-
“Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
20. Ke pina efe ea thoriso eo joale e bineloang Konyana?
20 Ba bang lekhotleng le leholo la leholimo la mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ba etsa joang ha ba utloa pina ee e ncha? Johanne oa hlolloa ha a bona ba e lumela ho tloha botebong ba pelo: “Ka talima, ’me ka utloa lentsoe la mangeloi a mangata ho pota terone le libōpuoa tse phelang le baholo, ’me palo ea ’ona e ne e le limiriade tsa limiriade le likete tsa likete, a re ka lentsoe le phahameng: ‘Konyana e ileng ea hlajoa e tšoaneleha ho amohela bonatla le maruo le bohlale le matla le tlhompho le khanya le poko.’” (Tšenolo 5:11, 12) Ke pina e khahlehang hakaakang ea thoriso!
21. Na ho rorisa Konyana ho theola ho hong bobusing ba Jehova kapa boemong ba hae? Hlalosa.
21 Na joale hoo ho bolela hore Jesu o nketse Jehova Molimo sebaka le hore pōpo eohle e se e rorisa eena eseng Ntate oa hae? Le hanyenyane! Ho e-na le hoo, pina ena ea thoriso e lumellana le seo moapostola Pauluse a se ngotseng ha a re: “Molimo le eena o ile a mo [Jesu] phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.” (Bafilipi 2:9-11) Mona Jesu o tlotlisoa ka lebaka la karolo eo a ileng a e phetha tabeng ea ho lokisa tseko ea bohlokoa ka pel’a pōpo eohle—e leng tseko ea ho tlosa qoso bobusing bo loketseng ba Jehova. Ka sebele, hona ho tliselitse Ntate oa hae khanya e khōlō hakaakang!
Pina e Ntseng e Phahama
22. Mantsoe a tsoang sebakeng sa lefatšeng a lumela pina efe?
22 Ponong e hlalositsoeng ke Johanne, makhotla a leholimo a binela Jesu lipina tse monate tsa thoriso ka ho ela hloko botšepehi ba hae le matla a hae a leholimo. Pina ena e lumeloa ke mantsoe a hlahang sebakeng sa lefatšeng kaha bana le bona ba kopanela ho roriseng Ntate le Mora. Feela joalokaha batsoali ba ka rorisoa haholo ka lebaka la lintho tse finyeletsoeng ke mora oa bona, le botšepehi ba Jesu bo etsa hore pōpo eohle e ‘rorise Molimo Ntate.’ Kahoo, Johanne o tsoela pele ho tlaleha tjena: “Ka utloa sebōpuoa se seng le se seng se leholimong le lefatšeng le ka tlaase ho lefatše le leoatleng, le lintho tsohle tse ho tsona, se re: ‘Ho Ea lutseng teroneng le ho Konyana e be poko le tlhompho le khanya le bonatla ka ho sa feleng le kamehla.’”—Tšenolo 5:13.
23, 24. (a) Ke eng se bontšang hore na pina e ne e tla qala neng leholimong, ’me e qale neng lefatšeng? (b) Ha lilemo li ntse li feta molumo oa pina eo o phahama joang?
23 Pina ee e babatsehang haholo e qalile ho binoa neng? E qalile mathoasong a letsatsi la Morena. Ka mor’a hore Satane le bademona ba hae ba lelekoe maholimong, “sebōpuoa se seng le se seng se leholimong” se ne se ka kopanela pineng ena ea thoriso. ’Me, joalokaha tlaleho e bontša, ho tloha ka 1919 matšoele a ntseng a eketseha lefatšeng a ile a kopanya mantsoe a ’ona ho roriseng Jehova, a eketseha ho tloha ho ba likete tse fokolang ho ea ho ba fetang limilione tse tšeletseng ka 2005.a Ka mor’a hore tsamaiso ea Satane ea lefatšeng e timetsoe, “sebōpuoa se seng le se seng se . . . lefatšeng” se tla bina lithoriso tsa Jehova le tsa Mora oa hae. Ka nako ea Jehova e loketseng, tsoho ea bafu ba limilione tse se nang palo e tla qala, ebe joale “sebōpuoa se seng le se seng se . . . ka tlaase ho lefatše” se leng mohopolong oa Molimo se ba le monyetla oa ho kopanela ho bineng pina eo.
24 Le hona joale, batho ba limilione ba tlohang ‘pheletsong ea lefatše, leoatleng, le lihlekehlekeng,’ ba se ba ntse ba bina pina e ncha ba ikopantse le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka bophara. (Esaia 42:10; Pesaleme ea 150:1-6) Thoriso ena e thabisang e tla fihla tlhōrōng qetellong ea Lilemo Tse Sekete, ha batho ba se ba phahamisitsoe hore e be ba phethahetseng. Ka mor’a moo, noha eane ea khale, mothetsi e moholo, Satane ka boeena, e tla timetsoa ho phethahatsa Genese 3:15 ka ho feletseng, ’me tlhōrōng ea tlhōlo, pōpo eohle e phelang, libōpuoa tsa moea le tsa nama, e tla bina e kopane e re: “Ho ea lutseng teroneng le ho Konyana e be poko le tlhompho le khanya le bonatla ka ho sa feleng le kamehla.” Ho ke ke ha e-ba le lentsoe le tlailang bokahohleng kaofela.
25. (a) Ho bala tlaleho ea Johanne ea pina ea bokahohle ho re susumelletsa hore re etse’ng? (b) Libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo ba 24 ba re behela mohlala ofe o motle ha pono e felella?
25 Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang! Ka sebele, seo Johanne a se hlalosang mona se etsa hore lipelo tsa rōna li tlale thabo ’me se re susumelletsa hore re ikopanye le makhotla a leholimong ha a binela Jehova Molimo le Jesu Kreste lithoriso tse tlohang botebong ba pelo. Na ha rea ikemisetsa haholoanyane ho feta leha e le neng pele ho mamella mesebetsing e lokileng? Haeba re etsa joalo, re ka lebella hore ka thuso ea Jehova, re tla ba teng re le batho ka bomong tlhōrōng e thabisang, re eketse mantsoe a rōna sehlopheng seo se binang pina ea bokahohle ea thoriso. Ka sebele, libōpuoa tse phelang tse ’nè, e leng likerubime, hammoho le Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsositsoeng ba lumellana ka botlalo, hobane pono eo e fella ka mantsoe ana: “Libōpuoa tse phelang tse ’nè tsa qala ho re: ‘Amen!’ ’me baholo ba itihela fatše ba rapela.”—Tšenolo 5:14.
26. Re lokela ho bontša tumelo ho eng, ’me Konyana e itokisetsa ho etsa eng?
26 ’Mali ea ratehang, e se eka u ka bontša tumelo sehlabelong sa Konyana—‘ea tšoanelehang’—’me ua hlohonolofatsoa ha ka boikokobetso u etsa boiteko ba ho rapela le ho sebeletsa Jehova—“Ea lutseng teroneng.” Lumella sehlopha sa Johanne hore se u thuse kajeno ha se fana ka “tekanyo . . . ea lijo [tsa moea] ka nako e tšoanetseng.” (Luka 12:42) Empa bona! Konyana e itokisetsa ho bula litiiso tse supileng. Ebe joale re tla senoleloa lintho life tse thabisang?
-
-
Bapalami ba Bane ba Lipere Baa Khemisa!Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
1. Jehova o senolela Johanne lintho tse ka moqolong o hlollang oo Jesu a o bulang joang?
MEHLENG ena e mahlonoko, na ha re thahaselle ka matla ho tseba “lintho tse tla etsahala haufinyane”? Ka sebele re thahasella ho li tseba hobane rōna ka borōna rea ameha! Kahoo, joale a re shebelleng hammoho le Johanne ha Jesu a tsoela pele ho bula moqolo oo o hlollang. Ka ho tsotehang, ha ho hlokahale hore Johanne a o bale. Hobane’ng? Hobane seo o se fupereng se fetisetsoa ho eena ka “lipontšo,” ka lipono tse matla tseo ho tsona ho etsahalang lintho tse thahasellisang.—Tšenolo 1:1, 10.
2. (a) Johanne o bona eng ebile o utloa eng, hona ho hlaha ha kerubime ho fana ka maikutlo afe? (b) Taelo ea kerubime ea pele e lebisitsoe ho mang, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?
