Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Nyonya “Lintho Tse Tebileng Tsa Satane”
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 15. (a) Jesu o ile a re’ng ho ba neng ba e-s’o senngoe ke Jezebele? (b) Ke eng se bontšang hore morao koana ka 1918 hase bohle ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba neng ba silafalitsoe ke Bokreste-’mōtoana ba bokoenehi?

      15 Mantsoe a hlahlamang a Jesu aa tšelisa: “Leha ho le joalo, ke re ho ba bang kaofela ba lōna ba leng Thyatire, bohle ba se nang thuto ena, ba sa kang ba tseba ‘lintho tse tebileng tsa Satane,’ kamoo ba bolelang kateng: Ha ke behe holim’a lōna moroalo leha e le ofe o mong. Leha ho le joalo, le tšoare ka tieo seo le nang le sona ho fihlela ke tla.” (Tšenolo 2:24, 25) Ho na le meea e tšepahalang Thyatire e sa kang ea susumetsoa ke Jezebele. Ka ho tšoanang, nakong ea lilemo tse 40 pele ho 1918 le ho tloha nakong eo, hase bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba ileng ba lumella litsela tsa boitšoaro bo bobe, tse silafetseng tse atileng haholo Bokreste-’mōtoaneng. Sehlotšoana sa Liithuti Tsa Bibele, seo hona joale se tsebahalang e le Lipaki Tsa Jehova, se lekileng ho thusa litho tsa likereke hore li bone hore na lithuto tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana tseo e seng tsa Bokreste li qalile hokae, se nkile bohato ba ho lahla litumelo tsohle tsa Babylona le mekhoa ea eona e keneng ka Bokreste-’mōtoana bo koenehileng. Sena se akarelletsa thuto e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea “mosali eane Jezebele.”

      16. Le hoja Jesu le sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo ba sa ka ba ba ekeletsa moroalo o mong, ke lintho life tse tlamehang ho qojoa?

      16 Sehlopha sa Johanne kajeno le sona se khothalelitse metsoalle ea sona, e leng bongata bo boholo, hore e hlokomele litšusumetso tsa boitšoaro bo bobe, tse kang tse fumanehang boithabisong ba lefatše bo litšila. Ha ho hlokahale hore u bone ntho e mpe kapa u e etse ka lebaka la bohelehele kapa e le hore u tle u tsebe seo u lokelang ho se qoba. Ke bohlale hore u lulelle hōle le “lintho tse tebileng tsa Satane.” Joalokaha Jesu a bolela: “Ha ke behe holim’a lōna moroalo leha e le ofe o mong.” Sena se re hopotsa molao-taelo oa sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo o reng: “Moea o halalelang le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola. Haeba le phema lintho tsena, le tla atleha.” (Liketso 15:28, 29) Hore u atlehe moeeng, qoba bolumeli ba bohata, ho sebelisa mali hampe (joaloka tšelong ea mali) le boitšoaro bo bobe! Mohlomong bophelo ba hao ba ’mele le bona bo tla sireletseha.

      17. (a) Satane o lekile batho joang ka “lintho tse tebileng” kajeno? (b) Re lokela ho ba le boikutlo bofe ka “lintho tse tebileng” tsa lefatše la Satane le tsoetseng pele?

      17 Satane o na le ‘lintho tse ling tse tebileng’ kajeno, tse kang likhopolo-taba le lifilosofi tse rarahaneng tse khahlang batho ba bohlale. Ho phaella mehopolong e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ea boitšoaro bo bobe, li akarelletsa ho sebelisana le meea le khopolo ea ho iphetola ha lintho. ’Mōpi ea nang le bohlale bohle o nka ‘lintho tsee tse tebileng’ joang? Moapostola Pauluse o qotsa mantsoe a hae ha a re: “Ke tla timetsa bohlale ba banna ba bohlale.” Ho fapana le moo, “lintho tse tebileng tsa Molimo” li bonolo, li hlakile ebile lia khothatsa. Bakreste ba bohlale ba qoba “lintho tse tebileng” tsa lefatše la Satane le tsoetseng pele. Hopola, “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Bakorinthe 1:19; 2:10; 1 Johanne 2:17.

