Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 1 leq. 4
  • Selelekela se Hapang Bamameli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Selelekela se Hapang Bamameli
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kenyelletso e Tsosang Thahasello
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Hlakisa Bohlokoa ba Taba
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 1 leq. 4

KHAOLO 1

Selelekela se Hapang Bamameli

Lengolo le qotsitsoeng

Liketso 17:22

NTLHA-KHOLO: Selelekela sa hao se lokela ho hapa bamameli, se totobatse taba eo u buang ka eona le hore na ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Bua ntho e tla hapa bamameli. Khetha potso, polelo, se etsahetseng, kapa ntlha e itseng e builoeng litabeng e tla hapa bamameli ba hao.

    Keletso

    Nahanisisa esale pele ka lintho tseo bamameli ba hao ba li ratang le tseo ba tšoenyehileng ka tsona, ebe u fetola selelekela sa hao hore se tšoanele maemo a bona.

  • Totobatsa taba eo u buang ka eona. Etsa bonnete ba hore selelekeleng sa hao bamameli ba hlaketsoe ke taba eo u buang ka eona le morero oa seo u buang ka sona.

  • Ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa? Bua ka ntho eo bamameli ba hao ba amehileng ka eona. Ba hlakisetse hore na taba eo u buang ka eona e ka ba thusa joang.

    Keletso

    Ha u lokisetsa puo, ipotse, ‘Ke maemo afe ao bara le barali beso ba tobanang le ’ona?’ Etsa hore selelekela sa hao se lumellane le maemo a bona.

TŠIMONG

Hore u tsebe hore na motho o rata’ng, sheba hore na u etsa’ng le hore na ho na le’ng haufi le eena. Qala moqoqo ka ho botsa potso kapa ho bua ka bokhutšoanyane ka lintho tseo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela