HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE
Asia le Bochabela bo Hare
PALO EA LINAHA 48
PALO EA BAAHI 4 315 759 010
PALO EA BAHOELETSI 703 271
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 732 106
O Ile a re na a ka Tla le ba Bang
Mor’abo rōna oa Indonesia o ile a fa motho ea lebelang likoloi moo li pakoang memo ea Sehopotso matsatsi a mabeli pele ho Sehopotso. Monna eo oa Momosleme o ile a botsa hore na a ka tla le ba bang. Mor’abo rōna o ile a re a ka tla le bona. O ile a re lelapa la habo le leholo, kahoo o kōpa limemo tse ling. Mor’abo rōna o ile a mo fa limemo tse 20 ’me a mo hlalosetsa ka Sehopotso sa lefu la Jesu le hore batho bohle ho akarelletsa Bakreste le Mamosleme ba amohelehile. O ile a re o tla tla le batho ba 60 ho ea ho ba 70.
Nakoana ka mor’a hore puo ea Sehopotso e qale, monna eo o ile a fihla le batho ba ka bang 100 ho akarelletsa banna, basali, bana hammoho le nkhono e mong le ’mè oa moimana ea neng a ka ’na a pepa neng kapa neng, ’me ho ne ho se ho ntse ho e-na le batho ba 248 ka holong. Ba ne ba hirile likoloi tse ’maloa hore li ba ise hoteleng eo Sehopotso se tšoaretsoeng ho eona. Ha balebeli ba hotele ba bona letšoele leo la batho, qalong ba ile ba le hanela ho kena. Ba ne ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Mamosleme a mangata hakaalo a batla ho tla tšebeletsong ea Bakreste. Ka mor’a hore ba ba bontše limemo tsa bona, ba ile ba ba isa holong eo Sehopotso se tšoaretsoeng ho eona, ’me ba ka bang 60 ba ile ba lumelloa ho kena ka holong eo e neng e se e ntse e tletse tsoete!
Ka mor’a matsatsi a ’maloa, mor’abo rōna o ile a etela monna eo ea lebelang likoloi ’me a mo botsa hore na batho bao a neng a tlile le bona ba thabetse Sehopotso. O ile a re le hoja qalong ba ne ba tšaba ho ea, empa ba thabile kaha batho bohle bao ba kopaneng le bona Sehopotsong ba ne ba le botsoalle ’me ba ba lumelisa ka matsoho. Eaba mor’abo rōna o mo memela puong e khethehileng e neng e tla fanoa ka Sontaha se latelang. Lekhetlong lena o ile a tla le beng ka eena hammoho le baahelani ba 40. Kaha ba ile ba fihla puo e se e ntse e fela, baholo ba ile ba etsa qeto ea hore puo e fanoe hape. Molula-setulo o ile a etsa selelekela se sekhutšoanyane ho akarelletsa pina le thapelo. Sebui se ile sa thusa Mamosleme ana hore a utloisise ka hore a sebelise lipoleloana tse kang “Buka e Halalelang” ho e-na le “Bibele” le poleloana “moprofeta Isa” ho e-na le “Jesu.”
Hamorao, moholo e mong o ile a etela monna eo ea lebelang likoloi ha hae ’me ba qala ho buisana ka Bibele ba sebelisa bukana ea Mamela Molimo. Ba bang ba 12 ba ile ba kenella moqoqong ho akarelletsa le bo-’mè ba Mamosleme le bana ba ’maloa.
Lingoliloeng li Behoa ka Libeseng
Mongolia: Bahoeletsi ba ile ba lumelloa ho beha lingoliloeng ka beseng
Libese tse tlohang Ulaanbaatar, Mongolia, li hahlaula ho pholletsa le naha eohle. Li nka maeto a hoo e ka bang matsatsi a mabeli. Hangata bapalami ba ema lifensetereng kapa ba robale. Ha ho na lingoliloeng ka libeseng tseo, le hoja batho ba Mongolia ba rata ho bala. Ka lebaka leo, bara ba bang babo rōna ba Phutheho ea Songinokhairkhan ba ile ba buisana le bakhanni ba libese ba re: “Re ka rata ho le fa buka e monate e le mpho. Lifofaneng ho na le libuka tseo batho ba ka li balang. Haeba le nahana hore bapalami ba ka rata ho bala, re ka beha lingoliloeng setulong se seng le se seng.” Bakhanni ba robeli ba ile ba lumela. Ka hona, barab’abo rōna ba ile ba beha limakasine tse 299 le libukana tse 144 litulong tsa libese. Ba ile ba boela ba etsa tokisetso ea ho beha limakasine tse ncha hang feela ha li fihla.
Ba Etela Motho Osele
Baholo ba babeli naheng e ’ngoe ea Asia, ba ile ba kōptjoa ho etela morali’abo rōna eo e neng e se e le lilemo tse robeli a sa kopanele tšebeletsong. Kaha barab’abo rōna ba ne ba sa mo tsebe, ba ile ba mo letsetsa ’me ba lumellana ka hore ba kopane lebenkeleng la hae le setsing se phetheselang sa mabenkele. Ka mor’a ho tsamaea liphasejeng tse moqotetsane, qetellong ba ile ba fumana lebenkele leo ba neng ba nka hore ke lona la morali’abo rōna. Ha ba kena ba ile ba lumelisoa ke ’mè e mong eo ho neng ho e-na le Bibele e nyenyane tafoleng ea hae. Ka mor’a ho mo botsa fane ea hae, motse oa habo le lilemo tsa bana ba hae ba babeli, barab’abo rōna ba ile ba etsa qeto ea hore ke eena morali’abo rōna eo ba ntseng ba mo batla. Ba ile ba re: “Re Lipaki Tsa Jehova, kahoo re barab’eno.”
O ile a ba sheba ka ho makala ’me a re: “Ke Mokreste.” Barab’abo rōna ba ile ba makatsoa ke tsela eo a ba shebang ka eona. Leha ho le joalo, ba mo fa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ’me a leboha haholo. Empa barab’abo rōna ba ile hlokomela hore ba etetse motho osele! Ha e le hantle ba ne ba lokela ho kena lebenkeleng la nomoro ea 2202, empa ka phoso ba kena ho la 2200. E mong oa barab’abo rōna o ile a re: “Ke ile ka utloa eka lengeloi le re tataisetsa lebenkeleng leo. Fane ea ’mè enoa e tšoana hantle le ea morali’abo rōna, ba tsoa motseng o le mong ebile bana ba bona ba batlile ba lekana! Haeba lifane tsa bona li ne li sa tšoane, kapa ba sa tsoe motseng o le mong, re ka be re tsebile hore hase eena.” Barab’abo rōna ba ile ba feta lebenkele le le leng feela eaba ba fihla ho la morali’abo rōna eo e neng e le khale a ba emetse.
“Ke ile ka ikutloa ke le mosesaane hore le hoja ke qetile lilemo tse ngata hakana ke sa kopanele tšebeletsong, Jehova ha aa ka a ntebala.”
Le hoja ’mè eo a ile a eteloa ka phoso, o ile a qala ho ithuta Bibele ’me o ba teng libokeng. Morali’abo rōna ea neng a se a sa kopanele tšebeletsong, o ile a qala ho ea libokeng kamehla ’me a boela a kopanela tšebeletsong. O re: “Ke ile ka ikutloa ke le mosesaane hore le hoja ke qetile lilemo tse ngata hakana ke sa kopanele tšebeletsong, Jehova ha aa ka a ntebala.”
Ba Romela Melaetsa ha Maemo a Leholimo a le Mabe
Philippines: Greg o romela melaetsa ka fono
Greg le Alma ba ile ba fallela sehlekehlekeng sa Catanduanes se Philippines ho ea thusa moo ho hlokoang bahoeletsi ba ’Muso ba eketsehileng. Metse e meng e lithabeng, ka hona Greg le Alma ba ne ba lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse 19 ha ba e-ea ho eona. Ka linako tse ling ba ne ba lokela ho nka lihora tse peli ba soka sekepe ha ba ea lihlekehlekeng. Nakong ea lipula ba thatafalloa ho ea lihlekehlekeng. Ho e-na le ho lula hae ba sa bolele litaba tse molemo, ba ile ba sebelisa monyetla oa linyehlisetso tse neng li entsoe ke k’hamphani ea lifono oa ho romela melaetsa ka litefiso tse tlaase.
Greg o re o qala ka ho ngola lebitso la hae. Ebe o re, “Ke lakatsa ho u romella molaetsa oa Bibele.” Le leng la mangolo ao a hlokometseng hore batho ba aa rata ke Johanne 17:3. Ka mor’a hore a le qotse, o botsa lipotso tse peli, ’me ea pele e re, Molimo oa ’nete ke mang? ea bobeli e re, Jesu Kreste ke mang? Ebe o kōpa hore motho eo a arabe. Haeba a mo araba, Greg o mo romella lengolo le leng le kang Pesaleme ea 83:18. Haeba a tsoela pele ho araba, Greg oa mo botsa hore na a ka rata hore ba ntšetse pele moqoqo ka fono. Greg le Alma ba re batho ba bangata baa ba araba.
’Mè e mong eo Greg le Alma ba ileng ba mo ngolla o ne a e-na le lipotso tse ngata tsa Bibele, kahoo, ba ile ba romellana melaetsa e mengata. Qetellong ba ile ba qalisa thuto ea Bibele. ’Mè eo o ile a bolella mochana oa hae hammoho le mosebetsi-’moho le eena seo a ithutang sona. Ka lebaka leo, ba ile ba kolobetsoa ka boraro ba bona.