Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 11/1 leq. 3
  • Na ho Loketse ho Botsa Molimo Lipotso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Loketse ho Botsa Molimo Lipotso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ea Khopo o Saletsoe ke Nako e Kae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tšepa Jehova U Tle U Phele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Ithabela ho Molimo oa Poloko ea Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 11/1 leq. 3

Na ho Loketse ho Botsa Molimo Lipotso?

BATHO ba bang ba re ho fosahetse ho botsa Molimo lipotso. Ba ka ’na ba nahana hore ke ho se hlomphe ho botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse itseng ho etsahala. Na le uena u ikutloa ka tsela eo?

Haeba u ikutloa ka tsela eo, u ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore batho ba bang ba lokileng ba ile ba botsa Molimo lipotso. Hlokomela tse ling tsa lipotso tse latelang tseo ba ileng ba li botsa Molimo:

Monna ea tšepahalang Jobo, o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha ba khopo ba ntse ba phela, ba tsofetse, hape ba phahame leruong?”—Jobo 21:7.

Moprofeta ea tšepahalang Habakuke, o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha u talima ba sebetsang ka bolotsana, hore u khutse ha ea khopo a metsa ea lokileng ho mo feta?”—Habakuke 1:13.

Jesu Kreste, o ile a botsa: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?”—Matheu 27:46.

Ha u bala litemana tse potolohileng mangolo ao a qotsitsoeng ka holimo, u tla hlokomela hore ha ho moo ho bontšoang hore Jehovaa Molimo o ile a halefa ha batho ba batlang ho tseba e le kannete ba mo botsa lipotso. Ka sebele ha ho makatse hore ebe Jehova o ile a ikutloa ka tsela eo. Ka mohlala, Molimo ha a halefe ha re mo kōpa hore a re fe lintho tseo re li hlokang e le hore re phele hantle ’meleng. O thabela ho re fa lintho tseo. (Matheu 6:11, 33) Ka ho tšoanang, ka ho rata o re fa boitsebiso bo tla etsa hore re imolohe likelellong le maikutlong. (Bafilipi 4:6, 7) Ha e le hantle, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae sena: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.” (Matheu 7:7) Litemana tse potolohileng tšepiso ena ea Jesu li bontša hore o ne a sa bue feela ka ho fumana lintho tseo re li hlokang empa hape le ka ho fumana likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa.

Haeba u ne u ka ba le monyetla oa ho botsa Molimo, ke potso efe eo u neng u ka rata ho mo botsa eona ho tsee tse latelang?

  • Ke phelela’ng?

  • Ho tla etsahala’ng ka ’na ha ke e-⁠shoa?

  • Ke hobane’ng ha u ntlohella hore ke utloe bohloko?

Kaha “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo,” u tla fumana likarabo tseo Molimo a fanang ka tsona Lentsoeng la hae Bibele. (2 Timothea 3:16) Hlokomela se ileng sa etsa hore ba bang ba botse lipotso tsena tse ka holimo le likarabo tseo Bibele e fanang ka tsona.

a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela