U na le lebitso la mofuta ofe?
KA Bibeleng, ka linako tse ling lentsoe “lebitso” le bolela botumo ba motho. Ka mohlala, Morena Solomone ea bohlale o ngotse: “Botumo bo botle bo molemo ho e-na le ole e nkhang hamonate, le letsatsi la ho shoa ho e-na le letsatsi la ho tsoaloa.” (Moeklesia 7:1; bapisa le Liproverbia 22:1.) Ho ea ka mantsoe a Solomone, motho ha a tsoaloe a e-na le botumo bo botle. Ho e-na le hoo, o fumana botumo bo nang le seo bo hlileng bo se bolelang nakong eo a phelang ka eona. Botumo ba hae boa mo khetholla mabapi le litšoaneleho tsa hae, hore na ke motho ea seatla se bulehileng kapa ke moithati, hore na o na le kutloelo-bohloko kapa ha a na eona, hore na o ikokobelitse kapa oa ikhohomosa, esita le hore na o lokile kapa o khopo.
Nahana ka Davida. Nakong ea puso ea hae, o ile a ipaka a le matla ’me a sa thekesele. Leha ho le joalo, Davida o ile a lumela liphoso tsa hae ka boikokobetso ’me a bakela libe tsa hae tse tebileng. A e-na le mabaka a utloahalang, moprofeta oa Jehova o ile a bontša hore Davida e ne e le ‘monna ea pelong ea Molimo.’ (1 Samuele 13:14) Davida e monyenyane o ne a se a ntse a e-na le botumo bo botle ho Molimo.
Ka ho fapaneng, Morena Jehorame oa Mojudea o ile a iketsetsa botumo bo bobe. O ile a etsa hore bafo ba hae ba furalle borapeli ba Jehova, a ba a etsa hore bara babo ba tšeletseng ba bolaoe hammoho le mahosana a mang a Juda. Qetellong, Jehova o ile a otla Jehorame ka boloetse bo bohloko bo ileng ba mo bolaea. Bibele e re Jehorame “a ikela a sa lleloe ke motho,” kapa joalokaha Today’s English Version e bolela, “ha ho motho ea ileng a utloa bohloko ha a e-shoa.”—2 Likronike 21:20.
Tsela eo Davida le Jehorame ba phetseng ka eona e bontša bonnete ba maele a Bibele: “Ho hopoloa ha mofu ea lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.” (Liproverbia 10:7) Kahoo, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa ka botebo, ‘Ke iketsetsa botumo ba mofuta ofe ho Molimo le batho?’