ea ’nete e lumellana le Bibele.” Phetla leqephe la 6-7. Ebe u bala Moeklesia 1:7.
Tsoha! Apr. 8
“U nahana hore batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho qoba mathata nakong e thata ea lilemo tsa bocha? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 48:17, 18.] Makasine ena e bontša kamoo ho sebelisa keletso ea Bibele ho ka thusang batsoali ho ntšetsa pele puisano e molemo le bana ba bona le ho ba behela meeli e bontšang kahlolo e molemo.”
Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba rata lithaba ka lebaka la botle ba tsona, empa na u ne u tseba hore li bohlokoa haholo bakeng sa bophelo lefatšeng? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla lebaka leo ka lona re hlokang lithaba le hore na ho etsahala’ng ka tsona kajeno. E boetse e bolela kamoo ’Mōpi a tla sireletsa letlotlo lena la bohlokoa.” Bala Pesaleme ea 95:4.
-