Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cf khao. 4 maq. 35-45
  • “Bona! Tau ea Moloko oa Juda”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bona! Tau ea Moloko oa Juda”
  • ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ile a Sireletsa ’Nete ka Sebete
  • O Ile a Emela Toka ka Sebete
  • O Ile a Tobana le Khanyetso ka Sebete
  • E-bang Sebete ka ho Feletseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Etsisang Sebete le Temoho ea Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “U be Sebete ’me U be Matla Haholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
‘Tloo U be Molateli oa Ka’
cf khao. 4 maq. 35-45

Khaolo ea 4

“Bona! Tau ea Moloko oa Juda”

1-3. Jesu o tobana le boemo bofe bo kotsi, hona o etsa’ng?

MAHOOHOO a leka ho tšoara Jesu. Batho bana ba tla e le sekhakhatha, ba nkile lisabole le melangoana ho bile ho na le masole har’a bona. Ba tsamaea literateng tse lefifi tsa Jerusalema ’me ba feta Phuleng ea Kidrone ba lebile Thabeng ea Mehloaare eka ba khannoa ke moea o litšila. Khoeli e tolokile, leha ho le joalo ba tšoere lirumula le mabone. Na ba li nkile hobane khoeli e thibiloe ke maru? Kapa ba lebeletse hore ebe motho eo ba mo batlang o ipatile lefifing? Seo re se tsebang feela ke hore: Motho leha e le ofe ea lebeletseng hore Jesu o tla tlakasela ha a mo tsebe hantle.

2 Jesu o tseba ka boemo bo kotsi bo haufi le ho etsahala. Leha ho le joalo, ha a balehe oa ema. Mahoohoo aa atamela, a eteletsoe pele ke Judase, eo e kileng ea e-ba motsoalle oa hae eo a mo tšepang. Ka tello, Judase o eka Jesu, o qolla eo e neng e le monghali oa hae ka ho mo lumelisa le ho mo aka ka boikaketsi. Leha ho le joalo, Jesu o lula a khobile matšoafo. O ema ka pel’a mahoohoo. Oa botsa: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu Monazaretha.”

3 Batho ba bangata ba ka be ba ile ba thothomela ke tšabo ka pel’a mahoohoo a hlometseng joalo. E ka ’na eaba ke seo letšoele lena le lebeletseng hore se tla etsahala ka motho ea emeng ka pel’a lona. Empa Jesu ha a tlakasele, ha a balehe, ha a hlathe koana le koana. Ho e-na le hoo, o re: “Ke ’na enoa.” O bonahala a khobile matšoafo, a le sebete hoo banna bao ba hlolloang. Ba therekella morao ’me ba oela fatše!—Johanne 18:1-6; Matheu 26:45-50; Mareka 14:41-46.

4-6. (a) Mora oa Molimo o tšoantšoa le eng, hona hobane’ng? (b) Jesu o bonahalitse sebete ka litsela life tse tharo?

4 Ho tla joang hore Jesu a lule a khobile matšoafo a bile a ithibile boemong bo kotsi joalo? Ke hobane o sebete. Ena ke e ’ngoe ea litšobotsi tse khahlehang ka ho fetisisa le e hlokahalang ho moeta-pele, ’me ha ho motho ea kileng a ipabola joaloka Jesu ntlheng ena. Khaolong e fetileng re ithutile kamoo Jesu a neng a ikokobelitse a bile a le bonolo kateng. Ka nepo o ne a bitsoa “Konyana.” (Johanne 1:29) Empa sebete sa Jesu se etsa hore a boele a hlalosoe ka tsela e ’ngoe e fapaneng hōle le eo. Bibele e re ka Mora oa Molimo: “Bona! Tau ea moloko oa Juda.”—Tšenolo 5:5.

5 Tau e atisa ho amahanngoa le sebete. Na u kile ua tjamelana le tau e tona e hōlileng? Haeba u se u kile ua tjamelana le eona, ho ka etsahala hore ebe ho ne ho e-na le ntho lipakeng e u sirelelitseng, mohlomong terata e kampetseng sebaka seo tau e bolokiloeng ho sona. Leha ho le joalo, phihlelo eo e ka ba e tšosang. Ha u ntse u shebile sebata sena sa setonanahali se matla, ’me le sona se u kentse mahlo, ho thata ho nahana hore ho na le mohla tau e ka balehang ntho leha e le efe. Bibele e bua ka “tau, e matla ka ho fetisisa har’a liphoofolo le e sa khutleng ka pel’a mang kapa mang.” (Liproverbia 30:30) Kreste le eena o sebete ka tsela e tšoanang le eo.

6 A re tšohleng litsela tse tharo tseo ka tsona Jesu a ileng a bonahatsa sebete se kang sa tau: ha a sireletsa ’nete, ha a emela toka le ha a tobana le khanyetso. Le rōna re tla bona hore e mong le e mong oa rōna—ebang o sebete ka tlhaho kapa che—a ka etsisa Jesu tabeng ea ho bonahatsa sebete.

O Ile a Sireletsa ’Nete ka Sebete

7-9. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a le lilemo li 12, hona ke’ng se ka etsang hore u nke boemo boo e le bo ka tšosang? (b) Jesu o ile a bonahatsa sebete joang ha a sebelisana le mesuoe e tempeleng?

7 Lefatšeng le busoang ke Satane, eo e leng “ntate oa leshano,” hangata ho hlokahala hore motho a be sebete hore a sireletse ’nete. (Johanne 8:44; 14:30) Jesu ha aa ka a emela hore a be a tiee lilemong pele a e sireletsa. Ha Jesu a le lilemo li 12, o ile a lahlehelana le batsoali ba hae ha mokete oa Paseka o neng o le Jerusalema o fela. Maria le Josefa ba ile ba qeta matsatsi a mararo ba batla moshemane oa bona ba khathatsehile. Qetellong ba ile ba mo fumana ka tempeleng. O ne a etsa’ng moo? O ne “a lutse har’a mesuoe ’me a e mamela le ho e botsa.” (Luka 2:41-50) Ak’u nahane ka boemo boo ba neng ba buisana ba le ho bona.

8 Bo-rahistori ba re baeta-pele ba bang ba hlaheletseng ka mahetla ba bolumeli ba ne ba atisa ho sala tempeleng ha mokete o qhalana ebe ba rutela batho ho a mang a mathule a bulehileng moo. Batho ba ne ba lula fatše maotong a bona ba mamela ba bile ba botsa lipotso. Mesuoe ena e ne e le lirutehi. E ne e tseba Molao oa Moshe le melao e mengata e rarahaneng e entsoeng ke batho hammoho le lineano tse ’nileng tsa eketseha ho theosa le lilemo. U ne u ka ikutloa joang ha u lutse moo har’a eona? Na u ne u ka tšoha? Hoo ke ha tlhaho. Hona u ne u ka ikutloa joang haeba u ne u le lilemo li 12 feela? Bacha ba bangata ba lihlong. (Jeremia 1:6) Ba bang ba leka ka matla ho etsa hore matichere a se ke a ba hlokomela sekolong; bacha bana ba tšaba ho khethoa hore ba etse ho itseng, ba tšaba ho qolloa, ba tšaba hore ba ka ’na ba hlabisoa lihlong kapa ba tšehuoa.

9 Empa ke hona moo re fumanang Jesu a lutse teng, har’a banna bana ba lirutehi, ka sebete a ba fata maikutlo ka lipotso. O ne a bile a sa ba botse lipotso feela. Tlaleho e re: “Bohle ba neng ba mo mametse ba ne ba makatsoa ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” (Luka 2:47) Bibele ha e re bolelle hore na o ne a bua ka eng lekhetlong leo, empa re ka kholiseha hore o ne a sa phete lithuto tsa bohata tseo baruti ba neng ba li rata. (1 Petrose 2:22) Ho e-na le hoo, o ile a tšehetsa ’nete ea Lentsoe la Molimo, ’me ka sebele bamameli ba hae ba ile ba makatsoa ke hore moshanyana ea lilemo li 12 o khona ho itlhalosa ka tsela e nang le temohisiso joalo le e sebete.

10. Bacha ba Bakreste kajeno ba etsisa Jesu ka ho ba sebete joang?

10 Kajeno, bacha ba bangata ba Bakreste ba hata mohlaleng oa Jesu. Ke ’nete hore ha baa phethahala, joalokaha Jesu e monyenyane eena a ne a phethahetse. Empa ho tšoana le eena, ha ba emele hore ba tiee lilemong pele ba ka sireletsa ’nete. Sekolong kapa metseng eo ba lulang ho eona, ba botsa batho lipotso ka masene, ’me baa mamela ebe ba buisana le bona ka tlhompho ka ’nete. (1 Petrose 3:15) E le sehlopha, bacha bana ba thusitse liithuti-’moho le bona sekolong, matichere le baahelani ho ba balateli ba Kreste. E tlameha ebe sebete sa bona se thabisa Jehova hakaakang! Lentsoe la hae le tšoantša bacha bao le marotholi a phoka—a khathollang, a khahlisang a bileng a leng mangata.—Pesaleme ea 110:3.

11, 12. Jesu o ile a bontša sebete joang ha a sireletsa ’nete ha a le lilemong tsa ho tiea?

11 Jesu o ile a bonahatsa sebete ka makhetlo-khetlo ha a se a le lilemong tsa ho tiea ha a sireletsa ’nete. Ha e le hantle, ha a qala tšebeletso ea hae o ile a thulana le seo ba bangata ba neng ba tla re sea tšosa. Jesu, eo e neng e le motho oa nama le mali e se lengeloi le matla le ka sehloohong, o ile a tlameha ho tobana le Satane, e leng sera se matla le se kotsi ka ho fetisisa lireng tsohle tsa Jehova. Jesu o ile a hanyetsa Satane a ba a hana tsela e sothehileng eo a neng a sebelisa Mangolo a bululetsoeng ka eona. Jesu o ile a qetella puisano eo ka ho fana ka taelo ena e sebete: “Tloha, Satane!”—Matheu 4:2-11.

12 Kahoo Jesu o ile a rala motheo oa tšebeletso ea hae, a sireletsa Lentsoe la Ntate oa hae ka sebete boitekong ba ho le sotha kapa ho le sebelisa hampe. Ka nako eo, ho tšoana le kajeno, ho se tšepahale ha bolumeli ho ne ho jele setsi. Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Le etsa lentsoe la Molimo lefeela ka neano ea lōna eo le ileng la e fetisa.” (Mareka 7:13) Batho ka kakaretso ba ne ba nkela banna bao holimo, empa Jesu o ile a ba nyatsa a sa tšabe letho ka hore ke batataisi ba foufetseng le baikaketsi.a (Matheu 23:13, 16) Re ka etsisa mohlala oa Jesu joang ntlheng ee ea ho ba sebete?

13. Re lokela ho hopola eng ha re etsisa Jesu, hona re na le monyetla ofe?

13 Rōna rea tseba hore ha re na matla a kang ao Jesu a nang le ’ona a ho bona se ka pelong ebile ha re na tokelo ea ho ahlola ba bang. Leha ho le joalo, re ka etsisa tsela e sebete eo a sireletsang ’nete ka eona. Ka mohlala, ha re pepesa lithuto tsa bohata tsa bolumeli—e leng mashano a atisang ho rutoa ka Molimo, merero ea hae le Lentsoe la hae—re khantša leseli lefatšeng le lefifing la leshano la Satane. (Matheu 5:14; Tšenolo 12:9, 10) Re thusa batho ho lokoloha bokhobeng ba lithuto tsa bohata tse etsang hore lipelo tsa bona li tepelle ke tšabo tse bileng li senyang kamano ea bona le Molimo. Ruri re na le monyetla o ikhethang oa ho bona ha tšepiso ea Jesu e phethahala, e reng: “’Nete e tla le lokolla”!—Johanne 8:32.

O Ile a Emela Toka ka Sebete

14, 15. (a) Jesu o ile a sebelisa tsela efe hape ho hlakisa “toka”? (b) Jesu o ile a hlokomoloha leeme lefe ha a ne a buisana le mosali oa Mosamaria?

14 Boprofeta ba Bibele bo ile ba bolela esale pele hore Mesia o ne a tla hlakisetsa lichaba “toka.” (Matheu 12:18; Esaia 42:1) Ka sebele Jesu o ile a qala ho etsa seo ha a le lefatšeng. Ka sebete se tsotehang, o ile a lula a bonahatsa toka le ho se be leeme ha a sebelisana le batho. Ka mohlala, o ile a hana ho latela lehloeo le sa lumellaneng le Mangolo le khethollo e neng e atile har’a batho ba neng ba mo potolohile.

15 Barutuoa ba Jesu ba ile ba makala ha a bua le mosali oa Mosamaria selibeng sa Sikare. Hobane’ng? Mehleng eo, Bajuda ka kakaretso ba ne ba hloile Basamaria; lehloeo leo le ne le qalile lilemong tse ngata tse fetileng. (Esdrase 4:4) Ho feta moo, bo-rabi ba bang ba ne ba khella basali fatše. Melao ea bo-rabi, e ileng ea ngoloa fatše hamorao, e ne e sa khothalletse monna ho bua le mosali phatlalatsa; e ne e bile e fana ka maikutlo a hore basali ha baa lokela ho rutoa Molao oa Molimo. Basali ba Basamaria ka ho khetheha ba ne ba nkoa ba sa hloeka. Jesu o ile a hlokomoloha leeme leo le se nang toka eaba o bua le mosali oa Mosamaria pepeneneng (ea neng a phela ka boitšoaro bo litšila), a ba a itšenola ho eena hore ke Mesia.—Johanne 4:5-27.

16. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ba sebete e le hore e be ba fapaneng ha ho tluoa tabeng ea khethollo?

16 Na u se u kile ua iphumana u le har’a batho ba nang le leeme le khopisang? Mohlomong ba soasoa ka ho eisa batho ba morabe o mong kapa ba sechaba se seng, ba bua batho ba bong bo bong hampe, kapa ba khella fatše batho ba maemong a tlaase a lichelete kapa a bophelo. Balateli ba Kreste ha ba lumellane le maikutlo ao a bontšang lehloeo, ’me ba sebetsa ka thata ho tlosa mosaletsa leha e le ofe oa leeme lipelong tsa bona. (Liketso 10:34) E mong le e mong oa rōna o lokela ho hlaolela sebete e le hore a bontše ho se be leeme tabeng ena.

17. Jesu o ile a etsa’ng tempeleng, hona hobane’ng?

17 Sebete se ile sa boela sa etsa hore Jesu a loanele bohloeki ba batho ba Molimo le tokisetso ea borapeli bo hloekileng. Qalong ea tšebeletso ea hae, o ile a kena tempeleng Jerusalema ’me a khoboheloa ha a bona bahoebi le ba ananyang chelete ba rekisetsa ka moo. A halefile ka nepo, Jesu o ile a lahlela batho bao ba meharo le thepa eo ba e rekisang ka ntle. (Johanne 2:13-17) O ile a etsa se tšoanang hamorao, ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae. (Mareka 11:15-18) Ha ho pelaelo hore ketso ena e ile ea mo bakela lira tse matla, leha ho le joalo, ha aa ka a tsilatsila. Hobane’ng? Ho tloha bongoaneng, o ne a re tempele eo ke ntlo ea Ntate oa hae—’me o ne a tiisitse ha a rialo. (Luka 2:49) Ho silafatsa borapeli bo hloekileng bo neng bo etsetsoa moo e ne e le ho hloka toka hoo a neng a ke ke a ho lumella. Cheseho e ile ea mo fa sebete sa hore a etse se neng se hlokahala.

18. Bakreste ba ka bontša sebete joang kajeno ha ho tluoa tabeng ea bohloeki ba phutheho?

18 Le kajeno balateli ba Kreste ba amehile ka ho teba ka bohloeki ba batho ba Molimo le tokisetso ea borapeli bo hloekileng. Haeba ba hlokomela hore Mokreste-’moho le bona o entse phoso e tebileng, ha ba iphapanyetse seo. Ba bua le motho eo ka ho toba kapa ba bua le baholo. (1 Bakorinthe 1:11) Ba netefatsa hore baholo ba phutheho baa tseba. Baholo ba ka thusa ba kulang moeeng ebile ba ka boela ba nka khato ho boloka linku tsa Jehova li le boemong bo hloekileng.—Jakobo 5:14, 15.

19, 20. (a) Ke ho hloka toka hofe ho neng ho atile mehleng ea Jesu, hona Jesu o ne a le tlas’a khatello efe? (b) Ke hobane’ng ha balateli ba Kreste ba hana ho kenella lipolotiking le liketsong tse mabifi, hona o mong oa meputso e tlisoang ke boemo boo ba bona ke ofe?

19 Na joale re lokela ho etsa qeto ea hore Jesu o ne a loantša ho hloka toka ho teng lefatšeng ka kakaretso? Ke ’nete hore hohle o ne a pota-potiloe ke ho hloka toka. Naha ea habo e ne e hapuoe. Baroma ba ne ba hateletse Bajuda ka sesole se matla, ba ba lefisa lekhetho le boima ba bile ba kena-kenana le litloaelo tsa bona tsa bolumeli. Ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba ne ba batla hore Jesu a kenelle lipolotiking tsa mehleng ea hae. (Johanne 6:14, 15) Le tabeng ena o ile a bonahatsa sebete.

20 Jesu o ile a hlalosa hore ’Muso oa hae hase karolo ea lefatše. O ile a koetlisa balateli ba hae hore ba se ke ba kenella lintoeng tsa lipolotiki tsa mehleng eo le hore ho e-na le hoo ba tsepamise kelello ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ka hore a ba behele mohlala. (Johanne 17:16; 18:36) O ile a ruta thuto e matla tabeng ea ho se nke lehlakore ha mahoohoo a tlil’o mo tšoara. Petrose o ile a potlakela ho hlatha monna e mong ka sabole ’me a mo lematsa. Ho bonolo ho lumellana le seo Petrose a se entseng. Haeba ho na le mohla ho ka nkoang pefo e loketse, e ka be e bile bosiung boo ba ha Mora oa Molimo ea se nang molato a ne a hlaseloa. Empa hona hoo Jesu o ile a fa balateli ba hae ba lefatšeng molao-motheo oo ba lokelang ho o latela esita le kajeno: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:51-54) Ka sebele ho ne ho hlokahala hore balateli ba Kreste ba be sebete e le hore ba be le khotso eo, joalokaha ho le joalo le kajeno. Batho ba Molimo kajeno ba iketselitse tlaleho e ntle tabeng ea ho se kenelle lintoeng tsa kajeno tse se nang palo, lipolaong tse sehlōhō, merusung e bang teng le liketsong tse ling tse mabifi, ka lebaka la ho se nke lehlakore ha bona ha Bokreste. Tlaleho eo e ntle ke o mong oa meputso e tlisoang ke ho ba le sebete ha bona.

O Ile a Tobana le Khanyetso ka Sebete

21, 22. (a) Jesu o ile a fumana thuso efe pele a tobana le teko e boima ka ho fetisisa ho tse kileng tsa mo hlahela? (b) Jesu o ile a bonahatsa sebete joang ho isa qetellong?

21 Mora oa Jehova o tsebile nako e telele esale pele hore o ne a tlil’o tobana le khanyetso e matla lefatšeng. (Esaia 50:4-7) Ka makhetlo o ile a sokeloa ka ho bolaoa, ’me qetellong a sokeloa ka tsela e hlalositsoeng qalong ea khaolo ena. Ke’ng se ileng sa etsa hore Jesu a lule a le sebete boemong boo bo kotsi? Jesu o ne a ntse a etsa’ng pele mahoohoo a fihla a tlil’o mo tšoara? O ne a ntse a rapela Jehova ka matla. Hona Jehova o ile a etsa’ng? Bibele e re bolella hore Jesu o ile “a utluoa ka mokhoa o amohelehang.” (Baheberu 5:7) Jehova o ile a romela lengeloi le tsoang leholimong hore le tl’o matlafatsa Mora oa hae ea sebete.—Luka 22:42, 43.

22 Nakoana Jesu a matlafalitsoe, o ile a re ho baapostola ba hae: “Emang, a re eeng.” (Matheu 26:46) Ak’u nahane kamoo mantsoe ao a bontšang sebete kateng. O ile a re “a re eeng,” a tseba hore o ne a tlil’o kōpa mahoohoo ao hore a se ke a lematsa metsoalle ea hae, a tseba hore metsoalle eo ea hae e ne e tlil’o mo siea kherehloa ebe ea baleha, a bile a tseba hore o tlil’o tobana le teko e boima ka ho fetisisa bophelong a le mong. O ne a le mong ha a qosoa ka tsela e seng molaong e bileng e leng leeme, a songoa, a hlokofatsoa a bile a shoa lefu le utloisang bohloko. Ho tseo kaofela o ile a bonahatsa sebete.

23. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha tsela eo Jesu a ileng a tobana le boemo bo kotsi ka eona le tšokelo ea ho mo bolaea e sa bontše hore o ne a sa tsotelle se etsahalang.

23 Na Jesu o ne a bontša ho se tsotelle? Che; ho se tsotelle ha ho moo ho amanang teng le sebete sa ’makhonthe. Ha e le hantle, Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba be hlokolosi, ba qobe kotsi ka masene e le hore ba tsoele pele ho etsa thato ea Molimo. (Matheu 4:12; 10:16) Empa boemong bona, Jesu o ne a tseba hore ha ho se ka etsoang ho qoba boemo boo. O ne a tseba hore ho ameha thato ea Molimo. Jesu o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala, kahoo ntho eo a neng a lokela ho e etsa feela e ne e le hore a ee pele, a tobane le teko eo.

24. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re ka ba le sebete sa ho tobana le teko leha e le efe e ka ’nang ea re hlahela?

24 Ruri balateli ba Jesu ba bontšitse ka makhetlo hore ba tsamaea mohlaleng oa Monghali oa bona! Ba bangata ba ile ba ema ba tiile ha ba songoa, ba hlorisoa, ba tšoaroa, ba koalloa chankaneng, ba hlokofatsoa esita le ha ba bolaoa. Batho ba sa phethahalang ba fumana sebete seo hokae? Ha se itlhahele feela tjee. Joalokaha Jesu a ile a fumana thuso e tsoang leholimong, balateli ba hae le bona ba fumana thuso eo. (Bafilipi 4:13) Kahoo, le ka mohla u se ke ua tšaba seo bokamoso bo ka ’nang ba se tlisa. Ikemisetse ho lula u tšepahala, Jehova o tla u fa sebete se hlokahalang. Tsoela pele ho imatlafatsa ka mohlala oa Moeta-pele oa rōna, Jesu, ea ileng a re: “Le be sebete! Ke hlōtse lefatše.”—Johanne 16:33.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bo-rahistori ba hlokometse hore mabitla a bo-rabi a ne a hlomphuoa ka tsela ea borapeli joaloka mabitla a baprofeta le bapatriareka.

U ka Latela Jesu Joang?

● Mohlala oa Jesu o ka u thusa ho bua ka sebete joang, esita le haeba batho ba nka hore linnete tseo u ba bolellang tsona lia ba tena?—Johanne 8:31-59.

● Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella hore ho tšaba Satane kapa bademona ba hae ho re sitise ho thusa ba bang?—Matheu 8:28-34; Mareka 1:23-28.

● Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho tobana le mahloriso e le hore re bontše qenehelo ho ba hateletsoeng?—Johanne 9:1, 6, 7, 22-41.

● Tšepo eo Jesu a neng a e-na le eona ka bokamoso e ile ea mo thusa hore a tobane le liteko joang, hona tšepo eo u nang le eona e ka u fa sebete joang?—Johanne 16:28; 17:5; Baheberu 12:2.

[Setšoantšo se leqepheng la 39]

Bacha ba bangata ba Bakreste ba iteta sebete ho bolella ba bang seo ba se lumelang

[Setšoantšo se leqepheng la 42]

“Ke ’na enoa”

[Setšoantšo se leqepheng la 44]

Lipaki Tsa Jehova li bonahalitse sebete ha li hlorisoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela