Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 201-leq. 204
  • Khothatso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khothatso
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Tšepo eo Bolumeli ba ’Nete bo Fanang ka Eona
    Tsoha!—1999
  • Bophelo Paradeiseng e Tsosolositsoeng
    Tsoha!—2008
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 201-leq. 204

Khothatso

Tlhaloso: Ntho e ’ngoe e betefatsang kapa e fanang ka tšepo. Bohle re hloka khothatso. Ho e fana ho ka ’na hoa hloka ho fana ka thuso ea botho kapa ho bontša kananelo. Hangata e ama ho thusa motho e mong ho bona kamoo a ka loanang ka katleho le boemo bo thata kapa ho buisana ka mabaka a tšepo ea bokamoso bo molemo. Bibele e fana ka motheo o motle haholo oa khothatso e joalo, ’me litemana tse qotsitsoeng ka tlaase li ka thusa hore e fanoe ho batho ba talimaneng le maemo a sa tšoaneng. Ka nako e ’ngoe ho etsoa molemo o moholo ka hore feela ho bontšoe boikutlo ba qenehelo.—Ba-Roma 12:15.

Bakeng sa ba melekong ka baka la HO KULA—

Tšen. 21:4, 5: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola; hobane lipolelo tseo li tiile, ke tsa ’nete.”

Matt. 9:35: “Jesu a tsamaea, a chalakela metse eohle le metsana, a ruta . . . a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle.” (Ka ho amahanya phekolo e joalo le ho bolela hoa hae ka ’Muso, Jesu a fana ka ponelo-pele e babatsehang ea seo a tlang ho se etsetsa batho Pusong ea hae ea Lilemo tse Sekete.)

2 Ba-Kor. 4:13, 16: “Le rōna rea lumela, . . . Ka baka leo, ha re tepelle; empa leha motho oa rōna oa kantle [’mele ea rōna ea nama] a ntse a senyeha, motho oa kahare [kapa matla a macha ao re a neoang], eena, o ntse a nchafala ka letsatsi le letsatsi.” (Re ka ’na ra khoahlapeha ’meleng. Empa moeeng re ntse re nchafatsoa ha re tsoela pele ho iphepa ka litšepiso tse babatsehang tsa Molimo.)

Bona le Luka 7:20-23.

Bakeng sa batho ba SHOETSOENG ke baratuoa—

Esa. 25:8, 9: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle, . . . Ka letsatsi leo, ho tla thoe: Bonang, ke oona Molimo oa rōna, oo re o tšepileng hoba o tla re boloka; ke eena Jehova eo re mo tšepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ea hae.”

Joh. 5:28, 29: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”

Joh. 11:25, 26: “Jesu a re ho eena: Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong. Na u lumela hona na?”

Pes. 146:5, 9: “Ho lehlohonolo eo . . . tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! . . . o emisa khutsana le mohlolohali.” (Hona joale Molimo o ameha ka lerato joalo bakeng sa ba shoetsoeng.)

Bona le Luka 7:11-16; 8:49-56.

Bakeng sa batho ba talimaneng le MAHLORISO ka baka la ho etsa thato ea Molimo—

Pes. 27:10: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.”

1 Pet. 4:16: “Empa ekare ha a utloisoa bohloko kahoba e le mokreste, a se ke a ba le lihlong ke hona, a mpe a tlotlise Molimo ka baka la lebitso leo.”

Liprov. 27:11: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” (Ka ho ba khabane re lokisetsa karabelo bakeng sa qoso ea bohata ea Satane ea hore ha ho ea tla tsoela pele a sebeletsa Molimo ha a le mathateng a maholo.)

Matt. 5:10-12: “Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona. Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong; hobane ba hlorisitse joalo baprofeta ba bileng teng pele ho lōna.”

Lik. 5:41, 42: “Baapostola ba tloha khotla, ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu. Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.”

Ba-Fil. 1:27-29: “Feela, le itsamaeleng ka mokhoa o tšoanelang Evangeli ea Kreste; . . . le hona le sa tšohe leha e le tabeng e le ’ngoe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontšo ea tšenyeho, empa ho lōna ke ea poloko; ’me hoo ho tsoa ho Molimo. Hobane ka baka la Kreste le neiloe lehlohonolo, e seng feela la ho lumela ho eena, e leng le la ho utloisoa bohloko ka baka la hae.”

Bakeng sa ba nyahameng ke LEEME—

Pes. 37:10, 11: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”

Esa. 9:6, 7: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, ’me o tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”

Dan. 2:44: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”

Bona le Esaia 32:1, 2; 2 Petrose 3:13.

Bakeng sa ba pentsoeng ke MATHATA A LICHELETE—

Esa. 65:21, 22: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, . . . bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”

Pes. 72:8, 16: “O [Morena oa Messia] tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše. Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”

Matt. 6:33: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle [lintho tse bonahalang tse hlokahalang bophelong] le tla li ekeletsoa.”

Ba-Roma 8:35, 38, 39: “Ke mang ea tla re arohanya le lerato la Kreste na? Na a ke botubo, kapa tsietsi, kapa hloriso, kapa tlala, kapa bofuma, kapa timelo, kapa lerumo. Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”

Bona le Ba-Heberu 13:5, 6.

Bakeng sa batho ba nyahameng ka baka la MEFOKOLO ea bona—

Pes. 34:18: “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.”

Pes. 103:13, 14: “Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bopjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.”

Neh. 9:17: “U Molimo o tletseng tšoarelo le mohau le lereko, o liehang ho halefa, o tletseng khauhelo.”

2 Pet. 3:9, 15: “Morena ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong. ’Me le lemohe hobane mamello ea Morena oa rōna, ke poloko.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela