Ka ho le letšehali: Lelapa la Bethele e Brooklyn le ile la keteka Keresemese ka lekhetlo la ho qetela ka 1926; ka ho le letona: Batho baa hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li fapane
KAROLO EA BORARO
Melao ea ’Muso—Ho Batla ho Loka ha Molimo
U LUMELISA moahelani oa hao ha u feta ha hae. Morao tjena, u hlokometse hore o ntse a le shebile, uena le ba lelapa la hao. Moahelani oa u lumelisa ’me oa u hoehla. O re: “Ke kōpa ho u botsa. Ke hobane’ng ha le fapane le batho ba bang hakaale?” Uena o re: “U bolela’ng?” O re: “Akere u e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Ha le tšoane le batho ba bang. Ha le etse lintho tse etsoang ke malumeli a mang—ha le keteke matsatsi a phomolo ebile ha le kenelle lipolotiking le lintoeng. Ha ho le ea mong oa lōna ea tsubang. Hape, lelapa la hao le itšoere hantle. Ke hobane’ng ha le fapane le batho ba bang hakaale?”
Ua tseba hore karabo e ’ngoe feela: Re phela tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Kaha ke Morena oa rōna, Jesu oa re hloekisa. O re thusa hore re hate moo a hatileng teng le hore re fapane le lefatše lena le khopo. Karolong ena, re tla bona kamoo ’Muso oa Bomesia o ’nileng oa hloekisa batho ba Molimo moeeng, boitšoarong le tseleng eo ba lokelang ho hlophiseha kateng—ba etsa tsena tsohle e le hore ba tlotlise Jehova.