      18. Ke mahlohonolo afe ao Jesu a ileng a a tšepisa Bakreste ba tlotsitsoeng ba lulang ba tšepahala ho fihlela bofelong, ’me baa ba tsositsoeng ba tla ba le tlotla efe ka Armagedone?

      18 Joale Jesu o bua mantsoe a khothatsang Bakreste ba Thyatire. Mantsoe ao a boetse a khothatsa Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno: “Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.” (Tšenolo 2:26, 27) Ka sebele ke tlotla e babatsehang hakaakang! Matla ana ao bahlōli ba tlotsitsoeng ba a fumanang ha ba tsoha bafung ke a ho kopanela le Jesu ha a tsoka “molamu oa tšepe” o tla timetsa lichaba tsa marabele ka Armagedone. Sohle seo libetsa tsa nyutlelie tsa lichaba tseo li tla khona ho se etsa ha li qhoma e tla ba molumo o kang oa lithutsoana tsa mollo tse metsi ha Kreste a thumakanya lira tsa hae likoto joalokaha eka o thumakanya lipitsa tsa letsopa.—Pesaleme ea 2:8, 9; Tšenolo 16:14, 16; 19:11-13, 15.

      19. (a) “Naleli ea hoseng” ke mang, ’me o tla fuoa ba hlōlang joang? (b) Ke khothatso efe e fuoang bongata bo boholo?

      19 Jesu o phaella ka ho re: “’Me ke tla mo fa naleli ea hoseng.” (Tšenolo 2:28) Hamorao Jesu ka boeena oa hlalosa hore na “naleli” ena ke eng, ha a re: “Ke ’na motso le ngoana oa Davida, le naleli e khanyang ea hoseng.” (Tšenolo 22:16) E, ke Jesu ea phethahatsang boprofeta boo Jehova a ileng a qobella Balame hore a bo bue le hoja a ne a sa rate: “Ka sebele naleli e tla tsoa ho Jakobo, ’me ruri lere la borena le tla hlaha ho Iseraele.” (Numere 24:17) Jesu o tla fa ba hlōlang “naleli ea hoseng” joang? Ka ho totobetseng, ka ho itella bona, ka ho ba nkela kamanong e haufi-ufi haholo le eena. (Johanne 14:2, 3) Ka sebele lena ke lebaka le matla le ba susumelletsang ho mamella! Hape ke ho susumetsang ho bongata bo boholo ho tseba hore “naleli e khanyang ea hoseng” e tla tloha e sebelisa matla a eona a ’Muso ho tsosolosa Paradeise mona lefatšeng!

      Lula U Tšepahala

      20. Ke lintho life tse etsahetseng Bokreste-’mōtoaneng tse re hopotsang mefokolo e meng ea phutheho ea Thyatire?

      20 E tlameha ebe molaetsa ona o ile oa khothatsa Bakreste ba Thyatire haholo. Nahana feela—Mora oa Molimo ea tlotlisitsoeng leholimong o ne a buile ka seqo le Bakreste ba Thyatire ka a mang a mathata a bona! Ha ho pelaelo hore bonyane ba bang ka phuthehong eo ba ile ba ananela bolisa bo joalo bo lerato. Molaetsa ona o molelele ho feta e meng kaofela ho e supileng o boetse o re thusa ho khetholla phutheho ea ’nete ea Bokreste kajeno. Ka 1918 ha Jesu a tla tempeleng ea Jehova a tl’o ahlola, karolo e khōlō ea mekhatlo e ipolelang hore ke ea Bokreste e ne e silafalitsoe ke borapeli ba litšoantšo le bofebe ba moea. (Jakobo 4:4) E meng e ne e thehile litumelo tsa eona lithutong tsa basali ba nang le tšusumetso e matla ba lilemong tsa bo-1800, ba kang Ellen White oa Kereke ea Sabatha le Mary Baker Eddy oa Christian Scientists, ’me morao tjena basali ba bangata ba ’nile ba ruta ba le sefalaneng. (Bapisa le 1 Timothea 2:11, 12.) Har’a mefuta e sa tšoaneng ea Bok’hatholike, hangata Maria o hlomphuoa ho feta Molimo le Kreste. Jesu ha aa ka a mo hlompha joalo. (Johanne 2:4; 19:26) Na ka sebele mekhatlo e lumellang tšusumetso e joalo ea bosali eo e seng ea molao e ka amoheloa e le ea Bokreste?

      21. Ke lithuto life tseo batho ka bomong ba ka li fumanang molaetseng oa Jesu o eang Thyatire?

      21 Bakreste ka bomong, ebang ke ba sehlopha sa Johanne kapa ba linku tse ling, ba lokela ho nahana ka molaetsa ona. (Johanne 10:16) Ba bang ba ka ’na ba iphumana ba le tekong ea hore ba latele tsela e bonolo, joalokaha barutuoa ba Jezebele ba Thyatire ba ile ba etsa joalo. Ho boetse ho na le teko ea ho sekisetsa. Kajeno, ho lokela ho tobanoe le litaba tse kang tsa ho ja lijo tse nang le mali kapa ho amohela tšelo ea mali. Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho cheseha tšebeletsong ea tšimo kapa ho fana ka lipuo ho ba lumella hore ba se ke ba tiisa libakeng tse ling, tse kang ho shebella libaesekopo le livideo tse bontšang pefo le tse bontšang boitšoaro bo bobe, kapa ho noa joala ho tlōla. Temoso ea Jesu ho Bakreste ba Thyatire e re bolella hore ha rea lokela ho nka monyetla. Jehova o batla hore re hloeke, re mo sebeletse ka moea oohle, re se ke ra arohana, joalokaha Bakreste ba bangata ba Thyatire ba ne ba arohane.

      22. Jesu o hatisa bohlokoa ba ho ba le tsebe e utloang joang?

      22 Ha Jesu a qetella, o re: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.” (Tšenolo 2:29) Mona Jesu o pheta polelo ena e susumetsang ka lekhetlo la bone, ’me e tla phetoa qetellong ea melaetsa eohle e meraro e tla latela. Na u na le tsebe eo e mamelang? Joale u ’ne u mamele ka hloko ha Molimo, ka moea oa hae, a tsoela pele ho fana ka keletso ka mocha oa hae.

  • Na Lebitso la Hao le Teng Bukeng ea Bophelo?
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 1. Boemo ba moea ba phutheho e Sarda ke bofe, ’me Jesu o qala molaetsa oa hae joang?

      LIK’HILOMITHARA tse ka bang 48 ka boroa ho Akhisar ea kajeno (Thyatire) ke moo phutheho e latelang e amohelang molaetsa o tsoang ho Jesu ea tlotlisitsoeng e neng e le hona teng: Sarda. Lilemong tsa bo-500 pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng, motse ona e ne e le motse-moholo o ikhohomosang oa ’muso oa boholo-holo oa Lydia hape e ne e le moo Morena Croesus ea neng a ruile haholo a neng a lula teng. Mehleng ea Johanne, motse ona o se o hula ka thata, ’me botle boo o neng o e-na le bona pele tlas’a puso ea Croesus e se e le pale feela. Ka ho tšoanang, phutheho ea Bokreste mona e futsanehile moeeng. Ka lekhetlo la pele, Jesu ha a qale molaetsa oa hae ka mantsoe a pabatso. Ho e-na le hoo, o re: “Ngolla lengeloi la phutheho e Sarda u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea nang le meea e supileng ea Molimo le linaleli tse supileng, ‘Ke tseba liketso tsa hao, hore u na le lebitso la hore ua phela, empa u shoele.’”—Tšenolo 3:1.

      2. (a) Ha Jesu a re o na le “meea e supileng” hoo ho bolela’ng ho Bakreste ba Sarda? (b) Phutheho eo ea Sarda e ne e e-na le botumo bofe, empa linnete e ne e le life?

      2 Ke hobane’ng ha Jesu a ikhetholla e le ea nang le “meea e supileng”? Hobane meea ena e emela moea o halalelang oa Jehova ha o phalla ka ho feletseng. Hamorao, Johanne o boetse o e hlalosa e le “mahlo a supileng,” ho bontša pono e phunyelletsang eo moea o halalelang oa Molimo o e fileng Jesu. (Tšenolo 5:6) Kahoo, o khona ho koaholla le ho sebetsana le boemo leha e le bofe bo ka ’nang ba e-ba teng. (Matheu 10:26; 1 Bakorinthe 4:5) Phutheho ea Sarda e tumme ka hore ea phela, e mafolofolo. Empa Jesu oa bona hore e shoele moeeng. Ho bonahala eka boholo ba litho tsa eona bo khutletse moeeng oa ho se tsotelle o tšoanang le boemo boo li neng li le ho bona pele e e-ba Bakreste.—Bapisa le Baefese 2:1-3; Baheberu 5:11-14.

      3. (a) Ke hobane’ng ha “lengeloi la phutheho e Sarda” le ne le lokela ho hlokomela ka ho khetheha ’nete ea hore Jesu o na le “linaleli tse supileng”? (b) Jesu o fa phutheho e Sarda keletso efe e matla?

      3 Jesu o boetse o hopotsa “lengeloi la phutheho e Sarda” hore ke Eena ea nang le “linaleli tse supileng.” O tšoere baholo bao ba phutheho ka letsohong la hae le letona, ’me o na le matla a ho ba tataisa mosebetsing oa bona oa bolisa. Ba lokela ho beha lipelo tsa bona ‘ho tsebeng ponahalo ea mohlape ka hohle-hohle.’ (Liproverbia 27:23) Kahoo, ho ne ho ka ba molemo hore ba mamele ka hloko mantsoe a latelang a Jesu, a reng: “Lebela, ’me u matlafatse lintho tse setseng tse neng li se li tla shoa, kaha ha kea fumana liketso tsa hao li entsoe ka botlalo ka pel’a Molimo oa ka. Ka hona, u tsoele pele ho hopola kamoo u amohetseng le kamoo u ileng ua utloa, ’me u tsoele pele ho ho boloka, ’me u bake. Ka sebele ntle le hore u tsohe, ke tla tla joaloka lesholu, ’me ho hang u ke ke ua tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.”—Tšenolo 3:2, 3.

      4. Mantsoe a Petrose a ne a tla thusa phutheho e Sarda joang hore e “matlafatse lintho tse setseng”?

      4 Ho hlokahala hore baholo ba Sarda ba hopole thabo eo ba neng ba e-na le eona pele ha ba ithuta ’nete le mahlohonolo ao ba ileng ba a amohela ka nako eo. Empa hona joale ba shoele mesebetsing ea moea. Lebone la bona la phutheho lea panya-panya ka lebaka la ho haelloa ke mesebetsi ea tumelo. Lilemo pele ho moo, moapostola Petrose o ile a ngolla liphutheho tse Asia (mohlomong ho akarelletsa le Sarda) hore li ananele litaba tse molemo tse khanyang tseo Bakreste ba neng ba li amohetse le tse neng li boletsoe “ka moea o halalelang o rometsoeng o tsoa leholimong”—joalokaha o emeloa ke meea e supileng e ponong ea Johanne. Petrose o ile a boela a hopotsa Bakreste bao ba Asia hore ke ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore ba ka bolela hohle makhabane a hlomphehang a ea ba bitsitseng ho ba ntša lefifing ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’ (1 Petrose 1:12, 25; 2:9) Ho thuisa ka linnete tse joalo tsa moea ho tla thusa phutheho e Sarda hore e bake ’me e “matlafatse lintho tse setseng.”—Bapisa le 2 Petrose 3:9.

      5. (a) Ho etsahetse’ng ka kananelo ea Bakreste ba Sarda? (b) Ho tla etsahala’ng haeba Bakreste ba Sarda ba sa amohele keletso ea Jesu?

      5 Hona joale kananelo ea bona le lerato leo ba ratang ’nete ka lona li tšoana le mollo o seng o batla o timme. Ke mashala a seng makae feela a ntseng a hlenne. Jesu o ba khothalletsa hore ba butsoele tlhase eo, ba fehle mollo oo, ba bake libeng tseo ba li entseng ka lebaka la ho se tsotelle, ’me e boele e be phutheho e phelang moeeng hape. (Bapisa le 2 Timothea 1:6, 7.) Ho seng joalo, ha Jesu a tla ka tšohanyetso—“joaloka lesholu”—ho tla phethahatsa kahlolo, phutheho e Sarda e tla be e sa itokisa.—Matheu 24:43, 44.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela