-
Likhatiso Tsa Rōna li Ngoloa Joang, Hona li Fetoleloa Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 23
Likhatiso Tsa Rōna li Ngoloa Joang, Hona li Fetoleloa Joang?
E le hore re etse sohle se matleng a rōna ho bolela “litaba tse molemo . . . ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang,” re hatisa lingoliloeng ka lipuo tse fetang 700. (Tšenolo 14:6) Re finyella mosebetsi oo oa motonanahali joang? Re thusoa ke bangoli ba lulang linaheng tse sa tšoaneng le bafetoleli ba ka bang 3 300, bao kaofela ha bona e leng Lipaki Tsa Jehova.
Qalong boitsebiso bo ngoloa ka Senyesemane. Sehlopha se Busang se tsamaisa mosebetsi o etsoang ke Lefapha la Bongoli le ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova. Lefapha lena le hlophisa mosebetsi o etsoang ke bangoli ba ntlo-khōlō le ba liofising tse ling tsa makala. Kaha re na le bangoli ba limelo tse sa tšoaneng, seo se re thusa ho bua ka litaba tse amang litso tse fapa-fapaneng, e leng se etsang hore likhatiso tsa rōna li khahle batho ba libakeng tse sa tšoaneng.
Boitsebiso bo romeloa ho bafetoleli. Ka mor’a hore boitsebiso bo hlahlojoe ’me bo fetisoe, bo romeloa bafetoleli ka lik’homphieutha, ’me bona baa bo fetolela, ba bo hlahlobe ba be ba bo bale. Ba ikitlaelletsa ho khetha “mantsoe a nepahetseng a ’nete” a tla fetisa moelelo oa Senyesemane hantle ka puo ea habo bona.—Moeklesia 12:10.
Lik’homphieutha li potlakisa mosebetsi. K’homphieutha e ke ke ea etsa mosebetsi o etsoang ke bangoli le bafetoleli. Leha ho le joalo, lidikishinari tse k’homphieutheng le mananeo a mang a eona hammoho le boitsebiso bo thusang bangoli le bafetoleli ho etsa lipatlisiso, li potlakisa mosebetsi oa bona. Lipaki Tsa Jehova li qapile lenaneo la k’homphieutha le bitsoang Multilanguage Electronic Publishing System (MEPS) leo ka lona boitsebiso bo ka ngoloang ka lipuo tse makholo, ba kopanngoa le litšoantšo esita le ho hlophisetsoa khatiso.
Ke hobane’ng ha re ikitlaetsa hakaale ho hatisa lingoliloeng esita le ka lipuo tse buuoang ke batho ba likete tse seng kae feela? Ke hobane thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:3, 4.
Likhatiso tsa rōna li ngoloa joang?
Ke hobane’ng ha re fetolela lingoliloeng tsa rōna ka lipuo tse ngata hakaale?
-
-
Mosebetsi oa Rōna oa Lefatše Lohle o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 24
Mosebetsi oa Rōna oa Lefatše Lohle o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
Selemo le selemo, mokhatlo oa rōna o hatisa Libibele tse limilione tse makholo hammoho le likhatiso tse ling, ebile o li abela batho o sa ba lefise. Re haha Liholo Tsa ’Muso le liofisi tsa makala ebile rea li hlokomela. Re boetse re hlokomela litho tsa lelapa la Bethele le baromuoa ba likete, ebile linakong tsa likoluoa re fana ka liphallelo. Kahoo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Chelete ea ho etsa lintho tsee tsohle e tsoa hokae?’
Ha re ntše karolo ea leshome, kabelo, kapa koleke. Le hoja litšenyehelo tsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli li phahame, ha re qele chelete. Lilemong tse fetileng tse ka holimo ho lekholo, khatiso ea bobeli ea Molula-Qhooa e ile ea bolela hore re lumela hore Jehova o tšehetsa mosebetsi oa rōna le hore “le ka mohla re ke ke ea qela kapa ra kōpa batho hore ba o tšehetse”—’me ha ho mohla re kileng ra etsa seo!—Matheu 10:8.
Mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Batho ba bangata ba ananela mosebetsi oa rōna oa ho ruta Bibele ’me ba o tšehetsa ka menehelo. Lipaki le tsona li thabela ho sebelisa nako ea tsona, matla, lichelete le matlotlo a mang hore li tšehetse ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng lohle. (1 Likronike 29:9) Holong ea ’Muso, likopanong tse khōlō le tse nyenyane ho behoa mabokose ao batho ba ka kenyang monehelo ka ho ’ona ha ba batla. Boholo ba menehelo e fumanoang bo tsoa ho batho ba maemo a tlaase, joaloka mohlolohali ea hlokang eo Jesu a ileng a mo babatsa hobane a akhetse licheletana tse peli tsa tšepe letlōleng la polokelo ea matlotlo tempeleng. (Luka 21:1-4) Kahoo mang kapa mang a ka itloaetsa ‘ho behella ka thōko ho hong’ hore a fane “joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae.”—1 Bakorinthe 16:2; 2 Bakorinthe 9:7.
Re kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho susumetsa lipelo tsa batho ba batlang ‘ho mo hlompha ka lintho tsa bona tsa bohlokoa’ hore ba tšehetse mosebetsi oa ’Muso e le hore thato ea hae e ka phethoa.—Liproverbia 3:9.
Ke eng e khethollang mokhatlo oa rōna malumeling a mang?
Menehelo ea boithatelo e sebelisoa joang?
-
-
Ke Hobane’ng ha re Haha Liholo Tsa ’Muso Hona re li Haha Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 25
Ke Hobane’ng ha re Haha Liholo Tsa ’Muso Hona re li Haha Joang?
Bolivia
Joalokaha lebitso Holo ea ’Muso le bontša, taba e ka sehloohong e rutoang moo ke ’Muso oa Molimo—e leng thuto ea Bibele eo Jesu a neng a bua ka eona haholo tšebeletsong ea hae.—Luka 8:1.
Ke litsi tsa borapeli ba ’nete. Ke moo ho hlophisoang mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 24:14) Liholo Tsa ’Muso ha li lekane ebile ha li tšoane, empa kaofela ke tsa maemo a itekanetseng, ’me liholo tse ngata li sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa. Lilemong tsa morao tjena, re hahile Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse likete tse mashome (e leng karolelano ea tse ka bang hlano ka letsatsi) hobane liphutheho tsa rōna li eketseha ka sekhahla. Re khona ho etsa see joang?—Matheu 19:26.
Li hahoa ka menehelo e kenngoang letlōleng leo liphutheho tsohle li le tšehetsang. Menehelo ena e romeloa ofising ea lekala e le hore ho ka thusoa liphutheho ha ho hlokahala hore li hahe Liholo Tsa ’Muso kapa li li nchafatse.
Li hahoa ke baithaopi ba sa lefuoeng ba maemo a sa tšoaneng. Linaheng tse ngata ho hlophisitsoe Lihlopha Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Bahlanka ba kaho le baithaopi ba bang ba ea libakeng tse sa tšoaneng ka har’a naha, ho ea thusa liphutheho ha li haha Liholo Tsa ’Muso. Linaheng tse ling, ho khethiloe Lipaki tse tšoanelehang hore li tsamaise mosebetsi oa kaho le ho nchafatsa Liholo Tsa ’Muso tikolohong eo li e abetsoeng. Le hoja batho ba bangata ba tsebang mosebetsi oa kaho ba tikolohong eo ba ithaopela ho thusa, mosebetsi boholo o etsoa ke litho tsa phutheho. Mesebetsi ena kaofela e khoneha ka lebaka la moea oa Jehova le boiteko boo batho ba hae ba bo etsang ka moea oohle.—Pesaleme ea 127:1; Bakolose 3:23.
Ke hobane’ng ha libaka tsa rōna tsa borapeli li bitsoa Liholo Tsa ’Muso?
Ho tla joang hore re khone ho haha Liholo Tsa ’Muso lefatšeng lohle?
-