Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/08 maq. 3-6
  • Na U ka Thusa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Thusa?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 3/08 maq. 3-6

Na U ka Thusa?

1 Ka selemo sa 778 B.C.E. ho ile ha etsahala ntho e ikhethang. Ponong ea hae moprofeta Esaia o ile a bona “Jehova, a lutse teroneng e holimo le e phahameng.” Eaba Esaia o utloa lirafime li phatlalatsa khanya ea Jehova, li re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.” E tlameha ebe pono eo e ne e hlolla hakaakang! Ponong eo, Jehova o botsa potso e fatang maikutlo: “Ke tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Ha ho boleloe hore na motho ea ithaopang o tla etsa mosebetsi oa mofuta ofe kapa ho na le molemo oo a tla o rua ho oona. Empa Esaia o araba tjena a sa qeaqee: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:1, 3, 8.

2 Batho ba Jehova ba tsebahala ka ho ba le moea ona oa ho ithaopela ho etsa eng kapa eng eo a reng ba e etse. (Pes. 110:3) Hona joale ho mengoa ka ho khetheha ba ka thusang. Na u itokiselitse ho ithaopa joaloka Esaia?

3 Ho na le tlhoko e tsoelang pele ea barab’abo rōna ba ka sebeletsang Bethele. Sena se bolela hore ba lokela ho ba le thahasello e matla ea ho etelletsa pele lintho tse amanang le ’Muso le ho ikemisetsa ho etsa eng le eng eo ho hlokahalang hore ba e etse ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli oa lefatše ka bophara. (Mat. 6:33) Ha e le hantle, ho ba setho sa lelapa la Bethele ho fa motho monyetla o khethehileng oa ho sebeletsa Jehova ka moea oohle. Ka tsela efe?

4 Mosebetsi o Etsoang Bethele: Nahana ka mosebetsi oohle o etsoang kamehla Bethele ea Afrika Boroa. Bara le barali babo rōna ba ka bang 700 ba lelapa la Bethele ba na le tokelo ea ho tšehetsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene le Sehlopha sa lona se Busang khatisong ea Libibele le lingoliloeng tsa Bibele tse sebelisoang tšimong ea Afrika e ka boroa le bakeng sa thuto ea botho. (Mat. 24:45) Ka mohlala, selemong sa tšebeletso se fetileng, lelapa la Bethele ea Afrika Boroa le ile la sebetsa hammoho ho hatisa le ho romella liphutheho libukana tse 7 491 648, limakasine tse 58 065- 866 le Litšebeletso Tsa Rōna Tsa ’Muso tse 8 030 370. Mokhoa o nolofalitsoeng oa ho aba lingoliloeng o entse hore khatiso ea lingoliloeng e eketsehe haholo. Ka mohlala, hona joale ho hatisoa limakasine tse limilione li hlano ka khoeli. Lefapha la Thomello le se le romela lingoliloeng tse fetang limilione tse robong ka khoeli liphuthehong tsa Afrika Boroa le Malawi, Mozambique, Zambia le Zimbabwe, e leng makala ao re a bolokelang thepa. Ho totobetse hore mosebetsi o tla tsoela pele ho eketseha nakong e tlang. Lekala la rōna le hlokomela liphutheho tse fetang 1 800 tse tlas’a lona. Hape le thusa makala a Afrika a amehang mosebetsing oa boenjiniere le oa kaho ea mahae a Bethele le Liholo Tsa Kopano le Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 3 000 tseo hona joale li hlokahalang linaheng tsa Afrika tse se nang lichelete kapa litsebi tse lekaneng. Ho hlokahala baithaopi ba bangata ba sebetsang ka ho rata mosebetsing oa ho hatisa le ho romela lingoliloeng, oa ho hloekisa, ho lokisa lintho, ho pheha, ho reka thepa, mosebetsing oa kalafo le e meng e mengata ea Bethele.

5 Mosebetsi ona kaofela o mongata empa oa khotsofatsa. Ho tseba hore re sebelisa matla ’ohle a rōna ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela le ho ruta ho re thabisa haholo. Tšebeletso ea Bethele e re thusa ho tseba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova haholoanyane. Rea hopola hore mopesaleme o ile a khothalletsa Baiseraele hore ba tsebe haholoanyane setsi sa lefatšeng sa puso ea Molimo mehleng ea bona.—Pes. 48:12, 13.

6 Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bethele: Litho tsa lelapa la Bethele li ikutloa joang ka mosebetsi oa tsona? Utloa mantsoe a ba bacha le ba hōlileng bao e leng litho tsa lelapa la Bethele. Setho se seng sa lelapa la Bethele se bileng Bethele ka lilemo tse tharo se itse: “Ho lula Bethele ho matlafalitse kamano ea ka le Jehova. Ha nako eo ke sebeletsang Bethele ka eona e ntse e eketseha ’me ke ithuta ka ho eketsehileng hore na lintho li sebetsoa joang mona, ke ntse ke ithuta ka ho eketsehileng hore na Jehova ke motho oa mofuta ofe. Hape tšebeletso ea Bethele e mputse mahlo hore ke bone hore Jehova o sebelisa batho—batho ba mefuta eohle. ’Me ha ho hlokahale hore u be motho ea phethahetseng hore a u amohele.”

7 Mohlankana e mong o re: “Ke hopola ke re ka pelong, ‘Ho tla ba monate hakaakang ha ke kena lefatšeng le lecha ’me ke bolella banna ba tšepahalang ba boholo-holo hore ke sebelelitse Bethele ka lilemo tse ngata, ho e-na le ho ithuisa lefatšeng.’”

8 Ha mohlankana e mong a nahana ka koetliso eo a e fumaneng Bethele o re: “Ho tseba hore na ke motho oa mofuta ofe le ho tseba hore na ke sebeletse lintlheng life ebe ke etsa joalo, e bile tlhohonolofatso e khōlō. Joale ke ikutloa hore ke khona ho sebeletsa Jehova hamolemo. Kea bona hore ke na le mamello e eketsehileng, ke na le matla a maholoanyane a ho itšoara, ’me ke khona ho bontša lerato haholoanyane.”

9 Morali’abo rōna e mong o nahana ka mahlohonolo ao a a fumaneng ho fihlela hona joale: “Mananeo a lijo tsa moea mona a nthutile ka Jehova ka ho eketsehileng le kamoo nka mo etsisang hamolemo kateng monahanong, maikutlong le liketsong. Kaha koetliso ena ha e khaotse, ke tlhohonolofatso e sa khaotseng.”

10 Mor’abo rōna ea bileng tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 59, ’me a qetile lilemo tse 43 ho tsona a le Bethele, o re: “Bethele ha e tšoane le ntlo ea baitlami joalokaha ba bang ba ka nahana. Re etsa mosebetsi o mongata ka lebaka la ho etsa lintho ho latela kemiso. . . . Ha ho mohla nkileng ka ea mosebetsing ebe ha ke thabele seo ke se etsang. Hobane’ng? Hobane ha re itella Jehova ka moea oohle, re khotsofatsoa ke ho tseba hore ‘re entse seo re neng re tšoanela hore ebe re se entse.’”—Luka 17:10.

11 Mor’abo rōna e mong ea sebelelitseng Bethele ka lilemo tse 62 o itse: “Ke lumela ka tieo hore Bethele ke sebaka se molemohali ka nģ’ena ho lefatše la Paradeise le tlang. Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela hore ebe ke entse qeto ea ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng bophelo bohle ba ka. E bile ho thabisang hakaakang hore ebe ke bone keketseho e khōlō mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ka ba ka ba le seabo ho eona! Ka thuso ea Jehova ke ikemiselitse ho tsoela pele ho lula Bethele le ho ikitlaetsa ka moea oohle hore ke tšehetse mesebetsi e amanang le ’Muso.”

12 Litho tsena tsa lelapa la Bethele li boletse mahlohonolo a seng makae ho a mangata ao u ka a thabelang haeba u ka ithaopela ho sebeletsa Bethele. Empa ke ’nete hore pele u ka fumana melemo mosebetsing ofe kapa ofe, u tlameha hore u tšoanelehe pele. Ho hlokahala litšoaneleho life hore u sebeletse u le setho sa lelapa la Bethele?

13 Se Hlokahalang Hore U Sebeletse Bethele: Lintho tse ka sehloohong tse hlokahalang ho ba kōpang ho sebeletsa Bethele li bontšitsoe lebokoseng le sehloohong sena. Ho ekelletsa moo, ke habohlokoa hore ba ikemisetse ho sebetsa ka thata, e se ke ea e-ba “ba ratang menyaka.” (2 Tim. 3:4; 1 Bakor. 13:11) Litho tsa lelapa la Bethele e lokela ho ba banna le basali ba moea ba nang le kemiso e ntle ea thuto ea botho le ba koetlisitseng matla a bona a ho lemoha hore ba khone ho “khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheb. 5:14) Ba lokela hore ba be ba bontšitse hore ke Bakreste ba hōlileng tsebong ka hohle-hohle, ho akarelletsa moaparong, boitlhophong le ’minong oo ba o mamelang le boithabisong boo ba bo khethang. Ka lipelo tse ratang litho tsa lelapa la Bethele li sebetsa kae kapa kae moo ho hlokahalang basebetsi. Hangata ba bacha lilemong ba fuoa mosebetsi oa matsoho, ho akarelletsa le ho hatisa, ho hlophisa lingoliloeng le ho li romela, ho lokisa lintho, ho hloekisa, ho hlatsoa liaparo le ho lokisa lijo. (Liprov. 20:29) Leha ho le joalo, ho fapana le mosebetsi oa boipheliso, mosebetsi o mong le o mong o khotsofatsa haholo kaha ke tšebeletso e halalelang e isang khanya ho Jehova.—Bakol. 3:23.

14 Ho lebeletsoe hore ba biletsoang ho tla sebetsa Bethele ba lule bonyane selemo se le seng. Sena se ba nolofalletsa ho koetlisetsoa hore ba hlahise litholoana mosebetsing. Re tšepa hore ba tla khona ho etsa hore Bethele e be lehae la bona. Litho tsa lelapa la Bethele li susumetsoa ke ho rata Jehova hore li eteletse mosebetsi oa ’Muso ka pel’a lintho tseo ba li ratang, ’me sena se thabisa Jehova.—Mat. 16:24.

15 Basebetsi ba Hlokoang Hona Joale: Ka lebaka la mofuta oa mosebetsi o etsoang Bethele, hona joale re hloka haholo barab’abo rōna ba masoha. Le hoja e se molao, re ka thabela ka ho khethehileng bao e leng bo-pula-maliboho ba kamehla, kaha ba se ba ntse ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka linako tse ling monyetla o ka ’na oa bulehela baralib’abo rōna ba masoha le banyalani ba lilemo li 19 ho ea ho 35 bao e ka ’nang eaba ba na le tsebo e itseng e hlokahalang Bethele. Ho ekelletsa moo, bara le barali babo rōna ba bang ba ka holimo ho lilemo tse 35 ’me ba e-na le tsebo e khethehileng e ka sebelisoang Bethele ba khothalletsoa ho tlatsa foromo ea kōpo. Ka mohlala, bana ba akarelletsa lingaka, lingaka tsa meno, li-physiotherapist, li-public accountant tse nang le mangolo a bopaki, baenjiniere, baoki, litei tsa likoloi tsa peterole le tsa disele, kapa litsebi tsa elektronike, joalo-joalo. Ho hlokahala bafetoleli ka potlako ka lipuo tsohle tse sebelisoang tšimong ea lekala la rōna. Leha ho le joalo, ha re khothalletse batho ho ithutela mesebetsi ena ka mohopolo oa hore seo se tla etsa hore ba amoheloe habonolo Bethele. Ba seng ba ntse ba e-na le tsebo e khethehileng, mohlomong pele ba kena ’neteng, ba ka ngola lengolo le qaqileng le hlalosang litšoaneleho tsa bona ’me ba le qhoaelle foromong ea kōpo ea Bethele.

16 Haeba u kenya kōpo ea ho sebeletsa Bethele empa u sa bitsoe, u se ke ua nyahama. U ka ’na ua kenya kōpo e ncha selemo se seng le se seng. Barab’abo rōna ba bang ba nang le tsebo e khethehileng eo e ka ’nang eaba ea hlokahala Bethele ba ithaopetse ho thusa ka nakoana. Ba ka ’na ba tlatsa foromo ea kōpo ea ho sebeletsa Bethele ka nakoana ka libeke tse peli, tse tharo, kapa tse ’nè kapa ho isa likhoeling tse tharo. Haeba u thahasella tokisetso ena, re kōpa hore u ngolle ofisi ea lekala.

17 Ho sebeletsa Jehova hammoho le Bakreste-’moho ke tokelo e babatsehang eo ba sebeletsang Bethele ba nang le eona. Sehlopha se Busang se ananela moea oa ho itela oa bohle ba ithaopelang ho sebeletsa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara.—Bafil. 2:20-22; 2 Tim. 4:11.

18 Bacha—Itokiseng Hona Joale Bakeng sa Tšebeletso ea Bethele: Motho o itokisetsa tšebeletso ea Bethele nako e telele pele a e-ba le lilemo tse 19 tse hlokahalang. Bacha ba ka itokisetsa tšebeletso ea Bethele joang? Jesu o itse: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo?” (Luka 14:28) Kaha ke habohlokoa hore motho a lokise lintho e le hore a ka atleha ho haha mohaho ofe kapa ofe, ruri ke habohlokoa hore bacha ba ele hloko kamoo ba lokisetsang bokamoso ba bona kateng tšebeletsong ea Jehova. Ba lokela ho rala motheo o tiileng ho tloha bonyenyaneng e le hore ba finyelle lipakane tsa moea. Mocha, u rala motheo o motle hakae? Haeba u rata ho sebeletsa Bethele, u tla rua molemo ka hore u nahane ka hloko ka lintlha tse latelang.

19 ‘Etsa Sebaka’ Bakeng sa Tokelo Ena e Khethehileng: Ho Matheu 19:12, Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba ‘etsetse bosoha sebaka.’ Hobane’ng? Eseng ka mabaka a boithati, empa “ka lebaka la ’muso oa maholimo.” Pauluse ka ho tšoanang o ile a khothalletsa tsela ea “ho sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.” (1 Bakor. 7:32-35) Ka bomalimabe, ba bangata ba lahleheloa ke tokelo ea ho sebeletsa Bethele e le banna ba masoha hobane ba nyala ba sa le banyenyane. Re rata ho khothalletsa barab’abo rōna ba bacha hore ba sebelise matla a bona tšebeletsong ea nako e tletseng ba sa ntse ba lokolohile boikarabelong ba lelapa. Joale, haeba ka mor’a nako e itseng ba khetha ho nyala, e tla ba banna ba molemo hobane ba e-na le phihlelo e ngata bophelong le tšebeletsong ea Bokreste. Ka mor’a ho sebeletsa Bethele ka lilemo tse ngata, ba bang ba nyetse ’me ba khonne ho tsoela pele ho sebeletsa moo le basali ba bona. Haeba hamorao ba fumana litokelo tse ling, tse kang ho ba balebeli ba tsamaeang kapa baromuoa, ka sebele ba ke ke ba ikoahlaela hore ebe ba ile ba etsetsa tšebeletso ea Bethele sebaka.

20 U se ke Ua Sitisoa ke ho Lelekisa Lintho Tse Bonahalang: Ho molemo ha mocha e mong le e mong a ka ipotsa potso ena: ‘Na ha ke qeta sekolong se phahameng ke ikemiselitse ho sebetsa mosebetsi oa boipheliso oa nako e tletseng kapa ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng?’ Ke ’nete hore ho ba tšebeletsong ea Jehova ea nako e tletseng ho hloka boitelo. Empa hoa tšoana le tabeng ea ho phehella mosebetsi oa boipheliso! Qetellong, ke mosebetsi ofe o tla ba le melemo ea nako e telele? Jesu o ile a fana ka karabo e utloahalang. Ho Matheu 6:19-21, o itse: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe. Etsoe moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng.” E se eka le ka mohla lipelo tsa rōna li ke ke tsa re susumelletsa ho phehella mosebetsi oa boipheliso kapa lintho tse bonahalang, ho e-na le hore re phehelle ho etsa tšebeletso ea Jehova ka moea oohle. Kaofela ha rōna re lokela ho hlokomela hore letlotlo feela leo ho leng molemo ho le phehella ke kamano e ntle le Jehova e le hore re ka thabisa pelo ea hae. (Liprov. 27:11) Ka ho etelletsa Jehova pele bocheng ba rōna, re bontša hore na ke lintho life tseo re li nkang e le tsa bohlokoa le hore na ’Muso ke oa bohlokoa hakae ho rōna. Hopola hore “tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” (Liprov. 10:22) Bacha ba na le monyetla o motle haholo oa ho bontša hore na lipelo tsa bona li hokae ka ho buseletsa Jehova ntho ea bohlokoa bakeng sa sohle seo a ba fileng sona. Tšebeletso ea Bethele e fa ba tšoanelehang monyetla o joalo o babatsehang.

21 Ba Sebeletsang Bethele ba Lokela ho Hloeka Boitšoarong: Mopesaleme o ile a botsa potso ena: “Mohlankana o tla hloekisa tsela ea hae joang?” O ile a araba potso eo ka ho re: “Ka ho itebela ho ea ka lentsoe la [Jehova].” (Pes. 119:9) Seo se ne se tla akarelletsa ho qoba ntho efe kapa efe e amanang le boitšoaro bo bobe ba tsamaiso ea lintho ea Satane. Maraba a mang ao Satane a a sebelisang ho sitisa bacha ho finyella lipakane tsa moea ke litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa Inthanete, boitšoaro bo sa lokelang le batho ba bong bo fapaneng, ’mino o hlephisang boitšoaro, boithabiso bo litšila le bana ba noang joala ba le banyenyane. Ho hlokahala hore mocha a ikemisetse ka matla ho hlōla maraba ana. Uena mocha, haeba u iphumana u keneletse ho e ’ngoe ea lintho tsena, buisana le baholo ba phutheho ea heno ’me u lokise maemo ana pele u kenya kōpo ea ho sebeletsa Bethele. Ho ba le letsoalo le hloekileng ke habohlokoa e le hore u ka sebeletsa Jehova ka ho feletseng.—1 Tim. 1:5.

22 Ithute ho Sebelisana Hantle le ba Bang: Tlhokahalo ea bohlokoa bakeng sa ho atleha tšebeletsong ea Bethele ke ho ithuta ho sebelisana hantle le batho ba bang. Lelapa la Bethele ea Afrika Boroa le na le bara le barali babo rōna ba ka bang 700 ba mefuta eohle. Le hoja mefuta ena ea batho e etsa hore lelapa la Bethele e be le khahlehang, ka linako tse ling e ka ba phephetso. Haeba u nahana ho sebeletsa Bethele, ke hantle hore u ipotse potso ena: ‘Na ke khopiseha habonolo ha ba bang ba sa lumellane le maikutlo a ka? Na ba bang ba nolofalloa ho sebelisana le ’na?’ Haeba ho hlokahala hore u ntlafatse lintlheng tseo, qala hona joale ho sebeletsa ho tsona. Ha u etsa joalo, u tla khona ho ikamahanya le maemo a ho phela le ho sebetsa le litho tsa lelapa la Bethele.

23 Sebetsa ka thata hore u be motho oa moea ka ho hlaolela kamano e haufi le Jehova. E-ba le kemiso e ntle ea thuto ea botho, e akarelletsang ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Khothalla ho bolella ba bang litaba tse molemo. Ha u etsa lintho tsena, u tla etsa hore tsoelo-pele ea hao ea moea e bonahale. (1 Tim. 4:15) Ba itokiselletsang tšebeletso ea nako e tletseng hona joale ba lebeletse lintho tse babatsehang hakaakang!

24 Batsoali, Koetlisang Bana ba Lōna: Batsoali ba ka etsa’ng ho khothalletsa bana ba bona ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng? Jesu o itse: “E mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.” (Luka 6:40) Ha ho pelaelo hore morutoana ea rupetsoeng hantle o tla bonahatsa makhabane a mosuoe oa hae ea itetseng. Molao-motheo ona o lokela ho etsa hore batsoali ba Bakreste ba nahane ha ba ntse ba sebetsa ka thata ho koetlisa bana ba bona bakeng sa “boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa [bona].” (1 Tim. 4:7) Kaha bana ba rata ho etsisa tsela eo batsoali ba bona ba nkang lintho tsa moea ka eona, ho molemo hore batsoali ba ipotse potso ena: ‘Na re nka mosebetsi o etsoang Bethele e le oa bohlokoa bakeng sa ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le borapeli ba ’nete ba Jehova? Na rea elelloa hore Jehova o hlohonolofatsa tokisetso ea Bethele? Na rea lumela hore ha bana ba rōna ba ikhethela ho sebeletsa Jehova e le mosebetsi oa bona oa bophelo ba tla be ba khethile ntho e molemohali?’ Haeba re ananela tšebeletso ea Bethele ho tloha pelong, sena se tla re thusa ho kenya kananelo e joalo baneng ba rōna.

25 Elkana le Anna ba ne ba ananela borapeli ba ’nete haholo. Ba behetse batsoali ba Bakreste ba kajeno mohlala o motle. Iseraeleng ea boholo-holo, ke banna ba Baiseraele feela bao ho neng ho hlokahala hore ba “[hlahe] ka pel’a sefahleho sa Morena oa ’nete, Jehova” ka makhetlo a mararo ka selemo tabernakeleng. Leha ho le joalo, Elkana o ne a nka leeto la lik’hilomithara tse 30, mohlomong a tsamaea ka maoto, le lelapa lohle la hae “selemo le selemo” a il’o etsa mahlabelo setsing sena sa borapeli ba Jehova. (Ex. 23:17; 1 Sam. 1:3, 4, 9, 19; 2:19) Ho totobetse hore joaloka hlooho ea lelapa o ne a batla hore lelapa lohle la hae le be le thahasello e tšoanang linthong tsa moea.

26 Anna o ne a thahasella borapeli ba ’nete joaloka monna oa hae. Ka tjantjello o ne a ikutloa a tlamehile ho tšehetsa borapeli ba ’nete tabernakeleng. Anna o ile a etsa kano ea hore haeba Jehova a ka mo fa mora, o tla nehelana ka eena tšebeletsong ea tabernakele. (1 Sam. 1:11) Molao oa Moshe o ne o lumella monna ho ba le tokelo ea ho hlakola boitlamo bo sa lokelang ba mosali oa hae. (Num. 30:6-8) Leha ho le joalo, ho bonahala hore Elkana o ile a lumellana le kano ea Anna, a bontša hore le eena o ne a tšehetsa pontšo eo ea borapeli ba ’nete!—1 Sam. 1:22, 23.

27 Na moea o motle oa kananelo oa batsoali ba Samuele o ile oa mo tsoela molemo? Ka sebele ho joalo. Ha Samuele e sa le moshanyana, o ile a ikemisetsa hore ka botšepehi a etse mesebetsi eo a neng a e fuoe ’me a koetlisetsoa litokelo tse ling tsa bohlokoa tšebeletsong ea Molimo. Thahasello eo Elkana le Anna ba ileng ba e bontša tšebeletsong ea Samuele tabernakeleng ha ea ka ea fela ka mor’a hore a qalise mesebetsi ea hae moo. Ba ile ba tsoela pele ho mo etela kamehla e le hore ba mo khothatse le ho mo tšehetsa ha a ntse a tšoareletse tšebeletsong ea nako e tletseng.—1 Sam. 2:18, 19.

28 Elkana le Anna ba behetse batsoali ba Bakreste kajeno mohlala o ikhethang hakaakang! Ha bana ba rōna ba utloa re bua ho tloha pelong ka tokelo ea tšebeletso ea Bethele ’me ba bona moea oa boitelo oo re o bontšang bakeng sa ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso, le bona lipelo tsa bona li tla rata ho sebeletsa ba bang. Batsoali ba bangata ba khona ho kenya lerato lena la lintho tse molemo baneng ba bona. Ngoanana e mong ea lilemo li supileng o itse: “Ha ke hōla, ke batla ho ea Bethele, ’me ho na le mesebetsi e itseng eo ke ratang ho ea e etsa moo. (1) Ho thaepa Molula-Qhooa le Tsoha!, (2) ho sebetsa lefapheng la litšoantšo, (3) ho mena liaparo. Mosebetsi ofe kapa ofe o hlokahalang. Ha ho tsotellehe hore na ke ofe.” Ho thoba pelo hakaakang ho bona moea o joalo oa boithaopo ka lipelong tsa bana ba rōna!

29 Bacha, hopolang hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Tsoelang pele ho phehella lipakane tsa moea, ho akarelletsa le tokelo e ikhethang ea tšebeletso ea Bethele. Batsoali, etsisang mohlala oa batho ba tšepahalang ba nakong e fetileng ba ileng ba khothalletsa bana ba bona ho hlaolela boinehelo ba bomolimo. (2 Pet. 3:11) E se eka kaofela ha rōna re ka phetha karolo ea rōna ho thusa bara le barali babo rōna ba bacha hore ba sebeletse ’Mōpi oa rōna e Moholo ka hohle kamoo ba ka khonang, kaha sena se “[na] le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Tim. 4:8; Moek. 12:1.

[Lebokose leqepheng la 4]

Litšoaneleho Tse ka Sehloohong Bakeng sa Tšebeletso ea Bethele

● Motho a be a qetile bonyane selemo a kolobelitsoe

● E be motho oa moea ea nang le lerato le tebileng ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng

● Ea phelang hantle moeeng, kelellong, maikutlong le ’meleng

● Moahi oa Afrika Boroa kapa ea nang le litokelo tsa bolulo tsa molao

● Ea khonang ho bala, ho ngola le ho bua Senyesemane hantle

● Ea lilemo li 19 ho ea ho 35

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela