MATLOTLO A TSANG BIBELENG | SEFELA SA LIFELA 1-8
Moroetsana oa Moshulame o re Behetse Mohlala oo re Lokelang ho o Etsisa
Hobane’ng ha ho ka thoe o behetse bahlanka ba Jehova mohlala o motle?
O ile a emela ho fumana motho eo a mo ratang e le kannete
O ile a thibela batho ho mo susumetsa ho ratana le motho e mong le e mong feela tjee
O ne a ikokobelitse a bile a itšoere hantle
O ne a sa rate motho feela hobane a ruile kapa a mo rorisa ho tlōla
Ipotse:
‘Nka etsisa moroetsana oa Moshulame joang?’