“Le be le Lerato Bakeng sa Mokhatlo Oohle oa Barab’abo Rōna”
Mantsoe a bululetsoentg a sehlooho sena a ngotsoe hoo e ka bang lilemong tse likete tse peli tse fetileng. (1 Pet. 2:17) Empa re lokela ho a sebelisa hona joale ho feta neng kapa neng! Ke ka tsela efe re ka ratang ntho e khōlō joalo ka mokhatlo oa lefatše lohle oa bara ba motho? Ho feta moo, lefatšeng lena le se nang lerato, re ka tiisa joang hore le ka mohla lerato la rōna ha le fole? (Mat. 24:12) Ak’u shebe hore na u ka araba lipotso tse latelang ha u ntse u shebile video ena ea Our Whole Association of Brothers.
(1) Ka molao, re ile ra ba karolo ea mokhatlo oa rōna oa bara ba motho ba Bakreste neng? (2) Ke mesebetsi efe e meraro eo re kopanelang ho eona re le mokhatlo oa bara ba motho lefatšeng lohle? (3) Barab’abo rōna ba bontša joang hore ba ikemiselitse ho paka (a) libakeng tse thōko tsa Alaska, (b) libakeng tse khōlō tsa boema-kepe tsa Europe le (c) merung e teteaneng ea Peru? (4) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nka mosebetsi oa ho paka habobebe? (5) Fana ka mehlala e bontšang kamoo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa tšelisana le ho thusana (a) ka mor’a tšisinyeho ea lefatše, (b) ka mor’a leholiotsoana le (c) nakong ea ntoa ea lehae. (6) Ke litsela life tse molemo tseo ka tsona bohle re ka bontšang letšoao le leholo le khethollang mokhatlo oa rōna oa bara ba motho ba Bakreste? (Joh. 13:35) (7) Melemo ea ho sebetsa hammoho ha re haha Liholo tsa rōna Tsa ʼMuso ke ofe? (8) Barab’abo rōna ba Europe Bochabela le Russia ba ile ba lula ba le haufi le Jehova joang ha mosebetsi o ne o thibetsoe? (9) Lipaki tse ngata li etsa boiteko bofe bo sa tloaelehang hore li be teng likopanong tse khōlō, hona ka lebaka lefe? (10) Video ee e matlafalitse boikemisetso ba hao joang (a) ba ho rapela Jehova libokeng tsa Bokreste hammoho le barab’eno, (b) ba ho thusa batho ba bang linakong tsa mathata le (c) ba ho paka ka botšepehi neng le neng le ka tsela efe kapa efe eo u ka e khonang? (11) Re ka sebelisa video ee neng boboleling, hona ka tsela efe?
Lebaka le leholo leo ka lona re leng karolo ea mokhatlo oa Bakreste oa barab’abo rōna ke hobane re rata Jehova. Kahoo, re rata ho ithuta ka eena le ho ruta ba bang ka eena. Ebile re rata batho bao Jehova a ba ratang. Ha re ba thusa linakong tsa mathata, ha rea lebella hore Molimo a re lebohe. Ho e-na le hoo, re leboha Molimo hobane re nka hore mokhatlo oa barab’abo rōna ba Bakreste ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho eena. Ha matsatsi a ho qetela a lefatše lena le se nang lerato a ntse a qepha, e se eka re ka tsoela pele ho bontša hore re rata mokhatlo oohle oa barab’abo rōna!