Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb12 maq. 164-255
  • Rwanda

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rwanda
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
  • Lihloohoana
  • LINAKO TSA MATHATA
  • QALO EA MOSEBETSI OA BOBOLELI
  • KHOMO BOELA HAENO
  • MARWANDA A AMOHELA ’NETE
  • BAROMUOA BA HANELOA HO KENA
  • “BA NE BA SEBETSA KA THATA”
  • BOITEKO BA HO NGOLISOA KA MOLAO
  • BOPHELO BA CHANKANENG
  • MAHLORISO AA TOTA
  • MOLEBELI OA POTOLOHO O “ETELA” CHANKANENG
  • MOSEBETSI OA BOBOLELI O TSOELA PELE LIPHUTHEHONG
  • NTOA LE MERUSU EA LIPOLOTIKI
  • LI QETELLA LI NGOLISITSOE KA MOLAO!
  • KOPANO E KHETHEHILENG KA HO FETISISA EA LETSATSI!
  • MORERO OA HO THEHA OFISI
  • POLAO E RERETSOENG HO TIMETSA MORABE EA QALA!
  • BA ILE BA PHOLOSOA KE THAPELO EA NGOANANA E MONYENYANE
  • MAEMO AA MPEFALA
  • HO TALIMANA LE NTOA LE LEFU
  • SE HLAHETSENG JEAN LE CHANTAL
  • BA QETA MATSATSI A 75 BA PATILOE!
  • MATSOHO AA HLATSOANA
  • BA LIKETE TSE MAKHOLO BAA BALEHA
  • HO QHOMA SEOA SA K’HOLERA
  • BOPHELO LIKAMPONG TSA BAPHAPHATHEHI
  • BA KHUTLELA RWANDA
  • “E NE EKA KE TSOHO EA BAFU!”
  • MOSEBETSI OA BOBOLELI O TSOELA PELE
  • BA FUMANA MORA OA BONA EA NENG A LAHLEHILE!
  • NAHA E BOETSE E JA BOEA KA LEBOEA
  • BANYALANI BA SEBETE
  • MOSEBETSI OA HO HAHA HOLO EA KOPANO
  • HO FOQOHA SERETSE CONGO BOCHABELA
  • LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA MOSEBETSING OA LIPAKI TSA JEHOVA
  • MATHATA A MACHA A HO SE NKE LEHLAKORE
  • BOEMO BOA TŠEPISA
  • LIKETSAHALO TSE LING TSA BOHLOKOA RWANDA
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2012
yb12 maq. 164-255

Rwanda

RWANDA ke e ’ngoe ea linaha tse nyenyane ka ho fetisisa tsa Afrika. Hape ke e ’ngoe ea linaha tse ntle ka ho fetisisa. E tsebahala ka hore ke Naha e Tletseng Maralla, e nang le lithaba, meru, matša, liphororo hammoho le mefuta-futa ea limela le liphoofolo. Lithaba Tsa Virunga tse phahameng li tloha moeling o ka bophirimela oa Rwanda le Democratic Republic of Congoa ’me li namela moeling o ka leboea o pakeng tsa Rwanda le Uganda. Thaba ea Karisimbi, e leng e phahameng ka ho fetisisa lithabeng tsena, e kileng ea foqoha seretse se chesang, e bophahamo ba limithara tse 4 480, ’me tlhōrō ea eona e atisa ho ba tšoeu ka lebaka la tšeola le sefako. Tlaase mane matsoapong, lithaba tsena li na le leqala le teteaneng le moru o motalana moo litšoene tse bitsoang Cercopithecus kandti tse seng li fokola ka palo li bapallang makaleng a lifate tsa mefuta e sa tšoaneng ho akarelletsa le tsa morara. Ho boetse ho na le mefero e teteaneng, eo ho eona ho fumanehang le leng la matlotlo a maholo ka ho fetisisa a Rwanda, e leng korilla ea thaba.

Ho na le limela tse botle bo hlollang le tse tlokomang tse aparetseng sebaka seo ho ea fihla lebōpong la Letša la Kivu le Morung oa Nyungwe. Morung ona ho na le lichimpanzi, litšoene tse phatšoa tsa mofuta oa Colobus le mefuta e fetang 70 ea liphoofolo tse anyesang. Ho boetse ho na le mefuta ea lifate e ka bang 270 hammoho le mefuta ea linonyana e ka bang 300. Lirurubele le limela tse bitsoang ’mametsana li ngata ’me li khabisa sebaka sena se sirelelitsoeng.

Ho na le molatsoana o hlahang bohareng ba Moru oa Nyungwe o phallelang bochabela. ’Me melapo le linōka tse ling li kena ho oona pele o fihla Letšeng la Victoria. Ho tloha moo, metsi ana a lelemela ka potlako a leba leboea, a feta Ethiopia, a pholletsa le Sudan, ’me a qetella a fihlile Egepeta, moo a kenang Leoatleng la Mediterranean. Mohloli oa Nōka ea Nile o maralleng a Afrika bohareng a aparetsoeng ke meru, ’me nōka ena e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 6 825, e leng se etsang hore e be e ’ngoe ea linōka tse telele ka ho fetisisa lefatšeng.

LINAKO TSA MATHATA

Ka masoabi naheng ena e nyenyane ea Rwanda batho ba ’nile ba tšolla mali ka tsela e nyarosang. Banna, basali le bana ba likete tse makholo ba ile ba bolaoa ka sehlōhō tlhaselong e ’ngoe e tšabehang ka ho fetisisa ea mehleng ea kajeno, e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi. Lefatšeng lohle ho ile ha phatlalatsoa liketso tsa tšollo ea mali tse nyarosang le tse sa laoleheng, e leng se ileng sa etsa hore ba bangata ba tšosoe ke tsela e sehlōhō eo motho a tšoarang e mong ka eona.—Moek. 8:9.

Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ile ba etsa joang nakong ee ea mathata le ka mor’a moo? Joalokaha molapo oa metsi o bonahalang o le monyenyane o tsoang Morung oa Nyungwe o sa sitisoe ke letho hore o phalle le har’a mocheso o matla oa letsatsi la Afrika, ebe o fetoha nōka e khōlō, le batho ba Jehova ba Rwanda ba ile ba mamella tšebeletsong ea Molimo. Ba ile ba mamella mahloriso a matla le mathata a maholo e leng se ileng sa matlafatsa le ho khothatsa bara le barali babo bona lefatšeng lohle. Litaba tsa Rwanda li tla ama pelo ea hao ha u ntse u bala litlaleho tse sisimosang tsa batho ba ileng ba bontša lerato, tumelo le botšepehi. Re na le tšepo ea hore tlaleho ena e tla u susumelletsa ho baballa kamano ea hao le Jehova haholoanyane le hore u ananele Bakreste-’moho le uena le ho feta.

QALO EA MOSEBETSI OA BOBOLELI

Tlaleho ea pele ea mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo Rwanda e hlahile Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1971 (ea Senyesemane). E re: “Ka March selemong sena sa [1970] bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba ile ba kena Rwanda eaba ba qala ho bolela litaba tse molemo motse-moholo oa eona e leng Kigali. Ba fumane batho ba le mofuthu ba bile ba thabela molaetsa oa ’Muso, ’me motho e mong ea thabelang o se a ntse a ea tšimong. Bo-pula-maliboho bana ba se ba qalile lithuto tse leshome har’a batho ba seng bakae ba buang Seswahili. Hona joale ba leka ka thata ho ithuta Sekinyarwanda e le hore ba pakele batho ba eketsehileng.”

Bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng bao ho buuoang ka bona tlalehong ena ke Oden Mwaisoba le mosali oa hae, Enea, ba Tanzania. Kaha ba ne ba e-s’o tsebe puo ea moo, e leng Sekinyarwanda, ba ile ba qala ka ho etela batho ba buang Seswahili, bao bongata ba bona ba neng ba tsoa Congo le Tanzania. Ka February 1971, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba bane ba tlalehang tšebeletso ea tšimo. Leha ho le joalo, ho se na lingoliloeng tsa Sekinyarwanda, ’me e le batho ba seng bakae feela ba ithutang ’nete hobane bahoeletsi ba sa tsebe puo eo.

Stanley Makumba, molebeli oa potoloho ea sebete ea neng a sebeletsa Kenya, o ile a etela Rwanda ka lekhetlo la pele ka 1974. O re: “Ho ne ho e-na le libese tse fokolang tse tlohang moeling oa Uganda le Rwanda tse eang Ruhengeri, Rwanda. Ke ile ka tlameha ho palama ka morao terakeng moo re neng re petetsane hoo ke neng ke sitoa le ho sisinyeha feela, ’me ka ema ka maoto leeto leo kaofela. Mosali oa ka o ne a lutse setulong se ka pele le mokhanni. Ha re fihla, o ne a sa ntsebe hobane ke tletse lerōle sefahlehong le hloohong. Ka lebaka la leeto leo, mokokotlo oa ka o ne o le bohloko hoo bekeng e latelang, e leng ea kopano ea potoloho, ke ileng ka tlameha ho fana ka lipuo ke lutse ha ke le phuthehong le ha ke le kopanong. Ha ke etela barab’abo rōna, ke ne ke sa khone ho ba bolella hore na ke tla fihla neng hobane re sa tsebe hore na re tla fumana sepalangoang sa mofuta ofe!”

KHOMO BOELA HAENO

Nakong eona eo, Gaspard Rwakabubu ea tsoaletsoeng Rwanda, e ne e le setei merafong ea koporo ea Congo. O re: “Ka 1974, ke ile ka ea Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se neng se tšoaretsoe Kolwezi. E mong oa barupeli, e leng Michael Pottage, o ile a re ofisi ea lekala ea Kinshasa e batla moholo oa Morwanda ea ka ratang ho khutlela ha habo ho ea thusa mosebetsing oa boboleli. A mpotsa hore na nka rata ho ea. Ke ile ka mo bolella hore ke tla buisana le mosali oa ka, Melanie.

“Nakong eo mookameli oa ka o ne a sa tsoa nkōpa hore ke ee koetlisong Jeremane. Ke ne ke ipabola mosebetsing, ’me moputso oa ka o eketsoa nako le nako. Leha ho le joalo, re ile ra nka matsatsi a seng makae feela hore re etse qeto. Ke ile ka bolella Mor’abo rōna Pottage hore re tla thabela ho khutlela Rwanda. Mookameli oa ka o ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha re entse qeto eo. O ile a re: ‘U ntse u ka ba Paki ea Jehova le hona mona. Ke hobane’ng ha u tlameha ho khutlela Rwanda?’ Le hoja e se ka maikutlo a mabe, barab’abo rōna ba ile ba leka ho nkhothalletsa hore ke se ke ka khutlela Rwanda. Ba ile ba re: ‘U na le bana ba bane. Bala Luka 14:28-30 ebe u lula fatše, ’me u inahane hantle.’ Leha ho le joalo, ha rea ka ra tsilatsila.

“Mookameli oa ka o ile a re lefella litšenyehelo tsohle tsa leeto la sefofane la ho khutlela Rwanda. Ka May 1975 re ile ra fihla Kigali, ’me ra hira ntlo ea makote, e litsoeng ka mobu fatše, e neng e fapane hōle le ntlo eo re neng re lula ho eona ha ke sa ntse ke sebetsa morafong. Leha ho le joalo, re ne re itokisitse ’me re ikemiselitse ho kena khabong.”

Kaha bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba buisana le batho ka Seswahili, batho ba bangata ba ne ba nahana hore bo-pula-maliboho bao ba tlil’o ba ruta puo eo. Maikutlo ao a ile a fetoha ha Gaspard le lelapa la hae ba fihla, kaha ba ne ba khona ho ruta batho ’nete ea ’Muso ba sebelisa Bibele ea Sekinyarwanda.

Ho phaella moo, Mor’abo rōna Rwakabubu o ile a fetolela bukana e maqephe a 32 ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso” ka Sekinyarwanda. E ile ea hatisoa ka 1976 ’me ea khahla batho ba bangata. Batho ba ne ba e balla libeseng le literateng. Kaha e ne e e-na le lebitso la Jehova, seo se ile sa bula menyetla e mengata ea ho buisana le batho.

MARWANDA A AMOHELA ’NETE

Nakong eo ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 11 feela naheng ena, boholo ba bona e se baahi ba Rwanda. Justin Rwagatore ke e mong oa Marwanda a pele a ileng a ithuta ’nete. O ile a qala ho ithuta ka Seswahili le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba neng ba tsoa Tanzania, kaha ba ne ba sa tsebe Sefora kapa Sekinyarwanda. O ne a le mosa a bile a rata batho. O ile a kolobetsoa ka 1976 ’me a lula Save, moo ka 1900 morena oa Rwanda a ileng a lumella baromuoa ba Mak’hatholike hore ba hahe ’mishone. Justin oa hopola hore batho ba ne ba rata ho tseba hore na ha e le hantle ke’ng seo Bibele e se rutang. Leha ho le joalo, baruti ba ne ba hloile Lipaki Tsa Jehova ’me ba hanela batho ba kenang likereke tsa bona ho mamela molaetsa le ho amohela lingoliloeng.

Ferdinand Mugarura, e leng mor’abo rōna ea leqoophe, ke e mong oa Marwanda a pele a ileng a amohela ’nete. Ka 1969, ha a sa ntse a lula karolong e ka bochabela ea Congo, o ile a fumana buka ea Seswahili ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ka mor’a hore a utloe hore na Lipaki li lula sebakeng sefe, Labohlano le leng le le leng o ne a tsamaea le metsoalle ea hae e ’meli ba ea sebakeng seo se bohōle ba lik’hilomithara tse 80 e le hore ba be teng libokeng ebe ka mor’a moo ba khanneloa thuto ea Bibele, ba ntan’o khutlela hae ka Mantaha. Ferdinand o ile a kolobetsoa ka 1975, hong le motho eo a mo khannelang thuto ea Bibele. O ile a khetheloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng Rwanda ka 1977, ’me oa hopola hore selemo pele ho moo kopano ea potoloho e ile ea tšoareloa lapeng ha Rwakabubu ka kamoreng ea ho lula, ’me ha e-ba le batho ba 34, eaba ho kolobetsoa ba bararo.

BAROMUOA BA HANELOA HO KENA

Kaha Sehlopha se Busang se ela hloko hore na ho hlokahala eng tšimong ea lefatše lohle, se ne se se se ile sa fa baromuoa kabelo ea ho sebeletsa Rwanda. Ka 1969, baromuoa ba bane ba koetlisitsoeng sehlopheng sa bo47 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ba ile ba kōptjoa hore ba ee moo.

Nicholas Fone o re: “Ho ella mafelong a January, Mor’abo rōna Knorr o ile a fa litho tsa sehlopha seo likabelo. Re ile ra utloa a bolella Paul le Marilyn Evans hore ba abetsoe ho ea Rwanda. Eaba o re ho ’na le mosali oa ka: ‘Le tla tsamaea le bona!’ Re ne re thabile haholo, ’me ka mor’a seboka ra mathela laebraring ea Gileade eaba re ntša buka e khōlō ea limmapa e le hore re bone hore na Rwanda e hokae. Leha ho le joalo, hamorao re ile ra fumana lengolo le re bolellang hore barab’abo rōna ha baa khona ho re fumanela tumello ea ho kena Rwanda. Re ne re nyahame empa rōna hammoho le Paul le Marilyn ra amohela kabelo e ncha ea ho romeloa Congo.”

Ka 1976, malapa a mang a mabeli a ile a romeloa Rwanda ka mor’a hore a phethe lithuto tsa ’ona sehlopheng sa Gileade sa bo60. Baromuoa bana ba bane ba ile ba lumelloa ho kena ka har’a naha ’me ba lula ntlong e hiriloeng, ba bolela ka sebete ba ba ba qala ho ithuta Sekinyarwanda. Ka mor’a likhoeli tse tharo ha livisa tsa bona li fela, Lefapha la Tjako le ile la hana ho li nchafatsa, kahoo baromuoa bana ba ile ba isoa Bukavu, karolong e ka bochabela ea Congo.

“BA NE BA SEBETSA KA THATA”

Bohareng ba bo-1970, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Tanzania le Congo ba ile ba qala ho tloha Rwanda ka mabaka a sa tšoaneng. Nakong eona eo, barab’abo rōna ba Marwanda ba ile ba qala ho bula maliboho le ho atolosetsa mosebetsi oa boboleli libakeng tsohle tsa naha. Eaba ka 1978, buka ea ’Nete le lipampitšana tse peli li fetoleloa ka Sekinyarwanda. Ho phaella moo, ho ile ha e-ba le khatiso ea Molula-Qhooa ea khoeli le khoeli. Likhatiso tseo li ile tsa thusa batho ba bang hore ba amohele ’nete. Ha moromuoa ea bitsoang Manfred Tonak a bua ka bo-pula-maliboho ba Rwanda ba mehleng eo, o re: “Ba ne ba sebetsa ka thata, ’me ba qeta nako e ngata tšebeletsong. Ba neng ba sa tsoa kena ka phuthehong ba ile ba latela mohlala oa bona.”

Ha Gaspard Niyongira a bolela kamoo litaba tse molemo li neng li nama kateng mehleng eo o re: “Ka 1978 ha ke kolobetsoa, baruti ba ne ba tšoha ha ba bona batho ba bangata ba amohela ’nete. Ho ne ho e-ba le batho ba makholo likopanong. Ha re ne re il’o bolela litaba tse molemo e ne eka re boieane ba litsie! Hangata ho ne ho e-ba le bahoeletsi ba ka bang 20 ba tsamaeang ka maoto ba tloha toropong ea Kigali ba il’o bolela motseng oa Kanombe, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang robong. Ka mor’a hore ba je lijo tsa motšehare, ba ne ba fetela pele motseng oa Masaka o bohōle ba lik’hilomithara tse supileng pele ba khutlela Kigali ka bese mantsiboea. Bahoeletsi ba lulang libakeng tse ling tsa naha le bona ba ne ba etsa se tšoanang. Ha ho makatse hore ebe mosebetsi ona o moholo oa ho bolela o ne o etsa hore batho ba be le maikutlo a hore ho na le Lipaki Tsa Jehova tse likete. Ka lebaka leo, ba ile ba re qosa, ’me ba hlohlelletsa ba boholong hore ba hane ho re ngolisa ka molao.”

Kaha barab’abo rōna ba Rwanda ba ne ba chesehela ’nete haholo, ba ne ba batla ho latsoa thabo ea ho ba hammoho le barab’abo bona ba linaha tse ling. Kahoo ka December 1978, batho ba Rwanda ba 37, ba akarelletsang le bana, ba ile ba nka leeto le eang Nairobi, Kenya, e bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 1 200—ba ea Kopanong ea Machaba ea “Tumelo e Hlōlang,” ba tsamaea ka tsela e fetang Uganda. Leeto leo le ne le le boima, lipalangoang li sa tšepahale, ’me li robeha khafetsa. Ho feta moo, boemo ba lipolotiki bo ne bo sa tsitsa Uganda. Ha barab’abo rōna ba qetella ba fihlile moeling oa Kenya, liofisiri tsa leliboho la Uganda tsa ba qosa ka hore ke limpimpi, eaba lia ba tšoara li ba isa ntlo-khōlō ea sesole e Kampala, Uganda. Idi Amin, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Uganda, ke eena ea ileng a ba hloma lipotso. Ha a khotsofaletse likarabo tsa bona, o ile a laela hore ba lokolloe. Le hoja bara bao babo rōna ba sa ka ba e-ba teng letsatsing la pele la kopano ea Nairobi, ba ile ba thabela ho bona barab’abo rōna ba likete, ba lichaba tse ngata ba lutse hammoho ka khotso.

BOITEKO BA HO NGOLISOA KA MOLAO

Hase bohle ba ileng ba khahloa ke linnete tsa Bibele le melao-motheo ea boitšoaro e hlomphehang e rutoang ke Lipaki. Ka ho khetheha baruti ba ile ba tšoha ha ba bona batho ba bangata hakaalo ba li amohela. Mor’abo rōna Rwakabubu o re: “Ba bangata bao e neng e le Mak’hatholike, Maprostanta le Masabatha a chesehang ba ile ba romela mangolo a ho itokolla likerekeng tseo. Mor’abo rōna e mong o re mosebetsi oa ho bolela o ile oa e-ba le liphello tse tšoanang le tsa mollo o chesang malumeli a hlomamisitsoeng. Kapele palo ea ba bang teng libokeng Phuthehong ea Kigali e ile ea nyolohela ka holimo ho 200. Qalong baruti ba ne ba se na taba le rōna kaha re ne re fokola haholo. Leha ho le joalo, ha re ntse re eketseha, ba bang ba ile ba re qosa ka hore re kotsi sechabeng. Ke ho thahasellisang hore ebe hoo e ka bang ka nako eo moarekabishopo oa Kereke e K’hatholike ea Rwanda, e leng Vincent Nsengiyumva, e ile ea e-ba setho sa komiti e ka sehloohong ea mokha o busang.

“Kaha re ne re eketseha ka potlako, re ne re batla ho ngolisoa ka molao e le hore baromuoa ba kene ka har’a naha, re hahe Liholo Tsa ’Muso re be re tšoare likopano tse khōlō. Lekala la Kenya le ile la lokisetsa hore Ernest Heuse, oa Belgium, a buisane le matona a ’muso, a kōpe hore re ngolisoe ka molao, empa a se ke a atleha. Hamorao ka 1982, ofisi ea lekala ea Kenya e ile ea re eletsa hore re ngole lengolo le eang ho Letona la Toka le Letona la Litaba Tsa Lehae, re kōpe hore re ngolisoe ka molao. Ke ile ka tekena lengolo lena hammoho le bo-pula-maliboho ba bang ba babeli ba khethehileng. Leha ho le joalo, ha rea ka ra fumana karabo.”

Ha tsena tsohle li ntse li etsahala, khanyetso e ile ea tota. Mor’abo rōna e mong ea sa bueng haholo, ea nang le seriti, ea bitsoang Antoine Rugwiza, o hopola ha mopresidente a bua seea-le-moeeng sa naha a re a ke ke a mamella batho ba nyenyefatsang malumeli a hlomamisitsoeng a Rwanda. E mong le e mong o ile a utloisisa hore o bua ka Lipaki Tsa Jehova. Ha hoa ka ha feta nako e telele a buile mantsoe ao eaba barab’abo rōna ba haneloa ho tšoara liboka. Ho feta moo, ho ile ha tlala litaba tsa bo-ba-re tsa hore haufinyane ba tla tšoaroa. Mor’abo rōna Rwakabubu o ile a bitsetsoa lekhotleng la tšireletso la Naha ka makhetlo a mabeli hore a hlongoe lipotso.

Ka November 1982, lekala la Kenya le Nairobi le ile la romela Kiala Mwango le mosali oa hae, Elaine hore ba e’o tšoara likopano tsa potoloho Butare, Gisenyi le Kigali. Mor’abo rōna Rwakabubu e ne e le molula-setulo likopanong tsena. Kopano ea Kigali e ne e sa tsoa phethoa ha a bitsetsoa ofising ea mopresidente ka lekhetlo la boraro. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ha aa ka a khutla! Pele ho feta matsatsi a mane, bo-pula-maliboho bane ba babeli ba khethehileng ba ileng ba saenela lengolo la kōpo ea hore Lipaki li ngolisoe ka molao le bona ba ile ba tšoaroa. Boraro ba bona ba ile ba kenngoa chankaneng ho sa ka ha e-ba le nyeoe ba bile ba sa fuoa monyetla oa ho ikarabella. Ba bang ba ile ba tšoaroa hamorao. Holo ea ’Muso e ile ea koaloa, ’me menyako ea eona ea koaloa ka litšepe. Letona la Toka le ile la ngolla litereke lengolo le bolelang hore Lipaki Tsa Jehova li thibetsoe.

Qetellong ka October 1983, ho ile ha e-ba le nyeoe khahlanong le barab’abo rōna ba bararo ba neng ba saenne lengolo le kōpang hore Lipaki li ngolisoe ka molao. Lekhotla le ile la ba qosa ka hore ba qhekella batho ba bile baa ba thetsa—e leng liqoso tseo ho hang li neng li se na bopaki. Ha nyeoe e ntse e tsoela pele, ha hoa ka ha hlahisoa paki le e ’ngoe kapa eona tokomane e pakang liqoso tseo. Leha ho le joalo, bara bana babo rōna ba bararo ba ile ba ahloleloa ho hlola chankaneng ka lilemo tse peli. Ha ’muso o tšoarela babolai ba fumanoeng ba le molato ’me o ba lokolla chankaneng, bara bana babo rōna ba tšepahalang ha baa ka ba lokolloa. Motseng oa Gisenyi, Lipaki tse ling tse hlano li ile tsa hoehla ka lilemo tse ka bang peli chankaneng li sa ahloloa ebile ho se na taelo ea lekhotla e tšehetsoang ke molao.

BOPHELO BA CHANKANENG

Bophelo ba chankaneng bo ne bo le bosula. Ho ne ho jeoa cassava le linaoa hang ka letsatsi. Nama e ne e jeoa hoo e ka bang hang feela ka khoeli. Libetheng ho e-na le litšitšili, empa kaha ho ne ho tletse, ba bangata ba ne ba robala fatše. Metsi a ho hlapa a ne a fokola. Barab’abo rōna ba lula le linokoane tse ahlotsoeng ebile li le mabifi. Hangata balebeli ba chankana ba ne ba le sehlōhō, le hoja e mong oa bona, e leng Jean Fataki, a ne a tšoara barab’abo rōna ka mosa. O ile a lumela ho ithuta Bibele, a qetella a kolobelitsoe, ’me e bile pula-maliboho ea tšepahalang ho fihlela kajeno.

Mor’abo rōna Rwakabubu o re: “Ha re le chankaneng, moarekabishopo o ile a tšoara ’Misa chankaneng. A re batho ba hlokomele Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a moo, Mak’hatholike a mang a neng a mo mametse a ile a re botsa hore na ke hobane’ng ha moarekabishopo eo a bua joalo, empa ba bona hore Lipaki Tsa Jehova hase batho ba kotsi.”

Nakong eona eo, Roger le Noella Poels ba ile ba fihla Kigali ba tsoa Belgium. Roger o ne a tlile ka mosebetsi. Bara bane babo rōna ba bararo ba ne ba ntse ba le chankaneng, kahoo Roger o ile a kōpa ho buisana le Letona la Toka e le hore a le hlalosetse seo re se lumelang, le hore ka tlhompho a le botse hore na ’muso o nyatsa eng ho Lipaki Tsa Jehova. Letona lena le ile la khaotsa puisano la re: “Monghali Poels, u buile ho lekane! U tla tsamaea ka sefofane se latelang se eang Brussels. U lelekiloe naheng ena!”

Kaha bara bane babo rōna ba bararo ba ile ba ema ba tiile ba se na tšabo, ba ile ba tlameha ho qeta lilemo tse peli ba le chankaneng. Leha ho le joalo, selemong sa bobeli ba ile ba isoa chankaneng eo ho eona maemo a neng a se mabe hakaalo. Ba ile ba lokolloa ka November 1984.

MAHLORISO AA TOTA

Khanyetso e ile ea tsoela pele. Ho ile ha phatlalatsoa seea-le-moeeng hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba babe hape ba fetelletsa litaba. Ka March 1986, naheng ka bophara ho ne ho se ho tloaelehile hore li tšoaroe. E mong oa ba ileng ba tšoaroa ke Augustin Murayi, eo ka lebaka la ho ba Mokreste ea sa nkeng lehlakore, a neng a ile a lelekoa mosebetsing oa hae oa ho ba motsamaisi-kakaretso Lekaleng la Thuto Likolong Tsa Mathomo le Tse Bohareng. O ile a buuoa hampe likoranteng; seea-le-moea sona sa beha melamu fatše.

Bara le barali babo rōna ba bang, esita le baralib’abo rōna ba baimana ba boetseng ba e-na le bana ba banyenyane ba ile ba tšoaroa naheng eohle. Ho ella qetellong ea 1986, ba ile ba isoa chankaneng e khōlō e Kigali moo ba ileng ba letela nyeoe ea bona. Kaha barab’abo rōna ba ne ba sa bine lipina tse bontšang lerato la naha, ba sa qhoaele libeche tsa mopresidente ebile ba sa reke likarete tsa mokha oa lipolotiki, batho ba ile ba etsa qeto e fosahetseng ea hore Lipaki Tsa Jehova li hanyetsa ’muso ebile li leka ho o ketola.

Hlathe e ne e lelekisa tsebe ha Phocas Hakizumwami a re: “Barab’abo rōna ba liphutheho tsa Nyabisindu ba har’a ba pele ba ileng ba tšoaroa. Kaha kaofela ha rōna re ne re lebeletse ho tšoaroa neng kapa neng, re ile ra elelloa hore re se re tla tloha tšimong e ka ntle ho chankana re ee ho e ka hare ho chankana. Kahoo ra etsa qeto ea hore pele seo se etsahala, re etse letšolo le leholo la ho bolela litaba tse molemo tšimong e ‘ka ntle’ ho chankana. Re ile ra ea limmarakeng ’me ra tsamaisa limakasine le libuka tse ngata. Ra rapela Jehova hore a re thuse re sebetse tšimo ea rōna kaofela pele re kenngoa chankaneng. Jehova o ile a re thusa, hobane re ile ra qeta tšimo ea rōna ka la 1 October, 1985. Eaba re kenngoa chankaneng ka mor’a matsatsi a supileng.”

Selemong se latelang, mafokisi a Lefapha la Tšireletso ea Naha a ile a tšoara Palatin Nsanzurwimo le mosali oa hae Fatuma. Ka mor’a hore a qete lihora tse robeli a ntse a ba hloma lipotso le ho phenyekolla ntlo ea bona, ba ile ba isoa chankaneng hammoho le bana ba bona ba bararo. Moena oa Palatin o ile a ba sala morao, eaba o nka mora oa bona ea lilemo li hlano le morali oa bona ea lilemo li ’nè e le hore a ba hlokomele. Palatin le Fatuma ba ile ba kenngoa chankaneng le morali oa bona ea likhoeli li 14. Hamorao Fatuma o ile a isoa chankaneng e ’ngoe ’me a lokolloa ka mor’a likhoeli tse robong.

Nakong eo, bana ba bane ba Jean Tshiteya ba ile ba lelekoa sekolong. Nakoana ka mor’a moo, eitse ha a khutlela hae a fumana ntlo ea hae e phenyekollotsoe ’me mosali oa hae a tšoeroe, bana ba setse ba le bang. Ho e-s’o ee kae Mor’abo rōna Tshiteya le eena o ile a tšoaroa ’me a koalloa chankaneng ea Butare, moo a ileng a fumana mosali oa hae le barab’abo rōna ba bang. Ka mor’a moo, batšoaruoa bohle ba chankaneng ea Butare ba ile ba isoa chankaneng e khōlō ea Kigali. Ha Mor’abo rōna Tshiteya a ntse a le chankaneng, bana ba hae ba ne ba hlokomeloa ke barab’abo rōna ba Kigali.

Mor’abo rōna Tshiteya o re: “Ha bara le barali babo rōna ba ntse ba fihla chankaneng e khōlō ea Kigali ba tsoa lichankaneng tsa libaka tse ling, ba ne ba lumelisana ka thabo ba re, ‘Komera!’ e bolelang ‘U be sebete!’ Ha e mong oa balebeli ba chankana a utloa ba lumelisana joalo, o ile a ba kharuma a re: ‘Lōna lea hlanya! Batho ba ka ba sebete joang ba le chankaneng?’”

Batho ba thahasellang litaba tse molemo ha baa ka ba nyahama le hoja re tšoaroa, empa mahloriso a ne a atisa ho ba le liphello tse ntle. E mong oa ba bangata ba ileng ba tšoaroa ka nako eo ke morali’abo rōna ea mahlahahlaha ea bileng a ratang batho, ea bitsoang Odette Mukandekezi. O re: “Nakong ea mahloriso, barab’abo rōna ba ne ba tšoaroa ba bile ba otloa. Ka letsatsi le leng re ile ra feta ngoanana ea bitsoang Josephine a lisitse likhomo. O ne a balile Bibele ea hae moo e reng Bakreste ba pele ba ile ba etselletsoa, ba hlorisoa, ba shapuoa ba ba ba kenngoa lichankaneng. Kaha o ne a tseba hore Lipaki lia hlorisoa, o ile a etsa qeto ea hore e tlameha ebe ke bona bolumeli ba ’nete, eaba o kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele. Hona joale ke morali’abo rōna ea kolobelitsoeng.”

Nakong ea thibelo, Gaspard Niyongira e ne e le mokhanni oa literaka, ’me a atisa ho ea Nairobi, Kenya ka mosebetsi. O ne a kenya lingoliloeng ka sekhukhu Rwanda, a li tšela ka lebokoseng le khethehileng le kentsoeng terakeng ea hae. Mabokose a tšeletseng a lingoliloeng a ne a fella ka lebokoseng leo. Nakong eona eo, Henry Ssenyonga, oa karolong e ka bophirimela ea Uganda o ne a atisa ho tšela leliboho ka sethuthuthu hore a ise limakasine Rwanda.

Liboka li ne li lokela ho tšoaroa ka lihlopha tse nyenyane. Ha ba boholong ba belaela hore Lipaki Tsa Jehova li tšoere liboka, ba ne ba batlisisa matlong. Mor’abo rōna Niyongira o re: “Ho ne ho e-na le phaposi e nyenyane e khomelelitsoeng ntlong ea ka ’me re ne re ka tšoarela liboka ho eona ka sekhukhu. Re ne re kenya lingoliloeng tsa rōna ka lipolasetiking ebe rea li epela re nt’o li koahela ka molora.”

Ha batho ba bangata ba qala ho tšoaroa, Jean-Marie Mutezintare, ea neng a sa tsoa kolobetsoa, o ile a khona ho ea kopanong ea machaba e khethehileng ea “Baboloki ba Botšepehi” e neng e tšoaretsoe Nairobi ka December 1985. Ha ba khutlela Rwanda, eena le Isaie Sibomana, ba ile ba pota ho barab’abo rōna ba karolong e ka bophirimela ea Uganda ho ea lata limakasine. Ha ba le lelibohong, ba boholong ba ile ba li fumana, ba tšoara bara bana babo rōna, ba ba fasa ka lihanaboi eaba ba ba hloma lipotso ba ntan’o ba koalla ka seleng moo ba ileng ba hatsela bosiu bohle. Ho e-s’o ee kae bara bana babo rōna ba ile ba romeloa chankaneng e khōlō ea Kigali. Ba ile ba fumana bara le barali babo rōna ba ka bang 140 ba koaletsoeng chankaneng eo ba ileng ba thaba ha ba utloa tlaleho ea kopano ea Nairobi ho batho ba tsoang teng. Ka sebele, seo ba ileng ba se bolella barab’abo rōna se ile sa ba khothatsa sa ba sa ba matlafatsa!

Barab’abo rōna ba kentsoeng chankaneng ba ne ba tšoara liboka ’me ba bolela litaba tse molemo ka tsela e hlophisitsoeng. Ntle le ho bolela litaba tse molemo, ba ile ba ba ba ruta batšoaruoa ba bang ho bala le ho ngola. Ho feta moo, ba ne ba khannela batho ba ratang ’nete lithuto tsa Bibele ’me ba thusa bahoeletsi ba bangata ba bacha hore ba itokisetse ho kolobetsoa. Ba bang ba bona ba ne ba ntse ba ithuta ha ba tla tšoaroa, ’me ba bang ba ithutile ’nete chankaneng.

MOLEBELI OA POTOLOHO O “ETELA” CHANKANENG

Ha mor’abo rōna e mong a pheta se neng se etsahala chankaneng ea Kigali ka 1986, o re: “Ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba bangata moo. Re ile ra tšoara seboka e le hore re bone hore na re ka thusa barab’abo rōna ba seng chankaneng joang. Eaba re etsa qeto ea ho ba ngolla lengolo le ba khothatsang. Ra ba bolella hore ha re qeta ho bolela litaba tse molemo tšimong ea chankana, re tla khutlela hae. Re ne re bolela litaba tse molemo betheng e ’ngoe le e ’ngoe ’me re khanna lithuto tsa Bibele. Hamorao, ha re utloa hore molebeli oa potoloho o etela liphutheho, le rōna re ne re batla ho eteloa, kahoo ra rapela Jehova mabapi le taba ena. Kapele ka mor’a moo, Mor’abo rōna Rwakabubu, eo e neng e le eena molebeli oa potoloho o ile a koalloa chankaneng ka lekhetlo la bobeli. Re ne re nka hore eo ke tsela ea ho fumana ketelo ea molebeli oa potoloho.”

Nakong ea mahloriso, ke mor’abo rōna a le mong feela ea ileng a inehela. Ha a qhoaela beche ea lipolotiki, batšoaruoa bao e seng Lipaki ba ile ba mo otla, ba mo raha ba ba ba mo rohaka, ba re ke lekoala. Mosali oa hae, ea neng a ntse a ithuta Bibele o ile a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a lula a tšepahala. Hamorao o ile a ngolla baahloli lengolo, a ba bolella hore o entse phoso le hore e ntse e le Paki ea Jehova a ba a ngolla ofisi ea lekala ea Kenya a ikōpela tšoarelo. Le kajeno o sa ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi.

MOSEBETSI OA BOBOLELI O TSOELA PELE LIPHUTHEHONG

Ba neng ba sa koalloa chankaneng ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ka cheseho, ’me ka karolelano ba tlaleha lihora tse 20 ka khoeli. E mong oa bona e leng Alfred Semali, o re: “Le hoja ho se mohla nkileng ka koalloa chankaneng, ke ne ke lebeletse hore ke tla koalloa. Kaha Holo ea ’Muso e ne e koetsoe, re ne re tšoara liboka ka lihlopha tse nyenyane ’me re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo. Ke ne ke kenya limakasine ka enfelopong e ’mala oa khaki, ke e-ea toropong joalokaha eka ke il’o batla mosebetsi, ebe ke batla menyetla ea ho tsamaisa limakasine le ho buisana le batho ka Bibele.

“Ka 1986 barab’abo rōna ba bangata le batho ba thahasellang, esita le ba neng ba sa tsoa qala ho ithuta Bibele, ba ile ba koalloa chankaneng. Bara bao babo rōna hammoho le batho ba sa tsoa amohela ’nete ba ile ba ema ba tiile ka tsela e tsotehang. Ho sa le joalo, Lipaki tsa linaha tse ngata li ile tsa ngolla mopresidente oa Rwanda mangolo li ipelaetsa ka tšoaro eo e leeme, ’me litabeng tsa seea-le-moea ho ile ha phatlalatsoa hore o fumana mangolo a makholo letsatsi le leng le le leng. Sena se ile sa beha litholoana tse ntle, kahoo selemong se latelang bara le barali babo rōna le batho ba thahasellang ba ile ba lokolloa ka taelo ea mopresidente. Re ne re nyakaletse.” Kapele ka mor’a hore ba lokolloe, baholo ba ile ba lokisetsa hore batho ba kolobetsoe Kigali, ’me ha kolobetsoa ba 36, eaba ba 34 ho bona e ba bo-pula-maliboho ba thusang!

Ka 1986 ha bara le barali babo rōna ba ne ba hlorisoa ka matla, ka karolelano ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 435 ba tlalehang; har’a bona ba 140 ba ne ba koaletsoe chankaneng. Lipaki tsena e bile litšiea tsa mokhatlo oa Jehova Rwanda. Tumelo ea tsona e ne e lekiloe, ’me li ile tsa lula li le matla ka phuthehong.—Jak. 1:3.

Qetellong, ka mor’a matšoenyeho ana a lilemong tsa bo-1980, liphutheho tsa Rwanda li ile tsa e-ba le khotso e itseng tsa ba tsa eketseha. Empa ke’ng se neng se larile ka pele? Ba bangata ba ile ba amohela ’nete. Na ba sa tsoa kena ka phuthehong le bona e ne e tla ba barutuoa ba hahiloeng ka thepa e sa cheng? (1 Bakor. 3:10-15) Na ba ne ba tla ema ba tiile tumelong le har’a liteko tse larileng ka pele? Ho ne ho tla bonahala ha ’mela o ntse o puta.

NTOA LE MERUSU EA LIPOLOTIKI

Ka 1990, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 1 000 ba bolelang litaba tse molemo Rwanda. Leha ho le joalo, boemo ba lipolotiki bo ne bo ntse bo e-ba bobe, ’me ka October, mabotho a Rwandan Patriotic Front (RPF) a ile a hlasela karolo e ka leboea ea Rwanda a tsoa naheng ea boahelani ea Uganda.

Ha tlhaselo ena e qala, mor’abo rōna ea sebete ea bitsoang Ferdinand Mugarura ea neng a kile a koalloa chankaneng ka makhetlo a mabeli ka lebaka la tumelo ea hae, o ne a lula Ruhengeri. O re: “Lehloeo le bochaba li ne li ntse li e-ja setsi. Empa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lula li sa nke lehlakore, li sa itšunya-tšunye likhohlanong tsa lipolotiki kapa lehloeong la merabe. Kaha barab’abo rōna ba ile ba hana ho nka lehlakore, ba bang ba ile ba tlameha ho baleha mahabona ’me ba bang ba lelekoa mosebetsing.”

Morali’abo rōna e mong eo e neng e le tichere ebile e le mohlolohali ea nang le bana ba bararo o ile a hana ho ntša menehelo ea ho tšehetsa sesole. Ka lebaka leo, mosuoe-hlooho o ile a mo tlaleha ho ba boholong sesoleng, eaba o koalloa chankaneng ka lekhetlo la bobeli, kaha o ne a ile a koalloa chankaneng ka bo-1980. Ha mabotho a hlaselang a fihla toropong eo a neng a koaletsoe ho eona, a ile a thuha chankaneng eo eaba batšoaruoa bohle baa baleha. Leha ho le joalo, ho e-na le hore morali enoa oabo rōna a balehe le batšoaruoa ba bang, o ile a lula chankaneng. Ha mabotho ana a tloha, o ile a tšoaroa hape ’me a isoa chankaneng e khōlō ea Kigali. Ha a le moo o ile a rapela hore a tsebe letsatsi la Sehopotso, kaha o ne a sa batle hore se mo fose. Se ileng sa mo makatsa haholo ke hore o ile a lokolloa ka lona letsatsi la Sehopotso! Kaha o ne a sa nke lehlakore, o ile a amohuoa ntlo ea hae a ba a lelekoa mosebetsing oa botichere, empa e ile ea e-ba pula-maliboho ea chesehang.

Kaha linaha tse ling li ile tsa kenella, mabotho ana a tsoang Uganda a ile a emisa litlhaselo tsa ’ona ka nakoana. Ka 1991 ho ile ha nkoa mehato ea hore ho be le mekha e mengata ea lipolotiki ka har’a naha. Ho ile ha thehoa mekha e mengata e meholo le e ’maloa e menyenyane, e leng se ileng sa etsa hore ho be le moea oa bochaba. Mekha e meng e ne e sa feteletse litaba, empa ho na le e neng e feteletsa litaba e bile e rata ntoa. Ka lekhetlo la pele ho ile ha amoheloa boemo ba Lipaki Tsa Jehova ba ho se nke lehlakore. Kaha Lipaki li ne li sa nke lehlakore likhohlanong tsa lipolotiki le tsa merabe, ’muso le batho bohle ba ne ba se ba sa li nke e le lira.

Ka September 1991, barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse ling ba tsamaeang le barab’abo rōna ba babeli ba Rwanda, e leng Gaspard Rwakabubu le Tharcisse Seminega, ba ile ba etela matona a ’muso a hlaheletseng Kigali. Bara bana babo rōna ba ile ba buisana le Letona le lecha la Toka, le ileng la ba mamela ’me la ba utloela bohloko. Ba ile ba leboha ka mehato e molemo e seng e nkiloe ’me ba le khothalletsa ho nka mehato e meng ea ho ngolisa Lipaki Tsa Jehova ka molao.

Ka January 1992, pele Lipaki li ka ngolisoa ka molao, barab’abo rōna ba ile ba tšoara kopano ea setereke Kigali. Godfrey le Jennie Bint ba re: “Re ne re sebeletsa Uganda ka nako eo, eaba rea makala ha re fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala ea Kenya, le re kōpang hore re e’o qeta libeke tse tharo Rwanda e le hore re thuse barab’abo rōna ho lokisetsa kopano le ho rekota tšoantšiso. Ka sebele barab’abo rōna ba ile ba re amohela hamonate, ba re memela lijong malapeng a sa tšoaneng letsatsi le letsatsi. Ho ne ho hiriloe lebala la bolo la praefete ’me ha re fihla, ho ne ho se ho ntse ho etsoa litokisetso. Ka nako eo, barab’abo rōna ba ne ba se ba lokiselitse hore tšoantšiso e rekotoe, ’me ea rekotoa hantle le hoja thepa e ne e haella. Ka Sontaha ho ile ha e-ba le ba 2 079, ’me ha kolobetsoa ba 75 le hoja barab’abo rōna ba bangata ba tsoang metseng e ka leboea ba sa ka ba fumana litokomane tsa ho tsamaea ’me leliboho le pakeng tsa Burundi le Uganda le ne le koetsoe.”

LI QETELLA LI NGOLISITSOE KA MOLAO!

Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ka la 13 April, 1992, Lipaki Tsa Jehova tsa Rwanda li ile tsa qetella li ngolisitsoe ka molao—e le ka lekhetlo la pele! Nako e telele eo li e nkileng li ntse li bolela litaba tse molemo har’a mathata a lithibelo, ho hlekefetsoa le ho koalloa lichankaneng e ne e fetile. Barab’abo rōna ba ne ba letetse hore lintho li tla fetoha ebe bahoeletsi baa eketseha ’me mosebetsi oa puso ea Molimo oa atolosoa.

Sehlopha se Busang ha sea ka sa senya nako eaba se romela baromuoa naheng ena. Henk van Bussel, eo pele a neng a sebeletsa Central African Republic le Chad, hammoho le Godfrey le Jennie Bint, bao pele ba neng ba sebeletsa Zaire (eo hona joale e leng Democratic Republic of the Congo) le Uganda, ke bona baromuoa ba pele ba ileng ba fumana mangolo a ho lula ka har’a naha. Ho ile ha khethoa Komiti ea Naha hore e tsamaise mosebetsi oa boboleli.

Mor’abo rōna Bint o bolela se ileng sa etsahala ha eena le Henk van Bussel ba fihla, o re: “Ho e-s’o ee kae re ile ra fumana ntlo eo e ka bang lehae la baromuoa haufi le Holo ea ’Muso. Hang-hang ra ikitlaelletsa ho ithuta Sekinyarwanda ’me se ne se le thata haholo, joalokaha se ile sa thatafalla bo-pula-maliboho ba pele ba khethehileng ba fihlileng Rwanda ka 1970. Buka e ’ngoe eo re neng re ithuta ka eona e ile ea re fa keletso ena: ‘Litlhaku CW li bitsoa ka tsela ena, TCHKW!’ Hape rea hopola hore morali’abo rōna ea neng a re ruta o ile a re, ‘Poleloaneng e reng “isi nshya” [lefatše le lecha], le ke ke la bitsa “shy” hantle ha le sa bososele!’”

Hamorao selemong seo, ho ile ha e-ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 665, ’me ka January 1993, ha tšoaroa kopano e ’ngoe ea setereke Kigali. Lekhetlong lena ho ile ha e-ba le batho ba 4 498, ha kolobetsoa ba 182. Kiala Mwango e ne e le eena moemeli ea tsoang lekaleng la Kenya. Ka nako eo ha ho motho ea neng a nahana hore setšeng se bapileng le lebala la lipapali leo re neng re tšoaretse kopano ho lona, ho tla hahoa ofisi ea lekala ka 2006.

Le hoja ho ile ha e-ba le tlhaselo e ’ngoe ka leboea, barab’abo rōna ha baa ka ba khoehlisa mosebetsing oa boboleli. Ka 1993 lebotho la RPF le ile la fihla haufi le Kigali. Maliboho a Uganda a ne a koetsoe, ’me ho utloahala molumo oa libetsa tse matla maralleng a seng hōle hakaalo le motse-moholo. Batho ba ka bang milione ba ne ba balehile ka leboea. Har’a bona ho e-na le bara le barali babo rōna ba 381, ’me barab’abo rōna ba Kigali le mathōkong a eona ba ba hlokomela. Leha ho le joalo, Arusha, Tanzania, ho ile ha tšoaroa lipuisano tsa ho beha libetsa fatše, ha khethoa sebaka seo mabotho a sa lokelang ho kena ho sona, ’me ’muso oa lumela ho kopanela puso le mabotho a hlaselang le mekha e ’maloa ea lipolotiki, e meholo le e menyenyane.

KOPANO E KHETHEHILENG KA HO FETISISA EA LETSATSI!

Selemong seo ho ne ho lokiselitsoe hore kopano e khethehileng ea letsatsi e tšoareloe Kigali Regional Stadium. Leha ho le joalo, ba boholong lebaleng leo ba ne ba lumeletse ba bang hore ba le sebelise ka nako e le ’ngoe le rōna ’me papali ea bolo e ne e tlil’o qala ka hora ea boraro thapama. Barab’abo rōna ba ile ba tšoara lenaneo la hoseng, empa pele lenaneo la thapama le qala, batšehetsi ba lihlopha tsa bolo ba ne ba se ba ntse ba fihla ’me mapolesa a sitoa ho ba thiba. Mookameli oa lebala leo o ile a re papali e tla fela ka hora ea botšelela mantsiboea. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba tsamaea eaba ba khutla ka nako eo ho tla mamela karolo e setseng ea lenaneo.

Sena se ile sa etsa hore ba tšoenyehe kaha ’muso o ne o laetse hore likoloi li khaotse ho tsamaea ka hora ea botšelela mantsiboea, batho bona ba be ba feletse ka matlong ka hora ea borobong. Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka hora ea bosupa mantsiboea, ho ile ha etsoa tsebiso seea-le-moeeng ea hore nako eo e chechiselitsoe horeng ea 11. Ho phaella moo, ho ne ho se na bonnete ba hore ho tla ba le motlakase. Kaha ho ne ho tlōtsoe litumellano tsa ho hira lebala la lipapali, ramotse oa Kigali o ile a lokisetsa hore ho khantšoe a ba a lokisetsa lipalangoang tsa mahala hore li ise barab’abo rōna malapeng ka mor’a lenaneo. Kahoo, barab’abo rōna ba ile ba tšoara lenaneo lohle la kopano. Ak’u inahanele hore na ba ile ba makala hakaakang ha ba tsoa ka lebaleng la lipapali ’me ba fumana libese tse ngata li ba emetse!

Günter Reschke o hopola ha a ne a etetse Rwanda mafelong a September 1993. O re: “Lekala la Kenya le ile la nthomela Kigali hore ke e’o sebetsa le Mor’abo rōna Rwakabubu ke le morupeli Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso. Ho ne ho e-na le baholo ba 63 feela Rwanda ka nako eo, le hoja palo ea bahoeletsi e ne e nyolohetse ho 1 881. Ho ne ho ntse ho rena tsitsipano ka har’a naha, ’me re ile ra utloela hore e ntse e kupa ka leboea. Ha e le hantle, ho ne ho se motho ea neng a lebeletse mathata a larileng ka pele, empa ka sebele sekolo sena se ile sa fana ka lijo ka nako e tšoanetseng. Se ile sa matlafatsa tumelo ea baholo, sa ba hlomella hore e be balisa, e leng se neng se hlokahala ha ntoa e mahlo-mafubelu e ntse e atamela.”

MORERO OA HO THEHA OFISI

Mafelong a March 1994, Leonard Ellis le mosali oa hae Nancy ba tsoang Nairobi, ba ile ba tla likopanong tse khethehileng tsa letsatsi le ho tla thusa ofising ea phetolelo. Lekala la Nairobi le ne le khothalelitse barab’abo rōna hore ba kopanye lehae la baromuoa le ofisi ea phetolelo ea Rwanda. Ka Mantaha oa la 4 April, sehlopha sa bafetoleli, Komiti ea Naha, baromuoa, Mora le Morali oabo rōna Ellis ba ne ba le teng Thutong ea Molula-Qhooa. Ho ne ho le monate—e le nako ea hore mosebetsi o atolohe ka ho eketsehileng.

Kaha Mora le Morali’abo rōna Ellis ba ne ba qetile mosebetsi oa bona, ba ile ba tsamaea ka sefofane sa baeti ’me ka mor’a sona ho ile ha feta likhoeli tse ngata ho se na sefofane sa baeti se tlohang Kigali. Motšehareng oa mantsiboea oa letsatsi le latelang Mor’abo rōna Rwakabubu o ile a letsetsa lehaeng la baromuoa a bolela hore ofisi ea bonģosa ea Russia e tlohetse setša sa eona seo re neng re lakatsa ho haha ofisi ea naha ho sona. Joale setša sena se ne se ka fuoa Lipaki Tsa Jehova, ’me re lokela ho tšoara seboka ka taba ena hoseng ha le latelang, e leng Labone la la 7 April. Ha rea ka ra khona ho tšoara seboka seo.

POLAO E RERETSOENG HO TIMETSA MORABE EA QALA!

Mantsiboeeng a Laboraro la la 6 April, ho ile ha thunngoa sefofane haufi le Kigali eaba sea tuka. Mopresidente oa Rwanda le oa Burundi ba ne ba le ka sefofaneng seo. Bohle ba neng ba palame sefofane seo ba ile ba shoa. Ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba utloela ka taba eo mantsiboeeng ao, kaha seea-le-moea sa ’muso ha sea ka sa e phatlalatsa.

Baromuoa ba bararo, e leng Mor’abo rōna Bint le mosali oa hae hammoho le Henk, ha ba sa tla lebala se ileng sa etsahala ka mor’a moo. Mor’abo rōna Bint o re: “Mesong ea la 7 April, re ile ra tsosoa ke molumo oa lithunya le liqhomane tsa letsoho. Seo e ne e se mohlolo kaha likhoeling tse sa tsoa feta ho hang boemo ba lipolotiki naheng ena bo ne bo sa tsitsa. Leha ho le joalo, ha re ntse re lokisa lijo tsa hoseng, Emmanuel Ngirente ea ofising ea phetolelo o ile a re letsetsa. A re bolella hore seea-le-moea sa moo se phatlalalitse hore bapresidente ba babeli ba shoele ha sefofane se soahlamana. Lefapha la Tšireletso le ile la lemosa batho bohle ba Kigali hore ba se ke ba tsoa malapeng a bona.

“Hoo e ka bang ka hora ea borobong hoseng re ile ra utloa batho ba inkelang thepa ka likhoka ba thuha ntlo ea moahelani oa rōna. Ba ile ba utsoa koloi ea lelapa leo ’me ba bolaea ’mè oa moo.

“Ho e-s’o ee kae masole le batho ba inkelang thepa ka likhoka ba ile ba otla keiti ea rōna, ’me ba letsa tšepe e keiting. Re ile ra khutsa eaba ha re tsoele ka ntle. Ha re tsebe hore na ho ile ha etsahala’ng, empa ho e-na le hore ba kene ka sheshe ba ile ba fetela matlong a mang. Hohle ho ne ho utloahala molumo oa lithunya tsa morathatha tse khabolang li sa khaotse hammoho le liqhomane; re ne re ke ke ra leka ho baleha. Molumo oa lithunya o ne o le bohale ’me li utloahala li le haufi, kahoo ra ipata phasejeng e bohareng ba ntlo, moo re neng re ka itšireletsa likulong tse sollang. Re ile ra elelloa hore boemo bona ha bo na ho kokobela kapele, kahoo ra etsa qeto ea ho baballa lijo ka hore re je hammoho hang ka letsatsi. Ka le hlahlamang, ha re qeta ho ja lijo tsa motšehare ’me re mametse litaba tsa machaba seea-le-moeeng, Henk o ile a hoeletsa a re, ‘Ba tlōla fense!’

“Ho ne ho se ho se na nako ea ho inahana. Re ile ra kena ka kamoreng eo ho hlapeloang ho eona eaba re notlela monyako. Ra ntan’o rapela hammoho, re kōpa Jehova hore a re thuse ho mamella eng kapa eng e tla etsahala. Pele re qeta ho rapela, re ile ra utloa batho ba hlometseng le ba inkelang thepa ka likhoka ba thuha lifensetere le mamati. Ho e-s’o ee kae ba ne ba se ba kene ka tlung, ba tlatsitse lerata ’me ba phethola thepa ea ntlo. E ne e le batho ba ka bang 40 ba inkelang thepa ka likhoka—banna, basali le bana—ba e-na le masole a Interahamwe. Re ile ra boela ra utloa molumo oa lithunya ha batho ba tsekisana lintho tseo ba li fumaneng.

“Le hoja ba nkile metsotso e ka bang 40 feela pele ba leka ho bula lemati la kamore eo ho hlapeloang ho eona, ho rōna e ne eka ke nako e telele. Kaha le ne le notletsoe, ba ile ba leka ho le roba. Joale ra elelloa hore re lokela ho tsoela ka ntle re itlhahise. Banna bao ba ne ba le hlaha ba bile ba tahiloe ke lithethefatsi. Ba ile ba re ōma ka lisabole le lithipa. Jennie a hoeletsa ho Jehova ka lentsoe le phahameng. Monna e mong o ile a otla Henk ka sabole molaleng a sebelisa lehlakore la eona le sephara. Henk o ile a oela ka bateng. Ke ile ka fumana chelete ke sa lebella eaba ke ba neha eona ’me ba e loanela.

“Ha re re heli! re ile ra bona mohlankana e mong ea neng a re shebetse ho re tseba. Le hoja re ne re sa mo tsebe, eena o ile a re tseba; mohlomong re kopane le eena ha re le mosebetsing oa boboleli. O ile a re tšoara a re sutumelletsa ka kamoreng eo ho hlapeloang ho eona, eaba o re re koale lemati. A re o tla re pholosa.

“Ho ile ha feta metsotso e ka bang 30 ho ntse ho utloahala molumo oa batho ba inkelang thepa, ’me qetellong ha thōla ha re tu! Hamorao mohlankana eo o ile a khutla eaba o re bolella hore re tsoe. O ile a re phehella hore re tsamaee hang-hang, eaba o re etella pele ha re tsoa ka tlung. Ha ho letho leo re ileng ra le nka. Ha re tsoela ka ntle, re ile ra tšoha ha re bona litopo tsa baahelani ba bang ba rōna ba neng ba bolailoe. Balebeli ba Mopresidente ba babeli ba ile ba re felehetsa ho ea ntlong ea ofisiri ea sesole e haufi le moo. Eaba ofisiri eo ea re felehetsa e re isa Hoteleng ea Mille Collines, eo batho ba bangata ba neng ba balehetse ho eona. Re ile ra qetella re balehiselitsoe Kenya ka la 11 April ka mor’a hore re qete lihora tse ngata re tšoenyehile ’me masole a sebelitse ka thata ho re ntša toropong, ha a re isa ka mor’a boema-fofane ka tsela e potolohang. Re ile ra fihla moo ho amoheloang baeti Bethele ea Nairobi meriri e hlantholohile le liaparo tsa rōna li le litšila. Henk, eo re ileng ra arohanngoa le eena ha re ntšoa ka har’a naha, o ile a fihla ka mor’a lihora tse ’maloa. Lelapa la Bethele le ile la re tšoara hantle haholo, la re bontša lerato la ba la re tšehetsa.”

BA ILE BA PHOLOSOA KE THAPELO EA NGOANANA E MONYENYANE

Masole a tšeletseng a ’muso a ile a ea ha Mor’abo rōna Rwakabubu letsatsing le latelang leo sefofane se ileng sa soahlamana ka lona ’me sa bolaea mopresidente oa Rwanda le oa Burundi. Mahlo a banna bao a ne a le mafubelu, ba nkha joala, ’me ho bonahala hore ba tahiloe ke lithethefatsi. Ba ile ba re ba batla libetsa. Mor’abo rōna Rwakabubu a ba bolella hore eena le lelapa la hae ke Lipaki Tsa Jehova ’me ha ba na libetsa.

Masole ao a ne a tseba hore Lipaki Tsa Jehova ha li nke lehlakore, ’me li hanne ho tšehetsa ’muso le hore ha lia ka tsa ntša monehelo oa ho tšehetsa sesole. Sena se ile sa a halefisa. Gaspard le Melanie Rwakabubu hase Matutsi, empa masole a Mahutu a Interahamwe a ne a sa bolaee Matutsi feela, a ne a bolaea le Mahutu a sa tšehetseng ntoa, haholo-holo haeba a belaella hore a tšehetsa Matutsi kapa lebotho la RPF.

Masole ao a ile a otla Gaspard le Melanie ka melamu eaba a ba isa ka kamoreng hammoho le bana ba bona ba bahlano. A ile a tlosa lishiti libetheng a ba koahela ka tsona. A mang a tšoere liqhomane, kahoo ho ne ho hlakile hore na a batla ho etsa’ng. Gaspard o ile a re, “Re kōpa ho rapela.”

Ka tello lesole le leng le ile la hana. Ka mor’a hore masole ao a buisane ka taba ena, ka monyebe a ile a ba lumella hore ba rapele. A re: “Re le fa metsotso e ’meli feela hore le rapele.”

Ba ile ba rapella ka pelong, empa Deborah Rwakabubu, ea lilemo li tšeletseng, o ile a rapela ka lentsoe le phahameng a re: “Jehova, ba batla ho re bolaea, empa re tla khutlela joang ho batho bale bao ’na le Ntate re ba boleletseng litaba tse molemo, bao ke ba tsamaiselitseng limakasine tse hlano? Ba re emetse, ’me ba batla ho tseba ’nete. Kea u tšepisa hore haeba re pholoha, ke tla ba mohoeletsi, ke kolobetsoe, ’me ke bule maliboho! Jehova, re pholose!”

Ha masole ao a utloa thapelo ena, a ile a hlolloa. Qetellong, le leng la re: “Re ke ke ra le bolaea ka lebaka la thapelo ea ngoananyana enoa. Ha masole a mang a fihla mona, le a bolelle hore re se re fetile.”b

MAEMO AA MPEFALA

Ntoa e ile ea ’na ea loela ha lebotho la Rwandan Patriotic Front le tsoela pele ho hlasela motse-moholo, e leng Kigali. Sena se ile sa etsa hore masole a Interahamwe a nyoretsoeng mali a bolaee batho ba bangata le ho feta.

Masole a Interahamwe le a ’muso a ne a thibeletse litsela tsohle tsa toropo eo a sebetsa le baahi ba moo. Banna bohle ba shahlileng ba ne ba qobelloa hore bosiu le motšehare ba sebetse le masole a Interahamwe ha a thibeletse litsela. Morero oa ho thibella litsela e ne e le hore ba fumane Matutsi ’me ba a bolaee.

Ha lipolao tsena li ntse li tsoela pele naheng eohle, baahi ba Rwanda ba likete tse makholo ba ile ba baleha mahaeng a bona. Boholo ba bona, ho akarelletsa le Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba batla tšireletseho linaheng tsa boahelani, e leng Congo le Tanzania.

HO TALIMANA LE NTOA LE LEFU

Litlaleho tse latelang ke tsa bara le barali babo rōna ba ileng ba oeloa ke tlokotsi ena. Hopola hore lilemong tsa bo-1980 Lipaki Tsa Jehova tsa Rwanda li ne li fetile litekong tse matla, tse ileng tsa matlafatsa tumelo ea tsona tsa ba tsa etsa hore li be sebete haholoanyane. Tumelo ea tsona e ile ea li nolofalletsa ho lula e se “karolo ea lefatše” ka ho hana ho ea likhethong, ho kena lebothong la tšireletso la naha le ho itšunya-tšunya litabeng tsa lipolotiki. (Joh. 15:19) Sebete sa tsona se ile sa li thusa hore li sebetsane le liphello tsa hore ebe li ile tsa hana ho etsa lintho tseo—e leng ho nyefoloa, ho koalloa lichankaneng, ho hlorisoa le ho bolaoa. Litšobotsi tseo tse lekiloeng hammoho le lerato la tsona ho Molimo le ho moahelani, li ile tsa thibela Lipaki Tsa Jehova ho kopanela tlhaselong e reretsoeng ho timetsa morabe oa Matutsi, tsa ba tsa etsa hore li ipehe kotsing e le hore li sireletsane.

Ho na le liphihlelo tse ngata tse sa boleloang tlalehong ena. Barab’abo rōna ba bangata ba lakatsa ho lebala lintho tse tšabehang tse etsahetseng, kaha ha ba batle ho iphetetsa. Re tšepa hore litaba tsa tumelo ea bona li tla susumetsa e mong le e mong oa rōna hore a bontše ka botlalo lerato le khethollang barutuoa ba Jesu Kreste.—Joh. 13:34.

SE HLAHETSENG JEAN LE CHANTAL

Mor’abo rōna Jean de Dieu (John) Mugabo ea qalileng ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova ka 1982, ke motho ea lulang a thabile ea bileng a tsotellang batho ba bang. Pele a kolobetsoa ka 1984, o ne a se a ile a koalloa ka makhetlo a mararo ka lebaka la ho emela ’nete e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Mosali oa hae, e leng Chantal, le eena o ile a kolobetsoa ka 1984, ’me ba nyalana ka 1987. Ha tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi e qala, ba ne ba e-na le barali ba bararo. Ba babeli ba baholo ba ne ba lula le nkhono le ntate-moholo oa bona motsaneng o mong o ka thōko ho toropo, ’me John le Chantal ba setse le moralinyana oa bona ea likhoeli tse tšeletseng.

Ha tlhaselo eo e qala ka la 7 April, 1994, masole a ’muso le a Interahamwe a ile a hlasela malapa ’ohle a Matutsi. John o ile a tšoaroa eaba o otloa ka melamu, empa a khona ho chophola, a ntan’o baleha le mor’abo rōna e mong ba ea Holong ea ’Muso e haufi le moo. Kaha Chantal o ne a sa tsebe hore na ho etsahetse’ng ka monna oa hae, o ile a etsa lehlaphahlapha la ho tsoa motseng le lesea la hae e le hore a ee baneng ba bang ba hae ba babeli.

Ha John a pheta se etsahetseng o re: “Mohaho oa Holo ea ’Muso e ne e kile ea e-ba lebaka la bohobe ’me o ntse o e-na le chomela e khōlō. ’Na le mora eo oabo rōna re ile ra qeta beke re ipatile ka Holong ea ’Muso ’me morali e mong oabo rōna oa Mohutu a ntse a re tlisetsa lijo ha ho bonahala eka a ke ke a tsosa libata masene. Hamorao re ile ra ipata ka har’a siling, moo motšehare letsatsi le neng le chesa habohloko. Kaha re ne re batla sebaka se setle seo re ka ipatang ho sona, re ile ra khona ho tlosa litene tse ling tsa chomela, ’me ha feta khoeli le matsatsi a itseng re ipatile ka har’a eona, re lutse re kotlobane.

“Haufi le moo, masole a Interahamwe a ne a thibeletse tsela, ’me a atisa ho kena ka Holong ea ’Muso ho tla buela ka teng le ho itšireletsa puleng. Re ne re a utloa ha a ntse a bua. Morali’abo rōna o ile a tsoela pele ho re tlisetsa lijo neng le neng ha monyetla o hlaha. Ka linako tse ling ke ne ke utloa ho le thata ho mamella, empa re ne re lula re rapella hore re be le mamello. Qetellong ka la 16 May, morali eo oabo rōna o ile a tla eaba o re bolella hore lebotho la Rwandan Patriotic Front le se le hapile karolo eo ea toropo le hore re ka tsoa moo re ipatileng teng.”

Nakong ee eohle, ho ne ho ntse ho etsahala’ng ka mosali oa John, e leng Chantal? Chantal o re: “Ke ile ka khona ho tsoa ka tlung ka la 8 April ka baleha le ngoana. Ka fumana baralib’abo rōna ba babeli, e leng Immaculée, eo karete ea hae ea boitsebahatso e neng e re ke Mohutu le Suzanne, oa Motutsi. Re ne re batla ho ea motseng oa Bugesera o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50, moo bana ba ka ba babeli ba neng ba lula teng le batsoali ba ka. Leha ho le joalo, re ile ra utloela hore mebila eohle e tsoelang ka ntle ho toropo e thibeletsoe, kahoo ra etsa qeto ea ho ea motsaneng o mong o moeling oa Kigali, moo Immaculée a neng a e-na le mong ka eena oa Mohutu ea bitsoang Gahizi, ’me le eena e le Paki ea Jehova. Gahizi o ile a re amohela hantle, le hoja baahelani ba hae ba ne ba ntse ba mo tšosa, o ile a etsa sohle se matleng a hae ho re thusa. Ha masole a ’muso le a Interahamwe a utloa hore Gahizi o sirelelitse Matutsi, a ile a mo thunya.

“Ka mor’a hore masole ao a bolaee Gahizi, a ile a re theolela nōkeng ho ea re bolaea. Re ne re tšohile ’me re emetse lefu la rōna. Ka tšohanyetso, masole ao a ile a qoaketsana, le leng la re: ‘Le se ke la bolaea basali. Le tla re tlisetsa bomalimabe. Hona joale re bolaea banna feela.’ E mong oa barab’abo rōna ba neng ba ntse ba re latela, e leng André Twahirwa ea neng a e-na le beke a kolobelitsoe, o ile a re isa ha hae le hoja baahelani ba hae ba ne ba le khahlanong le seo. Ka le hlahlamang, a re khutlisetsa Kigali, moo a neng a tšepile hore o tla re fumanela sebaka se sireletsehileng. O ile a re thusa hore re fete mebileng e kotsi ka ho fetisisa moo masole a neng a thibeletse tsela. Immaculée o ne a nkile ngoana oa ka e le hore haeba re emisoa, ngoana a ka pholoha. ’Na le Suzanne re ne re tabotse likarete tsa rōna tsa boitsebahatso e le hore re ka pata hore na re ba morabe ofe.

“Ha re fihla sebakeng se seng, masole a Interahamwe a neng a thibeletse tsela a ile a otla Immaculée eaba a re ho eena, ‘Ke hobane’ng ha u ntse u tsamaea le Matutsi aa?’ A ile a hana ha ’na le Suzanne re feta. Kahoo Immaculée le André ba ile ba leba ha Mor’abo rōna Rwakabubu. André le barab’abo rōna ba bang ba babeli, e leng Simon le Mathias, ba ile ba ipeha kotsing e khōlō ba re thusa ho feta sebakeng sena sa ho qetela seo masole a thibetseng tsela ho sona ’me ba nkisa ha Mor’abo rōna Rwakabubu, Suzanne eena a ea ha motho e mong eo a amanang le eena.

“Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho e-ba kotsi le ho feta hore nka lula ha Mor’abo rōna Rwakabubu, kahoo barab’abo rōna ba ile ba sebetsa ka thata ho nkisa Holong ea ’Muso, moo Lipaki tse ling li neng li patiloe teng. Ka nako eo, bara le barali babo rōna ba leshome ba Matutsi le batho ba bang ba balehileng ba ne ba le moo. Immaculée o ile a oa a tsoha le ’na le har’a mathata. O ile a re: ‘Haeba ba ka u bolaea eaba kea pholoha, ke tla pholosa ngoana oa hao.’”c

Ka eona nako eo, Mor’abo rōna Védaste Bimenyimana eo mosali oa hae e neng e le Motutsi ’me a lula haufi le moo, o ile a thusa lelapa la hae hore le pholohe ka lesobana la nale, ’me a le isa sebakeng se sireletsehileng. Ka mor’a moo, o ile a khutla ho tla thusa ba setseng Holong ea ’Muso hore ba fumane sebaka se sireletsehileng. Hoa thabisa hore kaofela ha bona ba ile ba pholoha.

Ka mor’a tlhaselo eo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi, John le Chantal ba ile ba qetella ba tsebile hore batsoali ba bona le morali oa bona ea lilemo li peli le ea lilemo li hlano, ba neng ba lula le nkhono le ntate-moholo oa bona ba bolailoe hammoho le beng ka bona ba bang ba ka bang 100. Ba ile ba ikutloa joang ka tahlehelo eo e sithabetsang? Chantal o re: “Qalong bohloko ba teng bo ne bo sa mamellehe. Re ne re tsielehile. Ho ne ho se motho ea neng a nahana hore ho ka bolaoa batho ba bangata hakaalo. Ha ho letho leo re neng re ka le etsa haese ho tlohela litaba matsohong a Jehova, re e-na le tšepo ea hore re tla boela re bone bana ba rōna tsohong ea bafu.”

BA QETA MATSATSI A 75 BA PATILOE!

Tharcisse Seminega o kolobelelitsoe Congo ka 1983. Nakong ea tlhaselo eo, o ne a lula Butare, Rwanda, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 120 ho tloha Kigali. O re: “Ka mor’a hore sefofane se neng se palamisitse bapresidente se soahlamane Kigali, re ile ra utloa hore ho ntšitsoe taelo ea hore ho bolaoe Matutsi ’ohle. Barab’abo rōna ba babeli ba ile ba leka ho re balehisetsa Burundi, empa litsela tsohle li ne li lebetsoe ke masole a Interahamwe.

“Re ne re qabeletsoe ka tlung, re sa tsebe hore na re ee hokae. Ntlo ea rōna e ne e lebetsoe ke masole a mane, ’me le leng le hlomme morathatha sebakeng se bohōle ba limithara tse ka bang 180. Ke ile ka rapela Jehova ho tsoa botebong ba pelo, ka re ho eena: ‘Jehova, ha ho letho leo re ka le etsang. Ke uena feela ea ka re pholosang!’ Ha shoalane e tšoara, mor’abo rōna e mong o ile a tla a matha a tšohile, kaha o ne a nahana hore re se re shoele. Masole a ile a mo lumella hore a kene ’me a lule metsotso e se mekae. O ile a ba a utloa le litsebeng ha a fumana hore re ntse re phela, ’me ka tsela e itseng a khona ho nka bana ba rōna ba babeli a ba isa ha hae. Eaba o tsebisa barab’abo rōna ba bang ba babeli, e leng Justin Rwagatore le Joseph Nduwayezu hore o patile bana ba rōna le hore re hloka thuso ea bona. Ba ile ba tla hang-hang, ba re isa ha Justin le hoja e ne e le bosiu, ho le thata ebile ho le kotsi.

“Re ile ra qeta nako e khutšoanyane haholo ha Justin kaha ka le hlahlamang batho ba ne ba se ba tseba hore re ipatile moo. Letsatsing lona leo, ho ile ha tla monna e mong ea bitsoang Vincent ’me a re lemosa hore masole a Interahamwe a ntse a itokisetsa ho re hlasela le ho re bolaea. Monna eo ke e mong oa batho bao Justin a neng a kile a ba khannela thuto ea Bibele, empa a sa ka a amohela ’nete. Vincent o ile a re eletsa hore re tsoe re ntse re ipatile ka mokoting o haufi le ntlo ea Justin. Eaba ha ho fifala, o re isa ha hae. O ile a re pata ka mokhorong oo pele e neng e le lesaka la lipōli. O ne o litsoe ka mobu fatše le leboteng, ’me o ruletsoe ka joang ebile o se na lifensetere.

“Re qetile matsatsi a mangata re sa tsoe ka mokhorong oo o neng o le haufi le mateano a litsela ’me o le limithara tse seng kae ho tloha ’marakeng o phetheselang ka ho fetisisa sebakeng seo. Re ne re utloa batho ba fetang ka tsela ba bua ka lintho tseo ba li entseng motšehare, ho akarelletsa liketso tse nyarosang tsa kamoo ba bolaileng batho kateng le hore na ba rerile ho etsa’ng. Sena se ne se re tšosa le ho feta, ’me ra tsoela pele ho rapela Jehova hore a re pholose.

“Vincent o ile a etsa sohle se matleng a hae hore a re hlokomele. Re ile ra qeta khoeli moo, empa ho ella mafelong a May, ho ile ha e-ba kotsi le ho feta kaha ho ile ha fihla masole a Interahamwe a neng a baleha Kigali. Barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea ho re isa ntlong ea mor’abo rōna e mong, e neng e e-na le phaposi mokatong o ka tlaase. O ne a se a ntse a patile barab’abo rōna ba bang ba bararo ka phaposing eo. Ha re ea ha hae, re ile ra tsamaea ka maoto lihora tse ’nè le halofo bosiu ’me ho le kotsi. Ho ne ho na ea litloebelele bosiung boo ’me seo ea e-ba thuso e khōlō kaha babolai ba ile ba sitoa ho re bona.

“Sebaka sena se secha seo re ileng ra ipata ho sona e ne e le mokoti o botebo ba mithara le halofo, ’me o koaloa ka lemati la lepolanka. Hore re kene ka mokoting oo, re ne re lokela ho theoha ka lere ebe rea khukhuna re ntan’o khasa ka kotopong ho fihlela re kena ka phaposing eo e bophara ba limithara tse ka bang peli le bolelele ba limithara tse peli. Ka moo ho ne ho nkha hlobo, ’me re sa bone khanya haese e kenang le letlereng le leboteng. ’Na le mosali oa ka Chantal, hammoho le bana ba rōna ba bahlano re ne re lula ka mokoting ona le batho ba bang ba bararo. Re ile ra qeta libeke tse tšeletseng re petetsane ka moo re le leshome. Re ne re sa batle le ho khantša kerese, kaha seo se ne se ka tsosa libata masene. Leha ho le joalo, har’a mathata ana ’ohle le mahlomola Jehova o ile a re tšehetsa. Barab’abo rōna ba ne ba ipeha kotsing ha ba re tlisetsa lijo, meriana le ha ba tlil’o re khothatsa. Ka linako tse ling re ne re khantša kerese motšehare e le hore re bale Bibele, Molula-Qhooa kapa temana ea letsatsi.”

Ha Tharcisse a tsoela pele o re: “Se sa feleng sea hlola. Boemo bona bo ile ba fihla pheletsong ka la 5 July, 1994. Vincent o ile a re tsebisa hore lebotho la RPF le hapile motse oa Butare. Ha re tsoa ka phaposing eo e ka mokoting, batho ba bang ba ne ba bona eka ha re Marwanda, hobane re ne re le basoeu ka lebaka la ho se chabeloe ke letsatsi. Ho feta moo, re ile ra qeta nako e itseng re sa khone ho phahamisa lentsoe ha re bua, re hoeshetsa feela. Ho ile ha feta libeke pele re bua ka tsela e tloaelehileng.

“Liketsahalo tsena tsohle li ile tsa ama mosali oa ka ka ho tebileng, hobane ho ne ho fetile lilemo tse leshome, a ntse a hana ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Empa joale o ile a qala ho ithuta Bibele. Ha batho ba ne ba mo botsa hore na hobane’ng a ithuta, o ne a re ho bona: ‘Ke anngoe ke lerato leo barab’abo rōna ba ileng ba re bontša lona le litsela tseo ba ileng ba itela ka tsona hore ba re pholose. Hape ke bone letsoho le matla la Jehova, ea ileng a re pholosa matsohong a babolai ba nkileng lisabole.’ O ile a inehela ho Jehova ’me a kolobetsoa kopanong ea pele e ileng ea tšoaroa ka mor’a ntoa.

“Ha re tsebe hore na re ka etsa’ng ho leboha bara le barali babo rōna bohle ba ileng ba kenya letsoho e le hore re pholohe, ebang ke ka liketso kapa ka lithapelo tse tsoang botebong ba pelo. Re bone lerato la bona le tebileng le le se nang boikaketsi, le sa sitisoeng ke likhohlano tsa merabe.”

MATSOHO AA HLATSOANA

Justin Rwagatore, ke e mong oa barab’abo rōna ba ileng ba pholosa lelapa la Mor’abo rōna Seminega, ’me hamorao le eena o ile a hloka thuso. Ka 1986 o ne a ile a koalloa chankaneng ka lebaka la ho hana ho kenella litabeng tsa lipolotiki tsa ’muso o neng o busa ka nako eo. Lilengoana ka mor’a hore a pholose lelapa la Mor’abo rōna Seminega, Justin le barab’abo rōna ba bang ba ile ba boela ba tšoaroa hobane ba sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki. Mor’abo rōna Seminega ke e mong oa barab’abo rōna ba ileng ba ea ho ba boholong sebakeng seo ho ea hlakisa boemo ba Lipaki Tsa Jehova ba ho se kenelle litabeng tsa lipolotiki. O ile a hlalosetsa ba boholong hore Justin o ile a thusa lelapa la hae hore le pholohe. Ka lebaka leo, bara bao babo rōna kaofela ba ile ba lokolloa chankaneng.

Mohlala oa barab’abo rōna nakong ea tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi o ile oa susumelletsa batho ba bang hore ba amohele ’nete. Suzanne Lizinde, eo e neng e le Mok’hatholike ea ka bang lilemo li 65, o ile a bona kamoo kereke ea hae e neng e tšehelitse tlhaselo eo kateng. Tsela eo Lipaki Tsa Jehova tsa tikolohong ea habo li neng li itšoara ka eona nakong ea tlhaselo le eo li neng li ratana ka eona, e ile ea mo susumelletsa hore a hatele pele ka potlako. Suzanne o ile a kolobetsoa ka January 1998 ’me ha ho mohla a kileng a lofa liboka, le hoja a lokela ho tsamaea maralleng sebaka sa lik’hilomithara tse hlano. O ile a ba a thusa lelapa la hae hore le ithute ’nete. Mora e mong oa hae ke moholo, ’me setloholo se seng sa hae ke mohlanka ea sebeletsang.

BA LIKETE TSE MAKHOLO BAA BALEHA

Moromuoa ea bitsoang Henk van Bussel, ea neng a abetsoe ho sebeletsa Rwanda ka 1992 o ile a balehisetsoa Kenya ka April 1994, ’me ka mor’a moo a ea Goma e Congo bochabela ka makhetlo a ’maloa, ho ea thusa lenaneong la ho phallela baphaphathehi ba Marwanda. Ka lehlakoreng lane la Congo, barab’abo rōna ba ne ba ema malibohong ba nkile lingoliloeng tsa Bibele ’me ba bina lipina tsa ’Muso ka mantsoe kapa ka mololi e le hore Lipaki tse tsoang Rwanda li khone ho ba bona.

Ho ne ho rena tsitsipano. Ha ntoa e ntse e kupa pakeng tsa mabotho a ’muso le a Rwandan Patriotic Front, batho ba likete tse makholo ba ile ba balehela Congo le Tanzania. Barab’abo rōna ba neng ba balehetse Goma, ba ne ba kopana Holong ea ’Muso. Hamorao ho ile ha thehoa kampo ea baphaphathehi e ka nkang batho ba fetang 2 000 sebakeng se seng se haufi le toropo—e leng moo ho neng ho tla lula Lipaki Tsa Jehova, bana ba tsona le batho ba thahasellang feela. Barab’abo rōna ba ile ba theha likampo tse kang eo libakeng tse ling tsa Congo bochabela.

Le hoja boholo ba batho ba neng ba baleha e ne e le Mahutu a tšabang hore Matutsi a tla iphetetsa, barab’abo rōna ba Mahutu le ba Matutsi ba ne ba baleha hammoho. Ho ne ho le kotsi haholo hore Matutsi a tšele leliboho ’me a ee Goma, kaha Matutsi a ne a ntse a bolaoa le hona moo. Ka nako e ’ngoe, ho ne ho hlokahala hore mor’abo rōna ka mong oa Motutsi a lefelloe lidolara tse 100 tsa Amerika [R690] e le hore a tšelisoe ka sekhukhu.

Ha barab’abo rōna ba se ba fihlile Congo, ba ne ba batla ho lula hammoho. Ba ne ba sa batle ho ikamahanya ka letho le masole a Interahamwe, a neng a ntse a e-na le matla likampong tse thehiloeng ke Machaba a Kopaneng. Ho phaella moo, baphaphathehi ba bangata bao e seng Lipaki ba ne ba llela ’muso o neng o theoloa litulong. Baphaphathehi bana le masole a Interahamwe ka ho khetheha, ba ne ba sa rate Lipaki Tsa Jehova, hobane li ne li sa ikamahanye le bona. Barab’abo rōna ba ne ba batla ho lula ba ikarotse e le hore ba ka sireletsa barab’abo rōna ba Matutsi.

Kaha batho ba neng ba baleha Rwanda ba ne ba siile thepa ea bona, ba ne ba hloka thuso. Lipaki Tsa Jehova tsa Belgium, Congo, Fora, Kenya le Switzerland li ile tsa ba phallela ka chelete, meriana, lijo le liaparo hammoho le lingaka le baoki. Se seng sa lifofane tsa pele tse ileng tsa tlisa liphallelo, se ne se laetse litente tse ngata tse nyenyane tse neng li rometsoe ke lekala la Fora. Hamorao lekala la Belgium le ile la romela litente tse khōlō, ’me lelapa lohle le ne le ka fella ka har’a e le ’ngoe. Barab’abo rōna ba ile ba boela ba romela materase a manyenyane le a pompuoang. Lekala la Kenya lona la romela lithane tse fetang tse peli tsa liaparo hammoho le likobo tse fetang 2 000.

HO QHOMA SEOA SA K’HOLERA

Ha baphaphathehi ba Lipaki ba fetang 1 000 le batho ba thahasellang ba Rwanda ba fihla Goma, ba ile ba lula Holong ea ’Muso le setšeng se haufi le eona. Ka bomalimabe, kaha ho ne ho e-na le baphaphathehi ba bangata haholo, ho ile ha qhoma seoa sa k’holera motseng oa Goma. Lekala la Congo (Kinshasa) le ile la nka bohato ka potlako eaba le romela meriana e le hore ho loantšoe seoa seo, ’me Mor’abo rōna Van Bussel a tloha Nairobi ka sefofane ho ea Goma a nkile mabokose a 60 a meriana. Holo ea ’Muso e ile ea e-ba sepetlele sa nakoana, ’me ha etsoa boiteko ba ho arola bakuli ho batho ba bang. Loic Domalain le mor’abo rōna e mong, bao ka bobeli e leng lingaka, hammoho le ngaka e ’ngoe e tsoang Rwanda e bitsoang Aimable Habimana, ba ile ba sebetsa ka thata. Ba bang ba ileng ba etsa tsoho-la-monna har’a mathata ao ’ohle ke Mor’abo rōna Hamel ea tsoang Fora hammoho le bara le barali babo rōna ba bangata ba nang le tsebo ea bongaka ba ileng ba ithaopela ho hlokomela bakuli.

Le hoja ho ile ha etsoa matsapa a ho loantša lefu lena le bolaeang, le ile la tšoara barab’abo rōna ba fetang 150 hammoho le batho ba thahasellang, ’me la bolaea ba ka bang 40 pele le ka thibeloa. Hamorao ho ile ha hiroa setša se seholo seo e neng e tla ba kampo ea baphaphathehi ba Lipaki Tsa Jehova. Ha hlongoa litente tse nyenyane tse makholo moo, hammoho le tente e khōlō e tsoang lekaleng la Kenya e ileng ea e-ba sepetlele. Basebetsi ba tsa bophelo bo botle ba Maamerika ba ileng ba etela moo ba ile ba hlolloa ke kamoo ho neng ho hloekile ebile lintho li hlophisehile kateng kampong eo.

Mathoasong a August 1994, komiti ea liphallelo ea Goma e ne e hlokomela baphaphathehi ba 2 274 ba Lipaki, bana le batho ba thahasellang. Ka nako eo, ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba bang ba bangata ba baphaphathehi motseng oa Bukavu le oa Uvira, karolong e ka bochabela ea Congo, hammoho le Burundi. Ba bang ba 230 ba ne ba le kampong ea baphaphathehi e Tanzania.

Ha barab’abo rōna ba ofising ea phetolelo ea Kigali ba tlameha ho balehela Goma, ba ile ba hira ntlo e le hore ba tsoele pele ho fetolela. Ba ile ba khona ho etsa mosebetsi oo hobane nakong ea ntoa ba ile ba sireletsa k’homphieutha le jenereithara tse neng li le Kigali eaba ba li isa Goma.

Motseng oa Goma, litšebeletso tsa thelefono le tsa poso li ne li sa tsamaee hantle ho hang. Leha ho le joalo, ka thuso ea Lipaki tse sebetsang boema-fofane, beke le beke barab’abo rōna ba Goma ba ne ba romela boitsebiso bo fetoletsoeng le mangolo a mang Nairobi ka sefofane. Barab’abo rōna ba lekaleng la Kenya le bona ba ne ba romela mangolo Goma ka eona tsela eo.

Emmanuel Ngirente le bafetoleli ba bang ba babeli ba ile ba tsoela pele ho etsa sohle se matleng a bona, le hoja ho ne ho le thata. Kaha ntoa e ne e kupa, ba ile ba tlameha ho siea lihlooho tse ling tsa Molula-Qhooa, empa lihlooho tseo li ile tsa fetoleloa hamorao ’me tsa hatisoa libukaneng tse khethehileng tseo barab’abo rōna ba ileng ba ithuta tsona Thutong ea Buka ea Phutheho.

BOPHELO LIKAMPONG TSA BAPHAPHATHEHI

Ha batho ba ntse ba baleha motseng oa Kigali, Francine, ea neng a balehetse Goma ka mor’a hore monna oa hae ea bitsoang Ananie a bolaoe, o ile a isoa ho e ’ngoe ea likampo tse neng li thehiloe ke Lipaki. Ha a hlalosa bophelo likampong tsena o re: “Letsatsi le letsatsi bara le barali babo rōna ba bang ba ne ba abeloa hore ba phehe. Re ne re pheha lijo tsa hoseng tse itekanetseng, e leng nyalothe kapa lesheleshele la poone. Re ne re boetse re pheha lijo tsa motšehare. Ka mor’a ho etsa mesebetsi ea rōna, re ne re lokolohile hore re ee tšebeletsong ea tšimo. Re ne re pakela haholo-holo beng ka rōna bao e seng Lipaki ba lulang kampong ea rōna le ba lulang likampong tse ling. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng masole a Interahamwe, a neng a le likampong tse ling, a ile a halefa ha a bona hore Lipaki li ikarotse ho baphaphathehi ba bang ’me li lula likampong tsa tsona, kahoo boemo bo ile ba e-ba kotsi.”

Ka November 1994, ho ile ha totobala hore barab’abo rōna ba ka sireletseha haeba ba khutlela Rwanda. Ha e le hantle, ho ne ho le molemo hore ba khutle kaha likampo tse Congo tseo e seng tsa Lipaki li ne li sa sireletseha. Empa leeto la ho khutlela hae le ne le tla ba boima. Masole a Interahamwe a ne a tšepile hore a tla boela a kopane ebe a hlasela Rwanda, ’me a ne a nka hore mang kapa mang ea Congo ea neng a khutlela Rwanda ke lehlaba-phio.

Barab’abo rōna ba ile ba tsebisa ’muso oa Rwanda hore Lipaki Tsa Jehova, tse sa kang tsa kenya letsoho ntoeng le tlhaselong e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi, li ne li batla ho khutlisetsoa hae. ’Muso o ile oa ba eletsa hore ba buisane le United Nations High Commission for Refugees (UNHCR), e neng e e-na le likoloi tse ka ba khutlisetsang hae. Leha ho le joalo, kaha masole a Interahamwe a ne a tla thibela barab’abo rōna ha ba khutlela Rwanda, ba ile ba loha leano.

Barab’abo rōna ba ile ba etsa tsebiso ea hore ho tla ba le kopano e khethehileng ea letsatsi Goma, ’me ba ngola masela a e phatlalatsang. Ka lenyele ba ile ba tsebisa Lipaki hore li tlil’o khutlisetsoa Rwanda. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba laeloa hore ba siee thepa eohle ea bona kampong ’me ba nke Libibele le libuka tsa lipina feela joalokaha eka ba ikela kopanong e le hore ba se ke ba tsosa libata masene.

Francine o sa ntse a hopola hore ba ile ba tsamaea lihora tse ’maloa ka maoto ho fihlela ba fumana literaka tse emetseng ho ba isa lelibohong. Ha ba qeta ho tšelela Rwanda, UNHCR e ile ea lokisetsa ho ba isa Kigali ka lipalangoang ba ntan’o fetela mahahabo bona. Ka lebaka leo, boholo ba barab’abo rōna le ba malapa a bona hammoho le batho ba thahasellang ba ile ba khutlisetsoa hahabo bona Rwanda ka December 1994. Koranta ea Belgium e bitsoang Le Soir ea la 3 December, 1994, e ile ea re: “Baphaphathehi ba Marwanda ba 1 500 ba entse qeto ea ho tloha Zaire [Congo] hobane ba ikutloa ba sa sireletseha hantle. Baphaphathehi bao ke Lipaki Tsa Jehova tse neng li thehile kampo ea tsona haufi le kampo ea Katale. Ka ho khetheha Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlorisoa ke ’muso oa pele hobane li ne li hana ho nka lihlomo le ho kopanela libokeng tsa lipolotiki.”

Ka mor’a hore Francine a khutlele Rwanda, o ile a ea kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Nairobi. Kaha Francine o ne a se a tšelisehile ka mor’a ho hlokahalloa ke monna a bile a matlafalitsoe ke ho kopana le bara le barali babo rōna, o ile a khutlela ofising ea phetolelo ea Kigali e neng e boetse e sebetsa. Hamorao o ile a nyaloa ke Emmanuel Ngirente, ’me ba ntse ba le ofising ea lekala.

Ke eng e ileng ea thusa Francine hore a sebetsane le maikutlo a hae nakong ea ntoa? O re: “Ka nako eo re ne re nahana ka ntho e le ’ngoe feela—hore re tlameha ho mamella ho fihlela bofelong. Re ile ra etsa qeto ea hore re se ke ra lula re nahana ka lintho tse tšabehang tse neng li ntse li etsahala. Ke sa hopola kamoo mantsoe a Habakuke 3:17-19 a ileng a nkhothatsa kateng ha a bontša hore motho a ka fumana thabo le har’a mathata. Bara le barali babo rōna ba ile ba nkhothatsa haholo. Ba bang ba ile ba ’ngolla mangolo. Sena se ile sa nthusa hore ke nahane ka lintho tse hahang tsa moea. Ke ile ka hopola hore Satane o na le maqheka a mangata. Haeba re tsepamisa maikutlo a rōna mathateng ao re nang le ’ona, ho na le bo tla re imela. Haeba re sa falimeha, re ka fokola ka tsela e itseng.”

BA KHUTLELA RWANDA

Mor’abo rōna Van Bussel o ile a sebetsa ka thata ho thusa barab’abo rōna ba khutlelang hae. O re: “Ho ile ha etsoa lenaneo la ho thusa barab’abo rōna hore ba qalise bophelo fatše ka mor’a ntoa, ho akarelletsa ba neng ba setse Rwanda ’me ba lahlehetsoe ke hoo e batlang e le thepa eohle ea bona. Barab’abo rōna ba khethiloeng ba ile ba etela phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ho ea bona hore na ho hlokahala eng. Malapa le batho ka bomong ba ne ba fuoa liphutheloana tsa lintho tseo ba li hlokang ho latela maemo a bona. Barab’abo rōna ba ne ba utloisisa hore ka mor’a likhoeli tse tharo ba tla itjara.”

Ke ’nete hore ho ile ha eloa hloko lintho tseo barab’abo rōna ba li hlokang moeeng. Sehlopha sa bafetoleli se ile sa khutlela Kigali moo se neng se le teng pele. Mor’abo rōna Van Bussel o re ntlo eo e neng e le ofisi ea rōna e ne e tletse masoba a likulo empa ho ntse ho e-na le libuka tse ngata ka moo lingoliloeng li bolokoang ka teng. Ba ile ba qeta likhoeli ka mor’a moo ba ntse ba fumana likulo ka mabokoseng a lingoliloeng. Mofetoleli e mong o ile a ba a fumana seqhomane sa letsoho jareteng! Selemong se latelang, hoo e ka bang ka October 1995, sehlopha sa bafetoleli se ile sa fallela mohahong o moholoanyane o bileng o leng boemong bo botle ho feta oa pele o ka lehlakoreng le leng la toropo. Mohaho ona o hiriloeng o ile oa sebelisoa e le ofisi hammoho le sebaka sa bolulo ho fihlela ha ho hahuoa ofisi e ncha ea lekala ka 2006.

“E NE EKA KE TSOHO EA BAFU!”

Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba khutla Congo pele ho December 1994 ’me ba fihla hantle ka nako e le hore ba be teng kopanong ea setereke, e neng e e-na le sehlooho se loketseng se reng “Tšabo ea Bomolimo.” Ho ne ho hlophisitsoe hore e tla tšoareloa lebaleng la e ’ngoe ea Liholo Tsa ’Muso tsa Kigali. Barab’abo rōna ba tsoang Fora, Kenya le Uganda ba ne ba le teng. Ka Labohlano hoseng, lebala la holo le ne le tletse barab’abo rōna. Morali’abo rōna e mong o re: “E bile ntho e amang maikutlo ho bona bara le barali babo rōna ba hakana ba sekisitse meokho. E ne e le lekhetlo la pele ba bonana haesale ntoa e qala. Ba ile ba bona metsoalle ea bona eo ba neng ba se ba e tetse hobane ba nahana hore e shoele!” E mong o ile a re, “E ne eka ke tsoho ea bafu!”

E mong oa barab’abo rōna ba neng ba etile ba tsoa Kenya ke Günter Reschke. O re: “Ruri re ile ra thabela ho boela re kopana ka mor’a mathata ao ’ohle le ho bona hore na ke bo-mang ba neng ba pholohile! Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le bothata. Ba boholong ba ile ba tšoenyeha ha ba bona letšoele le leholo le bokaneng. Thapama ho ile ha fihla masole a hlometseng eaba a re kaha a amehile ka boemo ba tšireletseho, a qhala kopano eo. Re ile ra tlameha ho tloha moo hang-hang. Leha ho le joalo, ra qeta nako e itseng re khothatsa bara le barali babo rōna empa qetellong ra tlameha ho khutlela Nairobi re nyahamisitsoe ke hore barab’abo rōna ha baa utloa lenaneo leo la kopano. Le hoja seo se ne se nyahamisa, re ne re nka hore re entse sohle se matleng a rōna ho khothatsa barab’abo rōna hore ba tsoele pele ba le matla tumelong, ’me re tsamaile re kholisehile hore ke sona seo ba neng ba ikemiselitse ho se etsa.”

Kaha joale ho ne ho se ho batla ho e-na le khotso ka har’a naha, matsoalloa a Rwanda a mangata a neng a lula linaheng tse ling a ile a etsa qeto ea ho khutlela hae. Batho ba bang ba ileng ba khutlela Rwanda ke ba neng ba hlahetse linaheng tse ling kaha ho ella mafelong a lilemo tsa bo-1950 le lilemong tsa bo-1960, batsoali ba bona ba ne ba balehile lintoa tsa merabe le merusu ea lipolotiki. Letšoeleng leo ho ne ho e-na le batho ba neng ba ithutile ’nete linaheng tse ling. Ka mohlala, James Munyaburanga le ba lelapa la hae ba ne ba ile ba amohela ’nete ha ba le Central African Republic. Kaha ’muso o mocha oa Rwanda o ne o ikemiselitse ho fa batho ba khutlang linaheng tse ling mosebetsi, Mor’abo rōna Munyaburanga o ile a fumana mosebetsi. Empa ha a se a khutletse Rwanda, beng ka eena le basebetsi-’moho ba ile ba mo hanyetsa le ho mo soma kaha o ne a khetha ho phela ka melao-motheo ea Bokreste. Qetellong o ile a kōpa ho ea pensheneng pele ho nako ’me ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. Hona joale o thusa ho buella mokhatlo litabeng tsa molao naheng ea habo.

Ngirabakunzi Mashariki o ile a ithuta ’nete ha a le Congo bochabela. O re: “Kaha ke Motutsi, ke ile ka khetholloa ka nako e telele. Ha ke qala ho kopana le Lipaki Tsa Jehova, e ne eka ke sebakeng seo ke qalang ho fihla ho sona! E ne eka ke mohlolo ho ba le batho ba nkang lintho ka botebo ’me ba phela ka tsela e lumellanang le seo ba se rutang. Lerato la bona le ile la bonahala ka ho hlaka ka 1994 nakong eo ho neng ho hlaseloa Matutsi. Barab’abo rōna ba ile ba pata lelapa leso ’me ba re sireletsa. Ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa Bethele ka 1998, moo ke ntseng ke sebeletsa teng le mosali oa ka, Emerance. Ke letetse ka tjantjello e khōlō lefatše le lecha, leo ho lona ho ke keng ha hlola ho e-ba le leeme le khethollo, le tla tlala batho ba ipiletsang lebitsong la Jehova ’me ba phela hammoho ba le bonngoeng.”

MOSEBETSI OA BOBOLELI O TSOELA PELE

Ka March 1994, nakoana pele ntoa e qhoma, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 2 500 Rwanda. Ka May 1995, ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 807, le hoja ba bangata ba ne ba bolailoe nakong ea tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi. Batho ba bangata ba lipelo li ntle ba ile ba kena ka mokhatlong oa Jehova. Ka mohlala, morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ea khethehileng o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse fetang 22 ’me ho e-na le batho ba bang ba mo emetseng! Molebeli e mong oa potoloho o re, “Ntoa e ile ea thusa batho ho lemoha hore ho hahamalla lintho tse bonahalang ha ho na thuso.”

Ka January 1996 barab’abo rōna ba ile ba tšoara Kopano ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng.” Ho ne ho le monate kopanong eo! Kaha kopano ea selemong se ka pele ho seo e ne e ile ea qhaloa, ena e bile kopano ea pele e ileng ea tšoaroa ka mor’a ntoa. Motho e mong ea neng a shebeletse o re, “Ba ne ba hakana ba sekisitse meokho, ’me ntho e neng e khahlisa ka ho fetisisa ke ho bona bara le barali babo rōna ba Mahutu le ba Matutsi ba hakana.” Palo ea ba bileng teng e ile ea fihla ho 4 424 ’me ha kolobetsoa ba 285. Ha Mor’abo rōna Reschke a bua ka se ileng sa etsahala o re: “Ho ne ho ama maikutlo ho utloa ba il’o kolobetsoa ba araba ka lentsoe le phefa ba re ‘Yego!’ (e) ha ba botsoa lipotso tse peli tsa kolobetso. Ba ile ba koloka ka lebaleng, ba emetse ho kolobetsoa ’me ba le metsi ba re tee! ka lebaka la pula e nang ka sefefo. Ba ne ba se na taba le eona, ba nka hore ‘hoa tšoana, re ntse re tlil’o ba metsi!’”

Henk van Bussel o ile a khutlela Rwanda; eaba Günter Reschke ea neng a tletse ho tla thusa ho tsosolosa mosebetsi, o abeloa ho sebeletsa naheng eo. Nakoana ka mor’a moo, Godfrey le Jennie Bint le bona ba ile ba khutlela Rwanda.

BA FUMANA MORA OA BONA EA NENG A LAHLEHILE!

Ha lilemo li ntse li feta ka mor’a ntoa, malapa a neng a arohane a ile a boela a kopana. Ka mohlala, ka 1994, ha ntoa e loela Kigali, pakeng tsa mabotho a mabeli, baahi ba bangata ba ile ba baleha, ’me ke ho ferekana, Oreste Murinda o ile a arohana le mosali oa hae, a balehela motseng oa Gitarama le mora oa bona ea lilemo li peli le likhoeli tse tšeletseng. Ha Oreste a il’o batla lijo, ntoa e ile ea boela ea qhoma ’me nakong eo ea pherekano a arohana le mora oa hae.

Ha ntoa e se e letse, Oreste le mosali oa hae ba ile ba boela ba kopana, empa mora oa bona o ne a ntse a le sieo. Ba ile ba etsa qeto ea hore o bolailoe. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse peli monna e mong ea tsoang motseng oa mahaeng, eo e seng Paki o ile a tla Kigali ho tla sebetsa. O ile a kopana le bara ba bang babo rōna eaba o ba bolella hore baahelani ba hae motseng oa Gisenyi, ba lahlehetsoe ke bana nakong ea ntoa empa ba hōlisa ngoana oa khutsana. Ngoana eo o ntse a hopola lebitso la ntate oa hae ’me o re batsoali ba hae e ne e le Lipaki Tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba tseba lebitso leo ’me ba tsebisa batsoali ba hae, eaba bona ba bontša monna eo linepe tsa mora oa bona. E ne e hlile e le mora oa bona! Hang-hang Oreste o ile a ea mo lata, ’me ba boela ba kopana le mora oa bona ka mor’a lilemo tse peli le likhoeli tse tšeletseng! Hona joale moshanyana eo ke mohoeletsi ea kolobelitsoeng.

Hoa khahlisa hore ebe barab’abo rōna ba ile ba hlokomela bana bohle ba ileng ba pholoha ha batsoali ba bona ba Lipaki ba bolaoa. Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a isoa lehaeng la likhutsana. Ka linako tse ling barab’abo rōna ba ne ba boetse ba hlokomela bana ba likhutsana ba baahelani ba bona kapa ba beng ka bona. Lelapa le leng le neng le e-na le bana ba leshome, le ile la nka bana ba bang ba leshome ba likhutsana ’me la ba hlokomela.

NAHA E BOETSE E JA BOEA KA LEBOEA

Bofelong ba 1996, ntoa ea bana ba thari Congo e ile ea etsa hore ho be thata ho sireletsa baphaphathehi ba Marwanda ba fetang milione ba neng ba ntse ba lula likampong. Ka November, baphaphathehi bao ba ile ba tlameha ho khutlela Rwanda kapa ho balehela hare-hare merung ea Congo e lulang e le metalana. Ba bangata ba ile ba khutlela Rwanda ho akarelletsa le barab’abo rōna ba neng ba setse ka December 1994. Ruri e ne e le ntho e sisimosang ho bona batho bangata ba baholo le ba banyenyane, ba tsamaea literateng tsa Kigali, ba thunthelitsoe ke lerōle la Afrika, ba roetse lishobana hloohong. Baphaphathehi bao kaofela ba ne ba lokela ho khutlela metseng ea habo bona e le hore ba ka boela ba ngolisoa ka molao. Ho ile ha feta nakoana naha e sirelelitsoe ka thata.

Ka bomalimabe, har’a baphaphathehi bao ba khutlileng, ho ne ho e-na le batho ba bangata ba kotsi, ho akarelletsa masole a mang a Interahamwe, a ileng a leka ho ntšetsa pele liketso tsa ’ona ka leboea-bophirimela ho naha. Ka lebaka leo, ho ile ha romeloa masole moo ho ea tiisa hore ho boetse ho ba le botsitso. Ho ne ho le thata haholo hore barab’abo rōna ba bangata ba lulang sebakeng seo ba se ke ba nka lehlakore lipolotiking. Pakeng tsa 1997 le 1998, ho ile ha bolaoa bahoeletsi ba fetang 100, boholo ba bona ba bolaoa hobane e le Bakreste ba tšepahalang ba sa nkeng lehlakore. Ka linako tse ling, sebaka seo se ne se e-ba kotsi hoo balebeli ba potoloho ba neng ba sitoa ho etela barab’abo rōna ka nako e tloaelehileng.

BANYALANI BA SEBETE

E mong oa balebeli ba potoloho ba ’maloa ba ileng ba atleha ho etela liphutheho tse sebakeng seo se kotsi ke Théobald Munyampundu le mosali oa hae, Berancille. Ba ne ba sa qale ho tobana le maemo a kotsi. Théobald o ile a kolobetsoa ka 1984, ’me lilemo tse peli hamorao, a koalloa chankaneng hammoho le bara le barali babo rōna ba bangata, moo a ileng a khakhathoa. Ho feta moo, eena le mosali oa hae ba ile ba ipeha kotsing ka hore ba pate batho ba bang nakong ea tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi. Ka mor’a hore ba pholose moshanyana e mong eo ’mè oa hae a ileng a bolaoa tlhaselong eo, ba ile ba atleha ho tšelela Tanzania. Ha Théobald a le moo o ile a etela likampo tse peli tsa baphaphathehi, e Benaco le e Karagwe, ho ea khothatsa barab’abo rōna le hoja ho ne ho le kotsi haholo ho tloha kampong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka lebaka la likebekoa.

Ha Théobald le mosali oa hae ba se ba khutletse Rwanda, ba ile ba boela ba ipeha kotsing ka ho etela Lipaki tse sebakeng se ka leboea-bophirimela moo ho neng ho tletse meferefere. Théobald o re: “Ka linako tse ling re ne re etela liphutheho tse hōle. Kaha ho ne ho le kotsi, re ne re sa khone ho robaletsa. Ke hopola ka lekhetlo le leng ha re ne re etela barab’abo rōna phuthehong e ’ngoe hore letsatsi le letsatsi re ne re lokela ho tsamaea puleng ea litloebelele lihora tse ’nè ha re ea le ha re khutlela moo re robalang teng.”

Ha Théobald a bua ka mor’abo rōna e mong eo a ileng a kopana le eena ha a etetse sehlopha se seng se ka thōko tikolohong eo, o re: “Jean-Pierre ke sefofu, empa ke ile ka hlolloa ha ke bona a ema a bala ka hlooho ’malo oa Bibele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, a sa etse liphoso a bile a latela matšoao a puo. O ne a kōpile mor’abo rōna e mong eo e leng sebali se hloahloa hore a mo balle esale pele, e le hore a ka tšoara ’malo oa hae ka hlooho. Ruri boikemisetso ba hae bo ile ba nkhothatsa.”

Ha Théobald a nahana ka tsela e maphathaphathe eo a neng a phela ka eona e neng e bile e le kotsi ka linako tse ling, o re: “Kamehla ha ho le thata, re ne re tšepa Jehova ’me re atisa ho nahana ka mantsoe a Baheberu 13:6: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’” Ka mor’a ho sebeletsa ka botšepehi e le molebeli oa potoloho le oa setereke, hona joale eena le mosali oa hae ba tsoela pele e le bo-pula-maliboho ba khethehileng le har’a mathata a ho kula.

MOSEBETSI OA HO HAHA HOLO EA KOPANO

Ha palo ea Lipaki e ntse e eketseha, ho ile ha ’na ha e-ba thata hore barab’abo rōna ba fumane libaka tse loketseng tseo ba ka tšoarelang likopano ho tsona Kigali. Ka mohlala, barab’abo rōna ba neng ba le Kopanong ea Setereke ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali ka December 1996, ba ile ba sulafalloa ke kopano ka lebaka la kotopo e tsamaisang likhoerekhoere tse hlahang chankaneng e haufi le moo. Barab’abo rōna ba ile ba tletleba ka monkho, ’me batsoali ba ne ba tšohile hore bana ba bona ba tla kula. Ka lebaka la maemo ao a mabe, Komiti ea Naha e ile ea lumellana hore leo e ne e tla ba lekhetlo la ho qetela kopano ea setereke e tšoareloa lebaleng leo la lipapali. Empa likopano li ne li tla tšoareloa hokae haese sebakeng see?

Lekala la Kabo ea Mobu le ne le file e ’ngoe ea liphutheho tsa Kigali setša seo e ka hahang Holo ea ’Muso ho sona. Setša seo se ne se le seholo haholo bakeng sa holo, ’me haeba barab’abo rōna ba ne ba ka isa polane ea Holo ea ’Muso feela, lekala leo le ne le ka ’na la fokotsa setša seo ebe le se fa motho e mong. Kaha ba ne ba tšepile hore Jehova o tla ba thusa, ba ile ba isa polane ea Holo ea ’Muso le ea Holo e itekanetseng ea Kopano, ba bile ba bontšitse hore ba ka ’na ba haha Holo ea ’Muso ea bobeli hamorao. Ba boholong ba ile ba amohela polane eo.

Barab’abo rōna ba ile ba lokisa setša seo le ho se kampela. Baithaopi ba makholo ba ile ba tlosa lihlahla tse neng li metse moo ’me ba cheka mekoti e tebileng ea matloana. Setša sena se ne se khahleha ’me se le motheōng o motle, e leng sebaka seo kopano e ka tšoareloang ho sona hamonate.

Likhoeling tse latelang, barab’abo rōna ba ile ba tšoarela likopano tse peli tse nyenyane esita le seboka se khethehileng setšeng sena, empa batho ba neng ba le teng ba ile ba tlameha ho itšireletsa tlas’a liseile hammoho le likhele hobane pula e ne e na ka sefefo. Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba ngolla Sehlopha se Busang ba khothalletsa hore ho hahoe Holo ea Kopano e itekanetseng, e bulehileng ka mahlakoreng.

Ka March 1998, Sehlopha se Busang se ile sa lumella barab’abo rōna hore ba hahe Holo ea Kopano. Mosebetsi ona o ile oa qala ka potlako. Malapa a ne a sebetsa hammoho ha holo ena e ntse e hahuoa, a epa mekoti ea litšiea tse tšehetsang mohaho. Bohle ba ile ba sebetsa ka kutloano. Ka la 6 March, 1999, Jean-Jules Guilloud oa lekala la Switzerland o ile a fana ka puo e neng e nehela mohaho ona o mocha o motle.

Ka 1999, ho ile ha boela ha e-ba le botsitso naheng ena. Ka February selemong sona seo, ho ile ha romeloa banyalani ba bang ba baromuoa, e leng Ralph le Jennifer Jones hore ba e’o sebetsa ofising ea naha e Rwanda, kahoo palo ea litho tsa lelapa la Bethele ea nyolohela ho 21.

Ho na le barab’abo rōna ba babeli ba Marwanda ba neng ba tsoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi (seo kajeno se bitsoang Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha) se Kinshasa, Congo, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 1 600. Empa ho ile ha e-ba thata le ho feta hore Marwanda a ee Kinshasa kaha ntoa e ne e ntse e kupa Congo. Ka lebaka lena, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se tšoareloe Kigali. Barab’abo rōna ba 28 ba neng ba le sehlopheng sa pele ba tsoang Burundi, Congo le Rwanda ba ile ba phetha lithuto tsa bona ka December 2000.

Ka May 2000, Rwanda e ile ea e-ba lekala, ’me nakoana ka mor’a moo barab’abo rōna ba fumana setša se setle seo ho sona ba neng ba ka haha ofisi ea lekala e le hore e hlokomele mosebetsi o eketsehang ka potlako. Ka April 2001 ba ile ba reka setša seo se boholo ba lihekthere tse peli. Barab’abo rōna ba bangata ba Kigali ba tla lula ba hopola mosebetsi o boima oa ho tlosa lihlahla tse neng li metse setšeng seo, se qetileng lilemo-lemo se sa hlokomeloe.

HO FOQOHA SERETSE CONGO BOCHABELA

Ka la 17 January, 2002, Thaba ea Nyiragongo e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 16 ho tloha Goma, Congo bochabela, e ile ea foqoha seretse se chesang, ’me baahi ba bangata ba tlameha ho baleha malapeng a bona. Boholo ba bahoeletsi ba 1 600 ba neng ba lula moo, ba ile ba baleha le bana ba bona hammoho le batho ba thahasellang, ba tšela leliboho ’me ba leba motseng o haufi oa Gisenyi, Rwanda, moo ba ileng ba isoa Liholong Tsa ’Muso tse haufi.

Ka le hlahlamang barab’abo rōna ba ofising ea lekala ea Rwanda ba ile ba laela lintho tse hlokahalang tse akarelletsang lijo, likobo le meriana terakeng e nkang thepa ea boima ba lithane tse tharo. Thepa ena e ile ea fihla ka potlako Liholong Tsa ’Muso tse tšeletseng tse sebakeng seo se haufi le moeli oa Congo.

Kaha ’muso oa Rwanda o ne o amehile ka tšireletseho, o ne o tšaba ho lumella baahi ba bangata hakaalo ba Congo hore ba lule Liholong Tsa ’Muso kahoo oa tsitlella hore ba isoe likampong tsa baphaphathehi. Barab’abo rōna ba rometsoeng ke Komiti ea Lekala ea Rwanda ba ile ba leba Goma ho ea kopana le litho tse peli tsa Komiti ea Lekala ea Congo le baholo ba liphutheho tsa Goma, e le hore ba etse qeto ea hore na ho lokela ho nkoe bohato bofe. Barab’abo rōna ba Congo ba ile ba bolela hore ha ba batle hore barab’abo bona ba isoe likampong tsa baphaphathehi tsa Rwanda. Ba re: “Ka 1994 re ile ra hlokomela barab’abo rōna ba Marwanda le ba malapa a bona hammoho le batho ba thahasellang ba fetang 2 000, kahoo ho e-na le hore barab’abo rōna ba lule likampong, e reng ba khutlele Goma re tla ba hlokomela joalokaha re ile ra hlokomela barab’abo rōna ba Marwanda.”

Hore ebe barab’abo rōna ba Congo ba ile ba hana ha barab’abo rōna ba ea likampong tsa baphaphathehi tse tsamaisoang ke mekhatlo eo e seng ea Lipaki, ho e-na le hoo ba ikaba ka bona, ho bontša hore ba na le moea oa ho amohela baeti ka lerato. Kahoo, barab’abo rōna le ba malapa a bona ba ile ba khutlela Goma, moo ba ileng ba amoheloa malapeng a Lipaki. Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba Belgium, Fora le Switzerland ba ile ba romela liphallelo tse eketsehileng tse neng li akarelletsa liseile. Barab’abo rōna ba ile ba lula Goma ho fihlela ba hahetsoe matlo

LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA MOSEBETSING OA LIPAKI TSA JEHOVA

Ofisi ea Boenjiniere ea Lebatooa e Afrika Boroa e ile ea etsa lipolane tsa lekala le lecha, ’me ea hira konteraka e ’ngoe ea Rwanda hore e hahe lekala leo. Baithaopi ba machaba ba ile ba thusa mosebetsing oo ’me Lipaki tse ngata tsa Rwanda tsa ithaopela ho tla thusa ho lokisa jarete le ho qetela lintho tse ling tse lokelang ho etsoa. Le hoja ho ile ha e-ba le litšitiso le mathata, lelapa la Bethele le ile la fallela lekaleng lena le lecha le letle ka March 2006. Hamorao hona selemong seo, Guy Pierce eo e leng setho sa Sehlopha se Busang o ile a tla le mosali oa hae lenaneong le khethehileng la ho tla nehela lekala leo ka la 2 December, 2006. Bara le barali babo rōna ba 553, ho akarelletsa baeti ba 112 ba tsoang linaheng tse 15, ba ile ba e-ba teng lenaneong leo.

Jim le Rachel Holmes, ba tsoang Canada, ba ile ba thusa mosebetsing oo oa kaho. Ba tseba Puo ea Matsoho ea Amerika, kahoo ba ile ba ithaopela ho e ruta litho tsa lelapa la Bethele tse thahasellang ho ithuta eona ka mor’a Thuto ea Molula-Qhooa ka Mantaha. Ba tšeletseng ba ile ba amohela memo eo, ’me ba ipabola hoo ka mor’a nakoana ho ileng ha thehoa sehlopha sa puo ea matsoho.

Eaba ka June 2007, Kevin Rupp, ea neng a tsoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Switzerland, o tla Rwanda e le moromuoa ho tla thusa tšimong ea puo ea matsoho. Nakoana ka mor’a moo, banyalani ba bang ba baromuoa ba Macanada ba tsebang puo ea matsoho ba ile ba fihla Rwanda. Ka July 2008, barab’abo rōna ba ile ba theha phutheho ea puo ea matsoho, ’me nakoana ka mor’a moo ha latela lihlopha tse ling tsa puo ea matsoho.

Ruri barab’abo rōna ba ile ba thaba kopanong ea setereke ea 2007 ha ho etsoa tsebiso ea hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e se e le teng ka Sekinyarwanda! United Bible Societies e ne e hatisitse Bibele e feletseng ka puo eo ka 1956. Le hoja bafetoleli ba Bibele ena ba lekile ka matla ho e fetolela ka puo ea moo, ba bile ba sebelisitse lebitso YEHOVA (Jehova) ka makhetlo a supileng Mangolong a Seheberu, ho bonolo hore batho bohle ba fumane Phetolelo ea Lefatše le Lecha haholo-holo ba kojoana li mahetleng. Phetolelo ena e ncha e nepahetse ebile e baleha habonolo, hobane bafetoleli ba puo eo ba ile ba etsa mosebetsi oa bona ka hloko ’me ba sebelisana le Lefapha la Litšebeletso Tsa Phetolelo le New York. Ruri hoa khatholla ho bona bana ba bangata Holong ea ’Muso ba tšoere Libibele tsa Mangolo a Segerike ’me ka mafolofolo ba phahamisa matsoho ha ba kōptjoa hore ba bale mangolo nakong ea liboka!

MATHATA A MACHA A HO SE NKE LEHLAKORE

Le hoja barab’abo rōna ba bile le tokoloho ea bolumeli ho tloha ha ba ngolisoa ka molao ka 1992, ba ’nile ba tobana le mathata hobane kaha ke Bakreste, ha ba nke lehlakore. Lilemong tse 15 tse fetileng, barab’abo rōna ba makholo ba ’nile ba tšoaroa hobane ba sa kopanele lenaneong la sesole la ho lebela metse bosiu. Leha ho le joalo, ka mor’a hore barab’abo rōna ba kopane le matona a ’muso, ba boholong ba ile ba lumela hore ba etse mesebetsi e meng ea sechaba.

Lilemong tsa morao tjena, matichere a 215 a ile a felloa ke mosebetsi hobane a hanne ho ea seminaring e sekametseng lipolotiking. Ka mor’a moo, ha lelekoa bana ba 118 sekolong hobane ba hanne ho bina pina ea sechaba. Baemeli ba lekala ba ile ba ea ho ba boholong e le hore ba ba hlalosetse boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore, ’me ka mor’a likhoeli tse ngata boholo ba bana bao ba ile ba lumelloa ho khutlela sekolong. Barab’abo rōna ba ile ba bua ka histori ea mosebetsi oa bona Rwanda, ’me ba bontša hore ka 1986 Lipaki Tsa Jehova li ile tsa koalloa hobane li ne li sa nke lehlakore, e leng lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ka 1994 li se ke tsa kopanela tlhaselong e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi.—Joh. 17:16.

Le hoja Lipaki Tsa Jehova li hlompha melao ea ’muso, li lula li sa nke lehlakore lipolotiking ho sa tsotellehe hore na ke ’muso ofe o busang. Ka mohlala, ka 1986, François-Xavier Hakizimana o ile a koalloa likhoeli tse 18 chankaneng hobane a sa nke lehlakore lipolotiking. ’Musong o mocha o busitseng ka mor’a tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi, o ile a boela a koalloa chankaneng pakeng tsa 1997 le 1998 ka lona lebaka leo. Mehlala eo e bontša hore Lipaki Tsa Jehova li lula li sa nke lehlakore ebile ha ho na ’muso oo li leng khahlanong le oona. Ha li nke lehlakore hobane li latela melao-motheo e ka Mangolong.

Ka ntle ho mathata ana a ntseng a tsoela pele, barab’abo rōna ba tšoara liboka tsa beke le beke hammoho le likopano ka bolokolohi, ebile lichankaneng tse ngata ba lumeletsoe ho bolela litaba tse molemo le ho tšoara liboka ’me batšoaruoa ba bangata ba amohetse ’nete. Ho phaella moo, selemong sa tšebeletso sa 2009, Lipaki Tsa Jehova tsa Rwanda li ile tsa hlōla linyeoe tse tšeletseng.

BOEMO BOA TŠEPISA

Tlaleho ea Rwanda e tla be e sa fella haeba re ke ke ra bua ho se hokae ka katleho e hlollang e finyeletsoeng lenaneong la kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Ho tloha ka 1999 ha lenaneo leo le thakholoa linaheng tse se nang lichelete kapa litsebi tse lekaneng, baithaopi ba hahile Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 290 moo tse itekanetseng ebile li le ntle.

Kaha bahoeletsi ba sebaka ka seng ba tšehetsa baithaopi bana ka mafolofolo, liholo tse ngata ho tsena li hahiloe ka likhoeli tse tharo. Ha Liholo Tsa ’Muso li ntse li hahoa ka potlako ho pholletsa le naha, batho ba batla ho tseba se etsahalang, ’me seo se bulela batho ba Jehova monyetla oa ho ba pakela. Ka ntle ho Holo ea Kopano e Kigali, barab’abo rōna ba hahile Liholo Tsa Kopano tse nyenyane tse leshome, tse bulehileng ka mahlakoreng, e leng se nolofalletsang bahoeletsi ho ba teng likopanong ba sa tsamaee sebaka se selelele lithabeng. Ho phaella moo, barab’abo rōna ba hahile Liholo Tsa ’Muso tse ’nè tse ka atolosoang, e leng se ba nolofalletsang hore ba tšoarele likopano tse nyenyane ho tsona.

Mathoasong a selemo ka seng, liphutheho li qeta likhoeli tse ’maloa li kopanela ka mafolofolo masimong a sa abuoang kapa a sebetsoang seoelo. Ka linako tse ling bahoeletsi ba nka maeto a malelele ka litšenyehelo tsa bona hore ba sebetse masimo ao. Libakeng tse hōle haholo, ho romeloa bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ho ea qeta likhoeli tse tharo. Ka lebaka leo, lihlopha tseo ba sa tsoa li theha e ba moralo oa liphutheho. Ka mohlala, letšolong la January ho ea ho March 2010, ho ile ha qaloa lithuto tsa Bibele tse makholo ’me ha thehoa lihlopha tse ncha tse robong. Ho phaella moo, ka eona nako eo, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba 30 ba ile ba theha lihlopha tse ncha tse 15.

LIKETSAHALO TSE LING TSA BOHLOKOA RWANDA

Kopanong ea Setereke ea “Le Lule le Lebetse!” ea 2009, barab’abo rōna ba Rwanda ba ile ba thaba ha ba utloa ka ho lokolloa ha buka e ncha ea lipina ’me ba thabela ho mamela lipina tseo ka Sekinyarwanda. Ho ile ha nka nako e seng kae ho fetolela buka e ncha ea lipina ka Sekinyarwanda ’me liphutheho li ile tsa fumana libuka tsa lipina ka nako e le hore li qale ho li sebelisa ka January 2010 hong le barab’abo rōna lefatšeng ka bophara.

Ka mor’a hore ho lokolloe Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sekinyarwanda ka 2007, ha ho makatse hore ebe batho ba ile ba ipotsa hore na Bibele e feletseng e tla fetoleloa neng ka Sekinyarwanda. Ha likopano tsa setereke tsa 2010 li ntse li atamela, ho ile ha etsoa tsebiso ea hore ka August, Guy Pierce oa Sehlopha se Busang, o tla etela Rwanda, kopanong ea Kigali. Kopano eo e ne e tla tšoareloa lebaleng la lipapali le haufi le lekala. Bohle ba ne ba nyakaletse ’me ruri e bile ho thabisang haholo ha Mor’abo rōna Pierce a lokolla Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sekinyarwanda! Motho e mong le e mong ho ba 7 149 ba neng ba le teng kopanong ka Labohlano hoseng, o ile a fuoa Bibele e ncha. Ka Sontaha, barab’abo rōna ba tsoang literekeng tse ling tsa Rwanda ba ile ba nyollela palo ea ba bileng teng ho 11 355. Nakong ea kopano, masole a neng a ntse a macha ka ntle ho lebala, a ile a ikōpela Libibele tse ncha, ’me a fuoa tse 180. Ramotse oa Kigali, hlooho ea sepolesa le ba boholong Lekaleng la Lipapali le bona ba ile ba thaba haholo ha ba fuoa Libibele.

Ka 1970 ha mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ne o qala Rwanda, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba bararo. Kajeno ho na le bahoeletsi ba ka bang 20 000. Khoeli le khoeli ba khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 50 000. Ka April 2011, ho bile le batho ba ka bang 87 010 Sehopotsong. Barab’abo rōna ba Rwanda ba tumme ka cheseho. Kaha bahoeletsi ba etsang karolo ea 25 lekholong ba mofuteng o itseng oa tšebeletso ea nako e tletseng ’me ka karolelano bahoeletsi ba bang ba sebetsa lihora tse 20 ka khoeli, bara bana babo rōna ba sebetsa ka thata le “Mong’a kotulo” tšimong ena e mobu o nonneng, ’me ha baa ikemisetsa ho khoehlisa. Ha Jehova a ntse a hlohonolofatsa mosebetsi ona, re letetse ka thabo ho bona hore na ke batho ba bakae ba sa ntseng ba tla phallela borapeling ba ’nete bo tšoantšetsoang ke thaba ea Jehova, Naheng ena e Tletseng Maralla.—Mat. 9:38; Mik. 4:1, 2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Batho ba tloaetse hore ke Congo kapa Congo (Kinshasa) e leng lebitso le e khethollang naheng ea boahelani ea Congo (Brazzaville). Tlalehong ena kaofela re tla e bitsa Congo.

b Deborah e ile ea e-ba mohoeletsi, a kolobetsoa ha a le lilemo li leshome, hona joale ke pula-maliboho oa kamehla le ’mè oa hae.

c Kajeno ngoana eo e se e le morali’abo rōna ea kolobelitsoeng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 178]

A re batho ba hlokomele Lipaki Tsa Jehova

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 181]

Ba ne ba lumelisana ba re, “Komera!” e bolelang “U be sebete!”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 218]

“Jehova, ha ho letho leo re ka le etsang. Ke uena feela ea ka re pholosang!”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 166]

Tlhaloso e Khutšoanyane ea Rwanda

Naha

Ho tloha Rwanda leboea ho ea boroa ke lik’hilomithara tse 177 feela ’me ho tloha bochabela ho ea bophirimela ke lik’hilomithara tse 233. E na le baahi ba fetang 11 000 000 ’me har’a linaha tsa Afrika ke eona e itlhommeng pele ka ho ba le tšubuhlellano ea baahi. Motse-moholo oa eona ke Kigali.

Batho

Baahi ba teng ke Mahutu, Matutsi le Matwa esita le merabe e meng ea Asia le ea Europe. Ba fetang halofo ke Mak’hatholike ’me ba fetang kotara ke Maprostanta, a akarelletsang Masabatha a mangata. Karolo e setseng ke Mamosleme le malumeli a mang.

Puo

Lipuo tse sebelisoang haholo linthong tsa molao ke Sekinyarwanda, Senyesemane le Sefora. Seswahili ke puo e sebelisoang ha ho buisanoa le batho ba linaha tsa boahelani ka litaba tsa khoebo.

Mokhoa oa Boipheliso

Marwanda a mangata ke balemi. Kaha mobu o mobe karolong e khōlō ea naha, ba bangata ba lema lijalo tse lekaneng malapa a bona feela. Ho lengoa tee le semela se bolaeang likokoanyana se bitsoang pyrethrum hammoho le kofi, e leng eona e ka sehloohong e romeloang linaheng tse ling.

Lijo

Lijo tse tloaelehileng haholo ke litapole, libanana le linaoa.

Boemo ba Mohatsela le Mocheso

Le hoja Rwanda e le pel’a equator, ha ho chese haholo ebile ha ho bate haholo. Libakeng tse ka lihlabeng, hangata mocheso e ba likhato tse 21 tsa Celcius ’me pula e na ka tsela e itekanetseng selemo le selemo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 185]

“Jehova o Tla re Lelekisa!”

EMMANUEL NGIRENTE

O HLAHILE KA 1955

O KOLOBELITSOE KA 1982

PALE EA BOPHELO BA HAE Setho sa Komiti ea Lekala ea Rwanda le molebeli oa Lefapha la Phetolelo.

◼ KA 1989, ke ne ke bula maliboho karolong e ka bochabela ea Rwanda. Bofelong ba selemo seo, ke ile ka isoa ofising ea phetolelo. Kaha ke ne ke e-s’o be mofetoleli, ke ne ke tšohile ’me ke nahana hore ha ke tšoanelehe. Leha ho le joalo, ke ile ka qala ka ho fetolela likhatiso tse tharo. Re ile ra hira ntlo ra ba ra fumana lidikishinari. Ka linako tse ling ke ne ke sebetsa bosiu bohle, ke noa kofi e le hore ke se ke ka tšoaroa ke boroko.

Ha masole a lebotho la RPF a fihla ka October 1990, ho na le batho ba neng ba e-na le pelaelo ea hore Lipaki Tsa Jehova li sebelisana le ’ona. Mafokisi a ile a qala ho fuputsa taba eo. Kaha ke ne ke sebeletsa lapeng, a ne a bona eka ha ke sebetse, kahoo a batla ho tseba hore na ho etsahala’ng ka ’na. Ka letsatsi le leng, a ile a tla ka tšohanyetso a tlil’o phenyekolla. Ke ne ke thaepile bosiu bohle, ’me ka hora ea bohlano hoseng ke leka ho robala. Ka tšohanyetso ke ile ka fumana mohala o reng ke tsoe lapeng ke e’o etsa mosebetsi oa sechaba.

Ba boholong sebakeng seo ba ile ba phenyekolla ntlo ea ka ha ke sa ntse ke tsoile. Ha ke khutla, baahelani ba ka ba mpolella hore lepolesa le motho e mong ea boholong sebakeng seo ba nkile hora ba bala litaba tseo ke li fetoletseng, moo lebitso la Jehova le neng le hlaha khafetsa. Qetellong ba ile ba re: “A re tloheng mona, ho seng joalo Jehova o tla re lelekisa!”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 194]

Ho Shoa Batho ba Milione ka Matsatsi a 100

“Tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi Rwanda ka 1994, ke e ’ngoe ea tse hopolehang ka ho fetisisa mehleng ea kajeno. Ho tloha qalong ea April 1994 ho fihlela mahareng a July 1994, morabe oa Mahutu, o moholo ka ho fetisisa naheng ena e nyenyane e Afrika Bohareng, o ile oa etsa mofela ha o bolaea morabe o monyenyane oa Matutsi. Kaha babusi ba Mahutu ba feteletsang litaba ba ne ba tšaba hore ’muso oa bona o tla oa ha ho ka sebelisoa leano la puso ea sechaba ka sechaba le ha ho ka ba le ntoa ea lehae, ba ile ba rera ho timetsa bohle bao ba nkang hore ba ka liha ’muso oa bona—e leng Mahutu a sa tšehetseng ntoa le Matutsi. Polao ena e sehlōhō e ile ea emisa ha lebotho leo boholo ba masole a lona e neng e le marabele a Matutsi le hapa naha ’me le leleka baeta-pele ba ’muso o tšehetsang polao eo ka har’a naha. Ka matsatsi a lekholo feela, ao ka ’ona polao ena le ntoa li neng li ntse li tsoela pele, ho ile ha shoa batho ba milione—e leng se etsang hore polao ea batho ba Rwanda e be e ’ngoe ea tse etsahetseng ka sekhahla se seholo ka ho fetisisa historing.”—Encyclopedia of Genocide and Crimes Against Humanity.

Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 400 li ile tsa bolaoa, ho akarelletsa le Mahutu a neng a bolaeloa ho sireletsa bara le barali babo bona ba Matutsi. Ha ho na Paki e ileng ea bolaea Paki e ’ngoe.

[Setšoantšo]

Baphaphathehi ba baleha Rwanda

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 197]

“Lionto Tsa Polao”

“Kaha likereke li ’nile tsa sebelisoa e le libaka tsa tšireletseho linakong tsa ntoa, bahlophisi ba tlhaselo ena e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi, ba ne ba hohela Matutsi a likete tse mashome hore a ee mehahong ea likereke, ba a tšepisa hore a tla sireletseha; ha matšoele ana a malimabe a batlang tšireletso a se a kene ka mehahong ea likereke le likolo, masole a Mahutu hammoho le a naha a ne a a thunya le ho lahlela liqhomane ka har’a ’ona, a ntan’o qetela ba pholohileng ka lisabole, lithipa le lisekele. . . . Leha ho le joalo, likereke ha lia ka tsa fella feela ka ho etsa mehaho ea tsona lionto tsa polao. Kaha metseng e meng baruti, bakatekista le basebetsi ba bang ba kereke ba ne ba tseba batho ba libakeng tsa habo bona, ba ne ba thusa babolai hore ba fumane Matutsi. Maemong a mang basebetsi ba kereke ba ne ba hlile ba bolaea.”—Christianity and Genocide in Rwanda.

“Kereke [e K’hatholike] e qosoa haholo ka hore e ile ea hlanohela Matutsi a phahameng sechabeng, ea ntan’o tšehetsa phetohelo e eteletsoeng pele ke Mahutu, kahoo ea thusa Habyarimana hore a buse naha eo baahi ba bangata ba eona e leng Mahutu. Mabapi le tlhaselo ena e neng e reretsoe ho timetsa morabe [oa Matutsi], bahlahlobisisi ba boetse ba nka Kereke e ikarabella ka ho toba bakeng sa ho hlohlelletsa lehloeo, ho sireletsa babolai le ho se sireletse batho ba neng ba balehetse mehahong ea eona. Ho boetse ho na le ba lumelang hore, kaha Kereke ke moeta-pele oa barapeli ba bangata ba Rwanda, e molato oa ho tsoa tlaase tumelo ea batho bana hobane ha ea ka ea nka mehato e hlokahalang hore e felise polao ena.”—Encyclopedia of Genocide and Crimes Against Humanity.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 201-203]

“Na Kannete re ka Bolaea Motho eo Batho Bohle ba mo Kōpelang Mohau?”

JEAN-MARIE MUTEZINTARE

O HLAHILE KA 1959

O KOLOBELITSOE KA 1985

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke sehahi ebile ke mor’abo rōna ea tšepahalang ea lulang a bososela, eo nakoana ka mor’a hore a kolobetsoe, a ileng a koalloa chankaneng ka likhoeli tse robeli ka 1986. O ile a nyala Jeanne ka 1993, hona joale Jean-Marie ke molula-setulo oa Komiti ea Holo ea Kopano ea Kigali.

◼ KA LA 7 April, ’na le mosali oa ka Jeanne hammoho le morali oa rōna ea bitsoang Jemima ea neng a e-na le khoeli e le ’ngoe a hlahile, re ile ra tsosoa ke molumo oa lithunya ’me re tšohile. Pele re ne re nahana hore ke likhohlano tsa lipolotiki, empa kapele ra elelloa hore masole a Interahamwe a qalile letšolo la ho bolaea Matutsi larita. Kaha re Matutsi, re ne re tšaba ho tsoela ka ntle. Re ile ra rapela ka matla hore Jehova a re thuse hore re tsebe seo re lokelang ho se etsa. Nakong eo barab’abo rōna ba bararo ba Mahutu ba sebete—e leng Athanase, Charles le Emmanuel—ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba re tlisetse lijo.

’Na le mosali oa ka re ile ra tlameha ho qeta hoo e ka bang khoeli re ntse re ipata mahaeng a barab’abo rōna ba sa tšoaneng. Ha letšolo la ho tsoma Matutsi le fihla sehlohlolong, masole a ile a tla moo ke neng ke ipatile teng a nkile lisabole le lithipa hammoho le marumo. Ha ke a bona, ke ile ka matha la ntšoekhe hore ke e’o ipata ka morung, empa a ile a ntšoara. Ke ile ka iphumana ke pota-potiloe ke banna ba hlometseng, eaba ke ikōpela mohau, ka ba bolella hore ke Paki ea Jehova, empa ba re, “Lerabele tooe!” Ba ile ba nthaha eaba ke oela fatše ba ntan’o nkotla ka melamu le ka mefeng ea lithunya. Ka nako eo batho ba ne ba se ba bokane ba le bangata. Har’a letšoele leo ho ne ho e-na le monna eo ke neng nkile ka mo pakela. Ka sebete o ile a hoeletsa a re, “Mo hauheleng hle!” Eaba mor’abo rōna e mong oa Mohutu ea bitsoang Charles oa tla. Ha mosali oa Charles le bana ba mpona ke rapaletse fatše ke tletse mali ba ile ba lla. Babolai bana ba ile ba khathala matla, eaba baa ntlohela, ba re, “Na kannete re ka bolaea motho eo batho bohle ba mo kōpelang mohau?” Charles o ile a nkisa ha hae e le hore a nkoke maqeba. Masole ao a ile re supa ka monoana, a re haeba nka pholoha, a tla bolaea Charles.

Nakong ena, ke ne ke arohantsoe le Jeanne le lesea la rōna. Le eena o ile a hlaseloa ka mabifi, a khakhathoa ’me a phonyoha lefu ka lesoba la nale. Hamorao batho ba ile ba mo bolella hore ke bolailoe. Ba ile ba ba ba mo bolella hore a batle masela ao a tla phuthela setopo sa ka ka ’ona.

E bile likeleli tsa thabo feela mohla ’na le Jeanne re boelang re kopana ha Athanase. Leha ho le joalo, letsatsing le latelang re ne re bona lefu ka mahlo. E ne e le letsatsi le leng la tlokotsi, la mahlomola, leo re ileng ra ipata sebakeng se seng ka mor’a se seng. Ke hopola ke kōpa Jehova ka tieo hore a re thuse, ke re: “U ile ua re thusa maobane. Re kōpa hore u re thuse le kajeno. Re batla ho hōlisa lesea la rōna ’me re tsoele pele ho u sebeletsa!” Ho ella mantsiboea, barab’abo rōna ba bararo ba Mahutu ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e khōlō ka ho re etella pele re le sehlopha sa Matutsi a ka bang 30, ba re fetisa libakeng tse kotsi moo masole a thibeletseng tsela, ba re isa sebakeng se sireletsehileng. Ba tšeletseng sehlopheng seo ba ile ba amohela ’nete.

Hamorao re ile ra utloela hore Charles le sehlopha sa hae ba ile ba tsoela pele ho thusa ba bang empa masole a Interahamwe a halefa haholo ha a bona hore bara bao babo rōna ba pholositse Matutsi a mangata. Qetellong a ile a tšoara Charles le mohoeletsi e mong oa Mohutu, ea bitsoang Leonard. Mosali oa Charles o ile a utloa masole ao a re, “Le tlameha ho shoa kaha le pholositse Matutsi.” Eaba aa ba bolaea. Sena se re hopotsa mantsoe a Jesu a reng: “Ha ho ea nang le lerato le leholo ho lena, hore motho a nehelane ka moea oa hae molemong oa metsoalle ea hae.”—Joh. 15:13.

Pele ntoa e loana, ha re ntse re lokisetsa ho nyalana, ’na le Jeanne re ile ra etsa qeto ea hore e mong oa rōna e tla ba pula-maliboho. Leha ho le joalo, ka mor’a ntoa, kaha boholo ba beng ka rōna bo ne bo bolailoe, re ile ra nka likhutsana tse tšeletseng, le hoja ka nako eo rōna re ne re e-na le bana ba babeli feela. Leha ho le joalo, Jeanne o ile a khona ho qala ho bula maliboho ka mor’a ntoa ’me e bile pula-maliboho ka lilemo tse 12. Hape, bana bao ba tšeletseng ba likhutsana, bao batsoali ba bona e neng e se Lipaki Tsa Jehova, kaofela ba kolobelitsoe. Bashemane ba bararo ke bahlanka ba sebeletsang, ’me ngoanana e mong le monna oa hae ba sebeletsa Bethele. Hona joale re na le barali ba babeli le bara ba babeli, ’me barali ba rōna ba babeli ba baholo ba kolobelitsoe.

[Setšoantšo]

Mora le Morali’abo rōna Mutezintare le bana ba bona ba babeli le ba bahlano ba likhutsana

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 204, 205]

“’Nete e re Thusitse ho Lula re Tiile”

Valerie Musabyimana le Angeline Musabwe ke bana ba motho. Ba tsoa lelapeng la Mak’hatholike a popota, ’me ntate oa bona e ne e le molula-setulo oa komiti e ’ngoe ea pharishe. Valerie o ile a nka lilemo tse ’nè a ithutela ho ba moitlami. Leha ho le joalo, ka 1974 a tlohela lithuto tsa hae, ka lebaka la ho nyahamisoa ke boitšoaro ba moprista e mong. Hamorao a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, a kolobetsoa a ba a qala ho bula maliboho ka 1979. Angeline le eena o ile a ithuta Bibele a ba a kolobetsoa. Bobeli ba bona ba ile ba sebetsa hammoho e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me ba thusitse batho ba bangata hore ba ithute ’nete.

Angeline le Valerie ba ne ba lula Kigali nakong ea tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi ’me ba ile ba pata batho ba robong moo ba neng ba lula teng, ho akarelletsa le basali ba babeli ba baimana; monna oa e mong o ne a sa tsoa bolaoa. Ka mor’a nako e itseng, mosali eo o ile a pepa. Kaha ho ne ho le kotsi haholo hore ba tsoe ka tlung, Angeline le Valerie ba ile ba mo pepisa. Ha baahelani ba utloa seo, ba ile ba ba tlisetsa lijo le metsi.

Ha masole a Interahamwe a utloa hore Angeline le Valerie ba patile Matutsi, a ile a tla eaba a re: “Re tlil’o bolaea Lipaki Tsa Jehova tsa Matutsi.” Leha ho le joalo, kaha ntlo eo barali bao babo rōna ba neng ba e hirile e ne e le ea ofisiri ea sesole, babolai bao ba ile ba tšaba ho kena.d E mong le e mong ea neng a le ka tlung eo o ile a pholoha.

Ha ntoa e ntse e loela ’me likulo li fapakana, Angeline le Valerie ba ile ba tlameha ho baleha sebakeng seo. Ba ile ba balehela Goma le Lipaki tse ling, ’me barab’abo rōna ba Congo ba ba amohela ka mofuthu. Ha ba le moo ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse ngata.

Ba ile ba sebetsana joang le maikutlo a bona ka mor’a ntoa eo? Valerie o ne a utloile bohloko ha a re: “Ke lahlehetsoe ke bana ba bangata ba moea, ho akarelletsa le Eugène Ntabana le lelapa la hae. ’Nete e ile ea re thusa hore re lule re tiile. Rea tseba hore Jehova o tla ahlola batho ba khopo.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

d Ka mor’a ntoa, mong’a ntlo eo o ile a qala ho ithuta Bibele. O ile a hlokahala, empa mosali oa hae hammoho le bana ba bona ba babeli e ile ea e-ba Lipaki.

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 206, 207]

Ba ne ba Ikemiselitse ho re Shoela

ALFRED SEMALI

O HLAHILE KA 1964

O KOLOBELITSOE KA 1981

PALE EA BOPHELO BA HAE O ne a lula le mosali oa hae Georgette motseng o mong o pel’a Kigali. Alfred, ke ntate le monna ea lerato, ’me hona joale ke setho sa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele, ea Kigali.

◼ HA TLHASELO e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi e sa tsoa qala, Athanase, e leng mor’abo rōna oa Mohutu eo e neng e le moahelani oa rōna, o ile a re fa temoso ena, “Ba bolaea Matutsi kaofela ’me le lōna ba tla le bolaea.” Eaba o re phehella hore re tle ha hae. Pele ntoa e loana o ne a ile a cheka mokoti o botebo ba limithara tse ka bang tharo le halofo, ’me a re re ipate ka har’a oona. E bile ’na oa pele ea ileng a theohela ka mokoting oo ka lere eo a neng a e entse. Athanase o ile a lokisetsa hore re tlisetsoe lijo le materase. Ka nako eo hohle batho ba ne ba ntse ba bolaoa.

Le hoja baahelani ba ne ba belaela hore re ipatile ha Athanase ’me ba re ba tla chesa ntlo ea hae, eena le lelapa la hae ba ile ba ’na ba re pata. Ho ne ho hlakile hore ba ikemiselitse ho re shoela.

Matsatsi a mararo ka mor’a moo, ho ne ho loanoa ntoa e mahlo-mafubelu sebakeng seo, kahoo lelapa la Athanase le ile la tla lula le rōna ka mokoting, ’me ra ba 16. Re ne re lula lefifing la bo-nka-ntjana hobane re tšaba ho khantša le hanyenyane feela. Letsatsi le letsatsi, motho ka mong o ne a e-ja khaba ea raese e sa phehoang e inetsoeng ka metsing a tsoekere. Ka mor’a matsatsi a leshome le tsona lijo tseo li ile tsa fela. Ka letsatsi la bo13, re ne re shoele ke tlala! Re ne re tla etsa joang? Ha motho a le ka holim’a lere, o ne a ka bonela leroothong hore na ho etsahala’ng ka ntle, ’me re ile ra hlokomela hore boemo bo fetohile. Re ile ra bona masole a apereng junifomo e ’ngoe. Kaha lelapa la Athanase le ne le ntširelelitse, ke ne ke nka hore joale ke ’na ea lokelang ho itella lona. Ke ile ka etsa qeto ea hore ke tsamaee le mora oa Athanase ea lilemong tsa bocha ha ke il’o batla lijo. Pele re tsamaea, kaofela re ile ra rapela.

Re ile ra khutla ka mor’a metsotso e ka bang 30, eaba re bolella ba bang hore RPF e se e le eona e tšoereng marapo sebakeng seo. Masole a mang a ile a tla le rōna. Ke ile ka a bontša moo re neng re ntse re ipatile teng. A ne a sa kholoe ho fihlela ha bara le barali babo rōna ba neng ba tsoa ka mokoting ka bonngoe ba se ba tsoile kaofela. Ha Georgette a bontša hore le ka mohla a ke ke a lebala ketsahalo eo, o re: “Re ile ra tsoa re le litšila; re ne re qetile libeke tse tharo ka mokoting re sa khone ho itlhatsoa le ho hlatsoa liaparo tsa rōna.”

Masole ao a ne a hloletsoe ha a bona hore batho ba merabe eo e ’meli ba ne ba lutse hammoho ka mokoting. Ke ile ka a hlalosetsa hore “re Lipaki Tsa Jehova, ’me ho hang ha re na khethollo ea morabe.” A ile a hlolloa ’me a re, “Tlisetsang batho bana ba tsoang ka mokoting lijo le tsoekere!” Eaba a re isa ntlong eo batho ba ka bang 100 ba neng ba lula ho eona ka nakoana. Ka mor’a moo, morali e mong oabo rōna o ile a re phehella hore kaofela ha rōna re le 16 re e’o lula ha hae.

Rea leboha hore ebe re ile ra pholoha. Leha ho le joalo, moholoane oa ka le khaitseli ea ka hammoho le malapa a bona—bao kaofela e neng e le Lipaki Tsa Jehova—ba ile ba bolaoa hammoho le batho ba bang ba bangata. Re utloa bohloko ba tahlehelo, empa re boetse rea tseba hore “bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Ha Georgette a hlalosa maikutlo a rōna o re: “Re lahlehetsoe ke bara le barali babo rōna ba bangata, ’me ba bang ba fetile mahlomoleng a tšabehang nakong eo ba neng ba baleha le eo ba neng ba ntse ba ipatile. Leha ho le joalo, re ile ra matlafatsa kamano ea rōna le Jehova ka hore re rapele, ’me ra bona hore letsoho la Jehova le matla. O ile a re tšelisa ka ho re ka nako e nepahetseng mokhatlo oa hae o re thuse, ’me re leboha haholo. Jehova o re hlohonolofalitse haholo.”—Moek. 9:11.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 208, 209]

Jehova o Nthusitse Linakong Tsa Mahlomola

ALBERT BAHATI

O HLAHILE KA 1958

O KOLOBELITSOE KA 1980

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke moholo ea nyetseng ea nang le bana ba bararo. Mosali oa hae le morali oa hae oa letsibolo ke bo-pula-maliboho ba kamehla. Mora oa hae ke mohlanka ea sebeletsang. Ha Albert, e leng mor’abo rōna oa Mohutu ea sa bueng haholo, a qala ho ea libokeng ka 1977, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 70 feela naheng ena. Ka 1988 o ile a koalloa chankaneng a ba a otloa. Ha a hana ho qhoaela beche ea mokha oa lipolotiki, moahelani eo e kileng ea e-ba lesole o ile a mo hloma beche letlalong eaba oa mo soma o re: “Joale u qhoaetse beche!”

◼ KA MOR’A lefu la bapresidente, barab’abo rōna ba bang, beng ka rōna le baahelani ba ile ba balehela ha ka. Leha ho le joalo, ke ile ka tšoenyeha ka baralib’abo rōna ba Matutsi, e leng Goretti le Suzanne, bao re neng re sa tsebe hore na ba hokae. Le hoja ho ne ho le kotsi haholo, ke ile ka tsamaea ho ea ba batla. Ke ile ka bona Goretti le bana ba hae har’a batho ba neng ba baleha, eaba ke ba isa ha ka, kaha ke ne ke tseba hore moo ba eang teng ho na le masole a thibeletseng tsela, ’me ba ne ba tla bolaoa.

Ka mor’a matsatsi a seng makae, Suzanne, hammoho le ba bang ba bahlano ba ile ba khona ho fihla ha ka. Ha re kopana le bona, re ne re feta 20 ka tlung, ’me kaofela re le kotsing e khōlō.

Masole a Interahamwe a ile a tla ha ka bonyane ka makhetlo a mararo. Ka nako e ’ngoe a ile a bona mosali oa ka Vestine ka fensetere, eaba a re a tsoele ka ntle. Mosali oa ka ke Motutsi. Ke ile ka ema lipakeng tsa hae le babolai bao ka re ho bona: “Haeba lea mo bolaea, qalang ka ’na!” Ka mor’a ho buisana ka nako e itseng, ba ile ba re a khutlele ka tlung. E mong oa bona o ile a re, “Ha ke batle ho bolaea mosali, ke batla ho bolaea monna.” Eaba ba tonela khaitseli ea mosali oa ka mahlo. Ha ba mo ntšetsa ka ntle, ke ile ka itahlela lipakeng tsa bona le mohlankana enoa eaba ke ba kōpa ka tieo, ke re, “Mo tloheleng hle batho ba Molimo!”

E mong oa bona o ile a nkhitla ka setsoe a re, “Ha ke sebeletse Molimo.” Leha ho le joalo, o ile a nolofala eaba o re: “Tloha mona le motho enoa oa hao!” Kahoo, Soare o ile a pholoha.

Hoo e ka bang khoeli hamorao, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba fihla ba batla lijo. Kaha ke ne ke e-na le linaoa tse ngata, ke ile ka ba fa tse ling, empa ha ke il’o ba bontša tsela e sireletsehileng, ka utloa molumo oa sethunya eaba kea akheha. Litlhase tsa kulo e sollang li ile tsa kena ka leihlong la ka. Moahelani e mong oa ka o ile a nkisa sepetlele, empa leihlo leo le ile la foufala. Ntho e bohloko le ho feta ke hore ha kea ka ka khona ho khutlela ha ka. Ha ntoa e ntse e loela, batho bohle ba ka tlung ea ka ba ne ba sa sireletseha, kahoo ba ile ba tlameha ho balehela matlong a barab’abo rōna ba bang, ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing ’me ba ba sireletsa kaofela ho fihlela ka June 1994. Ke ile ka arohana le mosali oa ka le bana ho fihlela ka October. Ke leboha Jehova ha a nthusitse le lelapa la ka linakong tsena tsa mahlomola.

[Setšoantšo]

Albert Bahati o na le lelapa la hae le batho ba bang bao a neng a ba patile

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 210-212]

“Tsela ke Eona Ena”

GASPARD NIYONGIRA

O HLAHILE KA 1954

O KOLOBELITSOE KA 1978

PALE EA BOPHELO BA HAE Ke mor’abo rōna ea sa tšabeng ho loanela ’nete, ea lulang a bososela a bile a e-na le tšepo ea hore lintho li tla loka. Hona joale Gaspard o nyetse, o na le barali ba bararo, ’me ke setho sa Komiti ea Lekala ea Rwanda.

◼ MESONG ea la 7 April, lithunya li ne li khabola eaba ka mor’a moo ke bona ho cha matlo a ka bang 15 a Matutsi. A ne a akarelletsa a mabeli a barab’abo rōna. Ke ne ke ipotsa hore na ebe ntlo ea ka le eona e tla chesoa. Ke ile ka batla ke fapana hlooho hobane ke tšohile hore na ho tla etsahala’ng ka mosali oa ka oa Motutsi le bana ba ka ba babeli.

Ke ne ke sa tsebe hore na re lokela ho etsa’ng. Batho ba ne ba ferekane ba bile ba tšohile, ’me ho tletse mashano le litaba tsa bo-ba-re. Ke ile ka bona ho le molemo hore mosali oa ka le bana ba ee ntlong ea mor’abo rōna e mong eo re neng re ahisane le eena, ’me ’na ke ba latele hamorao. Eitse ha ho re khoe! ka ba sala morao empa ha ke fihla ka fumana hore o ile a qobelloa ho tšabela mehahong ea sekolo se seholo. Mantsiboeeng ao moahelani oa ka o ile a tla ho ’na eaba o re, “Matutsi ’ohle a tšabetseng sekolong a il’o bolaoa!” Hang-hang ke ile ka mathela sekolong, ka fumana mosali oa ka le bana, eaba ke bua le batho ba bang ba ka bang 20—ba akarelletsang bara le barali babo rōna—ka ba bolella hore ba khutlele mahabona. Ha re tloha moo, re ile ra bona masole a ntša batho motseng ho ba isa sebakeng seo ho sona a ileng a bolaea Matutsi a fetang 2 000.

Ho sa le joalo, mosali oa moahelani e mong oa ka o ile a pepela sekolong seo. Ha masole a Interahamwe a lahlela seqhomane sekolong, monna oa hae o ile a baleha a nkile lesea leo le qetang ho belehoa. Kaha ’mè oa lona o ne a tšohile, o ile a balehela sebakeng se seng. Le hoja ntate oa lona e le Motutsi, o ile a feta ’mileng e thibeletsoeng ke masole hobane a nkile lesea, eaba o balehela lapeng ha rōna. O ile a nkōpa hore ke leke ho fumanela ngoana oa hae lebese. Eitse ha ke re ke tsoela ka ntle, ke sa elelloe, ka oela liatleng tsa masole a thibeletseng tsela. Kaha a ne a nka hore ke utloela Matutsi bohloko hobane ke il’o batlela lesea la Motutsi lebese, a ile a re, “A re mo bolaeeng!” Lesole le leng le ile la nkotla ka mofeng oa sethunya eaba kea akheha, ka tsoa mali ka nkong le sefahlehong. Kaha a ne a nka hore ke shoele, a ile a nkhulanya eaba a mpeha ka mor’a ntlo e ’ngoe e haufi le moo.

Moahelani e mong o ile a mpona eaba o re ho ’na, “Tsamaea, ho seng joalo ba tla khutla ebe baa u qetela.” O ile a nkisa ha ka.

Le hoja ketsahalo eo e ne e le bohloko, empa e ile ea ntšireletsa. Kaha ho ne ho tsebahala hore ke mokhanni, banna ba bahlano ba ile ba tla ho ’na ho tla nqobella hore ke e’o khannela mookameli oa masole. Ha ba bona maqeba a ka, ha baa ka ba tsitlella hore ke tsamaee ebile ha baa ka ba leka ho nqobella hore ke e’o lebela le masole a Interahamwe.

Matsatsing a latelang, ho ile ha e-ba le tšabo, pherekano le tlala. Ka nako eo, mosali e mong oa Motutsi o ile a balehela ha ka le bana ba hae ba babeli ba banyenyane. Re ile ra mo pata ka k’haboteng e ka kichineng eaba re isa bana ba hae le ba ka kamoreng e ’ngoe. Ha lebotho la RPF le ntse le atamela ’me ho phatlalatsoa mashano a hore masole a Interahamwe a qalile ho fiela Mahutu a nyetseng basali ba Matutsi, lelapa la rōna le ile la itokisetsa ho baleha hape. Empa RPF e ne e se e hapile sebaka seo, kahoo Matutsi a se a pholohile. Leha ho le joalo, e ne e se e le ’na ea tsietsing ea hore a ka bolaoa.

Eaba ke tsamaea le sehlopha sa baahelani ba rōna ho ea moo e seng e le masole a RPF a thibeletseng tsela. Ha a bona hore ke Mohutu ebile ke tlamisitsoe hloohong, a ne a nahana hore e tlameha ebe ke e mong oa masole a Interahamwe. A ile a re ho ’na le ho baahelani ba ka: “Har’a lōna mona ho na le babolai le masholu, empa le batla thuso! Ke mang ho lōna ea ileng a pata Matutsi le ho a sireletsa?” Ke ile ka a bontša mosali eo ke neng ke mo patile hammoho le bana. A ile a bitsetsa bana bao ka thōko ’me a re ho bona, “Motho eo ea tlamisitsoeng hloohong ke mang?” Eaba ba re, “Hase lesole la Interahamwe; ke ntate ea lokileng oa Paki ea Jehova.” Ke ne ke pholositse mosali oa Motutsi le bana ba hae ba babeli, ’me joale ke bona ba neng ba mpholosa!

Masole ao a ile a khotsofalla likarabo tseo, kahoo a re isa kampong e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 20 ho tloha Kigali, moo ho neng ho e-na le batho ba pholohileng ba ka bang 16 000. Ha re fihla moo, re ile ra kopana le bara le barali babo rōna ba ka bang 60 ba tsoang liphuthehong tse 14. Re ile ra hlophisa liboka ’me batho ba 96 ba e-ba teng sebokeng sa pele! Leha ho le joalo, ka nako eo ho ne ho le bohloko haholo ha barab’abo rōna ba pheta liphihlelo tsa ba ileng ba bolaoa le baralib’abo rōna ba ileng ba betoa. E ne e le ’na feela moholo, ’me bara le barali babo rōna ba bangata ba ne ba hloka matšeliso le thuso e tsoang ka Mangolong. Ke ile ka mamela liphihlelo tsa bona tse sithabetsang ’me ka ba kholisa hore Jehova oa ba rata ebile o utloisisa bohloko boo ba leng ho bona.

Qetellong, ka la 10 July, ka mor’a libeke tse ngata tsa masetla-libete, re ile ra khona ho khutlela mahaeng a rōna. Kea hopola hore ha ho ne ho le kotsi ’me ke tšohile, ke ne ke atisa ho nahana ka pina e reng “Tsela ke Eona Ena.” Ke ne ke khothatsoa haholo ke mantsoe a pina eo a reng: “Re se fapohele tseleng esele, re tla tsoela pele tseleng ea ’nete.”

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 223, 224]

Ke Ile ka Utloa Motho a Mpitsa

HENK VAN BUSSEL

O HLAHILE KA 1957

O KOLOBELITSOE KA 1976

PALE EA BOPHELO BA HAE O sebelelitse Bethele ea Netherlands pele a ea Gileade ka 1984. O ile a romeloa ho ea sebeletsa Central African Republic, Chad, a ntan’o romeloa Rwanda ka September 1992. Hona joale o sebeletsa ofising ea lekala e Rwanda le mosali oa hae Berthe.

◼ PHUTHEHO ea pele eo ke ileng ka abeloa ho kopanela ho eona Rwanda ke Kigali Sud. E ne e e-na le bana ba bangata. Bara le barali babo rōna ba ne ba le lerato ba bile ba amohela baeti ka mofuthu. Ka 1992, ho ne ho e-na le liphutheho tse seng kae naheng ena ’me ho e-na le bahoeletsi ba ka holimonyana ho 1 500. Ba boholong ba ne ba ntse ba sa re tšepe, kahoo mapolesa a atisa ho re emisa ha re le mosebetsing oa boboleli a batla ho bona litokomane tsa rōna tsa boitsebahatso.

Ha tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi e qala, ke ile ka tlameha ho tloha Rwanda. Empa kapele ka mor’a moo, ka kōptjoa hore ke thuse baphaphathehi ba ileng Congo bochabela. Ke ile ka ea motseng oa Goma o moeling oa Rwanda ke tloha Nairobi. Kaha ke ne ke qala ho ea moo ebile ho se letho leo ke le tsebang haese lebitso la moholo e mong oa moo, ke ne ke ipotsa hore na ke tla mo fumana joang. Leha ho le joalo, ha ke fihla ke ile ka kōpa mokhanni oa tekesi hore a nthuse. O ile a buisana le bakhanni ba bang, ’me ka mor’a metsotso e 30, ke ne ke se ke le ha moholo eo. Barab’abo rōna ba babeli bao e leng litho tsa Komiti ea Naha ea Rwanda ba ile ba khona ho tšelela Goma, ’me ka ba fa chelete eo ke neng ke e filoe ke ofisi ea lekala ea Kenya bakeng sa ho phallela barab’abo rōna ba Rwanda.

Lekhetlong la bobeli ha ke ea Goma ke tloha Nairobi, ke sa hopola ke tsamaea ka maoto ke ea moeling oa Rwanda. Le hoja ho ne ho se hōle, ke ile ka nka nako e telele kaha ke ne ke tlameha ho fohla letšoele la baphaphathehi ba neng ba fihla ba tsoa Rwanda.

Ka tšohanyetso ke ile ka utloa motho a mpitsa a re: “Ndugu (mor’abo rōna) Henk! Ndugu Henk!” Ha ke sheba hore na ke mang ea mpitsang, ka kopanya mahlo le Alphonsine. E ne e le ngoanana ea lilemo li ka bang 14 oa phutheho ea Kigali eo nkileng ka ba ho eona, ’me a arohane le ’mè oa hae. Ke ile ka tsamaea le eena har’a letšoele leo, ka mo isa Holong ea ’Muso moo bara le barali babo rōna ba bangata ba baphaphathehi ba neng ba bokane teng. Lelapa le leng la Congo le ile la mo hlokomela, ’me ka mor’a moo a hlokomeloa ke morali oabo rōna e mong ea tsoang phuthehong ea habo. Hamorao Alphonsine o ile a kopana le ’mè oa hae Kigali.

[Setšoantšo]

Henk le mosali oa hae, Berthe

[Lebokose/Setšoantšo se maqepheng a 235, 236]

Jehova o Entse Lintho Tse Hlollang, Tse Khōlō!

GÜNTER RESCHKE

O HLAHILE KA 1937

O KOLOBELITSOE KA 1953

PALE EA BOPHELO BA HAE O qalile ho bula maliboho ka 1958 ’me a ba sehlopheng sa bo43 sa Gileade. O sebelelitse Gabon, Central African Republic le Kenya, ho tloha ka 1967 ’me a etela linaheng tse ’maloa e le molebeli ea tsamaeang. Hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala Rwanda.

◼ KE ILE ka etela Rwanda ka lekhetlo la pele ka 1980. Ke ne ke rometsoe teng ke lekala la Kenya ke le molebeli oa setereke. Ka nako eo ho ne ho e-na le liphutheho tse supileng feela naheng eo ’me ho e-na le bahoeletsi ba 127. Ke ne ke boetse ke le e mong oa barupeli ba babeli ba sehlopha sa pele Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho se ileng sa tšoaroa naheng ena. Ba bangata ba bo-pula-maliboho bao ba 22 ba ntse ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke ile ka khutlela Kenya ke thabile ha ke hopola cheseho ea barab’abo rōna tšebeletsong, le tsela eo ba ananelang ’nete ka eona.

Ka 1996, ke ile ka amohela lengolo le tsoang lekaleng la Kenya le nkōpang hore ke e’o sebeletsa Rwanda. Ke ne ke qetile lilemo tse 18 Kenya, ’me ke rata ho sebeletsa moo. Ha re fihla Rwanda, boemo bo ne bo ntse bo sa tsitsa. Re ne re atisa ho utloa molumo oa lithunya bosiu. Empa ka mor’a nakoana ke ile ka qala ho thabela kabelo ea ka, haholo-holo ha ke bona hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa hae moo.

Libaka tseo likopano li neng li tšoareloa ho tsona li ne li se maemong a matle. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba atisa ho lula fatše kapa holim’a majoe ba sa belaele. Letamo la kolobetso le ne le etsoa ka hore ho chekoe mokoti ebe ho aloa seile ka har’a lona. Ho sa ntse ho tšoaroa likopano tsa mofuta oo libakeng tse ngata tsa mahaeng, empa ha nako e ntse e feta, ho ile ha hahoa liholo tse bulehileng ka mahlakoreng hammoho le Liholo Tsa ’Muso tse seng kae tse ka atolosoang.

Barab’abo rōna ba ne ba chesehela ho bolela litaba tse molemo. Liphutheho tsa Kigali li ne li tšoara liboka esale hoseng ka mafelo-beke. Ka mor’a moo, bahoeletsi ba e-ea tšimong ’me ba sebetsa ho fihlela ho fifala.

Ke ne ke tloaetse ho ipha nako ea ho buisana le bana ha ke etetse liphutheho, kaha e ne e le bona bahoeletsi ba ka moso ba tla jara boikarabelo bo eketsehileng. Ka sebele e bile ho khahlisang ho bona bacha ba bangata ba emela ’nete ka sebete, e leng se bontšang hore le hoja ba le tlaase lilemong, ba na le kamano e haufi le Jehova!

Ka mohlala, sebakeng se seng se ka boroa, Luc ea lilemo li 11 o ile a laeloa hore a bine pina ea sechaba ka tlelaseng. Ka tlhompho o ile a kōpa ho bina pina ea ’Muso ho e-na le ho bina pina ea sechaba. Tichere e ile ea lumela, ’me bohle ba opa liatla ha Luc a qeta ho bina. Hore ebe o ne a tseba morethetho hammoho le mantsoe a pina eo ho bontša kamoo mocha enoa a neng a thabela ho rorisa ’Mōpi oa hae kateng. Ke ile ka khothatsoa ke phihlelo ena le tse ling. Ke ile ka boela ka kopana le morali’abo rōna e mong ea kileng a koalloa chankaneng lilemong tse fetileng ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo. Ha a le chankaneng o ile a beleha mora eaba o mo reha lebitso la “Shikama Hodari” (leo ka Seswahili le bolelang “lula u tiile”). Shikama o phelela lebitso la hae. O sa tsoa ea Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha ’me ke mohlanka ea sebeletsang le pula-maliboho ea khethehileng.

Ka lilemo tse ngata tseo barab’abo rōna ba Rwanda ba ’nileng ba tobana le mathata a boima—a akarelletsang ho thibeloa ha mosebetsi oa bona, ntoa ea lehae le tlhaselo e neng e reretsoe ho timetsa morabe oa Matutsi—ke ne ke lula ke angoa ke cheseho ea bona tšebeletsong le botšepehi ba bona, ’me ho sebetsa le bona ke tlotla e khōlō. Kamehla ke hlokomela hore Jehova o ntlhohonolofalitse, o ntširelelitse ebile o ntšehelitse ’me sena se etsa hore ke ikutloe ke le haufi le eena. Ruri Jehova o entse lintho tse hlollang, tse khōlō!—Pes. 136:4.

[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 254, 255]

LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA—Rwanda

1970

1970 Bahoeletsi ba pele baa tlaleha.

1975 Lelapa la pele la Marwanda le khutla Congo.

1976 Bukana ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso” e hatisoa ka Sekinyarwanda.

1978 Molula-Qhooa o hatisoa khoeli le khoeli ka Sekinyarwanda.

1980

1982 Mosebetsi oa thibeloa; barab’abo rōna ba ikarabellang ba koalloa chankaneng.

1986 Mohoeletsi a le mong ho ba bararo o koalloa chankaneng.

1990

1990 Ntoa ea qhoma karolong e ka leboea ea naha.

1992 Ho tšoaroa kopano ea pele ea setereke ea naha eohle.

Mosebetsi o ngolisoa ka molao.

Baromuoa baa fihla.

1994 Tlhaselo e reretsoeng ho timetsa morabe oa Matutsi.

1996 Baromuoa baa khutla.

Ho thehoa Lefapha la Tšebeletso.

1998 Molula-Qhooa oa Sekinyarwanda o hatisoa ka nako e le ’ngoe le oa Senyesemane.

1999 Ho neheloa Holo ea Kopano ea Kigali e bulehileng ka mahlakoreng.

2000

2000 Ho thehoa ofisi ea lekala.

Lefapha la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso le qala ho sebetsa.

2001 Ho fumanoa setša sa lekala le lecha.

2006 Ho neheloa mohaho o mocha oa lekala.

2007 Ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sekinyarwanda.

2010

2010 Ho lokolloa Bibele e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sekinyarwanda.

[Krafo/Setšoantšo se leqepheng la 234]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Kakaretso ea Bahoeletsi

Kakaretso ea Bo-pula-maliboho

20,000

15,000

10,000

5,000

1985 1990 1995 2000 2005 2010

[Limmapa tse leqepheng la 167]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

UGANDA

DEMOCRATIC REPUBLIC OF CONGO

Thaba ea Nyiragongo

Goma

BURUNDI

TANZANIA

RWANDA

KIGALI

LITHABA TSA VIRUNGA

Thaba ea Karisimbi

Ruhengeri (hona joale ke Musanze)

Gisenyi (hona joale ke Rubavu)

Letša la Kivu

Bukavu

Kanombe

Masaka

Gitarama (hona joale ke Muhanga)

Bugesera

Nyabisindu (hona joale ke Nyanza)

Save

Butare (hona joale ke Huye)

Equator

[Setšoantšo se maqepheng a 164, 165]

Ho tšoasa litlhapi Letšeng la Kivu

[Litšoantšo tse leqepheng la 169]

Oden le Enea Mwaisoba

[Setšoantšo se leqepheng la 170]

Gaspard Rwakabubu, morali oa hae Deborah le mosali oa hae Melanie

[Setšoantšo se leqepheng la 171]

Bukana ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso” ka Sekinyarwanda

[Setšoantšo se leqepheng la 172]

Justin Rwagatore

[Setšoantšo se leqepheng la 172]

Ferdinand Mugarura

[Setšoantšo se leqepheng la 173]

Ba bararo ba ileng ba kolobetsoa ka 1976: Leopold Harerimana, Pierre Twagirayezu le Emmanuel Bazatsinda

[Setšoantšo se leqepheng la 174]

Lingoliloeng tsa Sekinyarwanda

[Setšoantšo se leqepheng la 179]

Phocas Hakizumwami

[Setšoantšo se leqepheng la 180]

Palatin Nsanzurwimo le mosali oa hae (ka ho le letona) hammoho le bana ba bona

[Setšoantšo se leqepheng la 181]

Odette Mukandekezi

[Setšoantšo se leqepheng la 182]

Henry Ssenyonga o palame sethuthuthu sa hae

[Setšoantšo se leqepheng la 188]

Lengolo la ho ngolisoa ka molao la la 13 April, 1992

[Setšoantšo se leqepheng la 190]

Barab’abo rōna ba tlosa sethala e le hore papali ea bolo e tsoele pele

[Setšoantšo se leqepheng la 192]

Leonard le Nancy Ellis (bohareng) ba na le lelapa la ha Rwakabubu le la Sombe

[Setšoantšo se leqepheng la 193]

Sefofane se soahlamaneng pel’a Kigali

[Litšoantšo tse leqepheng la 199]

Letšoao le reng “Re ne re sa ratane,” le ngotsoeng Kerekeng e K’hatholike motseng oa Kibuye (hona joale ke Karongi)

[Setšoantšo se leqepheng la 214]

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ho le letona: (ka morao) André Twahirwa, Jean de Dieu, Immaculée, Chantal (le ngoana), Suzanne; (ka pele) bana ba Mugabo: Jean-Luc le Agapé

[Setšoantšo se leqepheng la 216]

Védaste Bimenyimana o khanna thuto ea Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 217]

Tharcisse Seminega le mosali oa hae, Chantal

[Setšoantšo se leqepheng la 218]

Tharcisse le Justin ba pel’a mokhoro oo Tharcisse le lelapa la hae ba ileng ba qeta khoeli ba ipatile ka ho oona

[Litšoantšo tse leqepheng la 226]

Ka holimo: Kampo ea baphaphathehi ba Lipaki tsa Marwanda; ka tlaase: kampo ea baphaphathehi ba Lipaki le ba bang

Goma, Congo

Benaco, Tanzania

[Litšoantšo tse leqepheng la 229]

Holo ea ’Muso e neng e sebelisoa e le sepetlele

[Setšoantšo se leqepheng la 238]

Oreste le lelapa la hae, ka 1996

[Setšoantšo se leqepheng la 240]

Théobald le Berancille Munyampundu

[Litšoantšo tse leqepheng la 241]

Bara le barali babo rōna ba Matutsi le Mahutu ba hloekisa setša sa Holo e ncha ea Kopano

[Setšoantšo se leqepheng la 242]

Holo ea Kopano ea Kigali e bulehileng ka mahlakoreng, ka 2006

[Setšoantšo se leqepheng la 243]

Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, Kigali, ka 2008

[Setšoantšo se leqepheng la 246]

Karolo ea puo ea matsoho kopanong e khethehileng ea letsatsi Gisenyi, ka 2011

[Setšoantšo se leqepheng la 248]

François-Xavier Hakizimana

[Litšoantšo tse maqepheng a 252, 253]

Bara le barali babo rōna ba sebetsa le “Mong’a kotulo” tšimong ena e mobu o nonneng, ’me ha baa ikemisetsa ho khoehlisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela