Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Lula li U Etela?
    Molula-Qhooa—2004 | February 15
    • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Lula li U Etela?

      LEFATŠENG ka bophara, hoa tsebahala kamoo Lipaki Tsa Jehova li phehellang kateng mosebetsing oa tsona oa ho ea ka ntlo le ntlo. Batho ba bang baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Lipaki li lula li ba etela, haholo-holo haeba nakong e fetileng ba sa ka ba bontša thahasello molaetseng oa tsona. Mangolo a mabeli a tsoang Russia a thusa ho hlalosa lebaka la seo.

      Ngoanana e mong ea lilemo li 19 oa Khabarovsk, ea bitsoang Masha, o re: “Ho bua ’nete, pele ke ne ke sa batle ho bona Lipaki Tsa Jehova le moo li hatileng teng.” Leha ho le joalo, ka mor’a ho bala limakasine tse seng kae tse hatisitsoeng ke Lipaki, o ile a fetola boikutlo ba hae. Masha o re ha a ngola: “Sohle seo ke se balileng se thahasellisa haholo ebile se beha motho leseling, empa habohlokoa ka ho fetisisa ke hore se etsa hore u talime lefatše ka tsela e fapaneng. Butle-butle ke ile ka qala ho utloisisa hore na morero oa bophelo ke ofe.”

      Svetlana, ea lulang motseng oa Ussuriysk, o ka bang lik’hilomithara tse 80 ka leboea ho Vladivostok, o ile a ngola: “Ke sa tsoa qala ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! Limakasine tsena li hlile lia hlokahala mehleng ena ea rōna. Ke thabela ho bala lihlooho tsohle. Lia thahasellisa, lia ruta ebile li beha motho leseling. Kea leboha! Ke leboha haholo hore ebe le teng lefatšeng lena le bile le etsa mosebetsi o bontšang mosa oo e bileng e leng oa bohlokoa hakana.”

      Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li nka ka ho teba potso ena e ileng ea botsoa ke moapostola Pauluse e etsang hore motho a nahanisise: “Hape, [batho] ba tla utloa joang ha ho se ea bolelang?” (Baroma 10:14) Ke hobane’ng ha u sa iphe metsotso e seng mekae hore u ke u mamele Lipaki ha li u etetse lekhetlong le latelang? Mohlomong le uena u tla thabela molaetsa oa matšeliso o Lentsoeng la Molimo, Bibele.

  • Na U ka Rata ho Eteloa?
    Molula-Qhooa—2004 | February 15
    • Na U ka Rata ho Eteloa?

      Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela