Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa—2004 | June 15
    • Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa

      “Mali a Kreste [a tla] hloekisa matsoalo a rōna mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang.”—BAHEBERU 9:14.

      1. Ke bopaki bofe bo bontšang hore re nka bophelo e le ba bohlokoa ka ho fetisisa?

      HAEBA u ne u ka kōptjoa hore u bolele hore na u nka bophelo ba hao e le ba bohlokoa hakae, u ne u ka re’ng? Re nka bophelo ba rōna le ba batho ba bang e le ba bohlokoa ka ho fetisisa. E le bopaki ba seo, re ka ’na ra ea ngakeng bakeng sa tlhokomelo ha re kula kapa nako le nako re ka ’na ra ea ngakeng ho tiisa hore re ntse re phela hantle. Re batla ho lula re phela ’me re shahlile. Esita le batho ba bangata ba tsofetseng kapa ba holofetseng ha ba batle ho shoa; ba batla ho tsoela pele ba ntse ba phela.

      2, 3. (a) Liproverbia 23:22 e hatisa boikarabelo bofe? (b) Molimo o ameha joang boikarabelong bo boletsoeng ho Liproverbia 23:22?

      2 Tsela eo u nkang bophelo e le ba bohlokoa ka eona e ama likamano tsa hao le batho ba bang. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo lea laela: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, ’me u se ke ua nyelisa ’m’ao hobane feela a tsofetse.” (Liproverbia 23:22) Ho “mamela” ha ho bolele feela ho utloa mantsoe; maele ana a bolela ho utloa ebe motho o latela seo a se utloileng. (Exoda 15:26; Deuteronoma 7:12; 13:18; 15:5; Joshua 22:2; Pesaleme ea 81:13) Lentsoe la Molimo le fana ka lebaka lefe la hore u mamele ntate oa hao le ’mè oa hao? Hase feela hobane ntate oa hao le ’mè oa hao ba le baholo ho uena kapa ba e-na le phihlelo e ngata. Lebaka le fanoeng ke hore ke bona ba “u tsoetseng.” Liphetolelo tse ling li beha temana ena tjena: “Mamela ntat’ao ea u fileng bophelo.” Hoa utloahala hore, haeba u nka bophelo ba hao e le ba bohlokoa, u ikutloa u ikarabella ka tsela e itseng ho mohloli oa bophelo boo.

      3 Ha ho pelaelo hore haeba u Mokreste oa ’nete, ua lumela hore Jehova ke eena Mohloli o ka sehloohong oa bophelo ba hao. Ka eena u “na le bophelo” ka bobona; u ka “sisinyeha,” ua etsa lintho joaloka sebōpuoa se nang le maikutlo; ’me hona joale u “teng” ’me u ka nahana kapa ua rera bokamoso, ho akarelletsa le bophelo bo sa feleng. (Liketso 17:28; Pesaleme ea 36:9; Moeklesia 3:11) Tumellanong le Liproverbia 23:22, ho loketse hore u ‘mamele’ Molimo ka boikokobetso, u e-na le takatso ea ho utloisisa pono ea hae ka bophelo le ho tataisoa ke eona ho e-na le ho khetha tsela leha e le efe e ’ngoe ea hore na bophelo ke ba bohlokoa hakae.

      Hlompha Bophelo

      4. Tšimolohong ea histori ea motho, ho hlompha bophelo e ile ea e-ba taba ea bohlokoa joang?

      4 Tšimolohong ea histori ea batho, Jehova o ile a hlakisa hore o ne a sa lumella batho hore ba sebelise bophelo ka lebaka leha e le lefe le leng (kapa hore ba bo sebelise hampe). Ka lebaka la khalefo e tletseng mōna, Kaine o ile a felisa bophelo ba mor’abo ea neng a se na molato, e leng Abele. Na u nahana hore Kaine o ne a e-na le tokelo ea ho etsa qeto e joalo ka bophelo? Molimo ha aa ka a nahana joalo. Ha a bolella Kaine hore a ikarabelle o ile a re: “U entse’ng? Mamela! Mali a moen’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.” (Genese 4:10) Hlokomela hore mali a Abele a neng a le mobung a ne a emela bophelo ba hae, bo neng bo khutsufalitsoe ka sehlōhō, ’me a ne a llela Molimo hore a a phetetse.—Baheberu 12:24.

      5. (a) Molimo o ile a beha thibelo efe matsatsing a Noe, ’me e ne e sebetsa ho bo-mang? (b) Thibelo ee e ne e le bohato ba bohlokoa ka kutloisiso efe?

      5 Ka mor’a Moroallo, moloko oa batho o ile oa qalisa bocha ka meea e robeli feela. Phatlalatsong e neng e ama batho bohle, Molimo o ile a senola lintho tse ngata mabapi le kamoo a neng a nka bophelo le mali e le tsa bohlokoa kateng. O ile a bolela hore batho ba ne ba ka ja nama ea liphoofolo, empa o ile a beha thibelo ena: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo tsa lōna. Joalokaha ke le nehile limela tse tala, ke le neha tsona kaofela. Ke feela nama e nang le moea oa eona—mali a eona—eo le ke keng la e ja.” (Genese 9:3, 4) Bajuda ba bang ba hlalosa hore seo se bolela hore batho ba ne ba sa lokela ho ja nama kapa mali a phoofolo e neng e ntse e phela. Empa hamorao ho ile ha hlakisoa hore mona Molimo o ne a thibela ho jeoa ha mali ka morero oa ho boloka bophelo. Ho feta moo, taelo eo Molimo a ileng a fana ka eona ka Noe e ne e le bohato ba bohlokoa ba ho finyella morero oa Hae o phahameng tabeng ea mali—morero o neng o tla lumella batho ho fumana bophelo bo sa feleng.

      6. A sebelisa Noe, Molimo o ile a hatisa joang pono ea Hae ka bohlokoa ba bophelo?

      6 Molimo o ile a tsoela pele a re: “Ke tla batla mali a meea ea lōna. Ke tla a batla letsohong la sebōpuoa se seng le se seng se phelang; ’me ke tla batla moea oa motho letsohong la motho, letsohong la e mong le e mong eo e leng mor’abo. Mang kapa mang ea tšollang mali a motho, mali a hae a tla tšolloa ke motho, etsoe o entse motho ka setšoantšo sa Molimo.” (Genese 9:5, 6) Phatlalatsong ena e ileng ea etsetsoa lelapa lohle la motho, u ka bona hore Molimo o nka mali a motho a emela bophelo ba hae. ’Mōpi o fa motho bophelo, ’me ha ho motho ea lokelang ho felisa bophelo boo, bo emeloang ke mali. Haeba motho a bolaea e mong, joalokaha Kaine a ile a etsa, ’Mōpi o na le tokelo ea ho “batla” bophelo ba ’molai eo.

      7. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella phatlalatso eo Molimo a ileng a e etsetsa Noe mabapi le mali?

      7 Ka phatlalatso ea hae, Molimo o ne a laela batho hore ba se ke ba sebelisa mali hampe. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a fana ka taelo eo? Ha e le hantle, ke hobane’ng ha Molimo a ile a talima mali ka tsela eo? Bonneteng, karabo e ama e ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ka Bibeleng. Ke eona moko-taba oa molaetsa oa Bokreste, le hoja likereke tse ngata li khetha ho e hlokomoloha. Thuto eo ke efe, hona e ama bophelo ba hao, liqeto tsa hao le liketso tsa hao joang?

      Mali—A ka Sebelisoa Joang?

      8. Molaong, Jehova o ile a beha thibelo efe tabeng ea tšebeliso ea mali?

      8 Jehova o ile a fana ka makolopetso a eketsehileng mabapi le bophelo le mali ha a ne a fa Baiseraele Molao. Ha a ntse a etsa joalo, o ile a nka bohato bo bong ho phethahatsa morero oa hae. Mohlomong ua tseba hore Molao o ne o hloka hore Molimo a etsetsoe linyehelo, tse kang tsa lijo-thollo, oli le veine. (Levitike 2:1-4; 23:13; Numere 15:1-5) Ho ne ho boetse ho e-na le mahlabelo a liphoofolo. Mabapi le ’ona Molimo o ile a re: “Moea oa nama o maling, ’me ke a behile aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna, hobane mali a koahela libe ka lebaka la moea o ho ’ona. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bara ba Iseraele: ‘Ho lōna ho se ke ha e-ba le moea o jang mali.’” Jehova o ile a phaella ka hore haeba motho, ea kang setsomi kapa sehoai, a ne a ka bolaea phoofolo bakeng sa lijo, o ne a lokela ho e fophisa mali ’me a a koahele ka mobu. Lefatše ke setuloana sa maoto sa Molimo, ’me ha motho a ne a tšollela mali mobung, o ne a bontša hore oa lumela hore bophelo bo ne bo khutlisetsoa ho Monehi-Bophelo.—Levitike 17:11-13; Esaia 66:1.

      9. Molaong ho ne ho bontšitsoe hore mali a lokela ho sebelisetsoa eng feela, hona morero oa see e ne e le ofe?

      9 Molao oo e ne e se tloaelo feela tjee ea bolumeli e sa reng letho ho rōna. Na u hlokometse hore na ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba sa lokela ho ja mali? Molimo o itse: “Ke ka lebaka leo ke itseng ho bara ba Iseraele: ‘Ho lōna ho se ke ha e-ba le moea o jang mali.’” Lebaka e ne e le lefe? “Ke behile [mali] aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna.” Na ua bona hore see se re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a bolella Noe hore batho ba ne ba sa lokela ho ja mali? ’Mōpi o ile a ikhethela ho talima mali e le a nang le bohlokoa bo phahameng, a a bolokela morero o le mong o khethehileng o neng o ka pholosa bophelo ba batho ba bangata. A ne a tla phetha karolo ea bohlokoa ho koaheloeng ha libe. Kahoo tlas’a Molao, Molimo o ne a lumeletse hore mali a sebelisoe feela aletareng ho koahela libe bakeng sa bophelo ba Baiseraele, ba neng ba batla hore Jehova a ba tšoarele.

      10. Ke hobane’ng ha mali a liphoofolo a ne a ke ke a fana ka tšoarelo e feletseng, empa mahlabelo a neng a etsoa tlas’a Molao a ne a fana ka khopotso efe?

      10 Khopolo ena e ne e tsejoa Bokresteng. Ha moapostola oa Mokreste Pauluse a bua ka tšobotsi ena e lokiselitsoeng ke Molimo ea Molao, o ile a ngola a re: “Hoo e batlang e le lintho tsohle li hloekisoa ka mali ho ea ka Molao, ’me ntle le hore mali a tšolohe ha ho tšoarelo e bang teng.” (Baheberu 9:22) Pauluse o ile a hlakisa hore mahlabelo a neng a hlokahala ha aa ka a etsa hore Baiseraele e be batho ba phethahetseng, ba se nang sebe. O ile a ngola a re: “Ka mahlabelo ana ho na le khopotso ea libe selemo le selemo, etsoe ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipōli a tlose libe.” (Baheberu 10:1-4) Ho sa tsotellehe seo, mahlabelo a joalo e ne e le a bohlokoa. A ne a hopotsa Baiseraele hore e ne e le baetsalibe ’me ba ne ba hloka ho hong ho eketsehileng e le hore ba tšoareloe ka ho feletseng. Empa haeba mali a neng a emela bophelo ba liphoofolo a ne a ke ke a koahela libe tsa batho ka ho feletseng, na ho na le mali leha e le afe a neng a ka etsa joalo?

      Tharollo ea Monehi-Bophelo

      11. Re tseba joang hore mahlabelo a mali a liphoofolo a ne a supa nthong e ’ngoe e itseng?

      11 Ha e le hantle Molao o ne o supa nthong e ’ngoe e neng e tla atleha haholoanyane ho phethahatseng thato ea Molimo. Pauluse o ile a botsa a re: “Joale, Molao o bile teng hobane’ng?” O ile a araba a re: “O ile oa eketsoa ho bonahatsa litlōlo, ho fihlela ho ka fihla peō eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona; ’me o ile oa fetisoa ka mangeloi ka letsoho la mokena-lipakeng [Moshe].” (Bagalata 3:19) Ka ho tšoanang, Pauluse o ile a ngola a re: “Molao o na le seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla, empa eseng boleng ba sebele ba lintho tseo.”—Baheberu 10:1.

      12. Re ka bona ho senoleha ha morero oa Molimo joang tabeng ea mali?

      12 Joalokaha re se re bone sehloohong sena, hopola hore matsatsing a Noe Molimo o ile a laela hore batho ba ka ja nama ea liphoofolo bakeng sa ho boloka bophelo, empa ba ne ba sa lokela ho ja mali. Ka mor’a nako, Molimo o ile a bolela hore “moea oa nama o maling.” E, o ile a khetha ho talima mali e le a emelang bophelo eaba o re: “Ke behile [mali] aletareng hore le koahele libe tsa meea ea lōna.” Leha ho le joalo, morero oa Molimo o ne o tla tsoela pele ho senoleha ka mokhoa o babatsehang. Molao o ne o tšoantšetsa lintho tse molemo tse tlang. Lintho life?

      13. Ke hobane’ng ha lefu la Jesu e ne e le la bohlokoa?

      13 Boleng ba sena bo ne bo itšetlehile ka lefu la Jesu Kreste. Ua tseba hore Jesu o ile a hlokofatsoa a ba a khokhotheloa thupeng. O ile a shoa joaloka motlōli oa molao. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shoela batho ba se nang bomolimo ka nako e behiloeng. . . . Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:6, 8) Ka lebaka la ho re shoela, Kreste o ile a fana ka thekollo bakeng sa ho koahela libe tsa rōna. Thekollo eo ke eona moko-taba oa molaetsa oa Bokreste. (Matheu 20:28; Johanne 3:16; 1 Bakorinthe 15:3; 1 Timothea 2:6) Ho na le kamano efe pakeng tsa thekollo le mali le bophelo, hona bophelo ba hao bo ameha joang?

      14, 15. (a) Liphetolelo tse ling tsa Baefese 1:7 li hatisa lefu la Jesu joang? (b) Ke ntlha efe e mabapi le Baefese 1:7 e ka ’nang ea hlokomolohuoa?

      14 Likereke tse ling li bua haholo ka lefu la Jesu, batho ba kenang likereke tseo ba re “Jesu o nchoetse.” Hlokomela kamoo liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolelang Baefese 1:7 kateng: “Ke ka eena le ka lefu la hae re nang le topollo, e leng, ho tlosoa ha litšito tsa rōna.” (The American Bible, ea Frank Scheil Ballentine, 1902) “Re lokolotsoe ka lefu la Kreste, ’me re tšoaretsoe libe.” (Today’s English Version, 1966) “Re lokolotsoe ka Kreste le ka sehlabelo sa bophelo ba hae, e leng ho lokolloa ho bolelang tšoarelo ea libe.” (The New Testament, ea William Barclay, 1969) “Re tšoaretsoe libe ka lefu la Kreste ’me re lokolotsoe.” (The Translator’s New Testament, 1973) U ka bona hore liphetolelong tsena ho buuoa haholo ka lefu la Jesu. Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Empa, ka sebele lefu la Jesu ke la bohlokoa. Kahoo, ke eng e haellang liphetolelong tsee?’

      15 Bonneteng, haeba u ne u tlameha ho itšetleha ka liphetolelo tsena, u ne u ka hlokomoloha ntlha ea bohlokoa haholo, ’me sena se ne se ka khina kutloisiso ea hao ea molaetsa oa Bibele. Liphetolelo tsena li pata ntlha ea hore mangolong a pele, ho Baefese 1:7 ho na le lentsoe la Segerike le bolelang “mali.” Kahoo, Libibele tse ngata, tse kang Phetolelo ea Lefatše le Lecha li fetolela taba ena joaloka mangolo a pele ka ho re: “Ka eena re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang.”

      16. Phetolelo e reng “mali a eo” e lokela ho fetisetsa eng likelellong tsa rōna?

      16 Phetolelo e reng “mali a eo” e na le moelelo o batsi ’me e lokela ho etsa hore re nahane. Lefu la motho ea itseng le ne le sa lekana, esita le lefu la motho ea phethahetseng Jesu. O ile a phethahatsa se neng se tšoantšelitsoe Molaong, haholo-holo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Letsatsing leo le khethehileng, ho ne ho etsoa sehlabelo ka liphoofolo tse khethiloeng. Ka mor’a moo, moprista ea phahameng o ne a nka mali a mang a tsona ’me a kena le ’ona karolong ea Sehalalelisiso ea tabernakele kapa ea tempele, ’me a nehelane ka ’ona moo ka pel’a Molimo, joalokaha eka o ka pel’a hae.—Exoda 25:22; Levitike 16:2-19.

      17. Jesu o ile a phethahatsa joang se neng se tšoantšetsoa ke Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe?

      17 Joalokaha Pauluse a hlalositse, Jesu o ile a phethahatsa se neng se tšoantšetsoa ke Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. Pele, o boletse hore moprista ea phahameng oa Iseraele o ne a kena Sehalalelisisong hang ka selemo ka mali a ho etsa nyehelo “bakeng sa hae le bakeng sa libe tsa ho hloka tsebo tsa batho.” (Baheberu 9:6, 7) Tumellanong le se neng se etsoa, ka mor’a hore Jesu a tsosoe e le moea, o ile a ea leholimong. E le moea, o se nang ’mele oa nama le mali, o ne a ka hlaha ka pel’a “Molimo bakeng sa rōna.” O ile a hlahisa eng ho Molimo? Ha aa ka a hlahisa ntho e bonahalang empa o ile a hlahisa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Ha Kreste a tla e le moprista ea phahameng . . . , ha aa ka a kena ka mali a lipōli le a lipohoana, empa o kene ka mali a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna. Etsoe haeba mali a lipōli le a lipoho . . . [a] halaletsa ho isa tekanyong ea bohloeki ba nama, mali a Kreste, eo ka moea o sa feleng a ileng a inyehela ho Molimo a se na sekoli, a tla hloekisa matsoalo a rōna hakaakang mesebetsing e shoeleng e le hore re ka etsetsa Molimo ea phelang tšebeletso e halalelang?” Ka sebele, Jesu o ile a hlahisa ho Molimo molemo oa mali a hae a fanang ka bophelo.—Baheberu 9:11-14, 24, 28; 10:11-14; 1 Petrose 3:18.

      18. Ke hobane’ng ha seo Bibele e se buang ka mali e le sa bohlokoa ho Bakreste kajeno?

      18 ’Nete ena e tsoang ho Molimo e re thusa ho utloisisa likarolo tse hlollang tsa seo Bibele e se buang ka mali—lebaka la hore na ke hobane’ng ha Molimo a a talima joalo, le kamoo re lokelang ho a talima kateng, le lebaka leo ka lona re lokelang ho hlompha lithibelo tseo Molimo a li behileng tabeng ea ho sebelisa mali. Ha u bala libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, u tla fumana likarolo tse ngata tse buang ka mali a Kreste. (Bona lebokose.) Li hlakisa hore Mokreste e mong le e mong o lokela ho beha tumelo “maling a [Jesu].” (Baroma 3:25) Ho fumana ha rōna tšoarelo le ho ba le khotso le Molimo ho ka khoneha feela “ka mali ao [Jesu] a ileng a a tšolla.” (Bakolose 1:20) Ka sebele sena ke ’nete ka bao Jesu a entseng selekane se khethehileng le bona ho ea busa le eena maholimong. (Luka 22:20, 28-30; 1 Bakorinthe 11:25; Baheberu 13:20) Ho boetse ho joalo le ka “bongata bo boholo” kajeno, bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang le bo tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka tšoantšetso, bo ‘hlatsoa liaparo tsa bona maling a Konyana.’—Tšenolo 7:9, 14.

      19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a ile a khetha ho beha lithibelo tabeng ea tšebeliso ea mali, ’me re lokela ho ikutloa joang ka seo? (b) Ke eng seo re lokelang ho thahasella ho se tseba?

      19 Ka ho hlakileng, mali a na le moelelo o khethehileng mahlong a Molimo. Le ho rōna a lokela ho ba le moelelo o khethehileng. ’Mōpi, ea amehileng ka bophelo, o na le tokelo ea ho beha lithibelo ka seo batho ba se etsang ka mali. Kahobane a amehile haholo esita le ka bophelo ba rōna, o ile a rera ho boloka mali hore a sebelisoe ka tsela e le ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa, e leng eona feela tsela e etsang hore bophelo bo sa feleng bo khonehe. Tsela eo e ne e ama mali a bohlokoa a Jesu. Re ka leboha hakaakang hore ebe Jehova Molimo o nkile khato molemong oa rōna ka ho sebelisa mali—mali a Jesu—ka tsela ee e bolokang bophelo! ’Me re lokela ho leboha Jesu hakaakang ka ho tšolla mali a hae e le sehlabelo bakeng sa rōna! Ka sebele, re ka utloisisa mantsoe a boletsoeng ke moapostola Johanne ha a re: “Ho ea re ratang le ea ileng a re lokolla libeng tsa rōna ka mali a hae—’me a etsa hore re be ’muso, baprista ho Molimo le Ntat’ae—e, ho eena e be khanya le bonatla ka ho sa feleng. Amen.”—Tšenolo 1:5, 6.

      20 Ke khale Molimo le Monehi-Bophelo oa rōna ea nang le bohlale bohle a nahanne ka karolo ena e bolokang bophelo. Kahoo, re ka ’na ra botsa, ‘See se lokela ho ama liqeto le liketso tsa rōna joang?’ Sehlooho se latelang se tla tšohla potso ena.

      U ka Araba Joang?

      • Re ka ithuta eng ka pono ea Molimo ka mali litlalehong tse amang Abele le Noe?

      • Molaong, Molimo o ile a beha thibelo efe tabeng ea tšebeliso ea mali, hona hobane’ng?

      • Jesu o ile a phethahatsa joang se neng se tšoantšetsoa ke Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe?

      • Mali a Jesu a ka boloka bophelo ba rōna joang?

  • Amohela Tataiso ea Molimo ea Phelang
    Molula-Qhooa—2004 | June 15
    • Amohela Tataiso ea Molimo ea Phelang

      “[Tloong]. . . ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.”—LIKETSO 14:15.

      1, 2. Ke hobane’ng ha ho loketse hore re ele hloko hore Jehova ke “Molimo ea phelang”?

      KA MOR’A hore moapostola Pauluse le Barnabase ba folise monna e mong, Pauluse o ile a tiisetsa batho ba Lystra ba neng ba shebelletse a re: “Le rōna re batho ba nang le mefokolo e tšoanang le eo le nang le eona, ’me re le bolella litaba tse molemo, hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.”—Liketso 14:15.

      2 Ka sebele Jehova hase setšoantšo feela se sa pheleng, empa ke “Molimo ea phelang”! (Jeremia 10:10; 1 Bathesalonika 1:9, 10) Kantle ho hore oa phela, Jehova ke Mohloli oa bophelo ba rōna. “O fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:25) O thahasella hore re thabele bophelo ba rōna, ba hona joale le ba nakong e tlang. Pauluse o ile a phaella ka hore Molimo ha aa ka “a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”—Liketso 14:17.

      3. Ke hobane’ng ha re ka tšepa tataiso eo Molimo a fanang ka eona?

      3 Thahasello eo Molimo a nang le eona ka bophelo ba rōna e re fa lebaka la hore re tšepe tataiso ea hae. (Pesaleme ea 147:8; Matheu 5:45) Ba bang ba ka ’na ba se ke ba tšepa tataiso ea hae haeba ba fumana taelo ea Bibele eo ba sa e utloisiseng kapa e bonahalang e ba thibela ho etsa ho itseng. Leha ho le joalo, ho tšepa tataiso ea Jehova ho ipakile ho le bohlale. Ka mohlala: Esita leha Moiseraele a ne a sa utloisise molao o khahlanong le ho ama setopo, o ne a rua molemo ka ho o mamela. Sa pele, ho mamela ha hae ho ne ho tla mo atametsa haufi le Molimo ea phelang; sa bobeli, ho ne ho tla mo thusa ho qoba maloetse.—Levitike 5:2; 11:24.

      4, 5. (a) Pele ho mehla ea Bokreste, Jehova o ile a fana ka tataiso efe tabeng ea mali? (b) Re tseba joang hore tataiso ea Molimo tabeng ea mali e ama Bakreste?

      4 Ho joalo le ka tataiso ea Molimo tabeng ea mali. O ile a bolella Noe hore batho ha baa lokela ho ja mali kapa ho a noa. Joale Molaong, Molimo o ile a senola hore mali a ne a lumeletsoe hore a sebelisoe feela aletareng—bakeng sa tšoarelo ea sebe. Ka ho fana ka litaelo tse joalo, Molimo o ne a rala motheo bakeng sa tšebeliso e phahameng haholo ea mali—e leng ho boloka bophelo ka thekollo e entsoeng ke Jesu. (Baheberu 9:14) E, Molimo o ile a fana ka tataiso ena a nahanne ka bophelo le ka boiketlo ba rōna. Ha Adam Clarke, e leng setsebi sa lekholong la bo19 la lilemo a tšohla Genese 9:4, o ile a ngola a re: “Bakreste ba linaheng tsa bochabela ba ntse ba latela ka hloko taelo ena e ileng ea fuoa [Noe] . . . Tlas’a molao mali a ne a sa jeoe, hobane a ne a lebisa tlhokomelo maling a neng a tla tšolloa bakeng sa sebe sa lefatše; ’me ho latela Kosepele ha aa lokela ho jeoa, hobane kamehla a lokela ho nkoa e le a emelang mali a tšolotsoeng bakeng sa tšoarelo ea libe.”

      5 E ka ’na eaba setsebi sena se ne se bua ka kosepele ea motheo, kapa litaba tse molemo, tse amanang haufi-ufi le Jesu. Li akarelletsa ho romela ha Molimo Mora oa hae hore a tl’o re shoela, ho tšolla mali a hae e le hore re ka ba le bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28; Johanne 3:16; Baroma 5:8, 9) Tlhaloso ea setsebi seo e ne e boetse e akarelletsa taelo e ileng ea fanoa hamorao ea hore balateli ba Kreste ba ile mali.

      6. Bakreste ba ile ba fuoa tataiso efe tabeng ea mali, hona hobane’ng?

      6 Ua tseba hore Molimo o ile a fa Baiseraele melao e makholo-kholo. Ka mor’a lefu la Jesu, barutuoa ba hae ba ne ba sa tlameha ho boloka melao eo kaofela. (Baroma 7:4, 6; Bakolose 2:13, 14, 17; Baheberu 8:6, 13) Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng, ho ile ha hlaha potso mabapi le ntho e ’ngoe ea bohlokoa e neng e ba tlama—e leng lebollo la batho ba batona. Na batho bao e seng Bajuda ba neng ba batla ho rua molemo maling a Kreste ba ne ba lokela ho bolla, ho bontša hore ba ntse ba le tlas’a Molao? Ka 49 C.E., sehlopha se busang sa Bakreste se ile sa tšohla taba eo. (Liketso, khaolo ea 15) Ba thusoa ke moea oa Molimo, baapostola le banna ba hōlileng ba ile ba phetha ka hore lebollo le neng le tlama le ile la fela le Molao. Ho sa tsotellehe seo, ho ne ho e-na le litaelo tse itseng tseo Molimo a neng a ntse a batla hore Bakreste ba li boloke. Ha sehlopha se busang se ngolla liphutheho, se ile sa re: “Moea o halalelang le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola. Haeba le phema lintho tsena, le tla atleha.”—Liketso 15:28, 29.

      7. Ho bohlokoa hakae hore Bakreste ba ‘ile mali’?

      7 Ka ho hlakileng, sehlopha se busang se ile sa talima ho ‘ila mali’ e le ntho ea bohlokoa tabeng ea boitšoaro joaloka ho qoba boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate kapa borapeli ba litšoantšo. Sena ke bopaki ba hore thibelo e mabapi le mali ke taba e tebileng. Bakreste ba kopanelang borapeling ba litšoantšo kapa boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate ba sa bake ba ke ke ba “rua ’muso oa Molimo”; “kabelo ea bona e tla ba . . . lefu la bobeli.” (1 Bakorinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8; 22:15) Hlokomela phapang: Ho hlokomoloha tataiso ea Molimo mabapi le ho halalela ha mali ho ka fella ka lefu la ka ho sa feleng. Ho hlompha sehlabelo sa Jesu ho ka lebisa bophelong bo sa feleng.

      8. Ke eng se bontšang hore Bakreste ba pele ba ne ba nka ka botebo tataiso ea Molimo tabeng ea mali?

      8 Bakreste ba pele ba ile ba utloisisa tataiso ea Molimo joang tabeng ea mali le ho nka khato ka eona? Hopola tlhaloso ea Clarke e reng: “Ho latela Kosepele a ne a sa lokela ho jeoa, hobane kamehla a lokela ho nkoa e le a emelang mali a tšolotsoeng bakeng sa tšoarelo ea libe.” Histori e tiisa hore Bakreste ba pele ba ne ba nka taba ena ka botebo. Tertullian o ile a ngola a re: “Nahana ka bao ka meharo e meholo, ba nkang mali a ntseng a chesa a batlōli ba molao ba khopo pontšong e tšoaretsoeng lebaleng la lipapali . . . ’me ba a nkela ho ea phekola lefu la bona la sethoathoa.” Ho fapana le Bahetene ba neng ba ja mali, Tertullian o itse Bakreste, “esita le mali a liphoofolo ha a eo lijong [tsa bona] . . . Ha le leka Bakreste le ba neha lisoseje tse entsoeng ka mali. Ka ho hlakileng, le kholisehile hore ho bona, [hoo] ke tlōlo ea molao.” E, ho sa tsotellehe ho tšosoa ka lefu, Bakreste ba ne ba sa je mali. Tataiso ea Molimo e ne e le ea bohlokoa haholo ho bona.

      9. Ho ila mali ho ne ho akarelletsa eng kantle le ho se je mali ka ho toba?

      9 Ba bang ba ka ’na ba nahana hore sehlopha se busang se ne se bolela feela hore Bakreste ba ne ba sa lokela ho ja kapa ho noa mali ka ho toba kapa ho ja nama e sa fophisoang mali kapa lijo tse tsoakiloeng le mali. Ke ’nete hore oo e ne e le oona moelelo oa pele oa taelo eo Molimo a ileng a e fa Noe. ’Me molao-taelo oa baapostola o ne o hlile o bolella Bakreste hore ba ‘pheme lintho tse fenethiloeng,’ e leng nama e sa fophisoang mali. (Genese 9:3, 4; Liketso 21:25) Leha ho le joalo, Bakreste ba pele ba ne ba tseba hore seo se ne se akarelletsa ho hongata. Ka linako tse ling mali a ne a jeoa bakeng sa kalafo. Tertullian o boletse hore bahetene ba bang ba ne ba noa mali a ntseng a chesa, e le ha ba leka ho phekola sethoathoa. Hape, e ka ’na eaba mali a ne a sebelisoa ka litsela tse ling ho phekola boloetse kapa a sebelisoa ho nkoa hore a ka ntlafatsa bophelo. Kahoo, ho Bakreste, ho phema mali ho ne ho akarelletsa ho se a noe kapa ho a ja e le “moriana.” Ba ile ba boloka boemo boo ho sa tsotellehe hore na seo se ne se beha bophelo ba bona kotsing kapa che.

      Ho Sebelisa Mali e le Moriana

      10. Ke ka litsela life tse ling mali a sebelisoang e le moriana, ’me seo se phahamisa potso efe?

      10 Hona joale ho se ho tloaelehile ho sebelisa mali e le moriana. Qalong, litšelo tsa mali li ne li etsoa ka mali a feletseng—a ntšitsoeng ho ea faneng ka ’ona, eaba aa bolokoa ’me a tšeloa ho mokuli, mohlomong motho ea lemetseng ntoeng. Hamorao, bafuputsi ba ile ba ithuta ho arola mali ka metsoako ea ’ona e meholo. Ka ho tšela bakuli metsoako ena, lingaka li ne li ka khona ho arolela bakuli ba bangata mali a fanoeng, mohlomong motho e mong ea lemetseng a fuoe lero la mali (plasma) ebe e mong eena o fuoa lisele tse khubelu. Phuputso e tsoelang pele e bontšitse hore ho ka etsoa ho hong ka motsoako o kang lero la mali hore ho ntšoe likaroloana tse nyenyane tse ngata tse ka fuoang bakuli ba bang ba bangata. Mehato ea ho etsa sena e ntse e tsoela pele, ’me ho ntse ho tlalehoa tšebeliso e ncha ea likaroloana tsena. Mokreste o lokela ho arabela joang? O ikemiselitse ka tieo hore le ka mohla a ke ke a amohela tšelo ea mali, empa ngaka ea hae e mo phehella hore a amohele o mong oa metsoako e meholo ea mali, mohlomong lisele tse khubelu tsa mali tse bokeletsoeng. Kapa phekolo e ka ’na ea akarelletsa ho sebelisa karoloana e le ’ngoe e nyenyane e ntšitsoeng motsoakong o moholo oa mali. Mohlanka oa Molimo a ka etsa qeto joang litabeng tse joalo, a ntse a hopola hore mali aa halalela le hore mali a Kreste ke ’ona a bolokang bophelo ka kutloisiso e phahameng ka ho fetisisa?

      11. Ke boemo bofe bo lumellanang le tsa bongaka boo e leng khale Lipaki li bo khomaretse?

      11 Lilemong tse ngata tse fetileng, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlakisa boemo ba tsona tabeng ena. Ka mohlala, li ile tsa ngola sehlooho se ileng sa hatisoa ho The Journal of the American Medical Association (November 27, 1981; se ileng sa hatisoa hape ho Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, leqepheng la 27-9).a Sehlooho seo se ile sa qotsa Genese, Levitike le Liketso. Se itse: “Le hoja litemana tsena li sa behoa ka mantsoe a [bongaka], Lipaki li li talima e le tse qhelelang ka thōko tšelo ea mali a felletseng, li-RBC [lisele tse khubelu tsa mali] tse [lutseng li bolokiloe], le lero la mali le se nang ’mala (plasma), hammoho le ho tšeloa li-WBC [lisele tse tšoeu tsa mali] le platelets.” Buka ea 2001 ea Emergency Care, tlas’a sehlooho se reng “Kamoo Mali a Hlophisitsoeng Kateng,” e itse: “Mali a entsoe ka metsoako e ’maloa e meholo: lero la mali, lisele tse tšoeu le tse khubelu, le li-platelet.” Kahoo, tumellanong le linnete tsa bongaka Lipaki li hana ho tšeloa mali a feletseng kapa metsoako leha e le efe ea ’ona e meholo e mene.

      12. (a) Ke boemo bofe bo ’nileng ba fanoa mabapi le likaroloana tse ntšitsoeng metsoakong e meholo ea mali? (b) Ke hokae moo ho ka fumanoang boitsebiso bo eketsehileng ka taba ee?

      12 Sehlooho seo sa bongaka se ile sa tsoela pele sa re: “Kutloisiso ea Lipaki ea bolumeli ha e thibele ka ho felletseng tšebeliso ea [metsoako] e kang albumin, li-globulin tse thusang ’mele ho itšireletsa mafung, le meriana e etsang hore mali a khone ho etsa mahloele; Paki ka ’ngoe e tlameha ho iketsetsa qeto ea hore na e ka amohela metsoako ena.” Ho tloha ka 1981, ho ’nile ha aroloa likaroloana tse ngata (e leng likaroloana tse nyenyane tse ntšitsoeng metsoakong e mene e meholo ea mali) hore li sebelisoe. Ka lebaka leo, Molula-Qhooa oa June 15, 2000, o ile oa fana ka boitsebiso ba bohlokoa tabeng ena sehloohong se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali.” Molemong oa babali ba limilione ba hona joale, karabo eo e hatisitsoe hape leqepheng la 29-31 la makasine ena. E fana ka lintlha tse qaqileng le mabaka a utloahalang, leha ho le joalo u tla bona hore seo e se buang se lumellana le lintlha tsa motheo tse boletsoeng ka 1981.

      Moo Letsoalo la Hao le Kenellang Teng

      13, 14. (a) Letsoalo ke eng, ’me le kenella joang tabeng ea mali? (b) Molimo o ile a fa Baiseraele tataiso efe tabeng ea ho ja nama, empa seo se ne se ka ’na sa phahamisa lipotso life?

      13 Boitsebiso bo joalo bo hloka hore motho a sebelise letsoalo la hae. Hobane’ng? Bakreste baa lumela hore ke habohlokoa hore ba latele tataiso ea Molimo, empa maemong a mang motho o lokela ho iketsetsa qeto, ’me letsoalo lea kenella. Letsoalo ke matla a tlhaho a ho sekaseka litaba, hangata e le litaba tse amang ho khetha se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baroma 2:14, 15) Leha ho le joalo, ua tseba hore matsoalo a batho ha a tšoane.b Bibele e bolela hore ba bang ba na le ‘matsoalo a fokolang,’ e leng se bontšang hore matsoalo a ba bang a matla. (1 Bakorinthe 8:12) Bakreste ba tsoetse pele ka tekanyo e sa tšoaneng ha ba ntse ba ithuta seo Molimo a se bolelang, ha ba ela hloko monahano oa hae, leha ba o sebelisa ha ba etsa liqeto. Re ka etsa papiso ea sena ka Bajuda le ka taba ea ho ja nama.

      14 Bibele e bolela ka ho hlaka hore motho ea mamelang Molimo o ne a ke ke a ja nama e sa fophisoang mali. Eo e ne e le ntho ea bohlokoa hoo esita le boemong ba tšohanyetso ha masole a Baiseraele a ne a ja nama e sa fophisoang mali, a ileng a e-ba molato oa phoso e tebileng, kapa sebe. (Deuteronoma 12:15, 16; 1 Samuele 14:31-35) Leha ho le joalo, seo se ne se ka ’na sa hlahisa lipotso. Ha Moiseraele a ne a hlaba nku, o ne a lokela ho e fophisa mali kapele hakae? Na o ne a tlameha ho selakha phoofolo hore a e fophise mali? Na ho ne ho hlokahala hore a fanyehe nku eo ka litlhakoana tsa morao? Hona a e fanyehe ka nako e kae? O ne a tla etsa’ng ka khomo e khōlō? Esita le ka mor’a ho e fophisa mali, mali a mang a ne a ka ’na a salla nameng. Na o ne a ka ja nama eo? Ke mang ea neng a tla etsa qeto?

      15. Bajuda ba bang ba ile ba nka khato efe tabeng ea ho ja nama, empa Molimo o ile a fana ka tataiso efe?

      15 Nahana ka Mojuda ea chesehang ea neng a tobane le lipotso tse joalo. O ne a ka ’na a nahana hore ntho e molemo haholo eo a neng a ka e etsa ke ho qoba nama e rekisoang ’marakeng oa nama, joalokaha motho e mong a ne a ke ke a ja nama haeba mohlomong e ne e ile ea nyeheloa ho setšoantšo se rapeloang. Mohlomong Bajuda ba bang ba ne ba ka ja nama feela ka mor’a hore ba latele mekhoa e itseng e tloaelehileng ea ho ntša mali.c (Matheu 23:23, 24) U nahana’ng ka mehato eo e sa tšoaneng e neng e nkoa? Ho feta moo, kaha Molimo o ne a sa tlama batho hore ba nke mehato eo e sa tšoaneng, na ho ne ho tla be ho loketse hore Bajuda ba romele lipotso tse ngata lekhotleng la bo-rabi hore le etse qeto tabeng ka ’ngoe? Le hoja moetlo oo o simolohile Bolumeling ba Sejuda, re ka thaba hore ebe Jehova ha aa ka a laela barapeli ba ’nete hore ba etse liqeto ka tsela eo tabeng ea mali. Molimo o ile a fana ka tataiso ea motheo tabeng ea ho hlaba liphoofolo tse hloekileng le ea ho li fophisa mali, empa ha aa ka a fana ka makolopetso a eketsehileng.—Johanne 8:32.

      16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea ho amohela ente ea karoloana ea motsoako oa mali?

      16 Joalokaha ho boletsoe serapeng sa 11 le sa 12, Lipaki Tsa Jehova ha li amohele tšelo ea mali a feletseng kapa ea metsoako ea ’ona e mene e meholo—lero la mali, lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, le li-platelet. Ho thoe’ng ka ho sebelisa likaroloana tse nyenyane tse ntšitsoeng metsoakong e meholo ea mali, tse kang li-serum tse nang le lithibela-mafu bakeng sa ho loantša boloetse bo itseng kapa ho thibela chefo ea noha? (Bona leqephe la 30, serapa sa 4.) Ba bang ba ’nile ba nahana hore, ha e le hantle, likaroloana tseo tse nyenyane ha e sa le mali ’me kahoo ha li akarelletsoe taelong ea ‘ho ila mali.’ (Liketso 15:29; 21:25; leqepheng la 31, serapa sa 1) Boo ke boikarabelo ba bona. Ba bang matsoalo a bona a ba susumelletsa ho hana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nkiloeng maling (a phoofolo kapa a motho), esita le karoloana e nyenyane ea motsoako o le mong feela o moholo oa mali.d Ba bang bona ba ka ’na ba lumela ho amohela liente tsa protheine ea lero la mali bakeng sa ho loantša kapa ho thibela chefo ea noha, empa ba ka ’na ba hana likaroloana tse ling tse nyenyane. Ho feta moo, lihlahisoa tse ling tse nkiloeng ho o mong oa metsoako e mene e meholo ea mali li ka ’na tsa etsa mosebetsi o tšoanang hantle le oa motsoako o feletseng ’me tsa phetha karolo e etsang hore ’mele o phele, ka lebaka leo, Bakreste ba bangata ba ne ba tla li nka e le tse sa lokelang.

      17. (a) Matsoalo a rōna a ka re thusa joang ha re tobane le litaba tse mabapi le likaroloana tsa mali? (b) Ke hobane’ng ha ho etsa qeto tabeng ee e le taba e tebileng hakaale?

      17 Seo Bibele e se buang ka letsoalo sea thusa ha re etsa liqeto tse joalo. Mohato oa pele ke ho ithuta seo Lentsoe la Molimo le se buang le ho loanela ho lumellanya letsoalo la hao le sona. Seo se tla u hlomella hore u etse qeto e lumellanang le tataiso ea Molimo ho e-na le ho kōpa motho e mong hore a u etsetse eona. (Pesaleme ea 25:4, 5) Mabapi le ho amohela likaroloana tsa mali, ba bang ba ’nile ba nahana hore, ‘Ena ke taba e tlohelloang letsoalong la motho, kahoo ha e bohlokoa hakaalo.’ Ho nahana joalo ha hoa loka. Hore taba e itseng e tlohelloa letsoalong la motho ha ho bolele hore ha e bohlokoa. E ka ba taba e tebileng haholo. Lebaka le leng ke hore e ka ama batho bao matsoalo a bona a sa tšoaneng le a rōna. Re bona sena keletsong eo Pauluse a ileng a fana ka eona tabeng ea nama eo ho ka etsahalang hore ebe e ne e nyehetsoe ho setšoantšo se rapeloang ’me hamorao ea rekisoa ’marakeng. Mokreste o lokela ho ameha ka hore a se ke a ‘ntša matsoalo a ba fokolang kotsi.’ Haeba a khopisa ba bang, a ka ‘lematsa mor’abo eo ka lebaka la hae Kreste a ileng a shoa’ eaba o siteloa Kreste. Kahoo, le hoja litaba tse mabapi le likaroloana tse nyenyane tsa mali e le qeto ea motho ka mong, liqeto tseo li lokela ho nkoa ka botebo haholo.—1 Bakorinthe 8:8, 11-13; 10:25-31.

      18. Mokreste a ka etsa joang hore a se ke a bolaea letsoalo la hae ha a etsa liqeto tabeng ea mali?

      18 Ho na le ntlha e ’ngoe e hatisang botebo ba liqeto tse mabapi le mali. Ke phello ea kamoo liqeto tse joalo li ka ’nang tsa u ama kateng. Haeba ho amohela karoloana e nyenyane ea mali ho tla khathatsa letsoalo la hao le koetlisitsoeng ka Bibele, ha ua lokela ho le hlokomoloha. Hape ha ua lokela ho hlokomoloha letsoalo la hao hobane feela motho e mong a re ho uena, “Ha ho phoso ho amohela karoloana ea mali; ba bangata ba ’nile ba e amohela.” Hopola hore batho ba limilione kajeno ba hlokomoloha matsoalo a bona, ’me aa shoa, a ba etsa hore ba bue leshano le ho etsa lintho tse ling tse sa lokang ba sa soabe. Ka sebele Bakreste ba batla ho qoba mokhoa o joalo.—2 Samuele 24:10; 1 Timothea 4:1, 2.

      19. Ke eng seo re lokelang ho se hopola kamehla ha re etsa qeto litabeng tse amang mali?

      19 Hoo e ka bang qetellong, karabo e hatisitsoeng hape leqepheng la 29-30 e re: “Na ’nete ea hore maikutlo le liqeto tse etsoang ka hloko li ka ’na tsa fapana e bolela hore taba ee hase ea bohlokoa? Che. E tebile.” E tebile haholo hobane e ama kamano ea hao le “Molimo ea phelang.” Kamano eo ke eona feela e ka isang bophelong bo sa feleng, motheong oa matla a pholosang a mali a Jesu a tšolotsoeng. E-ba le tlhompho e tebileng bakeng sa mali ka lebaka la seo Molimo a se etsang ka ’ona—e leng ho boloka bophelo. Ka nepo Pauluse o ile a ngola a re: “Le ne le se na tšepo ’me le ne le se na Molimo lefatšeng. Empa joale bonngoeng le Kreste Jesu lōna bao le kileng la ba hōle le se le le haufi ka mali a Kreste.”—Baefese 2:12, 13.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela