-
Ho Tlile Joang Hore ’Nete ea Bibele e Fumanoe Hape?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 3
Ho Tlile Joang Hore ’Nete ea Bibele e Fumanoe Hape?
Liithuti Tsa Bibele, ka bo-1870
Molula-Qhooa oa pele oa 1879
Molula-Qhooa kajeno
Bibele e ile ea bolela esale pele hore ka mor’a lefu la Kreste, ho ne ho tla hlaha mesuoe ea bohata har’a Bakreste ba pele e tla silafatsa ’nete ea Bibele. (Liketso 20:29, 30) Ha nako e ntse e ea, seo ke sona se ileng sa etsahala. Mesuoe eo e ile ea tsoaka lithuto tsa Jesu le tsa bolumeli ba bohetene, kahoo ha hlaha Bokreste ba bohata. (2 Timothea 4:3, 4) Kajeno re ka kholiseha joang hore re utloisisa ka nepo seo ha e le hantle Bibele e se rutang?
Ho ile ha fihla nako ea hore Jehova a senole ’nete. O ile a bolela esale pele hore ‘nakong ea bofelo, tsebo ea ’nete e ne e tla ba ngata.’ (Daniele 12:4) Ka 1870, batho ba seng bakae ba batlang ’nete ba ile ba lemoha hore lithuto tse ngata tsa likereke ha li lumellane le Mangolo. Ka lebaka leo, ba qala ho batla ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele, ’me Jehova a ba thusa hore ba utloisise Mangolo.
Batho ba tšepahalang ba ile ba ithuta Bibele ka hloko. Liithuti tseo Tsa Bibele tse tšepahalang tsa mehleng ea pele li ne li ithuta ka mokhoa oo re ntseng re o sebelisa le kajeno. Li ne li tšohla ntlha e le ’ngoe ea Bibele ka nako. Ha li fumana temana ea Bibele eo ho leng thata ho e utloisisa, li ne li sheba litemana tse ling tse ka e hlalosang. Ha li fihla sephethong se lumellanang le Mangolo ’ohle, li se ngola fatše. Kaha li ne li lumella Bibele hore e itlhalose, li ile tsa boela tsa fumana seo e leng ’nete ka lebitso la Molimo le ’Muso oa hae, morero oa hae ka batho le ka lefatše, boemo ba bafu hammoho le tšepo ea tsoho. Lipatlisiso tseo li ile tsa li lokolla litumelong le mekhoeng e mengata ea bolumeli ba bohata.—Johanne 8:31, 32.
Ka 1879, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa elelloa hore ke nako ea hore li phatlalatse ’nete hohle. Kahoo selemong seo, tsa qala ho hatisa makasine ea Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova eo re ntseng re e hatisa le kajeno. Hona joale re bolella batho linnete tsa Bibele linaheng tse fetang 239 ka lipuo tse fetang 700. Ha ho mohla tsebo ea ’nete e kileng ea e-ba ngata hakana!
Ka mor’a lefu la Kreste, ho ile ha etsahala’ng ka ’nete ea Bibele?
Ke eng e re thusitseng hore re boele re fumane ’nete e ka Lentsoeng la Molimo?
-
-
Ke Hobane’ng ha re Ile ra Hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 4
Ke Hobane’ng ha re Ile ra Hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?
Congo (Kinshasa)
Rwanda
Lipaki Tsa Jehova li qetile lilemo tse mashome li sebelisa, li hatisa le ho aba liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele. Eaba re bona ho hlokahala hore re hatise phetolelo e ncha e tla thusa batho hore ba be le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete,’ eo Molimo a batlang hore batho bohle ba be le eona. (1 Timothea 2:3, 4) Kahoo, ka 1950 ra qala ho hatisa likarolo tsa Bibele ea rōna ea puo ea kajeno, e leng Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Bibele ena e fetoletsoe ka botšepehi le ka nepo ka lipuo tse fetang 120.
Ho ne ho hlokahala Bibele eo batho ba ka e utloisisang habonolo. Lipuo lia fetoha ha nako e ntse e ea, ’me liphetolelo tse ngata li na le lipolelo tse sa hlakang kapa tse seng li sa sebelisoe kajeno tseo ho leng thata ho li utloisisa. Ho feta moo, ho fumanoe libuka tsa boholo-holo tse nepahetseng haholoanyane tse batlang li tšoana le tsa pele, e leng se ileng sa etsa hore batho ba utloisise hamolemo lipuo tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona, e leng Seheberu, Searame le Segerike.
Ho ne ho hlokahala phetolelo e tšepahallang lentsoe la Molimo. Ho e-na le ho fetola se ngotsoeng mangolong a bululetsoeng ke Molimo, bafetoleli ba Bibele ba lokela ho khomarela se neng se ngotsoe qalong. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata tsa Mangolo a Halalelang, ha li sebelise lebitso la Molimo, e leng Jehova.
Ho ne ho hlokahala Bibele e tlotlisang Mongoli oa eona. (2 Samuele 23:2) Phetolelo ea Lefatše le Lecha e khutliselitse lebitso la Jehova libakeng tse ka bang 7 000, tseo le hlahang ho tsona libukeng tsa Bibele tsa boholo-holo, joalokaha ho bontšitsoe sekhechaneng se ka tlaase mona. (Pesaleme ea 83:18) Ka lebaka la phuputso e entsoeng ka mahlahahlaha ka lilemo tse ngata, hoa khatholla ho bala Bibele ena e behang maikutlo a Molimo ka tsela e hlakileng. Ebang u na le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea heno kapa che, re u khothalletsa hore u itloaetse ho bala Lentsoe la Jehova letsatsi le letsatsi.—Joshua 1:8; Pesaleme ea 1:2, 3.
Ke hobane’ng ha re ile ra etsa qeto ea hore ho hlokahala phetolelo e ncha ea Bibele?
Motho ea batlang ho tseba thato ea Molimo o lokela ho itloaetsa ho etsa’ng letsatsi le letsatsi?
-