E Boloke
Pono ea ka ke Efe ka Likaroloana Tsa Mali le Mekhoa ea Bongaka eo ho Eona ho Sebelisoang Mali a Ka?
Bibele e laela Bakreste hore “ba ile . . . mali.” (Lik. 15:20) Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova ha li lumele ho tšeloa mali kapa metsoako ea ’ona e mene e meholo—e leng, lisele tse khubelu tsa mali, lisele tse tšoeu tsa mali, liplatelete le lero la mali (plasma). Hape ha li fane ka mali a tsona kapa ho a boloka e le hore li ka a tšeloa hamorao.—Lev. 17:13, 14; Lik. 15:28, 29.
Likaroloana tsa mali ke eng, hona ke hobane’ng ha Mokreste ka mong a lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla li amohela kapa che?
Likaroloana tsa mali ke metsoako e ntšitsoeng maling ka mokhoa o bitsoang fractionation. Ka mohlala, lero la mali, e leng o mong oa metsoako e mene e meholo ea mali, le ka aroloa ka likaroloana tsena tse latelang: metsi, e leng karolo ea 91 lekholong; liprotheine, tse kang li-albumin, li-globulin le fibrinogen, tse ka etsang karolo ea 7 lekholong; le metsoako e meng, e kang limatlafatsi, li-hormone, mefuta e sa tšoaneng ea moea, livithamine, lintho tse sa hlokahaleng ’meleng le li-electrolyte, tse ka etsang karolo ea 1.5 lekholong.
Na taelo ea ho ila mali e boetse e akarelletsa likaroloana tsa mali? Re ke ke ra tiisa. Bibele ha e fane ka tataiso e tobileng tabeng ea likaroloana tsa mali.a Ke ’nete hore likaroloana tse ngata li nkoa maling ao ho fanoeng ka ’ona ka morero oa hore a sebelisoe phekolong. Mokreste ka mong o lokela ho etsa qeto e nahanisitsoeng hantle ea hore na o tla lumela kapa o tla hana phekolo eo ho eona ho sebelisoang likaroloana tsena.
Nahana ka lipotso tsena ha u etsa liqeto tse joalo: Na kea elelloa hore ha ke hana likaroloana tsohle tsa mali see se bolela hore nke ke ka amohela meriana e meng, joaloka e loantšang likokoana-hloko le maloetse a itseng kapa e thusang mali hore a hoame e le ho a thibela hore a se ke a tsoa? Na nka hlalosetsa ngaka hore na ke hobane’ng ha ke hana kapa ke amohela likaroloana tse itseng tsa mali?
Ke hobane’ng ha ke lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ke amohela mekhoa e itseng ea bongaka eo ho eona ho sebelisoang mali a ka kapa che?
Le hoja Bakreste ba sa fane ka mali a bona kapa ho a boloka e le hore ba ka a tšeloa hamorao, ha hoa hlaka hore na mekhoa kapa litlhahlobo tse ling tseo ho tsona ho sebelisoang mali a motho ka boeena li khahlanong le melao-motheo ea Bibele kapa che. Ka lebaka leo, motho ka mong o lokela ho etsa qeto e nahanisitsoeng hantle ea hore na o amohela kapa o hana mekhoa e itseng ea bongaka eo ho eona ho sebelisoang mali a hae.
Ipotse lipotso tsena ha u etsa liqeto tse joalo: Haeba mali a mang a ka a tla ntšoa ’meleng ebe a khaotsa ho phalla leha e le ka nakoana feela, na letsoalo la ka le tla ntumella ho nka hore mali ao e sa ntse e le karolo ea ka, hoo ho sa hlokahaleng hore a ‘tšolleloe fatše’? (Deut. 12:23, 24) Na letsoalo la ka le koetlisitsoeng ke Bibele le ne le tla ntšoenya haeba mali a ka a ka ntšoa nakong eo ho sebelisoang mokhoa o itseng oa bongaka, a sebetsoa ka tsela e itseng ebe a khutlisetsoa ’meleng oa ka? Na kea elelloa hore ha ke hana mekhoa eohle ea bongaka eo ho eona ho sebelisoang mali a ka, see se bolela hore ke hana liphekolo tse kang tsa mochine o hloekisang mali (dialysis) kapa mochine o sebetsang joaloka pelo le matšoafo? Na ke rapeletse tataiso pele ke etsa qeto tabeng ee?b
Ke lokela ho etsa liqeto life?
Hlahloba mathathamo a mabeli a maqepheng a latelang. Lethathamo la Pele le bontša likaroloana tse ling tse ntšoang maling le kamoo li tloaetseng ho sebelisoa kateng lefapheng la bongaka. Khetha karoloana ka ’ngoe ho tsena eo u tla e amohela kapa u e hane ’me u e tšoaee. Lethathamo la Bobeli le bontša mekhoa e meng ea bongaka e tloaelehileng eo ho eona ho sebelisoang mali a hao. Khetha mekhoa eo u tla e amohela kapa eo u tla e hana ’me u e tšoaee. Mathathamo ana hase litokomane tsa molao, empa u ka sebelisa likarabo tseo u li tšoaileng ho ’ona ho u thusa ho tlatsa karete ea hao ea DPA (durable power of attorney).
U lokela ho iketsetsa liqeto ka bouena ’me u se ke ua itšetleha ka letsoalo la motho e mong. Ka ho tšoanang, ha ho motho ea lokelang ho nyatsa liqeto tsa Mokreste e mong. “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae” oa boikarabelo litabeng tsena.—Bagal. 6:4, 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fanoe ka boitsebiso bo thusang mabapi le taba ena Molula-Qhooeng oa June 15, 2004, leqepheng la 29-31.
b Ho fanoe ka boitsebiso bo thusang mabapi le taba ena Molula-Qhooeng oa October 15, 2000, leqepheng la 30-1, le ho Transfusion Alternatives—Documentary Series—On DVD.
[Chate e leqepheng la 5]
LETHATHAMO LA PELE
TSEO MOKRESTE TSEO U IKETSETSANG QETO HO TSONA
A KE KENG A LI
AMOHELA
MALI LIKAROLOANA TSA MALI Tseo hoHlokahalang
Hore U Khethe ho
Tsona
LERO LA MALI ALBUMIN—E KA BA KAROLO
(PLASMA) EA 4 LEKHOLONG EA LERO LA MALI
Ke protheine e tsoang lerong
la mali. Mefuta e meng ea
albumin e fumanoa limeleng,
lijong tse kang lebese
le mahe le lebeseng la
motsoetse. Ka linako
tse ling albumin e
tsoang maling e
sebelisoa metsoakong ․․ Ke amohela albumin
e eketsang mokelikeli kapa
’meleng, e thusang ․․ Ke hana albumin
’mele o fokolang ka
lebaka la ho lahleheloa
ke mali a mangata
le ho phekola motho
ea cheleng haholo.
Metsoako ena e ka
’na ea e-ba le
karolo ea 25 lekholong
ea albumin. Karolo
e nyenyane e sebelisoa
metsoakong ea meriana
e meng e mengata,
ho akarelletsa le
metsoako e meng ea
erythropoietin (EPO).
LI-IMMUNOGLOBULIN—E KA
BA EA LERO LA MALI KAROLO
EA 3 LEKHOLONG
Ke likaroloana tsa protheine
tse ka ’nang tsa
sebelisoa merianeng
e meng e loantšang
likokoana-hloko ․․ Ke amohela
le mafu a kangl li-immunoglobulin
’metso o mosoeu, kapa
tetanus, lefu la ․․ Ke hana
sebete le bakoang li-immunoglobulin
ke vaerase le
bohlanya-ntja (rabies).
Hape li ka sebelisoa
e le tšireletso
khahlanong le ho
kula ho ka ’nang
ha hlasela lesea
le ka pōpelong le
ho loantša chefo ea
noha kapa ea sekho.
LIHOAMISA-MALI—E KA BA KAROLO
EA 1 LEKHOLONG EA LERO LA MALI
Ho na le liprotheine tse
fapa-fapaneng tse thusang
mali ho hoama e le hore
a se ke a tsoa. Tse
ling li fuoa bakuli
ba tsoang mali ․․Ke amohlela
habonolo. Li lihoamisa-mali
boetse li sebelisoa tse nkiloeng maling
metsoakong ea likhomaretsi kapa
tsa bongaka tse koalang ․․ Ke hana
maqeba le ho thiba lihoamisa-mali tse
mali ka mor’a opereishene. nkiloeng maling
Motsoako o mong oa
lihoamisa-mali o
tsejoa ka hore ke
cryoprecipitate.
Hlokomela: Lihoamisa-mali
tse ling li se li etsoa
ka lintho tse ling ho fapana le mali.
LISELE TSE HEMOGLOBIN—KAROLO EA 33
KHUBELU LEKHOLONG EA LISELE TSE KHUBELU
Ke protheine e tsamaisang
oksijene hohle ’meleng
le e isang carbon dioxide
matšoafong. Lihlahisoa ․․ Ke amohela
tse entsoeng ka hemoglobin
hemoglobin ea batho kapa
kapa ea liphoofolo ․․ Ke hana
li ka sebelisetsoa hemoglobin
ho phekola bakuli
ba haelloang ke
mali haholo kapa
ba tsoileng mali a mangata.
HEMIN—KAROLO E KA TLAASE HO 2
LEKHOLONG EA LISELE TSE KHUBELU
Ke motsoako o loantšang
tšebetso ea li-enzyme
o tsoang ho hemoglobin
o sebelisetsoang ho ․․ Ke amohela hemin
phekola mafu a sa kapa
tloaelehang a mali ․․ Ke hana hemin
a tsamaisanang le
lefutso (a tsejoang
e le porphyria)
a amang tšilo ea lijo,
tsamaiso ea methapo
le phallo ea mali.
LISELE TSE LI-INTERFERON—KAROLO E NYENYANE
TŠOEU HAHOLO EA LISELE TSE TŠOEU
Ke liprotheine tse loantšang
litšoaetso tse itseng
tse bakoang ke ․․ Ke amohela
likokoana-hloko li-interferon
le kankere. Bongata tse nkiloeng
ba li-interferon ha maling
li nkoe maling. kapa
Tse ling li etsoa ka ․․ Ke hana-interferon
likaroloana tsa lisele tse nkiloeng maling
tse tšoeu tsa mali a batho.
LIPLATELETE Hajoale, ha ho likaroloana
tse nkoang liplateleteng
ka morero oa ho sebelisoa
ka ho toba kalafong.
[Chate e leqepheng la 6]
LETHATHAMO LA BOBELI
TSEO U IKETSETSANG QETO HO TSONA
MEKHOA EA BONGAKA EO HO EONA HO SEBELISOANG MALI A HAO
*Hlokomela: Tsela eo mekhoa ena ea bongaka e sebelisoang ka eona e fapana ho ea ka lingaka. Ha ho buelloa mokhoa o itseng, u lokela ho kōpa hore ngaka ea hao e u hlalosetse hantle hore na ho ameha eng ho oona, e le ho tiisa hore o lumellana le melao-motheo ea Bibele hammoho le liqeto tseo u li entseng ho ea ka letsoalo la hao.
LEBITSO MOSEBETSI OA EONA Tseo yHo Hlokahalang
LA PHEKOLO Hore U Khethe ho Tsona
(U ka ’na ua rata ho bu
a le ngaka ea hao pele
u amohela kapa u hana
mekhoa leha e le efe
ho ena.)
HO POTOLOHISA Ho fokotsa tahlehelo ea mali.
MALI (CELL SALVAGE) Mali a tsoang leqebeng kapa
lesobeng la ’mele nakong
ea opereishene ha a ․․ Kea ho amohela
lahloe. Aa hlatsuoa ․․ Nka ’na ka ho
kapa a sefuoe ebe amohela*
a khutlisetsoa ․․ Kea ho hana
’meleng oa mokuli,
mohlomong a khutlisetsoe
ho sa emisoa phallo ea ’ona.
HO HLAPOLLA MALI Ho fokotsa tahlehelo ea mali.
(HEMODILUTION) Nakong ea opereishene,
ho etsoa hore mali
a tsoele ka mekotlaneng
ebe sebakeng sa
’ona ho tšeloa
motsoako o se nang ․․ Kea ho amohela
mali o eketsang ․․ Nka ’na ka ho
mokelikeli ’meleng. amohela*
Kahoo mali a setseng ․․ Kea ho hana
’meleng ha mokuli a
ntse a etsoa opereishene
aa hlapolloa, a ba le
lisele tse khubelu tsa
mali tse seng kae. Mali
ao a ntšitsoeng a khutlisetsoa
’meleng ha mokuli a ntse
a etsoa opereishene kapa
ka mor’a hore a etsoe opereishene.
MOCHINE O O etsa hore phallo ea mali
SEBETSANG JOALOKA e se ke ea khaotsa.
PELO LE MATŠOAFOO Ho etsoa hore mali a tsoele
mochineng o sebetsang
joaloka pelo le ․․ Kea o amohela
matšoafo moo a ․․ Nka ’na ka o
kenngoang oksijene amohela*
ebe a khutlisetsoa ․․ Kea o hana
’meleng oa mokuli.
MOCHINE O O sebetsa joaloka setho sa ’mele.
HLOEKISANG MALI Ha ho sebelisoa mokhoa
(DIALYSIS) ona oa ho hloekisa ․․ Kea o amohela
mali, mali a ․․ Nka ’na ka o
phalla mochineng amohela*
o a sefang ebe ․․ Kea o hana
oa a hloekisa
pele o a khutlisetsa
’meleng oa mokuli.
EPIDURAL E thibela hore lero la
BLOOD PATCH mokokotlo le se ke la lutla.
Mali a seng makae a
mokuli ka boeena a ․․ Kea e amohela
enteloa holim’a ․․ Nka ’na ka e
lera le koahetseng amohela*
mothapo oa mokokotlo. ․․ Kea e hana
E sebelisetsoa ho koala
leqeba le lutlang lero
la mokokotlo.
PLASMAPHERESIS E alafa boloetse.
Ho ntšoa mali ebe a sefuoa
hore ho ntšoe lero
la ’ona. Ho tšeloa
ho hong bakeng sa ․․ Kea e amohela
lero la mali, ebe ․․ Nka ’na ka e
mali a khutlisetsoa amohela*
’meleng oa mokuli. ․․ Kea e hana
Lingaka tse ling li
ka ’na tsa batla ho
sebelisa lero la mali
a motho e mong bakeng
sa lero la mali a mokuli.
Boemong bo joalo,
Mokreste a ke ke a e amohela.
LABELING KAPA E sebelisoa litlhahlobong
TAGGING tsa mafu kapa ho alafa boloetse.
Ho ntšoa mali a seng makae,
a tsoakoa le moriana
ebe a khutlisetsoa
’meleng oa mokuli. ․․ Kea e amohela
Nako eo mali a ․․ Nka ’na ka e
motho a e qetang amohela*
a tsoile ’meleng e ․․ Kea e hana
ka ’na ea fapana.
GEL EA LIPLATELETE; E koala maqeba, e fokotsa
EA MALI A MOKULI tahlehelo ea mali.
(HO BOLELANG HORE Ho ntšoa mali a seng
“E ENTSOE KA MALI makae ebe ho etsoa
A HAO”) hore e be motsoako
o nang le liplatelete ․․ Kea e amohela
tse ngata le lisel ․․ Nka ’na ka e
e tse tšoeu. Motsoako amohela*
ona o tšasoa moo ho ․․ Kea e hana
entsoeng opereishene
kapa maqebeng.
Hlokomela: Metsoakong
e meng, ho sebelisoa
sehoamisa-mali se
nkiloeng maling a khomo.