-
Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng—Re e Filoe ke MolimoMolula-Qhooa—2009 | August 15
-
-
ea Azazele. Hang ka selemo, ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe, moprista ea phahameng o ne a ‘beha matsoho a hae a mabeli hloohong ea pōli e phelang ’me a bolele holim’a eona liphoso tsohle tsa bara ba Iseraele, a li behe hloohong ea pōli ’me pōli eo e ne e jara liphoso tsohle tsa bona ho li isa naheng ea lehoatata.’ (Lev. 16:7-10, 21, 22) Esaia o ile a profeta hore ho ne ho tla tla Mesia, ea neng a tla etsa mosebetsi o tšoanang, a jare “maloetse,” “bohloko” le “libe tsa batho ba bangata” ’me ka tsela eo a bule tsela e eang bophelong bo sa feleng.—Bala Esaia 53:4-6, 12.
18, 19. Esaia 26:19 le Daniele 12:13 li totobatsa tšepo ea eng?
18 Jehova o ile a sebelisa Esaia hore a re ho sechaba sa hae sa Iseraele: ‘Bafu ba hao ba tla phela. Litopo tsa ka [“batho ba ka ba bolailoeng,” NW, ftn.]—li tla tsoha. Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng! Kaha phoka ea hao e tšoana le phoka ea tika-motse, ’me lefatše le tla etsa hore ba se nang matla lefung ba tsoaloe.’ (Esa. 26:19) Mangolo a Seheberu a bontša ka ho hlaka hore ho na le tšepo ea hore ho tla ba le tsoho le bophelo lefatšeng. Ka mohlala, Daniele o ne a ka ba lilemo li 100 ha Jehova a mo tiisetsa a re: “U tla phomola, empa u tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.”—Dan. 12:13.
19 Ka lebaka la tšepo ea tsoho, Maretha o ne a ka re ho Jesu mabapi le khaitseli ea hae e neng e shoele: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 11:24) Na lithuto tsa Jesu le mangolo a bululetsoeng a barutuoa ba hae li ile tsa fetola tšepo ee? Na Jehova o sa ntse a tšepisa batho hore ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng? Re tla tšohla likarabo tsa lipotso tsena sehloohong se latelang.
-
-
Na Bakreste ba na le Tšepo ea ho Phela Lefatšeng ka ho sa Feleng?Molula-Qhooa—2009 | August 15
-
-
Na Bakreste ba na le Tšepo ea ho Phela Lefatšeng ka ho sa Feleng?
“[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—TŠEN. 21:4.
1, 2. Re tseba joang hore Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng?
MOHLANKANA e mong ea ruileng le ea tummeng o ile a tla ho Jesu, eaba o khumama ka pel’a hae, ’me oa botsa: “Mosuoe ea Molemo, ke etse’ng hore ke rue bophelo bo sa feleng?” (Mar. 10:17) Mohlankana enoa o ne a botsa hore na a ka fumana bophelo bo sa feleng joang—empa o ne a tla bo fumana hokae? Joalokaha re tšohlile taba ena sehloohong se fetileng, lilemo tse makholo pejana, Molimo o ne a file Bajuda tšepo ea hore ho tla ba le tsoho le bophelo bo sa feleng lefatšeng. Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le tšepo eo.
2 Ho hlakile hore motsoalle oa Jesu Maretha o ne a nahanne ka ho phela hape lefatšeng ha a ne a re ka khaitseli ea hae ea neng a hlokahetse: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 11:24) Ke ’nete hore Basaduse ba mehleng eo ba ne ba latola hore ho tla ba le tsoho ea bafu. (Mar. 12:18) Leha ho le joalo, bukeng ea hae e nang le sehlooho se reng Judaism in the First Centuries of the Christian Era, George Foot Moore o re: “Libuka . . . tsa
-