-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 15 JulyTšebeletso ea ’Muso—2013 | July
-
-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 15 July
BEKE E QALANG KA LA 15 JULY
Pina ea 48 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 12 ¶1-7 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Liketso 18-21 (10 mets.)
No. 1: Liketso 20:17-38 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Na Kreste o Tla Hlaha a Bonahala Lerung Ebe Joale o Nkela Bakreste ba Khabane Maholimong Lefatše le Ntse le Shebelletse?—rs leq. 158 ¶1-3 (5 mets.)
No. 3: Re ka Bontša Joang Hore re Beha Kelello Moeeng?—Bar. 8:6 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Finyella Pelo ea Seithuti. (Luka 24:32) Puisano e thehiloeng lipotsong tse latelang: (1) Ha u khanna thuto ea Bibele, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u totobatse (a) lerato la Jehova le bohlale ba hae? (b) molemo oa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele? (c) bohlokoa ba hore re batle tataiso ea Jehova kamehla pele re etsa liqeto? (2) Ho botsa seithuti lipotso tse latelang ho tla u thusa joang ho bona hore na u finyella pelo ea sona kapa che? (a) Na taba ee e ea utloahala? (b) Na e lumellana le lerato la Molimo? (c) Na u nahana hore ho molemo ho sebelisa keletso ee?
20 mets: “Barab’abo Rōna ba Bacha, na le Hahamalla Litokelo?” Lipotso le likarabo. Buisana hakhutšoanyane le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea ileng a hahamalla litokelo bocheng ba hae. O ile a fuoa mesebetsi le koetliso efe pele a khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang? Ba bang ka phuthehong ba ile ba mo thusa joang hore a tsoele pele moeeng? O fumane mahlohonolo afe ka ho hahamalla litokelo?
Pina ea 85 le Thapelo
-
-
Barab’abo Rōna baBacha, na le Hahamalla Litokelo?Tšebeletso ea ’Muso—2013 | July
-
-
3. Ho ba motho oa moea ho bohlokoa hakae, hona motho a ka etsa joang hore e be motho oa moea?
3 U Lokela ho ba Motho oa Moea: Ho molemo haholo hore mor’abo rōna ea sebeletsang e be motho oa moea ho e-na le hore a be le bokhoni le litalenta tse khethehileng feela. Monna oa moea o leka ho talima lintho joaloka Jehova le Jesu. (1 Bakor. 2:15, 16) O bonahatsa “litholoana tsa moea.” (Bagal. 5:22, 23) Ke moevangeli ea chesehang ea behang lithahasello tsa ’Muso pele bophelong. (Mat. 6:33) Ho ba le kemiso e ntle ea thuto ea botho ho tla u thusa hore u be le litšobotsi tsa moea. Sena se akarelletsa ho bala Bibele kamehla, ho bala kopi e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, ho lokisetsa le ho ba teng libokeng. (Pes. 1:1, 2; Baheb. 10:24, 25) Ha Pauluse a ne a khothalletsa Timothea hore a bontše khōlo moeeng o ile a ngola a re: “U ele hloko . . . ho ruta ha hao.” (1 Tim. 4:15, 16) Kahoo lokisetsa lipuo tsa hao tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka hloko. Lokisetsa tšebeletso ea tšimo ’me u kopanele ho eona kamehla. Ipehele lipakane tsa moea, tse kang ho bula maliboho, ho sebeletsa Bethele, kapa ho ea Sekolong sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha u be u li hahamalle. Ho ba motho oa moea ho tla u thusa hore “u balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha.”—2 Tim. 2:22.
-