-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 25 MarchTšebeletso ea ’Muso—2013 | March
-
-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 25 March
BEKE E QALANG KA LA 25 MARCH
Pina ea 76 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 7 ¶1-6 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Luka 4-6 (10 mets.)
No. 1: Luka 4:22-39 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Merabe e sa Tšoaneng e Tsoile Hokae?—rs leq. 303 ¶1-4 (5 mets.)
No. 3: Na ho na le Bopaki bo Bontšang Hore Jesu o Ile a Tsosoa?—1 Bakor. 15:3-7 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele. Suthela pontšo e bontšang kamoo mohoeletsi a ka sebelisang mohlala o leqepheng la 8 ha a qala thuto Moqebelong oa pele oa April. Khothalletsa bohle ho nka karolo.
25 mets: “Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!” Lipotso le likarabo. Ha le tšohla serapa sa 6, suthela lipontšo tse peli.
Pina ea 97 le Thapelo
-
-
Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!Tšebeletso ea ’Muso—2013 | March
-
-
3. Bukana ee e fapane joang le lingoliloeng tse ling tse ithutoang?
3 Kamoo e Hlophitsitsoeng Kateng: Boholo ba lingoliloeng tsa rōna li ngotsoe ka tsela eo motho a ka ipallang tsona a ba a utloisisa ’nete le ka ntle ho thuso. Empa bukana ena eona e fapane. Ke tataiso bakeng sa thuto ea Bibele e khannoang ke morupeli. Kahoo ha u fana ka bukana ena ho motho, ho molemo haholo ho tšohla serapa kapa tse peli le eena. Lirapa tsa teng li khutšoanyane, kahoo li ka tšohloa le motho le eme monyako kapa sebakeng sa hae sa khoebo. Le hoja ho le molemo ho qala thutong ea 1, re ntse re ka qala ka thuto leha e le efe.
4. Bukana ee e re thusa joang hore re rute batho Bibele ka ho toba?
4 Ho boholo ba lingoliloeng tsa rōna, likarabo tsa lipotso li ka fumanoa lirapeng. Empa bukaneng ena likarabo tse ngata li fumanoa Bibeleng. Boholo ba batho bo batla ho ithuta Bibele eseng lingoliloeng tsa rōna. Kahoo, e batla e le mangolo ʼohle a bontšitsoeng empa a sa qotsoa. Mangolo ao a lokela ho baloa Bibeleng ka ho toba. Sena se thusa liithuti hore li hlokomele hore seo li ithutang sona se tsoa ho Molimo.—Esa. 54:13.
5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore morupeli a lokisetse hantle pele ho thuto ka ’ngoe?
5 Bukana ena ha e hlalose mangolo ʼohle. Hobane’ng? E reretsoe hore seithuti se botse lipotso le hore morupeli a sebelise tsebo ea hae ea ho ruta. Ka hona ke habohlokoa hore u lokisetse thuto ka ’ngoe hantle esale pele. Hlokomela hore u se ka ua bua haholo. Re rata ho hlalosa Mangolo. Empa re finyella se molemo haholoanyane ha re kōpa seithuti hore se hlalose hore na se nahana hore lengolo le bolela’ng. Ha re sebelisa lipotso ka bohlale re ka se thusa hore se utloisise se boleloang ke temana ka ’ngoe.—Lik. 17:2.
-