Pina ea 8
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
E Hatisitsoeng
1. Jehova, Ntate’a leholimong,
Ke bosiu bo halalelang!
La le shome le metso’e mene Nisane,
U bontšitse rato la hao.
Ha jeoa konyan’a Paseka,
I seraele ea lokolloa.
Hamorao mali a Mor’a hao a tšolloa,
Ho phethahatsa boprofeta.
2. Re le nku tsa lekhulo la hao,
Re bokane ka pel’a hao.
Re u roka ha u re file Mor’a hao,
Re tlotlisa bitso la hao.
Re tšoara Sehopotso sena,
’Me re nahana ka sona.
Kamehla re tla latela Jesu Kreste,
Re rue phelo bo sa feleng.
(Sheba le Luka 22:14-20; 1 Bakor. 11:23-26.)