2 Mamela Johanne ha Jesu a bula tiiso ea pele ea moqolo: “Ka bona ha Konyana e bula e ’ngoe ea litiiso tse supileng, ’me ka utloa se seng sa libōpuoa tse phelang tse ’nè se re ka lentsoe le kang la sealuma: ‘Tloo!’” (Tšenolo 6:1) Lena ke lentsoe la kerubime ea pele. Ponahalo ea eona e kang ea tau e ne e fa Johanne maikutlo a hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o tla nka bohato ka sebete ho phethahatsa likahlolo tsa Hae tse lokileng. Taelo eo e lebisitsoe ho mang? E ke ke eaba e lebisitsoe ho Johanne, hobane Johanne o se a memetsoe hore a kopanele liponong tsena tsa boprofeta. (Tšenolo 4:1) ‘Lentsoe leo le kang la sealuma’ le hoeletsa ba bang ba nang le seabo ketsahalong ea pele letotong la liketsahalo tse ’nè tse susumetsang.
Pere e Tšoeu le Mopalami oa Eona ea Khanyang
3. (a) Joale Johanne o hlalosa eng? (b) Tumellanong le tsela eo Bibele e tšoantšang lintho ka eona, e tlameha ebe pere e tšoeu e tšoantšetsa eng?
3 Johanne, a e-na le sehlopha sa Johanne se chesehang le metsoalle ea sona kajeno, o fuoe tlotla ea ho bona tšoantšiso e fetang ka potlako! Johanne o re: “Ka talima, ’me, bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.” (Tšenolo 6:2) E, ka mor’a hore lentsoe lane le kang sealuma le re “Tloo!” ho hlaha pere e tšoeu. Ka Bibeleng, hangata pere e tšoantšetsa ntoa. (Pesaleme ea 20:7; Liproverbia 21:31; Esaia 31:1) Pere ena eo mohlomong e leng poho e ntle, e khanya ka bosoeu bo bontšang khalalelo e sa silafatsoang. (Bapisa le Tšenolo 1:14; 4:4; 7:9; 20:11.) Hoo ke ho loketseng hakaakang, hobane e emela ntoa e hloekileng le e lokileng mahlong a halalelang a Jehova!—Bona le Tšenolo 19:11, 14.
4. Mopalami oa pere e tšoeu ke mang? Hlalosa.
4 Mopalami oa pere ee ke mang? O tšoere seqha, e leng sebetsa sa ntoa se etselitsoeng ho hlasela, empa o boetse o fuoe moqhaka. Batho ba lokileng ba bonoeng ba roetse meqhaka ka letsatsi la Morena ke Jesu le sehlopha se emeloang ke baholo ba 24 feela. (Daniele 7:13, 14, 27; Luka 1:31-33; Tšenolo 4:4, 10; 14:14)a Ho ke ke ha lebelloa hore setho se le seng sa sehlopha sa baholo ba 24 se ne se ka tšoantšetsoa se amohela moqhaka ka lebaka la ho tšoaneleha ha sona ho itseng. Kahoo, e tlameha ebe monna enoa ea mong ea palameng pere ke Jesu Kreste feela. Johanne o mo bona leholimong ka nako ea bohlokoa ka ho fetisisa ka 1914 ha Jehova a re, “Ke hlomamisitse morena oa ka,” a bile a mo bolella hore ke ka morero oa “hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao.” (Pesaleme ea 2:6-8)b Kahoo, ha Jesu a bula tiiso ea pele o senola kamoo eena, e le Morena ea sa tsoa roesoa moqhaka, a potlakelang ntoeng kateng ka nako e behiloeng ke Molimo.
5. Mopesaleme o hlalosa Mopalami ka tsela e tšoanang le eo a hlalosoang ka eona ho Tšenolo 6:2 joang?
5 Pono ena e lumellana hantle le Pesaleme ea 45:4-7, e lebisitsoeng ho Morena ea behiloeng teroneng ke Jehova, e reng: “Ka bokhabane ba hao u tsoele pele ho atleha; palama molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka, letsoho la hao le letona le tla u rupela ka lintho tse tšabehang. Metsu ea hao e bohale—lichaba li ntse li oela tlas’a hao—lipelong tsa lira tsa morena. Molimo ke terone ea hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la borena la ho loka. U ratile ho loka ’me u hloile bokhopo. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane ba hao.” Kaha Johanne o ne a tseba tlhaloso eo ea boprofeta, o ne a tla utloisisa hore e amana le mosebetsi oa Jesu e le Morena.—Bapisa le Baheberu 1:1, 2, 8, 9.
-