Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Koaholla Sephiri se Halalelang
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 17. (a) Papiso ea Jesu ea koro le mofoka e ile ea profeta eng? (b) Ho ile ha etsahala eng ka 1918, ’me ha fella ka ho qheloa ha eng le ho behoa ha eng?

      17 Papisong ea hae ea koro le mofoka, Jesu o ile a profeta ka nako ea lefifi e neng e tla ba teng ha Bokreste-’mōtoana e le bona bo busang. Leha ho le joalo, ho theosa le makholo ’ohle a lilemo a bokoenehi, ho ne ho tla ba le Bakreste ka bomong ba kang koro, batlotsuoa ba ’nete. (Matheu 13:24-29, 36-43) Kahoo, ha letsatsi la Morena le qala ka October 1914, ho ne ho ntse ho e-na le Bakreste ba ’nete lefatšeng. (Tšenolo 1:10) Ho bonahala Jehova a ile a tla tempeleng ea hae ea moea ho tla ahlola lilemo tse ka bang tharo le halofo hamorao, ka 1918, a e-na le Jesu e le ‘lenģosa la hae la selekane.’ (Malakia 3:1; Matheu 13:47-50) E ne e le nako ea hore Morena a qhele Bakreste ba bohata la ho qetela le hore a behe ‘lekhoba le tšepahalang le le masene hore le okamele lintho tsohle tsa hae.’—Matheu 7:22, 23; 24:45-47.

      18. Ke ‘hora’ efe e fihlileng ka 1914, ’me e ne e le nako ea hore lekhoba le etse eng?

      18 Hape e ne e le nako ea hore lekhoba lena le ele hloko ka ho khethehileng lintho tse ngotsoeng melaetseng ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng, joalokaha re bona ho se ngotsoeng ho eona. Ka mohlala, Jesu o bua ka ho tla ha hae ho tla ahlola liphutheho, e leng kahlolo e qalileng ka 1918. (Tšenolo 2:5, 16, 22, 23; 3:3) O bua ka ho sireletsa phutheho ea Filadelfia nakong ea “hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Tšenolo 3:10, 11) ‘Hora ena ea teko’ e fihla feela ha letsatsi la Morena le qala ka 1914, ’me ka mor’a moo Bakreste ba ile ba lekoa mabapi le botšepehi ba bona ’Musong oa Molimo o hlomiloeng.—Bapisa le Matheu 24:3, 9-13.

      19. (a) Liphutheho tse supileng li tšoantšetsa eng kajeno? (b) Ke bo-mang ba ikopantseng ka bongata le Bakreste ba tlotsitsoeng, hona ke hobane’ng ha keletso ea Jesu le maemo ao a a hlalosang li boetse li sebetsa ho bona? (c) Re lokela ho talima melaetsa ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng tsa lekholong la pele la lilemo joang?

      19 Ka lebaka lena, mantsoe a Jesu a eang liphuthehong a sebelitse haholo-holo ho tloha ka 1914. Ntlheng ena, liphutheho tse supileng li tšoantšetsa liphutheho tsohle tsa Bakreste ba tlotsitsoeng letsatsing la Morena. Ho feta moo, lilemong tse 70 le ho feta tse fetileng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba tšoantšetsoa ke Johanne ba ile ba kopana le palo e khōlō ea balumeli bao tšepo ea bona e leng ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. Keletso ea Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng le maemo ao a a fumaneng ha a hlahloba liphutheho tse supileng li sebetsa ka matla a tšoanang ho bana, kaha ho na le molao o le mong feela oa ho loka le ho tšepahala ho bahlanka bohle ba Jehova. (Exoda 12:49; Bakolose 3:11) Kahoo, melaetsa ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng tsa lekholong la pele la lilemo Asia Minor hase histori feela e thahasellisang. E bolela bophelo kapa lefu ho e mong le e mong oa rōna. Joale, a re mameleng ka hloko mantsoe a Jesu.

  • Tsosolosang Lerato Leo le Neng le E-na le Lona Pele!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 1. Molaetsa oa pele oa Jesu o tobisitsoe phuthehong efe, hona o hopotsa balebeli eng?

