Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 88-leq. 90
  • Boprofeta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boprofeta
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba e Mong a Re—
  • ’Muso
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Tsela eo Lefatše Lena le Tla Felisoa ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Haufinyane Mahlomola a Tla Fela!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Silakanya Hlooho ea Noha
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 88-leq. 90

Boprofeta

Tlhaloso: Molaetsa o bululetsoeng; tšenolo ea thato le morero tsa bomolimo. Boprofeta e ka ’na ea e-ba polelo e tlang pele ho nako ea se tlang ho tla, thuto e bululetsoeng ea boitšoaro, kapa polelo ea taelo, kapa kahlolo ea bomolimo.

Ke lipolelo life tse tlileng pele ho nako tse tlalehiloeng ka Bibeleng tse seng li phethahetse?

Bakeng sa mehlala e meng, bona lihlooho tse khōlō “Bibele,” “Mehla ea Qetello,” le “Matsatsi,” hape le buka “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” maqephe 343-346.

Bo bong ba boprofeta bo hlahelletseng ka ho fetisisa Bibeleng boo e leng hona bo tla phethahala ke bofe?

1 Ba-Thess. 5:3: “Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe; ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō, joale ka pelehi ha e hlahela moimana, ’me ba ke ke ba phonyoha.”

Tšen. 17:16: “Linaka tse leshome tseo u li boneng ho sebata, li tla hloea seotsoa [Babylona e moholo], li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.”

Ezek. 38:14-19: “U re ho Gogo: Morena Jehova o re: Tsatsing leo, ha sechaba [Iseraele oa moea] sa ka se ahile se iketlile, ha ke re, u tla tseba na? U tla tloha hae ha eno, pheletsong ea Leboea, e le uena le lichaba tse ngata hammoho le uena, . . . Tsatsing leo, mohla Gogo a futuhelang naha ea Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohale bo tla tlala linko tsa ka. Ke rialo poulelong ea ka le chesehong ea khalefo ea ka.”

Dan. 2:44: “’Muso [o hlomiloeng ke Molimo] . . . o tla robaka o felise mebuso eo [ea batho] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”

Ezek. 38:23: “’Me ke tla itlotlisa, ke be ke ikhalaletse, ke itsebahatse mahlong a lichaba tse ngata; ’me ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.”

Tšen. 20:1-3: “Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe. Ka mora’ tseo, e ka khona e lokolleloe motsotso o se mokae.”

Joh. 5:28, 29: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”

Tšen. 21:3, 4: “Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang, tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”

1 Ba-Kor. 15:24-28: “Hamorao, ho tla tla bofelo, mohla a busetsang ’muso ho Molimo Ntate . . . ’Me etlare ha tsohle li beiloe ka tlas’a hae, ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.”

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho thahasella ka matla seo Bibele e se bolelang pele ho nako?

Matt. 24:42: “Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena oa lōna a tla tla ka eona.”

2 Pet. 1:19-21: “Re na le litaba tsa boprofeta, tse tiisitsoeng ka ho fetisisa [ka lebaka la se etsahetseng phetohong ea Jesu], ’me le etsa hantle ha le li ela hloko, . . . Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”

Liprov. 4:18: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo, o phethehileng.”

Matt. 4:4: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.” (Hoo ho akarelletsa litšepiso tse khōlō tsa boprofeta ba oona.)

2 Tim. 3:16: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.” (Ka hona, Lentsoe lohle la Molimo le ngotsoeng le lokeloa ke hore re ithute lona ka tieo.)

Haeba e Mong a Re—

‘Le bua haholo ka boprofeta. Ho hlokahalang feela ke ho amohela Kreste e le ’Moloki oa hao le ho phela bophelo bo botle ba Bokreste’

U ka ’na ua arabela: ‘Ho ananela karolo ea Jesu Kreste ka sebele ke hoa bohlokoa. Empa na u-ua tseba hore lebaka le leng le sitisitseng Bajode ho mo amohela lekholong la pele la lilemo ke hore ba ne ba sa ela boprofeta hloko ka ho lekaneng?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Boprofeta bo ka Mangolong a Seheberu bo ne bo hlile ba bolela hore na Messia (Kreste) o tla hlaha neng le hore na o ne a tla etsa’ng. Empa Bajode ka kakaretso ha baa ka ba ela hloko seo boprofeta boo bo neng bo se boletse. Ba ne ba e-na le maikutlo a bona ka hore na Messia o lokela ho etsa eng, ’me ka lebaka leo ba hana Mora oa Molimo. (Bona maqephe 191, 192, tlas’a “Jesu Kreste.”)’ (2) ‘Rōna kajeno re phela nakong ea ha Kreste a qalile ho busa e le Morena oa leholimo ’me a arola batho ba lichaba tsohle ka pono ea ho phela kapa ho timela. (Matt. 25:31-33, 46) Empa batho ba bangata ba lebelletse ho hong hosele.’

Kapa u ka re: ‘Kea lumela hore ho ba Mokreste ea molemo ke hoa bohlokoa. Empa na nka ba Mokreste ea molemo haeba ke etsa tse ling tsa lintho tseo Jesu a li rutileng empa ke hlokomoloha seo a itseng re lokela ho se etelletsa pele bophelong? . . . Hlokomela seo a se boletseng kamoo se tlalehiloeng mona ho Mattheu 6:33.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Na hase ’nete hore Jesu o re rutile hore re rapelle ’Muso oo, le pele re ka kōpa tšoarelo ka lebaka la tumelo ea rōna ho eena e le ’Moloki? (Matt. 6:9-12)’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela