Esita le ka mor’a hore sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se rarolle taba ea lebollo, batho ba itseng ba neng ba re ke Bakreste ba ile ba ’na ba phehella taba eo ka manganga. Moapostola Pauluse o ile a re ke “bana ba bo rona ba sa tšepahaleng” ba batlang ‘ho senya litaba tse monate tse buang ka Kreste.’—Bagal. 1:7; 2:4; Tite 1:10.
Kamoo ho bonahalang kateng, morero oa Batšehetsi ba Bolumeli ba Sejuda e ne e le ho khahlisa Bajuda, hore ba se ke ba hanyetsa Bakreste ka mabifi. (Bagal. 6:12, 13) Batšehetsi ba Bolumeli ba Sejuda ba ne ba re ho boloka Molao oa Moshe litabeng tse kang tsa lijo, lebollo le mekete ea Bajuda ke hona ho etsang hore motho e be ea lokileng.—Bakol. 2:16.
Hoa utloahala hore ba neng ba lumela hore maikutlo ana a nepahetse ba ne ba sa phutholohe ha ba le har’a balumeli ba Balichaba. Ka masoabi, le Bakreste ba Bajuda ba ’maloa ba hlomphuoang ba ne ba e-na le maikutlo ao a fosahetseng. Ka mohlala, ha baemeli ba tsoang phuthehong ea Jerusalema ba etetse Antioke, ba ile ba ikarola ho bara ba bo bona ba Balichaba. Esita le Petrose, ea neng a sebelisana le Balichaba ka bolokolohi pele ho moo, o ile a ikarola ho bona—a se a sa je le bona. Ha e le hantle, o ile a fetohela melao-motheo eo a neng a e loanela pele ho moo. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a mo khalemela ka thata.—Bagal. 2:11-14.