      MOLAETSA oa pele oa Jesu o ea phuthehong ea Efese, eo ka nako eo e neng e le motse o atlehileng o lebōpong la leoatle oa Asia Minor haufi le sehlekehleke se senyenyane sa Patmose. O laela Johanne ka ho re: “Ngolla lengeloi la phutheho e Efese u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea tšoereng linaleli tse supileng ka letsohong la hae le letona, ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng.” (Tšenolo 2:1) Joaloka melaetseng e meng e tšeletseng, mona Jesu o hlokomelisa ka tšobotsi e bontšang boemo ba hae ba bolaoli. O hopotsa balebeli ba Efese hore baholo bohle ba tlhokomelong ea hae e sireletsehileng le hore o hlahloba liphutheho tsohle. Ho tla fihlela mehleng ena ea rōna, o ’nile a tsoela pele ho sebelisa bohlooho bona bo lerato, a lebetse baholo ’me ka mosa a lisa bohle ba kopanelang le phutheho. Nako le nako, o etsa litokiso tlhophisong ea phutheho e le hore leseli le ka khanya haholoanyane. E, Jesu ke eena Molisa ea ka Sehloohong oa mohlape oa Molimo.—Matheu 11:28-30; 1 Petrose 5:2-4.

      2. (a) Jesu o ile a babatsa phutheho ea Efese ka lintho life tse ntle? (b) Ke keletso efe ea moapostola Pauluse eo ho bonahalang hore baholo ba Efese ba ile ba e mamela?

      2 Joale Jesu o rala motheo bakeng sa melaetsa eohle ea hae e supileng, ka ntle ho e ’meli feela, ka ho qala ka mantsoe a mofuthu a pabatso. O fa Baefese molaetsa ona: “Ke tseba liketso tsa hao, le mosebetsi le mamello ea hao, le hore ha u mamelle batho ba babe, le hore u leka ba reng ke baapostola, empa e se bona, ’me u ile ua ba fumana e le ba leshano. Hape u bontša mamello, ’me u jere boima ka lebaka la lebitso la ka ’me ha ua khathala.” (Tšenolo 2:2, 3) Lilemo pejana, moapostola Pauluse o ne a ile a lemosa baholo ba Efese ka “liphiri tse hatellang,” e leng bakoenehi ba neng ba tšoenya mohlape, ’me o ne a boleletse baholo bao hore ‘ba lule ba falimehile,’ ba latele mohlala oa hae oa ho se khathale. (Liketso 20:29, 31) Kaha joale Jesu oa ba babatsa ka lebaka la mosebetsi oa bona le mamello le ho se khathale, e tlameha ebe ba ile ba sebelisa keletso eo.

      3. (a) “Baapostola ba bohata” ba ’nile ba batla ho thetsa ba tšepahalang joang mehleng ea rōna? (b) Petrose o ile a fana ka temoso efe ka bakoenehi?

      3 Le letsatsing la Morena, ho ’nile ha hlaha “baapostola ba bohata” ba ‘buang lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.’ (2 Bakorinthe 11:13; Liketso 20:30; Tšenolo 1:10) Ba bona malumeli ’ohle a lihlotšoana tsa bokhelohi a loantšanang a lokile, ba bolela hore Molimo ha a na mokhatlo o hlophisitsoeng, hape ba latola hore Jesu o amohetse matla a ’Muso ka 1914. Ba phethahatsa boprofeta bo ho 2 Petrose 3:3, 4 bo reng: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’”

      4. (a) Boikhohomoso le bofetoheli ba basomi li bonahala joang? (b) Kajeno Bakreste ba bontša hore ba tšoana le Baefese ka ho nka bohato bofe khahlanong le bahanyetsi ba leshano?

      4 Basomi bana ha ba batle ho bolela tumelo ea bona phatlalatsa. (Baroma 10:10) Ba batlile tšehetso ea baruti ba Bokreste-’mōtoana le thuso ea likoranta le thelevishene ho jala litlaleho tse leshano ka metsoalle ea bona ea pele. Ka potlako ba tšepahalang ba fumana hore lipuo tsa bathetsi bana le boitšoaro ba bona ha li na ’nete. Joaloka Baefese, kajeno Bakreste ‘ha ba mamelle batho ba babe,’ kahoo baa ba khaola liphuthehong tsa habo bona.a

      5. (a) Jesu o ile a re Baefese ba ne ba e-na le bofokoli bofe? (b) Ke mantsoe afe ao Baefese ba neng ba lokela ho a hopola?

      5 Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a etsa se tšoanang liphuthehong tse hlano ho tse supileng, joale o qolla bothata bo tebileng. O re ho Baefese: “Leha ho le joalo, ke na le hona khahlanong le uena, hore u tlohetse lerato leo u neng u e-na le lona pele.” (Tšenolo 2:4) Ba ne ba sa lokela ho hlōleha ntlheng ena, hobane Pauluse o ne a ile a ba ngolla lilemo tse 35 pejana, a bua ka “lerato [la Molimo] le leholo leo a ileng a re rata ka lona,” ’me o ne a ile a ba phehella ka ho re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong, feela joalokaha Kreste le eena a ile a le rata.” (Baefese 2:4; 5:1, 2) Ho feta moo, mantsoe a Jesu a ne a lokela hore ebe a ngotsoe ka mokhoa o ke keng oa hlakoloa lipelong tsa bona, a reng: “Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong, ’me u rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:29-31) Baefese ba ne ba feletsoe ke lerato lena leo ba neng ba e-na le lona pele.

      6. (a) Ho sa tsotellehe hore na ke khale re le ka phuthehong kapa re sa le bacha, re tlameha ho itebela kotsing efe le mekhoeng efe? (b) Lerato la rōna ho Molimo le lokela ho re susumelletsa hore re etse eng?

      6 Ho sa tsotellehe hore na ke khale re le ka phuthehong kapa re sa le bacha, re tlameha ho itebela hore re se ke ra felloa ke lerato leo re neng re e-na le lona ho Jehova pele. Le ka fela joang? Re ka lumella ho tšoareha haholo ka mosebetsi oa boipheliso, takatso ea ho etsa chelete e ngata, kapa ho lelekisa menyaka hore e be lintho tse khōlō bophelong ba rōna. Kahoo re ka beha likelello tsa rōna linthong tsa nama ho e-na le ho li beha linthong tsa moea. (Baroma 8:5-8; 1 Timothea 4:8; 6:9, 10) Lerato la rōna ho Jehova le lokela ho re susumelletsa hore re lokise mekhoa leha e le efe e joalo le hore re ‘’ne re batle ’muso pele le ho loka ha hae’ e le hore re ka ‘ipolokela matlotlo leholimong.’—Matheu 6:19-21, 31-33.

      7. (a) Tšebeletso ea rōna ho Jehova e lokela ho susumetsoa ke eng? (b) Johanne o ile a re’ng mabapi le lerato?

      7 E se eka kamehla tšebeletso ea rōna ho Jehova e ka susumetsoa ke ho mo rata ho tloha botebong ba pelo. E se eka re ka ananela ka tieo sohle seo Jehova le Kreste ba re etselitseng sona. Joalokaha Johanne ka boeena a ile a ngola hamorao: “Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” Johanne o tsoela pele ho re bolella hore: “Molimo ke lerato, ’me ea lulang leratong o lula bonngoeng le Molimo ’me Molimo o lula bonngoeng le eena.” E se eka le ka mohla lerato la rōna ho Jehova, ho Morena Jesu Kreste le Lentsoeng la Molimo le phelang, le ke ke la qepha! Re ke ke ra bontša lerato lena ka ho sebeletsa Molimo ka cheseho feela empa hape re ka le bontša ka ho mamela “taelo ena e tsoang ho eena, hore ea ratang Molimo o lokela ho rata le mor’abo.”—1 Johanne 4:10, 16, 21; Baheberu 4:12; bona le 1 Petrose 4:8; Bakolose 3:10-14; Baefese 4:15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela