Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 15 July
    Tšebeletso ea ’Muso—2013 | July
    • Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 15 July

      BEKE E QALANG KA LA 15 JULY

      Pina ea 48 le Thapelo

      □ Thuto ea Bibele ea Phutheho:

      jr khao. 12 ¶1-7 (30 mets.)

      □ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:

      ’Malo oa Bibele: Liketso 18-21 (10 mets.)

      No. 1: Liketso 20:17-38 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)

      No. 2: Na Kreste o Tla Hlaha a Bonahala Lerung Ebe Joale o Nkela Bakreste ba Khabane Maholimong Lefatše le Ntse le Shebelletse?—rs leq. 158 ¶1-3 (5 mets.)

      No. 3: Re ka Bontša Joang Hore re Beha Kelello Moeeng?—Bar. 8:6 (5 mets.)

      □ Seboka sa Tšebeletso:

      Pina ea 92

      10 mets: Finyella Pelo ea Seithuti. (Luka 24:32) Puisano e thehiloeng lipotsong tse latelang: (1) Ha u khanna thuto ea Bibele, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u totobatse (a) lerato la Jehova le bohlale ba hae? (b) molemo oa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele? (c) bohlokoa ba hore re batle tataiso ea Jehova kamehla pele re etsa liqeto? (2) Ho botsa seithuti lipotso tse latelang ho tla u thusa joang ho bona hore na u finyella pelo ea sona kapa che? (a) Na taba ee e ea utloahala? (b) Na e lumellana le lerato la Molimo? (c) Na u nahana hore ho molemo ho sebelisa keletso ee?

      20 mets: “Barab’abo Rōna ba Bacha, na le Hahamalla Litokelo?” Lipotso le likarabo. Buisana hakhutšoanyane le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea ileng a hahamalla litokelo bocheng ba hae. O ile a fuoa mesebetsi le koetliso efe pele a khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang? Ba bang ka phuthehong ba ile ba mo thusa joang hore a tsoele pele moeeng? O fumane mahlohonolo afe ka ho hahamalla litokelo?

      Pina ea 85 le Thapelo

  • Barab’abo Rōna baBacha, na le Hahamalla Litokelo?
    Tšebeletso ea ’Muso—2013 | July
    • 4. Ke hobane’ng ha botšepehi e le ba bohlokoa?

      4 U Lokela ho ba Motho ea Tšepahalang: Kaha barab’abo rōna ba neng ba fuoe mosebetsi oa ho abela Bakreste ba hlokang lijo lekholong la pele la lilemo e ne e le ba “pakiloeng,” ba tsebahalang ka botšepehi, baapostola ha baa ka ba tšoenyeha ka hore na mosebetsi o tla phethoa kapa che. Sena se ile sa thusa baapostola ho tsepamisa kelello linthong tse ling tsa bohlokoa. (Lik. 6:1-4) Kahoo, haeba u fuoe kabelo e itseng ka phuthehong, etsa sohle se matleng a hao ho e phetha hantle. Etsisa Noe ea ileng a latela ka hloko litaelo tseo a neng a li fuoe tsa ho haha areka. (Gen. 6:22) Jehova o ananela botšepehi ebile ha motho a tšepahala sena se bontša hore o hōlile moeeng.​—1 Bakor. 4:2; bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Melemo ea Koetliso.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela