-
Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 26
Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?
Estonia
Holo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e na le lebitso le halalelang la Molimo. Ka lebaka leo, re nka e le tlotla ho hloekisa mohaho ona, ho tiisa hore oa boheha ebile o lula o le boemong bo botle ’me re nka ho etsa joalo e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna bo halalelang. E mong le e mong a ka kenya letsoho.
Ka mor’a liboka ithaopele ho hloekisa holo ho se hokae. Ka mor’a seboka ka seng, bara le barali babo rōna ba thabela ho hloekisa Holo ea ’Muso ho se hokae hore e bohehe. Hang ka beke, holo e hloekisoa ka ho feletseng. Mosebetsi ona o etelloa pele ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, hangata a latela lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa. Ho itšetlehile ka se hlokahalang, batho ba hloekisang ba ithaopela ho fiela, ho koropa, ho phumola lerōle, ho beha litulo hantle, ho hloekisa matloana, ho hlatsoa lifensetere le liipone, ho qhala lithōle kapa ho hloekisa jarete. Bonyane hang ka selemo, ho khethoa letsatsi la ho hloekisa holo ka hare le ka ntle. Ha re sebetsa le bana ba rōna, re ba ruta ho hlompha sebaka sa rōna sa borapeli.—Moeklesia 5:1.
Ithaopele ho thusa kamehla ha ho hlokahala hore thepa e lokisoe. Selemo le selemo, Holo ea ’Muso e hlahlojoa ka ho feletseng, ka ntle le ka hare. Ho ipapisitsoe le tlhahlobo ena, ho lokisoa lintho tse hlokang ho lokisoa e le hore holo e lule e le boemong bo botle, e leng se etsang hore phutheho e se ke ea kena litšenyehelong tse sa hlokahaleng. (2 Likronike 24:13; 34:10) Holo ea ’Muso e makhethe le e hlokometsoeng hantle ke sebaka se loketseng seo ho sona re rapelang Molimo oa rōna. Ka ho kenya letsoho mosebetsing ona, re bontša hore na re rata Jehova le ho ananela sebaka sa rōna sa borapeli hakae. (Pesaleme ea 122:1) Sena se boetse se khahla batho motseng.—2 Bakorinthe 6:3.
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha sebaka sa rōna sa borapeli?
Ho etsoa litlhophiso life e le hore Holo ea ’Muso e lule e hloekile?
-
-
Laebrari e Holong ea ’Muso e ka re Tsoela Molemo Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 27
Laebrari e Holong ea ’Muso e ka re Tsoela Molemo Joang?
Iseraele
Czech Republic
Benin
Na u ka rata ho etsa lipatlisiso e le hore u eketse tsebo ea hao ea Bibele? Na u batla ho tseba haholoanyane ka lengolo le itseng, motho kapa ntho e ’ngoe e boletsoeng ka Bibeleng? Kapa na u kile ua ipotsa hore na Lentsoe la Molimo le ka u thusa ka lintho tseo u amehileng ka tsona? Haeba ho joalo, u ka sebelisa laebrari e Holong ea ’Muso.
E na le lingoliloeng tsa ho etsa lipatlisiso. Mohlomong, ho na le likhatiso tse ling tsa Lipaki Tsa Jehova tse thehiloeng Bibeleng, tseo u se nang tsona ka puo ea hao. Empa laebraring e Holong ea ’Muso ho na le likhatiso tse ngata tsa morao-rao. Mohlomong ho bile ho na le liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele, buka e hlalosang mantsoe hantle le libuka tse ling tse molemo tseo u ka etsang lipatlisiso ho tsona. U ka sebelisa laebrari pele le ka mor’a liboka. Haeba ho na le k’homphieutha, mohlomong e na le Watchtower Library, e leng lenaneo la k’homphieutha le nang le lingoliloeng tsa rōna tse ngata, leo ho leng bonolo ho etsa lipatlisiso ka lona ha u batla boitsebiso bo mabapi le sehlooho se itseng, lentsoe kapa temana.
E ka thusa liithuti tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Haeba u ngolisitse sekolong sena, laebrari e Holong ea ’Muso e ka u tsoela molemo ha u lokisetsa kabelo ea hao. Ke molebeli oa sekolo ea hlokomelang laebrari. Boikarabelo ba hae ke ho tiisa hore ho na le likhatiso tsa morao-rao le hore li hlophisitsoe hantle. Ke eena kapa motho ea u rutang Bibele ea ka u bontšang kamoo u ka fumanang boitsebiso boo u bo hlokang. Leha ho le joalo, libuka tseo ha lia lokela ho tsoa Holong ea ’Muso. Ha e le hantle, re batla ho tšoara libuka tsena ka hloko ’me re se ke ra li tšoaea.
Bibele e re re ka fumana “tsebo ea Molimo” haeba re ikemiselitse ho e batlisisa “joaloka matlotlo a patiloeng.” (Liproverbia 2:1-5) Laebrari e Holong ea ’Muso e ka u thusa ho etsa lipatlisiso.
U ka sebelisa lintho life ho etsa lipatlisiso laebraring e Holong ea ’Muso?
Ke bo-mang ba ka u thusang ho sebelisa laebrari ka tsela e molemo ka ho fetisisa?
-
-
Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 28
Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?
Fora
Poland
Russia
Jesu Kreste o ile a re ho balateli ba hae: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Matheu 5:16) E le hore re finyelle seo, re sebelisa hamolemo theknoloji ea morao-rao, ho akarelletsa Inthanete. Websaete ea rōna ea jw.org ke mocha oo Lipaki Tsa Jehova li o sebelisang ho fana ka boitsebiso ba seo li se lumelang le mosebetsi oo li o etsang. Ho na le eng websaeteng ee?
Ho na le likarabo tsa Bibele lipotsong tseo batho ba atisang ho li botsa. U ka fumana likarabo tsa lipotso tse ling tsa bohlokoa tseo batho ba atisang ho li botsa. Tse tšeletseng li arajoa ke pampitšana e nang le sehlooho se reng Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? e fumanehang Inthaneteng ka lipuo tse ka bang 400. U ka boela ua fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tse fetang 100 hammoho le likhatiso tse ’maloa tse ka u thusang ho ithuta Bibele, tse akarelletsang buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? le likhatiso tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Boholo ba likhatiso tsena motho a ka li bala kapa a li mamela Inthaneteng esita le ho li kopitsa e le MP3, AAC, PDF kapa EPUB. U ka boela oa hatisa maqephe a seng makae a tsona e le hore u a bontše motho e mong ea thahasellang ka puo ea hae! Ho na le livideo tse ngata tsa puo ea matsoho. U ka kopitsa ’malo oa Bibele oa tšoantšiso, litšoantšiso tsa Bibele le ’mino o monate e le hore u o mamele u khatholohile.
Ho na le boitsebiso ba ’nete bo mabapi le Lipaki Tsa Jehova. Ho boetse ho na le litaba tsa morao-rao le livideo tse amanang le mosebetsi oo re o etsang lefatšeng lohle, liketsahalo tse amang Lipaki Tsa Jehova hammoho le mosebetsi oa rōna oa liphallelo. U ka fumana boitsebiso ba likopano tse tla tšoaroa hammoho le ba liofisi tsa rōna tsa makala.
Ka tsela ena, re khantša leseli la ’nete esita le likarolong tsa lefatše tse hōle ka ho fetisisa. Batho ba lik’honthinenteng tsohle ba rua molemo, ho akarelletsa le ba Antarctica. Re rapella hore e se eka “lentsoe la Jehova le ka ’na la tsamaea ka potlako” lefatšeng lohle, e le hore Molimo a tlotlisoe.—2 Bathesalonika 3:1.
Ke joang websaete ea jw.org e thusang batho ba bangata hore ba ithute ’nete ea Bibele?
Ke eng seo u ka ratang ho se batlisisa Websaeteng ea rōna?
-