KHAOLO 2
U ka Qoqa le Batho Joang?
2 Bakorinthe 2:17
NTLHA-KHOLO: Bua ka tsela e etsang hore bamameli ba hao ba bone hore na u ikutloa joang ka bona le ka taba eo u buang ka eona.
KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?
Rapela Jehova hore a u thuse ha u lokisetsa. Mo kope hore a u thuse hore u se ke oa lula u tšohile empa u tsepamise kelello molaetseng oo u buang ka oona. Khetha lintlha tse ka sehloohong tseo u batlang ho bua ka tsona. Bua ka mantsoe a hao; qoba ho pheta feela se ngotsoeng fatše.
Ameha ka bamameli ba hao. Nahana hore na ke hobane’ng ha bamameli ba hao ba lokela ho utloa molaetsa oo. Bua ka lintho tse ba amang. Lintho tseo u li etsang le tsela eo u bonahalang ka eona sefahlehong li lokela ho bontša batho hore u amehile ka bona ebile u na le botsoalle.
Sheba bamameli ba hao. Lula u shebile bamameli ha u ntse u bua. Ha u ruta, iphe nako ea ho sheba momameli a le mong ka nako ho e-na le ho ba habanya feela ka mahlo.