-
U Tla Fumana Eng Libokeng Tsa Rōna Tsa Bokreste?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 5
U Tla Fumana Eng Libokeng Tsa Rōna Tsa Bokreste?
Argentina
Sierra Leone
Belgium
Malaysia
Batho ba bangata ha ba sa ea likerekeng hobane ha li ba tataise litabeng tsa moea ebile ha li ba tšelise. Joale, ke hobane’ng ha u lokela ho ba teng libokeng tsa Bokreste tse hlophisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova? U tla fumana eng moo?
U tla fumana thabo ea ho ba har’a batho ba lerato le ba tsotellang. Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba hlophisitsoe ka liphutheho, ’me ba tšoara liboka e le hore ba rapele Molimo, ba ithute Mangolo ba be ba khothatsane. (Baheberu 10:24, 25) Ba ne ba ikutloa ba le har’a metsoalle ea ’nete hobane ba e-na le batho ba lerato, e leng barab’abo bona ba moea. (2 Bathesalonika 1:3; 3 Johanne 14) Re latela mohlala oa bona ’me re fumana thabo e tšoanang le ea bona.
U tla rua molemo ka ho ithuta tsela ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Joaloka mehleng ea Bibele, banna, basali le bana ba bokana hammoho. Mesuoe e tšoanelehang e sebelisa Bibele ho re thusa ho lemoha kamoo re ka sebelisang melao-motheo ena bophelong ba letsatsi le letsatsi. (Deuteronoma 31:12; Nehemia 8:8) Bohle ba ka araba lipotso tse botsoang bamameli ’me ba bina, e leng se re fang monyetla oa ho bolela tšepo ea rōna ea Bokreste.—Baheberu 10:23.
U tla hlohonolofatsoa ka hore tumelo ea hao ho Molimo e be matla. Moapostola Pauluse o ile a bolella e ’ngoe ea liphutheho tsa mehleng ea hae ho re: “Ke hlolohetsoe ho le bona, . . . e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ea lōna le ea ka.” (Baroma 1:11, 12) Ha re kopana le barapeli-’moho le rōna kamehla libokeng, tumelo ea rōna ea matlafala hammoho le boikemisetso ba rōna ba ho phela ka melao-motheo ea Bokreste.
Re u khothalletsa hore u be teng sebokeng se latelang sa phutheho ’me u inoese ka nkho. U tla amoheloa ka mofuthu. Ho kenoa mahala ebile ha ho nkoe koleke.
Liboka tsa rōna tsa phutheho li tšoaroa joaloka life?
Re ka rua molemo ofe ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste?
-
-
Re Rua Molemo Joang ha re Bokana le Bakreste-’moho le Rōna?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 6
Re Rua Molemo Joang ha re Bokana le Bakreste-’moho le Rōna?
Madagascar
Re ea libokeng tsa Bokreste kamehla esita le haeba re lokela ho tsamaea moferong o teteaneng kapa boemong bo bobe ba leholimo. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li ikitlaelletsa ho bokana le barapeli-’moho le tsona ho sa tsotellehe mathata a bophelo le hore li khutla li khathetse ha li tsoa mosebetsing?
Hoa re khatholla. Ha Pauluse a bua ka bao re kopanelang le bona phuthehong o ile a re: ‘Nahanelanang.’ (Baheberu 10:24) Lentsoe lena le fana ka maikutlo a “ho hlokomelana,” e leng se bolelang hore re lokela ho tsebana. Kahoo, moapostola o re khothalletsa hore re amehe ka ba bang. Ha re tseba malapa a mang a Bakreste, re fumana hore ho na le a atlehileng ho hlōla mathata a tšoanang le a rōna, ’me a ka re thusa hore le rōna re atlehe.
Ho re thusa ho fumana metsoalle ea ’nete. Ha re le libokeng re ba ’moho le metsoalle e haufi, eseng feela batho bao re tsebanang le bona. Ka linako tse ling, re qeta nako re ikhatholla ka tsela e molemo. See se re tsoela molemo joang? Re ithuta ho ananelana haholoanyane, ’me seo se tiisa maqhama a rōna a lerato. Kahoo, ha metsoalle ea rōna e na le mathata, re potlakela ho e thusa hobane re se re le metsoalle ea ’nete. (Liproverbia 17:17) Ka ho thabela botsoalle le litho tsohle tsa phutheho, re bontša hore ‘re hlokomelana ka tsela e tšoanang.’—1 Bakorinthe 12:25, 26.
Re u khothalletsa ho khetha metsoalle e etsang thato ea Molimo. U tla fumana metsoalle e joalo har’a Lipaki Tsa Jehova. Re kōpa hore u se lumelle letho ho u thibela ho kopanela le rōna.
Ke hobane’ng ha ho ba hammoho libokeng ho re ruisa molemo?
U ka rata ho etela libokeng tsa rōna neng e le hore u re tsebe hamolemo?
-
-
Ho Etsoa’ng Libokeng Tsa Rōna?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 7
Ho Etsoa’ng Libokeng Tsa Rōna?
New Zealand
Japane
Uganda
Ntho e ka sehloohong e neng e etsoa libokeng tsa Bakreste ba pele ke ho bina, ho rapela, ho bala Mangolo le ho a tšohla ’me ho se na meetlo e etsoang. (1 Bakorinthe 14:26) U ka lebella ho bona se tšoanang libokeng tsa rōna.
Ho fanoa ka thupelo e thehiloeng Bibeleng ’me e molemo. Mafelong a beke, phutheho ka ’ngoe ea kopana ho tla mamela puo ea Bibele ea metsotso e 30, e bontšang seo Mangolo a se buang ka bophelo ba rōna le nako eo re phelang ho eona. Kaofela ha rōna re khothalletsoa ho tsamaisana le sebui Libibeleng tsa rōna. Ka mor’a puo eo, ho tšoaroa Thuto ea “Molula-Qhooa” e nkang hora, ’me litho tsa phutheho li khothalletsoa ho kopanela ha ho tšohloa sehlooho se ithutoang sa Molula-Qhooa. Ho etsa joalo ho re thusa ho sebelisa tataiso ea Bibele bophelong ba rōna. Ho ithutoa boitsebiso bo tšoanang liphuthehong tsohle tse fetang 110 000 lefatšeng lohle.
Re thusoa ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta. Re boetse rea kopana mantsiboeeng a mang har’a beke e le hore re tšoare seboka se likarolo li tharo. Karolo ea pele ke Thuto ea Bibele ea Phutheho ea metsotso e 30, e leng puisano ea lipotso le likarabo e re thusang ho ba le kutloisiso e tebileng ea melao-motheo ea Mangolo le boprofeta ba Bibele. Karolo e latelang ke Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se nkang metsotso e 30, ’me qalong ho tšohloa karolo e itseng ea Bibele eo phutheho e e balileng esale pele. Ebe liithuti tse ngolisitseng sekolong sena li fana ka lipuo tse khutšoanyane. Motho ea tsamaisang sekolo o fana ka keletso ho re thusa hore re ntlafatse tsebo ea rōna ea ho bala le ho bua. (1 Timothea 4:13) Karolo ea ho qetela ke Seboka sa Tšebeletso se nkang metsotso e 30, seo ho sona ho bang le lipuo, lipontšo le lipuisano ’me se re bontša kamoo re ka rutang ba bang Bibele kateng.
Ha u tla libokeng tsa rōna, ha ho pelaelo hore u tla khahloa ke boleng ba thuto ea Bibele eo u tla e fumana.—Esaia 54:13.
U ka lebella ho utloa eng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova?
Ke seboka sefe sa rōna se tšoaroang beke le beke seo u ratang ho ba teng ho sona nakong e tlang?
-