Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na Juda e Ile ea Lula e le Lesupi?
    Molula-Qhooa—2006 | November 15
    • Na Juda e Ile ea Lula e le Lesupi?

      BIBELE E ILE ea bolela esale pele hore Bababylona ba ne ba tla ripitla naha ea ’muso oa Juda le hore e ne e tla lula e le lesupi ho fihlela batlamuoa ba Bajuda ba khutlela teng. (Jeremia 25:8-11) Lebaka le matla ka ho fetisisa la ho lumela hore boprofeta bona bo ile ba phethahala ke tlaleho e bululetsoeng ea histori e ileng ea tlalehoa lilemo tse ka bang 75 ka mor’a hore sehlopha sa pele sa batlamuoa se khutlele naheng ea habo sona. E bolela hore “ba phonyohileng sabole [morena oa Babylona o ile] a ba isa kholehong Babylona, ’me ea e-ba bahlanka ba hae le ba bara ba hae ho fihlela borena ba Persia bo qala ho busa.” Empa ha e le ka naha, ho tlalehoa hore: “E ile ea boloka sabatha ka matsatsi ’ohle a ho ba lesupi.” (2 Likronike 36:20, 21) Na ho na le bopaki leha e le bofe ba baepolli ba lintho tsa khale bo tiisang taba ee?

      Koranteng e bitsoang Biblical Archaeology Review, Ephraim Stern, eo e leng moprofesa oa thuto ea ho epolla lintho tsa khale Palestina Univesithing ea Seheberu, o re: “Baassyria le Bababylona ba ile ba senya likarolo tse khōlō tsa Iseraele ea boholo-holo, empa bopaki ba lintho tsa khale tse epolotsoeng tse ileng tsa fumanoa ka mor’a ho futuha ha bona ka ho latellana, bo bolela lintho tse peli tse fapaneng haholo.” Oa hlalosa: “Le hoja Baassyria ba ile ba siea bopaki bo hlakileng ba hore ba ne ba ile ba e-ba teng Palestina, ntho e sa tloaelehang ke hore ha ho na bopaki bo bontšang hore Bababylona bona ba ne ba kile ba e-ba teng [Palestina] ka mor’a ho e timetsa. . . . Ha ho bopaki ba hore ho kile ha luloa moo ho fihlela nakong ea Bapersia . . . Ho hang ha ho bopaki ba hore ho kile ha luloa. Nakong eo eohle, ha ho motse le o mong o timelitsoeng ke Bababylona oo batho ba ileng ba lula ho oona hape.”

      Moprofesa Lawrence E. Stager oa Univesithi ea Harvard o lumellana le seo. O re: “Ho pholletsa le Filistia ’me hamorao le Juda, leano la [morena oa Babylona] la hore masole a bake tšenyo ka ho feletseng le ile la etsa hore karolo e ka bophirimela ea Nōka ea Jordane e be lesupi.” Stager o phaella ka ho re: “E bile feela nakong ea puso ea Cyruse e Moholo, e leng eena mohlahlami oa Bababylona, moo tlaleho ea baepolli ba lintho tsa khale e boelang e qala . . . Jerusalema le Juda, moo batlamuoa ba bangata ba Bajuda ba ileng ba khutlela teng naheng ea habo bona.”

      Ka sebele, lentsoe la Jehova le mabapi le hore Juda e ne e tla ba lesupi le ile la phethahala. Kamehla seo Jehova Molimo a se bolelang esale pele sea phethahala. (Esaia 55:10, 11) Re ka tšepa Jehova ka botlalo ’me ra tšepa le litšepiso tse tlalehiloeng Lentsoeng la hae, e leng Bibele.—2 Timothea 3:16.

  • Na U ka Rata ho Eteloa?
    Molula-Qhooa—2006 | November 15
    • Na U ka Rata ho Eteloa?

      Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela