Pina ea 85
Moputso o Phethahetseng o Tsoang ho Jehova
1. Jehova o bona ba tšepahalang
Ho eena ka pelo eohle.
Leha re nyefoloa ’me re hlorisoa,
Re ntse re mo sebeletsa.
Leha ba lelapa ba ka re lahla,
Jah o tla re hlokomela,
O tla re fa lelapa la Bokreste,
Le bophelo bo sa feleng.
(K’HORASE)
Jehova, Ntate oa matšeliso;
Ha re tšepahala oa re putsa.
Jehova a re sireletse.
Jah oa tšepahala; o na le ’nete.
2. Ho na le ba lulang e le masoha.
Ebang ba ikhethetse seo,
Ba fumana molemo o moholo,
Ka hore ba batle ’Muso.
Leha ba khethile ho ba masoha,
Ba ka jeoa ke bolutu.
Rōna ba ka phuthehong ea Bokreste,
Re ba khothatseng haholo.
(K’HORASE)
Jehova, Ntate oa matšeliso;
Ha re tšepahala oa re putsa.
Jehova a re sireletse.
Jah oa tšepahala; o na le ’nete.
(Sheba le Baahl. 11:38-40; Ruthe 2:12; Mat. 19:12.)