-
Lethathamo la Tse ka HareMolula-Qhooa—2012 | September 1
-
-
© 2012 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. All rights reserved.
-
-
Na Ruri Molimo o Tsotella Basali?Molula-Qhooa—2012 | September 1
-
-
Na Ruri Molimo o Tsotella Basali?
“Sebe se bile teng ka mosali ’me kaofela ha rōna rea shoa ka lebaka la hae.”—BUKA EA ECCLESIASTICUS EA LEKHOLONG LA BOBELI LA LILEMO B.C.E.
“Ke uena sesebelisoa sa diabolose: ke uena ea jeleng sefate se neng se hanetsoe: ke uena oa pele ea fetohetseng molao oa Molimo . . . Habonolo feela u ile ua senya setšoantšo sa Molimo, e leng monna.”—TERTULLIAN, BUKENG EA APPAREL OF WOMEN EA LEKHOLONG LA BOBELI LA LILEMO C.E.
LITEMANA tseo tsa boholo-holo ha li tsoe ka Bibeleng. Li ’nile tsa sebelisoa ka lilemo tse makholo e le ho tšehetsa taba ea ho khetholloa ha basali. Le kajeno batho ba bang ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, ba ntse ba qotsa litemana tsa bolumeli ho lokafatsa ho tšoaroa ha basali hampe, ba bolela hore basali ke bona ba baketseng batho mathata. Na ruri Molimo o ne a rerile hore basali ba hlouoe le ho hlekefetsoa ke banna? Bibele e re’ng? A re ke re bone.
Na basali ba rohakiloe ke Molimo?
Che. Ho e-na le hoo “noha ea pele, e bitsoang Diabolose” ke eona e ‘rohakiloeng’ ke Molimo. (Tšenolo 12:9; Genese 3:14) Ha Molimo a ne a re Adama o ne a tla “laola” mosali oa hae o ne a sa bontše hore ho loketse hore monna a hatelle mosali. (Genese 3:16) O ne a mpa a bolela ka liphello tse bohloko tsa sebe tse neng li tla etsahalla banyalani bao ba pele.
Kahoo ho hlekefetsoa ha basali hase thato ea Molimo empa ke liphello tsa sebe seo batho ba se futsitseng. Bibele ha e tšehetse maikutlo a hore basali ba lokela ho hatelloa ke banna e le ho lefella sebe sa pele.—Baroma 5:12.
Na Molimo o entse hore monna a phahamele mosali?
Che. Genese 1:27 e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo; a ba bōpa e le e motona le e motšehali.” Kahoo ho tloha qalong, batho—e leng monna le mosali—ba ne ba bōpeletsoe le bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa Molimo. Le hoja Adama le Eva ba ne ba bōpiloe ka tsela e fapaneng maikutlong le ’meleng, ka bobeli ba bona ba ile ba fuoa litaelo tse tšoanang ’me ’Mōpi oa bona o ne a ba file boikarabelo bo tšoanang.—Genese 1:28-31.
Eva o ne a bōpiloe e le mothusi le motlatsi oa Adama
Pele Molimo a bōpa Eva, o ile a re: “Ke tla mo [Adama] etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.” (Genese 2:18) Na lentsoe “motlatsi” le bontša hore monna o ne a phahametse mosali? Che, hobane lentsoe lena la Seheberu le ka boela la bolela “molekane” kapa “motho ea thusang” monna. Nahana kamoo ngaka e buoang le ngaka e robatsang mokuli li sebelisanang kateng
-