Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Joalokaha ho boletsoe ho Genese 38:15, 16, ke maemo afe a ileng a etsa hore Juda a kopanele liphate le mosali eo a neng a nahana hore ke seotsoa?
Le hoja Juda a ile a kopanela liphate le mosali eo a neng a nahana hore ke seotsoa, ’nete ke hore mosali enoa e ne e se seotsoa. Ho latela Genese khaolo ea 38, ho ile ha etsahala se latelang:
Pele mora oa Juda oa letsibolo a e-ba le bana le mosali oa hae, Tamare, o ile a bolaoa hobane “o ne a le mobe mahlong a Jehova.” (Genese 38:7) Mehleng eo, ho ne ho tloaelehile hore motho a kenele mosali oa ngoan’abo. Ho ne ho hlokahala hore haeba monna a e-shoa a se na mojalefa, mor’abo a kenele mohlolohali eo hore a fumane mojalefa. Empa Onane, mora oa bobeli oa Juda, o ile a hana ho phetha tšoanelo ea hae. Kahoo, o ile a shoa hobane Molimo a ne a mo ahlotse. Ka mor’a moo, Juda o ile a khutlisetsa Tamare, e leng ngoetsi ea hae, habo eona ho fihlela nako eo ka eona Shela, mora oa boraro oa Juda, a neng a tla be a hōlile ka ho lekaneng hore a mo nyale. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse ngata, Juda ha aa ka a nyalisa Shela Tamare. Kahoo, ha mosali oa Juda a e-shoa, Tamare o ile a rera leano la hore a fumane mojalefa ka Juda, Moiseraele eo e neng e kile ea e-ba ntat’ae matsale. O ile a etsa sena ka hore a ikhakanye eke ke letekatse la tempele ebe o lula tseleng eo a neng a tseba hore Juda o ne a tla feta ho eona.
Juda o ile a kopanela liphate le Tamare a sa hlokomela hore na ke mang. E le hore a tle a fumane moputso oa hae, Tamare ka masene o ile a nka lintho tse ling tsa Juda e le bopaki ba hore o kopanetse liphate le eena, ’me hamorao o ile a li sebelisa ho paka hore o ne a imisitsoe ke eena. Ha ho hlahella hore na hantle-ntle ho etsahetse’ng, Juda ha aa ka a jarisa Tamare molato empa ka boikokobetso o ile a re: “O lokile ho mpheta, ka lebaka la hore ha kea ka ka mo fa mora oa ka Shela.” ’Me tumellanong le seo, “ha aa ka a hlola a kopanela liphate le eena ka mor’a moo.”—Genese 38:26.
Juda o ile a fosa ka hore a se ke a fa mora oa hae Shela Tamare joalokaha a ne a tšepisitse. Hape, o ile a kopanela liphate le mosali eo a neng a nahana hore ke seotsoa sa tempele. Sena se ne se le khahlanong le morero oa Molimo oa hore motho a kopanele liphate le motho eo a nyalaneng le eena feela. (Genese 2:24) Leha ho le joalo, ’nete ke hore Juda ha aa ka a kopanela liphate le seotsoa. Ho fapana le moo, e ne e se ka morero hore ebe o ile a nka sebaka sa mora oa hae Shela ka hore a kenele Tamare ’me kahoo e be ntat’a bana ba ileng ba hlaha ka molao.
Ha e le Tamare eena, ho kopanela liphate ha hae le Juda e ne e se boitšoaro bo bobe. Bara ba hae ba mafahla ba ne ba sa nkoe e le bana ba bohlola. Ha Boaze oa Bethlehema a ne a kenela Ruthe, mosali oa Momoabe, baholo ba Bethlehema ba ile ba bua hantle ka Pereze, mora oa Tamare, ba re ho Boaze: “E se eka ntlo ea hao e ka ba joaloka ntlo ea Pereze, eo Tamare a ileng a mo tsoalla Juda, ka bana bao Jehova a tla u fa bona ka mosali enoa e mocha.” (Ruthe 4:12) Pereze o boetse o thathamisitsoe har’a baholo-holo ba Jesu Kreste.—Matheu 1:1-3; Luka 3:23-33.