-
Khanya e Tsotehang ea Terone ea Leholimo ea JehovaTšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
23. Taba ea hore libōpuoa tse phelang tse ’nè li “tletse mahlo” e tšoantšetsa eng, ’me ke eng se hatisoang ke hore li na le lipara tse tharo tsa mapheo?
23 Johanne o tsoela pele ka tlhaloso ea hae: “Ha e le libōpuoa tse phelang tse ’nè, se seng le se seng sa tsona se na le mapheo a tšeletseng; ho li pota-pota le ka tlaase li tletse mahlo. Bosiu le motšehare ha li phomole ha li ntse li re: ‘Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng le ea tlang.’” (Tšenolo 4:8) Ho tlala mahlo hona ho fana ka maikutlo a pono e feletseng le e bonang hōle. Libōpuoa tse phelang tse ’nè li e sebelisa li sa khaotse, kaha ha ho hlokahale hore li robale. Li etsisa Eo ho ngoliloeng tjena ka eena: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Kaha li na le mahlo a mangata hakaalo, likerubime li ka bona hohle. Ha ho letho le li sirelang. Kahoo li hlomeletsoe hantle bakeng sa ho sebeletsa Molimo mosebetsing oa hae oa ho ahlola. Ho boleloa tjena mabapi le eena: “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” (Liproverbia 15:3) Kaha li na le lipara tse tharo tsa mapheo—’me ka Bibeleng palo tharo e sebelisoa ho hatisa—likerubime li ka tsamaea ka lebelo le kang la lehalima ha li phatlalatsa likahlolo tsa Jehova le ha li li phethahatsa.
24. Likerubime li rorisa Jehova joang, ’me see se bolela eng?
24 Mamela! Pina ea thoriso eo likerubime li e binelang Jehova ke pina e monate e susumetsang maikutlo, e reng: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng le ea tlang.” Hape, boraro bo bontša matla. Likerubime li tiisa khalalelo ea Jehova Molimo ka matla. Ke Mohloli oa khalalelo ebile ke eena ea phahameng ka ho fetisisa Eo ho ka Lekanngoang khalalelo ka eena. Hape ke “Morena oa bosafeleng,” kamehla ke “Alfa le Omega, oa pele le oa ho qetela, qalo le qetello.” (1 Timothea 1:17; Tšenolo 22:13) Likerubime ha li phomole ha li phatlalatsa ka pel’a pōpo eohle litšobotsi tsa Jehova tseo ho seng tse ka lekanngoang le tsona.
25. Libōpuoa tse phelang le baholo ba 24 ba kopane joang ho rorisa Jehova?
25 Leholimo la maholimo le tletse molumo oa lithoriso tsa Jehova! Tlhaloso ea Johanne e tsoela pele e re: “Neng kapa neng ha libōpuoa tse phelang li fana ka thoriso le tlhompho le liteboho ho Ea lutseng teroneng, Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, baholo ba mashome a mabeli a metso e mene ba itihela fatše ka pel’a Ea lutseng teroneng ’me ba rapela Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, ’me ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a terone, ba re: ‘Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.’” (Tšenolo 4:9-11) Mangolong ’ohle, ena ke e ’ngoe ea liphatlalatso tse khōlōhali tsa tlhompho e isoang ho Jehova, Molimo oa rōna le ’Musi Morena oa rōna!
26. Ke hobane’ng ha baholo ba 24 ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a Jehova?
26 Baholo ba 24 ba na le boikutlo ba kelello bo tšoanang le boo Jesu a ileng a bo bontša, ba bile ba lahlela meqhaka ea bona ka pel’a Jehova. Ha ba nahane le hanyenyane feela ho iphahamisa moo Molimo a leng teng. Ka boikokobetso baa hlokomela hore morero feela oa borena ba bona ke ho tlisa tlotla le khanya ho eena, feela joalokaha Jesu a etsa kamehla. (Bafilipi 2:5, 6, 9-11) Ka ho ipeha tlaase, baa lumela hore boemo ba bona bo tlaasana ’me ba bolela hore bobusi ba bona bo itšetlehile ka bobusi ba Jehova. Kahoo, ba lumellana ka pelo eohle le likerubime le pōpo eohle e tšepahalang mabapi le ho rorisa le ho tlotlisa Molimo ea bōpileng lintho tsohle.—Pesaleme ea 150:1-6.
27, 28. (a) Tlhaloso ea Johanne ea pono ee e lokela ho re ama joang? (b) Ke lipotso life tse hlahang mabapi le se latelang seo Johanne a se bonang le seo a se utloang?
27 Ke mang ea ke keng a ameha maikutlo ha a bala tlaleho ea Johanne ea pono ee? Ke pono e khanyang ka mokhoa o tsotehang le e botle bo tsotehang hakaakang! Empa e tlameha ebe ho bona ketsahalo eo ka ho toba ho joang? Boholo ba Jehova bo tlameha ho susumelletsa e mong le e mong ea nang le pelo e tletseng kananelo hore a ikopanye le libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba 24 ho Mo rorisa, ka thapelo le ka ho bolela lebitso la Hae phatlalatsa. Enoa ke Molimo eo Bakreste ba filoeng tlotla ea ho ba lipaki tsa hae kajeno. (Esaia 43:10) Hopola hore pono ea Johanne e sebetsa letsatsing la Morena, leo re phelang ho lona kajeno. “Meea e supileng” e teng kamehla ho re tataisa le ho re matlafatsa. (Bagalata 5:16-18) Lentsoe la Molimo lea fumaneha kajeno ho re thusa hore re halalele ha re sebeletsa Molimo ea halalelang. (1 Petrose 1:14-16) Ka sebele, re thabile hore ebe re balla holimo mantsoe a boprofeta bona. (Tšenolo 1:3) A re susumetsa hakaakang hore re tšepahale ho Jehova le hore re se ke ra lumella lefatše hore le re sitise ho bina lithoriso tsa hae ka mafolofolo!—1 Johanne 2:15-17.
28 Ho tla fihlela joale, Johanne o hlalositse seo a se bonang ha a memeloa hore a atamele monyako o butsoeng leholimong. Ka tsela e ikhethang ka ho fetisisa, o tlaleha hore Jehova, ka khanya eohle e tsotehang ea boholo ba Hae le seriti sa Hae, o lutse teroneng ea Hae ea leholimo. O pota-potiloe ke mokhatlo o hlophisitsoeng o moholo haholo ho feta eohle—o phatsimang ka khanya ea oona le botšepehi ba oona. Lekhotla la Molimo le kopane. (Daniele 7:9, 10, 18) Ho lokisetsoa ntho e ’ngoe e sa tloaelehang e tla etsahala. Ke eng, hona e re ama joang kajeno? A re shebelleng ha pono e senoleha!
-
-
“Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
1. Joale ho etsahala eng ponong ea Johanne?
E PHAHAME! EA HLOLLA! Ena ke pono e susumetsang ea terone ea Jehova har’a mabone a mollo, likerubime, baholo ba 24 le leoatle le kang khalase. Empa Johanne, u boetse u bona eng? Johanne o tsepamisa mahlo bohareng ba pono ena ea leholimo, ’me o re bolella sena: “Ka letsohong le letona la Ea lutseng teroneng ka bona moqolo o ngotsoeng ka hare le ka ntle, o tiisitsoeng ka thata ka litiiso tse supileng. Ka bona lengeloi le matla le phatlalatsa ka lentsoe le phahameng: ‘Ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo le ho lokolla litiiso tsa oona?’ Empa leha e le leholimong kapa lefatšeng kapa ka tlaase ho lefatše ho ne ho se le ea mong ea khonang ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona. Ka lla haholo ka lebaka la hore ho ne ho se ea fumanoeng a tšoaneleha ho bula moqolo kapa ho sheba ka hare ho oona.”—Tšenolo 5:1-4.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Johanne a labalabela hore ho fumanoe motho ea tla bula moqolo, empa na ho bonahala see se tla etsahala? (b) Batho ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ’nile ba letela eng ka tabatabelo e khōlō mehleng ea rōna?
2 Jehova ka boeena, ’Musi Morena oa pōpo eohle, ke eena ea tšoereng moqolo oo. E tlameha ebe o tletse boitsebiso ba bohlokoa, hobane o ngotsoe ka ntle le ka hare. Le rōna re thahasella ho tseba haholoanyane ka moqolo ona. O tšoere eng? Re hopola ha Jehova a mema Johanne a re: “Nyolohela mona, ’me ke tla u bontša lintho tse tla etsahala.” (Tšenolo 4:1) Ka tjantjello e khōlō re lebeletse ho tseba lintho tseo. Empa jo! moqolo o koetsoe ka thata, o tiisitsoe ka litiiso tse supileng.
3 Na lengeloi le matla le tla fumana ea tšoanelehang ho bula moqolo oo? Ho latela Kingdom Interlinear, moqolo oo o “holim’a letsoho le letona” la Jehova. Hona ho fana ka maikutlo a hore o seatleng sa hae se bulehileng. Empa ho bonahala ho se ea tšoanelehang leholimong kapa lefatšeng ho amohela le ho bula moqolo oo. Le ka tlaase ho lefatše, har’a bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba shoeleng, ha ho ea tšoaneloang ke tlotla ena e phahameng. Hase feela Johanne a bonahalang a hloname! Mohlomong joale a ke ke a tseba “lintho tse tla etsahala.” Le mehleng ea rōna, batho ba Molimo ba tlotsitsoeng ba ’nile ba leta ka tabatabelo e khōlō ba emetse hore Jehova a romele leseli la hae le ’nete ea hae mabapi le Tšenolo. Hona o ne a tla ho etsa butle-butle ka nako e behiloeng ea hore boprofeta bo phethahale, e le hore a ka lebisa batho ba hae tseleng ea ‘poloko e khōlō.’—Pesaleme ea 43:3, 5.
Ea Tšoanelehang
4. (a) Ke mang eo ho fumanoang hore oa tšoaneleha ho bula moqolo le litiiso tsa oona? (b) Sehlopha sa Johanne le metsoalle ea sona ba kopanela moputsong ofe le tlotleng efe hona joale?
4 E, ho hlile ho na le ea ka bulang moqolo oo! Johanne o re: “Empa e mong oa baholo o re ho ’na: ‘Khaotsa ho lla. Bona! Tau ea moloko oa Juda, motso oa Davida, e hlōtse e le hore e bule moqolo le litiiso tsa oona tse supileng.’” (Tšenolo 5:5) Kahoo, Johanne, hlakola meokho eo! Kajeno sehlopha sa Johanne le metsoalle ea sona e tšepahalang le bona ba ’nile ba mamella liteko tse tšabehang ka mashome a lilemo ha ba letetse ka mamello hore ba behoe leseling. Joale re na le moputso o re tšelisang hakaakang oa ho utloisisa pono eo, ’me ke tlotla e kaakang ho kopanela phethahatsong ea eona ka ho phatlalatsa molaetsa oa eona ho ba bang!
5. (a) Ho ile ha boleloa boprofeta bofe mabapi le Juda, ’me litloholo tsa Juda li ile tsa busa hokae? (b) Shilo ke mang?
5 E, “Tau ea moloko oa Juda”! Johanne o tseba boprofeta boo Jakobo, moholo-holo oa moloko oa Bajuda, a ileng a bo bolela mabapi le mora oa hae oa bone, Juda, ha a re: “Juda ke lelinyane la tau. Mora oa ka, ka sebele u tla nyoloha phofung. O iname, o ikotlolotse joaloka tau, ke mang ea ka itetang sefuba ho mo tsosa? Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla; ’me lichaba li tla mo mamela.” (Genese 49:9, 10) Lesika la borena la sechaba sa Molimo le ne le hlaha ho Juda. Ho qala ka Davida, marena ’ohle a busitseng Jerusalema ho fihlela Bababylona ba timetsa motse oo e ne e le litloholo tsa Juda. Empa ha ho le ea mong ho ’ona eo e neng e le Shilo ea profetiloeng ke Jakobo. Shilo e bolela “Eo [Tokelo] e Leng ea Hae.” Boprofeteng, lebitso lena le ne le supa Jesu, eo hona joale ’Muso oa Davida e leng oa hae ka ho sa feleng.—Ezekiele 21:25-27; Luka 1:32, 33; Tšenolo 19:16.
6. Jesu e ne e le “lekala” la Jese hape e le ‘motso oa Davida’ ka tsela efe?
6 Ka potlako Johanne o hlokomela eo e leng “motso oa Davida.” Boprofeta bo bitsa Mesia ea tšepisitsoeng “lekala kutung ea Jese [ntate oa Morena Davida] . . . lehlōmela” le “motso oa Jese o tla ema e le pontšo bakeng sa lichaba.” (Esaia 11:1, 10) Jesu e ne e le lekala la Jese, kaha o hlahile lesikeng la borena la Davida, mora oa Jese. Ho feta moo, e le motso oa Jese, ke Eena ea ileng a etsa hore lesika la borena la Davida le boele le hlōmele, a le phelisa le ho le hlokomela ka ho sa feleng.—2 Samuele 7:16.
7. Ke eng e etsang hore Jesu e be eena ea tšoanelehang ho nka moqolo letsohong la Ea lutseng teroneng?
7 Jesu ke eena eo ka ho khetheha a ileng a sebeletsa Jehova ka botšepehi le tlas’a liteko tse sehlōhō, e le motho ea phethahetseng. O ile a fana ka karabo e feletseng phephetsong ea Satane. (Liproverbia 27:11) Kahoo, o ne a ka bua ka tsela eo a buileng ka eona bosiung ba pele ho lefu la hae la sehlabelo, a re, “Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a fa Jesu ea tsositsoeng “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” Ho bahlanka bohle ba Molimo ke eena a le mong ea tšoanelehang ho amohela moqolo, e le hore a tsebahatse molaetsa oa oona oa bohlokoa.—Matheu 28:18.
8. (a) Mabapi le ’Muso, ke eng e bontšang hore Jesu oa tšoaneleha? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse hore e mong oa baholo ba 24 a senolele Johanne hore na ke mang ea tšoanelehang ho bula moqolo?
8 Ka sebele ho loketse hore Jesu a bule moqolo. Ho tloha ka 1914 o behiloe teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa Bomesia, ’me moqolo oo o senola lintho tse ngata ka ’Muso oo le seo o tla se etsa. Ka botšepehi Jesu o ile a pakela ’nete ea ’Muso ha a le mona lefatšeng. (Johanne 18:36, 37) O ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle hore ’Muso oo o tle. (Matheu 6:9, 10) O ile a qala mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso qalong ea mehla ea Bokreste a ba a profeta hore mosebetsi oo oa ho bolela o ne o tla fihla tlhōrōng nakong ea bofelo. (Matheu 4:23; Mareka 13:10) Ka ho tšoanang, ho loketse hore e mong oa baholo ba 24 a senolele Johanne hore Jesu ke eena ea tla bula litiiso. Hobane’ng? Hobane baholo bana ba lutse literoneng ’me ba roetse meqhaka, kaha ke majalefa le Kreste ’Musong oa hae.—Baroma 8:17; Tšenolo 4:4.
-